Ke Hobane’ng ha ho le Bonolo Hakaale ho Bua Leshano?
HA HO motho ea ratang ho bolelloa leshano. Empa, batho lefatšeng lohle ba bolellana leshano ka mabaka a fapaneng. Patlisiso e ileng ea hlaha bukeng The Day America Told the Truth, ea James Patterson le Peter Kim, e ile ea utolla hore karolo ea 91 lekholong ea baahi ba Amerika e bua leshano ka mehla. Bangoli bana baa bolela: “Boholo ba rōna re fumana ho le thata ho qeta beke re sa bue leshano. A le mong ho ba bahlano o hlōleha ho qeta letsatsi le le leng—’me re bua ka leshano le totobetseng, le reriloeng.”
Ho bua leshano ke tloaelo hoo e batlang e le linthong tsohle tsa bophelo ba mehleng ena. Baeta-pele ba lipolotiki ba bolella batho ba bona leshano ’me ba bolellana leshano. Nako le nako, ba ’nile ba hlaha thelevisheneng ba latola hore ba ameha ka ho itseng mererong e sa tšepahaleng eo ha e le hantle ba neng ba amehile ka ho tebileng ho eona. Sissela Bok, bukeng ea hae Lying—Moral Choice in Public and Private Life, oa hlokomela: “Molaong le boqolotsing, ’musong le thutong tsa kahisano, thetso e nkoa e amoheleha ha ba buang mashano le ba etsang melao ba ikutloa hore ho na le lebaka le utloahalang la ho etsa hoo.”
Ha Common Cause Magazine ea May/June 1989 e bua ka ho bua leshano lipolotiking United States, e ile ea hlokomela: “Watergate le Vietnam ka sebele li ile tsa batla li lekana le ketsahalo ea Iran-contra mabapi le leshano la ’muso le ho felloa ke tšepo ha sechaba. Kahoo ke eng se entseng hore lilemo tsa ho busa ha Reagan e be tse ileng tsa tšoaea phetoho ea bohlokoa hakaale? Ba bangata ba ile ba bua leshano, empa ke ba fokolang ba ileng ba khathatsoa ke letsoalo.” Ka baka leo, ke ka lebaka le loketseng hore ebe batho ba tloaelehileng ha ba tšepe baeta-pele ba bona ba lipolotiki.
Likamanong tsa machaba baeta-pele ba joalo ba ho fumana ho le thata ho tšepana. Rafilosofi oa Mogerike Plato o ile a hlokomela: “Babusi ba Naha . . . ba ka ’na ba lumelloa hore ba bue leshano molemong oa Naha.” Likamanong tsa machaba ho joalokaha boprofeta ba Bibele ho Daniele 11:27 bo bolela: “Tafoleng e le ’ngoe ba tla buisana ka leshano.”
Lefatšeng la khoebo, ho bua leshano ka thepa le litšebeletso ke tloaelo e atileng. Bareki ba lokela ho kena litumellanong tsa konteraka ka tlhokomelo, ba hlokomele hore ba bale litekanyetso tsa konteraka eo tse sa hlakang. Linaha tse ling li na le mafapha a taolo ’musong bakeng sa ho sireletsa batho khahlanong le liphatlalatso tsa khoebo tsa leshano, ho reka ho ka ntšang kotsi ho hlahisoang e le ho nang le molemo kapa ho se nang kotsi, le khahlanong le ho qhekelloa. Ho sa tsotellehe boiteko bona, batho ba tsoela pele ho lahleheloa ke lichelete ka baka la barekisi ba leshano.
Ho batho ba bang, ho bua leshano ho bonolo hoo ba ho tloaelang. Ba bang bona ka kakaretso ba bua ’nete, empa ha ba le bothateng ba tla bua leshano. Ba fokolang ha ba bue leshano tlas’a boemo bofe kapa bofe.
Leshano le hlalosoa e le “1. polelo kapa ketso eo eseng ’nete, haholo-holo ha e etsoa ka morero oa ho thetsa . . . 2. eng kapa eng e fanang kapa e reretsoeng ho fana ka mohopolo o fosahetseng.” Morero ke ho etsa hore ba bang ba lumele ho hong hoo ea buang leshano a tsebang hore hase ’nete. Ka leshano kapa linnete tse sa fellang, o leka ho thetsa ba tšoaneloang ke ho tseba ’nete.
Mabaka a ho Bua Leshano
Batho ba bua leshano ka mabaka a fapaneng. Ba bang ba nahana hore ba lokela ho bua leshano ka bokhoni ba bona e le hore ba tle ba atlehe lefatšeng lena le tletseng tlhōlisano. Ba bang ba leka ho koahela liphoso kapa melato ka leshano. Ba bang bona ba fana ka litlaleho tsa leshano ho fana ka mohopolo oa hore ba entse mosebetsi oo ba sa o etsang. Ho boetse ho na le ba buang leshano ho senya botumo ba ba bang, ho baleha tlotlollo, ho lokafatsa leshano la nako e fetileng, kapa ho qhekella batho chelete ea bona.
Polelo e tloaelehileng e lokafatsang leshano ke hore le sireletsa motho e mong. Ba bang ba nka hore lena ke leshano le sa buuoeng ka morero o mobe empa ka khopolo ea ho qoba ho utloisa motho e mong bohloko hobane ba nahana hore ha ho na motho eo le mo utloisang bohloko. Empa na hoo ho bitsoang leshano le sa buuoeng ka morero o mobe empa ka khopolo ea ho qoba ho utloisa ba bang bohloko ka sebele ha le siee liphello tse bohloko?
Nahana ka Liphello
Leshano le sa buuoeng ka morero o mobe empa ka khopolo ea ho qoba ho utloisa ba bang bohloko le ka etsa motheo o lebisang tloaelong ea ho bua leshano e ka akaretsang maemo a tebileng haholoanyane. Sissela Bok oa tlaleha: “Leshano le sireletsoang ka hore ‘ke le sa buuoeng ka morero o mobe empa ka khopolo ea ho qoba ho utloisa ba bang bohloko’ le ke ke la qheloa habonolo. Tabeng ea pele, ho se utloise bohloko ha leshano ho batla ho le thata ho lumeloa ke batho. Seo motho ea buang leshano a nahanang hore hase utloise bohloko kapa se na le molemo se ka ’na sa se ke sa e-ba joalo mahlong a ea thetsoang.”
Leshano, ho sa tsotellehe hore na le ka bonahala le se lebe hakae, le senya likamano tse molemo tsa batho. Botumo ba ea buang leshano bo ea senyeha, ’me ho ka ’na ha ba le ho se tšeptjoe ha nako eohle. Mongoli oa meqoqo ea tummeng Ralph Waldo Emerson o ile a ngola: “Ho senya ’nete hohle hase feela mofuta oa ho ipolaea oa ea buang leshano, empa ke tsenene bophelong bo botle ba mokhatlo oa batho.”
Ho bonolo hore motho ea buang leshano a etse polelo eo eseng ’nete ka motho e mong. Le hoja a sa fane ka bopaki, leshano la hae le tlisa pelaelo, ’me ba bangata baa mo kholoa ba sa etsa lipatlisiso polelong ea hae. Kahoo botumo ba motho ea se nang molato boa senyeha, ’me o jara molato oa ho ipaka a se na molato. Ka baka leo, hoa ferekanya ha batho ba kholoa ea buang leshano ho e-na le ho kholoa motho ea se nang molato, ’me ho senya kamano ea motho ea se nang molato le ea leshano.
Motho ea buang leshano a ka hōlisa tloaelo ea ho bua leshano habonolo. Leshano le leng hangata le lebisa ho le leng. Thomas Jefferson, moeta-pele oa lipolotiki oa khale oa Amerika, o ile a hlokomela: “Ha ho na tloaelo e khopo hakaalo, e nyelisehang hakaalo, e nyatsehang hakaalo; ’me ea itumellang ho bua leshano hang, o fumana ho le bobebe haholoanyane ho le bua la bobeli le la boraro, ho fihlela qetellong e ba tloaelo.” Ke tsela e lebisang ho oeng ka ’moho ha mekhoa e metle.
Lebaka Leo ho Leng Bonolo ho Bua Leshano
Ho bua leshano ho qalile ha lengeloi la lerabele le thetsa mosali oa pele, le ’molella hore a ke ke a shoa ha a sa utloe ’Mōpi oa hae. Ho ile ha fella ka ho utloa bohloko ho ke keng ha lekanngoa molokong ’ohle oa motho, ha tlisa ho se phethahale, ho kula, esita le lefu ho bohle.—Genese 3:1-4; Ba-Roma 5:12.
Ho tloha nakong ea Adama le Eva ba sa utloeng, tšusumetso e mano ea ntate oa leshano e hlahisitse boemo lefatšeng la batho bo susumeletsang ho bua leshano. (Johanne 8:44) Ke lefatše le senyehileng moo ’nete e amoheloang ho ea ka boemo ba taba. The Saturday Evening Post ea September 1986 e ile ea hlokomela hore bothata ba ho bua leshano bo “ama khoebo, ’muso, thuto, boithabiso, le likamano tse tloaelehileng tsa letsatsi le letsatsi pakeng tsa baahi-’moho le baahisani. . . . Re amohetse thuto ea hore ’nete e itšetlehile ka boemo bo amoheloang e le ’nete, leshano le le leng le leholo le reng ha ho na ’nete e phethahetseng.”
Eo ke pono ea batho ba tloaetseng ho bua leshano, ba hlokang mohau bakeng sa bao ba ba thetsang. Ho bua leshano ho bona ho ba bobebe. Ke tsela ea bona ea bophelo. Empa ba bang ba sa tloaelang ho bua leshano ba ka ’na ba bua leshano ntle le ho qea-qea ka baka la tšabo—tšabo ea hore ’nete e tla fumanoa, tšabo ea kotlo, joalo-joalo. Ke bofokoli ba nama e sa phethahalang. Ke joang tloaelo ena e ka nkeloang sebaka ke boikemisetso ba ho bua ’nete?
Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Bua ’Nete?
’Nete ke tekanyetso eo ’Mōpi oa rōna e moholo a re behetseng eona bohle. Lentsoe la hae le ngotsoeng, Bibele, ho Ba-Heberu 6:18 le re “Molimo o ke ke oa etsa leshano.” Mora oa hae, Jesu Kreste, eo e neng e le moemeli oa Molimo lefatšeng, o ile a itšoarella tekanyetsong e tšoanang. Ho baeta-pele ba Bajode ba bolumeli ba neng ba rata ho ’molaea, Jesu o ile a re: “Athe joale le rata ho mpolaea, ’na ke leng motho ea le boleletseng ’nete, eo ke e utloileng ho Molimo; . . . Ha nka re, ha ke mo tsebe, nka ba leshano joale ka lōna.” (Johanne 8:40, 55) O ile a re behela mohlala ka hore ha aa ka “a etsa sebe, ’me le thetso ha ea ka ea fumanoa molomong oa hae.”—1 Petrose 2:21, 22.
’Mōpi oa rōna, eo lebitso la hae e leng Jehova, o hloile leshano, joalokaha Liproverbia 6:16-19 e bolela ka ho hlakileng: “Ho na le ntho tse tšeletseng tse hloiloeng ke Jehova; nka re, li supile tseo e leng manyala ho eena: Ke mahlo a boikhohomoso, ke leleme le mano, le matsoho a tšollang mali a se nang molato; ke pelo e rerang merero e mebe, le maoto a lebelo ho mathela bobeng; ke paki e lehata, e bolelang mashano, le ea jalang liphapang bathong ba mofuta o le mong.”
Molimo enoa oa ’nete o hloka hore re phele ka litekanyetso tsa hae e le hore re tle re amoheloe ke eena. Lentsoe la hae le bululetsoeng lea re laela: “Le se ke la thetsana ka mashano; le hlobole motho oa khale le liketso tsa hae.” (Ba-Kolosse 3:9) Batho ba hanang ho lahla tloaelo ea ho bua leshano ha ba amohelehe ho eena; ba ke ke ba amohela mpho ea hae ea bophelo. Ha e le hantle, Pesaleme 5:6 ka ho tiileng e re Molimo o tla “felisa ba bolelang leshano.” Tšenolo 21:8 e tsoela pele ho re kabelo ea “mahata kaofela” ke “lefu la bobeli,” e leng timetso ea ka ho sa feleng. Kahoo ho amohela ha rōna pono ea Molimo mabapi le leshano ho re fa lebaka le matla la ho bua ’nete.
Empa motho a ka etsa joang boemong boo ho bua ’nete ho ka bakang tlotlollo kapa maikutlo a mabe? Ho bua leshano ho hang hase eona tharollo, empa ho thola ka nako tse ling ke eona tharollo. Hobane’ng u bua leshano le ka senyang botumo ba hao feela ’me la u etsa setho se sa amoheloeng ke Molimo?
Ka baka la tšabo le bofokoli ba botho, motho a ka ’na a lekoa hore a tšabele leshanong. Eo ke tsela e bobebe ka ho fetisisa kapa ea mosa o fosahetseng. Moapostola Petrose o ile a oela tekong e joalo ha ka makhetlo a mararo a latola hore o tseba Jesu Kreste. Ka mor’a moo, o ile a hlabeha ho fihla pelong ka baka la hore ebe o ne a buile leshano. (Luka 22:54-62) Pako ea hae ea sebele e ile ea susumeletsa Molimo ho mo tšoarela, joalokaha ho pakoa ke ho hlohonolofatsoa ka litokelo tse ngata tsa tšebeletso hamorao. Pako e tsamaeang le qeto e tiileng ea ho khaotsa ho bua leshano ke tsela e tlisang tšoarelo ea bomolimo bakeng sa ho etsa seo Molimo a se hloileng.
Empa ho e-na le ho khetha ho kōpa tšoarelo ka mor’a ho bua leshano, boloka kamano e molemo le ’Mōpi oa hao ’me u boloke botumo ba hao ho ba bang ka ho bua ’nete. Hopola seo Pesaleme ea 15:1, 2 e se bolelang: “Jehova, moeti oa hao e tla ba mang tenteng ea hao? E tla ba mang ea tlang ho aha thabeng ea hao e halalelang? Ke ea phelang ka bokhabane, a etsa ho lokileng, a bolela ’nete kamoo e leng pelong ea hae kateng.”