Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ke eng seo Mokreste a ka se etsang ha a sa khone ho fumana molekane oa lenyalo ea tšoanelehang?
Le hoja re le Bakreste ba inehetseng, re ntse re ka nyahamisoa ke ho tšepa ka tieo hore ntho e itseng e tla hle e etsahale empa e sa etsahale. Maikutlo a rōna a hlalositsoe hantle ho Liproverbia 13:12, e reng: “Tšepo ha e lieha ho phetheha, e babisa pelo.” Ke kamoo Bakreste ba bang ba neng ba na le takatso ea ho nyala empa ba hlōleha ho fumana molekane ea tšoanelehang ba ileng ba ikutloa ka teng. Sena ke ’nete haholo-holo ho bao moapostola Pauluse a ileng a ba hlalosa e le ba ‘chesoang ke takatso.’—1 Ba-Korinthe 7:9, NW.
Jehova o kentse ka ho batho takatso ea ho fumana motlatsi oa ’nete ho motho oa bong bo fapaneng le ba hae. Kahoo, hase ho makatsang hore ebe Bakreste ba bangata ba masoha ba ba le maikutlo a joalo a matla. (Genese 2:18) Maikutlo ana a tlhaho a ka totisoa ke meetlo e hatellang lenyalo ka matla (kapa ho nyala motho a le lilemong tse itseng) kapa ha Bakreste ba masoha ba pota-potiloe ke banyalani ba bangata ba thabileng phuthehong. Leha ho le joalo, hase hantle ho tlohella matšoenyeho ho nka nako e telele. Kahoo ke joang Bakreste ba tšepahalang ba ka sebetsanang le boemo boo ba sa tšoenyehe ka ho feteletseng?
Ha ho bonolo, ’me ba bang ha baa lokela ho sebetsana le kameho ena joalokaha eka e mpa feela e le pheteletso kapa tšitiso feela e fokolang. Empa ho isa bohōleng bo boholo, bokhoni ba ho sebetsana le boemo bona kapa ho bo rarolla bo itšetlehile ka mehato eo motho oa lesoha a ka e nkang.
Re fumana senotlolo molao-motheong ona o sebetsang oa Bibele: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.” (Liketso 20:35) Seo se ile sa buuoa ke monna oa lesoha Jesu Kreste, ’me o ne a tseba seo a neng a bua ka sona. Ho etsetsa ba bang lintho ka boikutlo boo eseng ba boithati ke pheko e molemo ea ho thusa e mong le e mong oa rōna ho hlōla maikutlo a tlisoang ke tšepo e liehang ho phetheha. See se bolela eng ka Mokreste oa lesoha ea amehileng?
Hahamalla ho etsetsa lelapa leno liketso tse bontšang mosa esita le bakeng sa ba bang ka phuthehong, ’me u eketse ho kopanela ha hao boboleling. Keletso ena hase tsela feela ea ho re, ‘Lula u tšoarehile, ’me u tla lebala ka ho batla ho nyala kapa ho nyaloa.’ Che. Ka ho lula u tšoarehile lithahasellong tsena tse behang litholoana tsa Bokreste, u ka fumana hore u ‘tsitsitse pelong ea hao, u na le matla a ho iketsetsa ka ho rata’ ’me u ka khona ho sebelisa boemo ba hao hona joale ka tsela e molemo.—1 Ba-Korinthe 7:37.
Ba bang ba ile ba lumella takatso ena e khōlō ea ho nyala kapa ho nyaloa ho ba ntho e ka sehloohong eo ba amehileng ka eona. Ba bile ba ea bohōleng ba ho etsa liphatlalatso tsa ho batla balekane likoranteng. Leha ho le joalo, ho ka ba molemo hakaakang ho hatella ka matla ho bontša kananelo melemong e ka fumanoang nakong ea bosoha.—Ka kōpo bona lihlooho “Ke Masoha Empa ba Felletse Bakeng sa Tšebeletso ea Molimo” le “Bosoha—Tsela e Putsang ea Bophelo” ho Molula-Qhooa oa November 15, 1987, le “Na Lenyalo ke Sona Feela Senotlolo sa Thabo?” ho Molula-Qhooa oa May 15, 1992.
Rapela Jehova bakeng sa thuso ea ho mamella boemong ba bosoha. (Ba-Filippi 4:6, 7, 13) Bakreste ba bangata ba masoha ba fumane hore ka ho sebelisa nako ea bona bakeng sa ho ithuta le ho nahanisisa ka Lentsoe la Molimo le ho ba teng le ho kopanela libokeng tsa Bokreste, ba thabetse ‘khatholoho e eketsehileng bakeng sa liphefumolohi tsa bona,’ joalokaha Jesu a ile a tšepisa ba mo latelang. (Mattheu 11:28-30, NW) Sena se ba thusitse ho hōlisa bomoea, e le hore e ka ba banna kapa basali ba molemonyana haeba ba fumana molekane ea tšoanelehang ha nako e ntse e tsamaea.
Le ka mohla u se ke ua ba ua lebala hore Jehova u utloisisa boemo ba batho bohle ba masoha ba mo sebeletsang. Oa tseba hore e ka ’na eaba maikutlo a hao a hona joale ke ao mohlomong u sa a rateng. Ntate oa rōna oa leholimo ea lerato o boetse o seli ka se ka bang molemo bakeng sa hao ka ho sa feleng, moeeng haesita le maikutlong. Ka ho tšoanang le uena u tla tseba sena ka tieo: Ka ho itšetleha ka Jehova ka mamello le ka ho sebelisa melao-motheo ea Lentsoe la hae bophelong ba letsatsi le letsatsi, u ka kholiseha hore o tla khotsofatsa litlhoko tsa hao tsa bohlokoa bo boholo ka tsela e molemo ho uena ka ho sa feleng.—Bapisa le Pesaleme ea 145:16.