Ke Bo-mang ba Latelang Leseli la Lefatše?
‘Le khanye joaloka maseli lefatšeng.’—BA-FILIPPI 2:15, NW.
1. Bibele e re’ng ka maseli a bohata a bolumeli?
BIBELE ka ho hlaka e khetholla Jesu e le “leseli le leholo,” “leseli la lefatše.” (Esaia 9:2; Johanne 8:12) Leha ho le joalo, ha ho bapisoa ke batho ba seng bakae feela ba ileng ba mo latela ha a le lefatšeng. Ba bangata ba ile ba ikhethela ho latela maseli a bohata, ao, ha e le hantle, e neng e le bajari ba lefifi. Ha Lentsoe la Molimo le bua ka ba joalo le re: “Batho ba joalo ke baapostola ba bohata, ke basebetsi ba mano, ba ikhakanya ka sebopeho se kang sa baapostola ba Kreste. ’Me hase ho ka makatsang, etsoe Satane le eena a ikhakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la leseli. Ha ho le joalo, re ke ke ra makala ha bahlanka ba hae le bona ba ikhakanya ka sebopeho se kang sa bahlanka ba ho loka; empa qetello ea bona e tla lekana le mesebetsi ea bona.”—2 Ba-Korinthe 11:13-15.
2. Jesu o itse motheo oa ho ahlola batho e tla ba ofe?
2 Kahoo, hase batho bohle ba ratang leseli, le hoja e le ntho e hlollang. Jesu o itse: “’Me kahlolo ke eona ena: Leseli le tlile lefatšeng, ’me batho ba ratile lefifi ho leseli, kahobane mesebetsi ea bona e ne e le mebe. Hobane e mong le e mong ea etsang bobe, o hloile leseli, ’me ha a tle leseling, mesebetsi ea hae e tle e se ke ea khalemeloa.”—Johanne 3:19, 20.
Barati ba Lefifi
3, 4. Baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea Jesu ba bontšitse joang hore ha ba batle ho latela leseli?
3 Hlokomela hore na sena se etsahetse joang ha Jesu a ne a le lefatšeng. Molimo o file Jesu matla a ho etsa mehlolo e hlollang e le tsela ea ho tiisa hore ke Messia. Ka mohlala, ka letsatsi la Sabbatha, o ile a etsa hore monna ea tsoetsoeng e le sefofu a bone. Ke ketso e babatsehang hakaakang ea mosa! Monna enoa o ile a bontša kananelo e kaakang! O ne a qala ho bona bophelong ba hae! Leha ho le joalo, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba itšoara joang? Johanne 9:16 (NW) ea bolela: “Bafarisi ba bang ba re [ka Jesu]: Motho eo hase oa Molimo, hobane ha a boloke Sabbatha.” Lipelo tsa bona li ne li khelohile hakaakang! Mona ho ne ho etsahetse pholiso e hlollang, empa ho e-na le ho thabela motho eo pele e neng e le sefofu le ho ananela mofolisi, ba ile ba nyatsa Jesu! Ka ho etsa joalo, ntle ho pelaelo ba ile ba siteloa ponahatso ea moea o halalelang oa Molimo, e leng sebe se ke keng sa tšoareloa.—Mattheu 12:31, 32.
4 Hamorao, ha baikaketsi bana ba bolumeli ba botsa monna enoa eo e neng e le sefofu ka Jesu, monna enoa a re: “Ke taba e makatsang ha le sa tsebe hore na o tsoa kae, empa a ntutubolotse mahlo. Rea tseba hore Molimo ha a utloe baetsalibe, empa ha motho a tšaba Molimo, a etsa thato ea hae, Molimo oa mo utloa. Ha ho e-s’o ka ho utloahala le ka mohla hore motho o kile a tutubolla mahlo a ea tsoetsoeng e le sefofu. Ha motho enoa [Jesu] a ne a sa tsoe ho Molimo, o ne a ke ke a etsa letho.” Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba arabela joang? “Ba mo fetola, ba re: U tsoaletsoe libeng ka hohle, ’me u ka hla ua re ruta na! Eaba ba mo lelekela ntle.” Ba ne ba hloka mohau hakaakang! Ba ne ba le lipelo li thata. Kahoo Jesu o ile a ba bolella hore le hoja ba ne ba bona ka mahlo a bona a nama, e ne e le lifofu moeeng.—Johanne 9:30-41.
5, 6. Ke’ng seo baeta-pele ba bolumeli ba lekholo la pele la lilemo ba ileng ba se etsa se bontšitseng hore ba rata lefifi?
5 Taba ea hore baikaketsi bana ba bolumeli ba ne ba siteloa moea oa Molimo e bonahala ka tsela e totobetseng ketsahalong e ’ngoe, ha Jesu a ne a tsosa Lazaro bafung. Ka baka la mohlolo oo, batho ba bangata bao e leng batho feela ba tloaelehileng ba ile ba lumela ho Jesu. Leha ho le joalo, hlokomela seo baeta-pele ba bolumeli ba ileng ba se etsa. “Baprista ba baholo le bafarisi ba bokella lekhotla, ba re: Re tla etsa’ng, ha e le mona motho eo a etsa mehlolo e mengata na? Ekare ha re mo lesela joalo, bohle ba tla lumela ho eena, ’me ba-Roma ba tla tla, ba timetse motse oa rōna le sechaba sa rōna.” (Johanne 11:47, 48) Ba ne ba tšoenyehile ka boemo le botumo ba bona. Ho sa tsotellehe hore na liphello e ka ba life ba ne ba batla ho thabisa Baroma, eseng Molimo. Kahoo, ba ile ba etsa’ng? “Ho qala mohlang oo, ba rera hammoho hore ba tle ba ’molaee [Jesu].”—Johanne 11:53.
6 Na seo e ne e le phetho? Che. Seo ba ileng ba se etsa hamorao se bontša hore na ba ne ba rata lefifi hakae: “Baprista ba baholo ba mpa ba rera hammoho ho bolaea le eena Lazaro. Hobane ba-Jode ba bangata ba ne ba ba tlohela ka baka la hae, ’me ba ne ba lumela ho Jesu.” (Johanne 12:10, 11) Ke bokhopo bo bokaakang! Le hoja ba ne ba etsa sena sohle ho sireletsa boemo ba bona, ke’ng se ileng sa etsahala? Molokong oona oo, ba ile ba fetohela Baroma, ba ileng ba ba hlasela ka 70 C.E. ’me ba hapa sebaka sa bona, sechaba sa bona ’me ba ba bolaea!—Esaia 5:20; Luka 19:41-44.
Mohau oa Jesu
7. Ke hobane’ng ha barati ba ’nete ba ile ba bokanela Jesu?
7 Kahoo le nakong ea rōna, hase bohle ba batlang leseli la moea. Empa ba ratang ’nete ba batla ho tla leseling. Ba batla hore Molimo e be ’Musi oa bona, ’me ka thahasello ba retelehela ho Jesu, eo Molimo a ileng a mo romela ka morero oa ho hlalosa seo leseli le leng sona, le hore ba mo latele. Ke seo batho ba ikokobelitseng ba ileng ba se etsa ha Jesu a le lefatšeng. Ba ile ba mo bokanela. Esita le Bafarisi ba ile ba tlameha ho amohela seo. Ba ile ba belaela: “Lefatše lohle le mo setse morao.” (Johanne 12:19) Batho ba kang linku ba ne ba rata Jesu hobane o ne a fapane le baeta-pele ba bolumeli ba baithati, ba ikhohomosang, ba lapetseng matla a bolaoli bao Jesu a itseng ka bona: “Ba bofa liphahlo tse boima, tse imelang, ’me ba li jarisa batho mahetleng, athe bona ha ba rate ho li sisinya le ka monoana. Liketso tsa bona tsohle ba li etsa hore ba tle ba bonoe ke batho.”—Mattheu 23:4, 5.
8. Ho fapana le baikaketsi ba bolumeli, Jesu o ne a na le maikutlo afe?
8 Ho fapana le seo, hlokomela maikutlo a Jesu a bontšang mohau: “Ha a bona matšoele, a a utloela bohloko, hobane ba ne ba khathetse, ba saretsoe joale ka linku tse se nang molisa.” (Mattheu 9:36) ’Me o ile a etsa’ng ka hona? O ile a re ho batho bao tsamaiso ea Satane e ba tlatlapileng: “Tlong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ’me ke tla le imolla! Inkeleng joko ea ka, ’me le ithute ho ’na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ’me le tla fumanela meea ea lōna phomolo. Hobane joko ea ka e chatsi, le phahlo ea ka ha e na boima.” (Mattheu 11:28-30) Jesu o entse se boletsoeng esale pele ka eena ho Esaia 61:1, 2, e balehang tjena: “Moea oa Morena Jehova o lutse ho ’na, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba malimabe taba tse molemo; o nthomile ho folisa ba robehileng lipelo, ho bolella ba tlamiloeng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho buloa ha eona; ho bolela ngoaha oa mehauhelo ea Jehova, le letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna; ho tšelisa ba llang kaofela.”
Ho Bokella Bajari ba Leseli
9. Ke liketsahalo life tsa bohlokoa tse ileng tsa etsahala ka 1914?
9 Ka mor’a hore Jesu a nyolohele leholimong, o ile a lokela ho ema ho fihlela nako ea hore Molimo a mo nehe matla a ’Muso e fihla. Ka nako eo o ne a tla arola “linku” ho “lipoli.” (Mattheu 25:31-33; Pesaleme ea 110:1, 2) Nako eo e ile ea fihla ha ‘mehla ea qetello’ e qala ka 1914. (2 Timothea 3:1-5) Jesu a fuoe matla a ho ba Morena oa ’Muso oa Molimo oa leholimo, o ile a qala ho bokella ba ratang ho latela leseli ka letsohong la hae le letona la kamohelo. Ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, mosebetsi oo oa ho bokella o ile oa tsoela pele ka matla a eketsehileng.
10. Ke potso efe e ka ’nang ea botsoa ka bao Jesu a ba sebelisang mosebetsing oa ho bokella?
10 Ka tlas’a bobusi ba Kreste Jesu, mosebetsi oa ho bokella o putsitsoe ka katleho e khōlō. Ha ho le ka mohla historing ho kileng ha ba le batho ba bangata hakana ba tsoang lichabeng tsohle ba bokaneng hammoho borapeling ba ’nete bo leng leseling. ’Me ke bo-mang kajeno ba latelang leseli le tsoang ho Molimo le Kreste? Ke bo-mang ba etsang se boleloang ke Ba-Filippi 2:15, ba ‘khanyang joale ka maseli lefatšeng,’ ba memang ba bang hore ba ‘tle ba nke feela metsi a bophelo’?—Tšenolo 22:17.
11. Boemo ba Bokreste-’mōtoana ke bofe mabapi le leseli la moea?
11 Na Bokreste-’mōtoana bo etsa seo? Bokreste-’mōtoana, ka malumeli a bona a arohaneng, ka sebele ha bo khanye joaloka leseli. Ha e le hantle, baruti ba tšoana le baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea Jesu. Ha ba khantše leseli la ’nete le tsoang ho Molimo le Kreste. Lilemong tse 33 tse fetileng, makasine oa Theology Today o itse: “Ke ka masoabi re tlamehang ho lumela hore leseli lena ha le khanye ka matla ka Kerekeng ka khanya e memang tlhokomelo. . . . Kereke e fetohile e tšoanang haholoanyane le batho ba metse e e pota-potileng. Hase leseli la lefatše ho e-na le hoo e bonahatsa maseli a khanyang lefatšeng ka bolona.” ’Me boemo ba Bokreste-’mōtoana bo bobe haholo kajeno. Leseli leo ho boleloang hore boa le khantša le tsoang lefatšeng ha e le hantle ke lefifi hobane ke sohle seo Satane le lefatše la hae ba ka fanang ka sona. Che, ha ho leseli la ’nete le tsoang ho malumeli a Bokreste-’mōtoana a hanyetsanang ao e leng a lefatše ka ho feletseng.
12. Ke bo-mang ba bōpang mokhatlo o hlophisitsoeng oa bajari ba leseli kajeno?
12 Ho ka boleloa ka kholiseho hore kajeno sechaba sa lefatše le lecha sa Lipaki tsa Jehova ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa ’nete o jereng leseli. Ka tsela e momahaneng, litho tsohle tsa oona—banna, basali le bacha ka ho tšoanang—ba khantšetsa moloko oohle oa batho leseli la bona le tsoang ho Jehova le Kreste. Selemong se fetileng, liphuthehong tse ka bang 70 000 tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle, bajari ba leseli ba fetang limillione tse ’nè ba ne ba bolella ba bang ka Molimo le merero ea hae ka mafolo-folo. ’Me hona joale selemo se seng le se seng, re bona pokello e ntseng e eketseha ea batho bao le bona ba ratang ho khantšetsoa leseli la moea. Ba makholo a likete ba kolobetsoa ka mor’a ho ithuta Bibele le ho finyella tsebong ea ’nete. Ruri, ‘thato ea Molimo ke hore batho ba mefuta eohle ba bolokehe ’me ba finyelle tsebong ea ’nete.’—1 Timothea 2:4.
13. Re ka bapisa leseli le tsoang ho Jehova le eng?
13 Re ka bapisa leseli le tsoang ho Jehova kajeno le se ileng sa etsahala ha sechaba sa Molimo sa boholo-holo se tloha Egepeta: “Jehova o na a ba eteletse pele ka topallo ea leru motšehare, ho ba bontša tsela, le ka bosiu ka topallo ea mollo ho ba bonesetsa, hore ba tsamaee motšehare le bosiu.” (Exoda 13:21, 22) Leru motšehare le mollo bosiu e ne e le lintho tse ba tataisang tse tšepahalang tse tsoang ho Molimo. Li ne li tšepahala joaloka letsatsi leo Molimo a le bōpetseng hore le re khantšetse leseli motšehare. Kahoo, le rōna re ka itšetleha ka Jehova bakeng sa ho khantšetsa babatli ba ’nete leseli tseleng ea moea mehleng ena ea qetello e mebe. Liproverbia 4:18 e re tiisetsa hore: “Tsela ea ba lokileng e joale ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng.”
Ho Bonahatsa Leseli la ’Muso
14. Morero o moholo oa bajari ba leseli e tlameha ho ba ofe?
14 Kaha Jehova ke Mohloli oa leseli, le Kreste ke Eena e Moholo Ea Bonahatsang Leseli leo, balateli ba Jesu le bona ba tlameha ho le bonahatsa. O ile a re ho bona: “Le leseli la lefatše. . . . Leseli la lōna le ke le khanyetse batho joalo, ba tle ba bone mesebetsi ea lōna e molemo, ’me ba rorise Ntat’a lōna ea maholimong.” (Mattheu 5:14, 16) Moko-taba oa leseli lena leo balateli ba hae ba neng ba lokela ho le khantšetsa moloko oa batho e ne e le ofe? Ba ne ba lokela ho ruta eng tlhōrōng ee ea histori ea lefatše? Jesu haa ka a bolela hore balateli ba hae ba tla bolela litaba tsa puso ea sechaba ka sechaba, puso ea bohatelli, kopano ea Kereke le Naha kapa khopolo leha e le efe ea lefatše. Ho e-na le hoo, ho Mattheu 24:14 (NW) o ile a bolela esale pele hore ka har’a khanyetso e leng lefatšeng lohle, “litaba tsena tse molemo tsa ’muso [li ne li tla] boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona ka morero oa bopaki ho lichaba tsohle ’me e tla ba hona bofelo bo [ka] tlang.” Kahoo, bajari ba leseli kajeno ba bolella batho ba bang ka ’Muso oa Molimo, o tla felisa lefatše la Satane ’me o tlise lefatše le lecha la ho loka.—1 Petrose 2:9.
15. Ba batlang leseli ba tla retelehela ho eng?
15 Ba ratang leseli ba ke ke ba khelosoa ke seo lefatše le se bolelang le lipakane tsa lona. Lipolelo le lipakane tseo kaofela li tla fela haufinyane, kaha lefatše lena le atamela timetso ea lona. Ho e-na le hoo, barati ba ho loka ba tla rata ho retelehela litabeng tse molemo tse boleloang ka cheseho ke batho ba etsang hore leseli la bona la ’Muso oa Molimo le khanye ho isa lipheletsong tsa lefatše. Bana ke ba boletsoeng esale pele ho Tšenolo khaolo 7:9, 10, e reng: “Ka talima, ’me ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle, ba eme pel’a terone [ea Molimo] le pel’a Konyana [Kreste] . . . Ba ntse ba hoa ka mantsoe a phahamileng, ba re: Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.” Temana 14 e re: “Ke ba tsoang mahlomoleng a maholo.” E, ba pholoha bofelo ba lefatše lena ’me ba kena lefatšeng le lecha le sa feleng tlas’a ’Muso oa Molimo.
Lefatše le Lecha le Khanyang
16. Ho tla etsahala eng ka lefatše la Satane mahlomoleng a maholo?
16 Lefatše le lecha le tla tlala khanya e khōlō ea ’nete. Ka sebele, nahana hore na ho tla ba joang ka mor’a hore Molimo o felise tsamaiso ena ea lintho. Satane, bademona ba hae, le tsamaiso ea hae ea lipolotiki, khoebo le bolumeli e tla be e felile—kaofela ha tsona! Likofuto tsohle tsa ho jala likhopolo tsa Satane le tsona li tla be li felile. Kahoo, ka mor’a mahlomola a maholo ho ke ke ha hlola ho hatisoa koranta, makasine, buka, bukana kapa pampitšana le e ’ngoe e tšehetsang lefatše lena le khopo. Ha ho sa tla ba le litšusumetso tse senyang tse phatlalatsoang thelevisheneng ea lefatše kapa liteisheneng tsa seea-le-moea. Tikoloho eohle ea lefatše la Satane e tletseng chefu e tla tlosoa hang-hang!—Mattheu 24:21; Tšenolo 7:14; 16:14-16; 19:11-21.
17, 18. U ka hlalosa tikoloho ea moea ea ka mor’a bofelo ba lefatše la Satane joang?
17 E tla ba tokoloho e kaakang! Ho tloha letsatsing leo ho ea pele, ke feela leseli la moea le molemo le hlasimollang le tsoang ho Jehova le ’Musong oa hae le tla susumetsa moloko oa batho. Esaia 54:13 e bolela esale pele: “Bana ba hao bohle ba tla rutoa ke Morena; khotso ea bana ba hao e tla ba kholo.” Ha puso ea Molimo e rena lefatšeng lohle, tšepiso ea hae ke hore, joalokaha Esaia 26:9 (NW) e bolela, “ho loka ke seo baahi ba lefatše le behang ba tla hleng ba ithute sona.”
18 Kapele, tikoloho eohle ea kelello le ea moea e tla fetoha hore e be molemonyana. Ho tla lebelloa lintho tse hahang ho e-na le lintho tsa boitšoaro bo bobe, tse tepeletsang maikutlo tseo hona joale li tletseng hohle. Motho e mong le e mong ea phelang ka nako eo o tla rutoa ’nete ka Molimo le merero ea hae. Boprofeta ba Esaia 11:9 bo tla phethahatsoa ka ho feletseng: “Lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joale ka ha metsi a aparetse leoatle.”
Ho Latela Leseli ho Potlakile
19, 20. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore ba ratang ho latela leseli ba lule ba falimehile?
19 Hona joale, lilemong tsa ho qetela tsa tsamaiso ena e khopo, ho latela leseli la lefatše ho potlakile. ’Me ho hlokahala hore re itebele, hobane ho na le ntoa e matla e loanang eo morero oa eona e leng ho re thibela ho tsamaea leseling. Khanyetso ena e tsoa matleng a lefifi—ho Satane, bademona ba hae le mokhatlo oa hae oa lefatšeng. Ke ka baka leo moapostola Petrose a lemosang: “Le tsohe masene, le falimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lōna, o ntse a lika-lika joale ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.”—1 Petrose 5:8.
20 Satane o tla behela batho ba fumaneng leseli litšitiso tsohle tseleng ea bona, hobane o batla ho etsa hore ba tsoele pele ho tsamaea lefifing. A ka etsa hona ka khatello e tsoang ho beng ka motho kapa metsoalle ea motho ea nako e fetileng e hanyetsang ’nete. E ka ’na ea ba ho belaella Bibele ka baka la ho foufatsoa ke lithuto tsa bolumeli ba bohata kapa litaba tse hasoang ke batho ba latolang hore Molimo o teng le ba belaellang boteng ba hae. E ka ’na ea ba litšekamelo tsa motho tsa boetsalibe tse mo thatafaletsang ho phela tumellanong le seo Molimo a se hlokang.
21. Ke bohato bofe bo lokelang ho nkoa ke bohle ba batlang ho phela lefatšeng le lecha la Molimo?
21 Ho sa tsotellehe hore na ho na le litšitiso life, na u hlile u batla ho thabela bophelo lefatšeng le lecha le se nang bofutsana, tlōlo ea molao, ho hloka toka le ntoa? Na u batla ho thabela bophelo bo botle ka ho phethahetseng le bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise? Joale amohela Jesu u be u mo latele joaloka leseli la lefatše ’me u mamele molaetsa oa ba itšoareletseng ka matla ‘lentsoeng la bophelo’ le ba ‘khanyang joaloka maseli lefatšeng.’—Ba-Filippi 2:15, 16.
U Tla Arabela Joang?
◻ Baeta-pele ba bolumeli ba bontša joang hore ke barati ba lefifi?
◻ Jesu o ne a e-na le maikutlo afe ka batho?
◻ Ho bokelloa ha bajari ba leseli ho tsoetse pele joang?
◻ Ke liphetoho life tsa bohlokoa tse tla tloha li etsahala?
◻ Ke hobane’ng ha ho latela leseli la lefatše ho potlakile kajeno?
[Setšoantšo se leqepheng la 14, 15]
Bafarisi ba pelo li thata ba ile ba leleka monna eo Jesu a ileng a etsa hore a bone