Bibele—Tataiso e Sebetsang Bakeng sa Batho ba Kajeno
“Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le ka sebelisoa ka ho ruisang molemo . . . bakeng sa ho tataisa bophelo ba batho.”—2 Timothea 3:16, “The Jerusalem Bible.”
LENGOLO lena le hlalosa lebaka la motheo la hore na ke hobane’ng ha Bibele e le e sebetsang mehleng ea rōna. E bululetsoe ke Molimo. Kaha Molimo a re bōpile, ha ho motho ea tsebang ho hongata ka ’mele ea rōna, likelello tsa rōna, maikutlo a rōna, le seo re se hlokang ho feta eena. Morena oa Iseraele Davida o kile a re ka Jehova Molimo: “Mahlo a hao a mpone ke e-s’o tsoaloe; tsohle tsa ka li ne li se li ngotsoe bukeng ea hao.” (Pesaleme ea 139:16, BPN) Haeba ’Mōpi oa rōna a tseba ho hongata hakaale ka rōna, joale ke ho utloahalang hore temoso le keletso tsa hae tsa hore na re ka thaba le ho atleha joang bophelong ka sebele li tlameha ebe li tšoaneloa ke ho hlahlojoa.
Phihlelo e bontšitse hore melao-motheo ea Bibele e ea sebetsa ebile ke ea sebele bakeng sa mehla ea rōna. Hape e tobile. Ho latelang ke mehlala e mene e bontšang ho sebetsa ha letsatsi ka leng ha Bibele.
Likamano tsa Batho le Boitšoaro ba Botho: Bibele e khothaletsa sehlopha sa melao se setle sa litekanyetso tse amoheloang tsa boitšoaro ba botho tse ka tlisang bophelo bo botle, likamano tse atlehang le ba bang. Ka mohlala, sechaba sa Iseraele se ile sa laeloa: “U se ke ua iphetetsa kapa ho ba le lonya . . . ’me u rate oa heno joalokaha u ithata.” (Levitike 19:18, NW) Le hoja re se tlas’a molao oa Iseraele, ho latela melao-motheo ea Bibele ho ka re thusa ho ba le khotso le batho ba bang. Ka mohlala, ak’u nahane hore na ke mathata a makae a neng a ka rarolloa haeba e mong le e mong a ne a ka leka ho hlaolela litšobotsi tsa moea tse fumanoang ho Ba-Galata 5:22, 23: “Empa tholoana ea Moea ke lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le botšepehi, le bonolo, le boitšoaro. Ha ho molao o hanang tse joalo.”—Bapisa le Ba-Roma 8:5, 6.
Ka bomalimabe, ha likhatello tsa bophelo li eketseha, hangata khatello le khohlano li ba teng. Maemong a joalo, ho sebelisa mantsoe a lemosang a fumanoang ho Liproverbia 29:11 (BPN) ho ka re fokoletsa mathata a mangata. “Sethoto se hlatsa khalefo ea sona, empa ea bohlale eena oa e bipa.”—Bapisa le Liproverbia 15:1; Mattheu 7:12; Ba-Kolosse 3:12-14.
Keletso e molemo—empa na e ea sebetsa bophelong ba sebele? Nka taba ea monna e mong oa Fora ea neng a e-na le bothata bo tebileng ka ho halefa ha hae. Ka makhetlo a mangata o ne a qetella a le khathatsong, esita le teronkong, ka baka la ho ameha lintoeng. Ho ba ha hae ralitebele oa setsebi ho ile ha mpefatsa maemo. Ka lekhetlo le leng komang e ile ea e-ba teng pakeng tsa monna enoa le ntate oa hae. Hang, pele a hlokomela, o ne a kakalalitse ntate oa hae ka setebele se le seng. Khaohano e mpe e ile ea e-ba teng kamanong ea bona.
Ho sa le joalo, monna enoa o ile a kopana le Lipaki tsa Jehova ’me a qala ho ithuta melao-motheo ea Bibele. Hona ho ile ha etsa hore a hlahlobe ka ho teba tsela eo a neng a itšoara ka eona ho ba bang. Ka boiteko bo boholo boitšoaro ba hae ba botho bo ile ba qala ho fetoha, ’me o ile a ba le khotso haholoanyane. Eaba ka letsatsi le leng monna enoa o khutlela ho ntate oa hae ho ea bōpa khotso. Ntate oa hae o ile a hlolloa ke liphetoho tseo mora oa hae a li entseng hoo kamano ea bona e ileng ea tsosolosoa.
Ona ke mohlala o le mong ho e mengata e pakang bonnete ba mantsoe a moapostola Pauluse: “Hobane Lentsoe la Molimo ke lentsoe le phelang, le matla, ’me le fetisa ka bohale lisabole tsohle tse leolitsoeng ka nģa tse peli . . . ’me le ahlola maikutlo le mehopolo ea pelo.”—Ba-Heberu 4:12.
Bophelo ba Lelapa: Na lelapa la hao le thabile? Malapa a mangata haa thaba. Koranta ea Afrika Boroa, The Natal Witness, e re: “Hore bophelo ba lelapa joaloka karolo ea sechaba bo soketsoe ke taba e tiileng hona joale,” e eketsa ka ho re “bana ba kajeno ba tsoalloa har’a phetohelo ea sechaba.”
Leha ho le joalo, Bibele e tletse ka likeletso tse sebetsang tse etselitsoeng ho thusa malapa ho atleha esita leha mathata a hlaha. Ka mohlala, mabapi le karolo ea monna, Bibele e re: ‘Banna ba tšoanetse ho rata basali ba bona joale ka ’mele ea bona.’ Ha monna a phethahatsa tlhokahalo ena, ke ho thabisang bakeng sa mosali oa hae hore le eena “a hlomphe monna oa hae.” (Ba-Efese 5:25-29, 33) Kamano pakeng tsa batsoali le bana e hlalosoa ho Ba-Efese 6:4: “’Me lōna bontat’a bana, le se ke la halefisa bana ba lōna; le mpe le ba hōlise ka ho ba laea le ka ho ba rutela Moreneng.” Sena, le sona, se etsa tikoloho ea lelapa e nolofaletsang bana ho latela litaelo tsa Bibele le hore ba mamele batsoali ba bona.—Ba-Efese 6:1.
Ho ka holimo ke karolo e nyenyane feela ea se hlalosoang ke Bibele ka bophelo ba lelapa. Ka ho arabela tataisong ea Molimo, ba bangata ba fumane katleho le ho ba le thabo lelapeng. Edward, ntate oa bana ba babeli, o hlalosa melemo eo a ileng a e thabela ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Oa hopola: “Lenyalo la ka le ne le qhalana. Ke ne ke se na nako ea ho ba le kamano e nang le morero le bana ba ka. Ntho e le ’ngoe feela e ileng ea re kopanya e ne e le ho sebelisa ha rōna seo Bibele e neng e se bua ka bophelo ba lelapa.”—Liproverbia 13:24; 24:3; Ba-Kolosse 3:18-21; 1 Petrose 3:1-7.
Bophelo bo Botle Kelellong, ’Meleng, le Maikutlong: Patlisiso e bontšitse hore, ho fihlela bohōleng bo itseng, bophelo bo botle ba ’mele ba motho bo amana le boemo ba bophelo bo botle ba kelello le ba maikutlo a hae. The World Book Encyclopedia e re: “Matšoao a tloaelehileng a khatello, a akarelletsa ho otla ha pelo ho eketsehileng, khatello ea mali e phahameng, mesifa e sataletseng, khatello ea kelello, le ho hlōleha ho tebisa monahano.” Leha ho le joalo, ba bang ba lumela hore ho bonahatsa liketso tse mabifi ke tsela ea ho felisa khatello. The Star, koranta ea Afrika Boroa e re: “Litebele li ka fokotsa khatello haholo.” E qotsa mantsoe a Jannie Claasens ea fanang ka keletso ea ho shahla: “Haeba mosali a ne a e-na le letsatsi le ferekanyang haholo, a ka felisa khatello ea hae ka ho otla mokotla oa bo-ralitebele.”
Leha ho le joalo, na ho ne ho ke ke ha ba molemo haholo ho ithuta ho sebetsana le sesosa sa ho ferekana? Makasine Stress—The Modern Scourge, Dr. Michael Slutzkin o bolela hore ho “elelloa khatello . . . ke habohlokoa, hobane lisosa tse ngata li ka folisoa.” O eketsa ka hore “ho laola khatello . . . ho ka ’na ha ntšetsa pele tšebetso ea ho fola maemong a fapaneng.”
Bibele e hlalosa tsela e atlehang haholo eo khatello e ka laoloang ka eona: “Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo . . . ’Me khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna ho Jesu Kreste.” (Ba-Filippi 4:6, 7) Ho laola khatello ka tsela ena ho na le melemo e mengata—esita le ea ’meleng. Maele a mang a Bibele a ho beha ka tsela ena: “Pelo e tšoeu e phelisa ’mele oa motho.” (Liproverbia 14:30) Maele a mang a re: “Pelo e thabileng ke sehlare se matlafatsang; athe moea o hlomohileng o omeletsa masapo.”—Liproverbia 17:22.
Boitekong ba ho balehela khatello, ba bangata ba itšetleha ka koae, tahi, lithethefatsi. Tšenyo eo temallo e joalo e e bakang e pakiloe hantle. Leha ho le joalo, ka mehla Bibele e ’nile ea buella ho ipoloka motho a hloekile ‘litšileng tsohle tsa nama.’ (2 Ba-Korinthe 7:1; bapisa le Liproverbia 23:29-35.) Ka sebele, ho qoba litloaelo tse lematsang joalo ke tširelo e sebetsang lefatšeng la kajeno.
Mosebetsi, Chelete, le Botšepehi: Ha ho mohla botsoa bo ruisang motho molemo. Liproverbia 20:4 e re: “Sekhoba ha se leme, hoba ho hatsetse; mohla ho kotuloang, sea kōpa, empa ha ho letho.” Ka lehlakoreng le leng, ho sebetsa ka thata ho ruisa molemo. Ba-Efese 4:28 e re: “Ea neng a utsoa, a se ke a hlola a utsoa.” Lengolo lena le eketsa ka hore ho molemo haholo hore motho “a mpe a ineele ho sebetsa lintho tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho nea ea hlokang.”—Bapisa le Liproverbia 13:4.
Na u ne u tseba hore melao-motheo ea Bibele e ka sebelisoa esita le likamanong sebakeng sa mosebetsi? Basebetsi, joaloka “bahlanka” ba mehleng ea Bibele, ba etsa hantle ho ba ba “utloang nthong tsohle bao e leng benghali ba [bona] ka nama.” Baokameli, kapa “benghali,” ka lehlakoreng le leng, ba lokela ho sebetsana le basebeletsi ba bona “ka ho loka le ka tšoanelo.”—Ba-Kolosse 3:22-24; 4:1; bapisa le 1 Petrose 2:18-20.
Bibele e bua ho hongata ka litšebelisano tse tšepahalang tsa khoebo. Le hoja ka bomalimabe kajeno li haella, hangata botšepehi boa hlokomeleha le ho ananeloa joaloka tšoaneleho e lakatsoang. Sena ke seo Bibele e se hatisang. Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a re: “Ea leng khabane ho tse nyenyane, le ho tse kholo o tla ba khabane; ’me ea sa lokang ho tse nyenyane, a ke ke a loka le ho tse kholo.”—Luka 16:10; bapisa le Liproverbia 20:10; 22:22, 23; Luka 6:31.
Naheng e ’ngoe ea Afrika, indasteri ea taemane e ne e tletse ka bosholu le tšenyeho. Ho ile ha etsoa qeto ea ho kenya motho ea fapaneng. Matona a ’muso a ile a kōptjoa ho tlisa mabitso a bao ba neng ba nahana hore ba tla tšoaneleha bakeng sa mosebetsi oo. Ha kabinete e kopana ho etsa qeto, mabitso a tlisitsoeng ke matona a ’muso a ile a tlosoa ka bonngoe, haholo-holo ka baka la tšenyeho. Qetellong, ba ile ba fihla lebitsong la ho qetela lethathamong—khetho ea mopresidente.
Letona le leng le ile la hana: “Empa hase setho sa mokha ona!”
Mopresidente o ile a araba ka hore ona hase mosebetsi oa bopolotiki.
Le leng le ile la re: “Ke e mong oa Lipaki tsa Jehova.”
Mopresidente o ile a re: “’Me ke kamoo a fumanang mosebetsi ona.” Eaba oa eketsa: “Rea tseba hore lia tšepahala, ’me enoa ke mofuta oa motho eo re mo hlokang. Rea tseba hore re ka mo tšepa.”
E, ba sebelisang melao-motheo ea Bibele hangata ba fumana hore hona ho ba tsoela molemo esita le lefatšeng la kajeno.
Bokella Bohlale bo Sebetsang
Re buile feela ka karolo e nyenyane ea hore na ho bolela eng hore “u fihlele tsebo ea Molimo.” (Liproverbia 2:1-9) Leruo la keletso e lumellanang le taba, e sebetsang le fumanoa Bibeleng. Melao-motheo e tsamaisanang le bohloeki, mafolo-folo, puisano, likamano tsa botona le botšehali, tlhalo, ho lefshoa ha lekhetho, ho sebetsana le liphapang tsa botho, le ho sebetsana le bofutsana ke tse ling tsa likarolo tsa bophelo tseo Bibele e buisanang ka tsona. Batho ba limillione ba ka paka hore phapang pakeng tsa katleho le ho hlōleha bophelong ba bona e ne e itšetlehile ka tekanyo eo ba sebelisitseng melao-motheo ea Bibele ka teng.
Leha ho sebetsa ka ho toba ha Bibele e le ho tiileng, e boetse e fana ka tšepo ea melemo e mengata ea nako e telele. Ka mohlala, Bibele e tšepisa hore lisosa tsa bohloko le ho sotleha lefatšeng la kajeno haufinyane li tla lokisoa ka ho kenella ha Molimo.—Daniele 2:44; 2 Petrose 3:11-13; Tšenolo 21:1-5.
Ka hona, re u khothalletsa hore u ithute ho hongata kamoo u ka khonang ka Bibele. Haeba u se na kopi, etsa bonnete ba hore oa e fumana. Bahatisi ba makasine ona ba tla thabela ho u thusa. Joalokaha ba bang ba bangata ba fumane molemo ka ho sebelisa litlhahiso tse sebetsang tsa Bibele, le uena u ka thusoa ho ananela bohlokoa ba Lentsoe la Molimo, hona joale le nakong e tlang.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Bibele ke tataiso e sebetsang bakeng sa ho etsa bophelo ba lelapa bo thabileng