Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Botšepehi bo Buella Tšebeletso ea Rōna
BOTŠEPEHI ke tlhokahalo ea motheo bakeng sa Bakreste. Moapostola Pauluse o ngotse ho Ba-Heberu 13:18 (NW): “Re tšepa hore re na le letsoalo le letle, hobane re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” Ho sebelisa ha rōna botšepehi ho ‘hlophisa thuto ea Molimo, ’Moloki oa rōna, nthong tsohle.’ (Tite 2:10) Botšepehi, ’moho le boboleli ba ’Muso, ba Bakreste ba babeli ’musong oa Tonga Pacific Boroa bo fana ka bopaki bo matla. Ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower Samoa Bophirima ea hlalosa:
“Ka lilemo banyalani ba Lipaki ba ile ba bua ka ’Muso oa Molimo ho batho ba metseng e mene sehleke-hlekeng sa habo bona empa ntle le liphello tse bonahalang. Joale, ha monna a ntse a kula, mosali o ile a tlameha ho hlokomela tšimo ea bona le ho kha le ho omisa litholoana tsa coconut, e leng tsona feela mohloli oa chelete ea bona. Ha nako e fihla ea hore bareki ba hlahlobe li-coconut, mekotla ea hae e mehlano e ile ea tsoakana le o mong oa e mong. Batho ba motse ba ile ba mo khothaletsa hore a ipolokele mokotla o mong le hore a o talime e le lehlohonolo le tsoang ho Molimo. Leha ho le joalo, khaitseli a hana ’me, esita leha a fuoa chelete e lekanang mekotla e tšeletseng, o ile a amohela chelete e mo loketseng feela. Botšepehi ba hae bo ile ba hlokomeloa.
“Hamorao, ha monna oa hae a ne a etela sehleke-hlekeng se seng, mong’a lebenkele o ile a mo kōpa hore a mo rekele lintho tse itseng. Paki e ile ea etsa joalokaha e ne e kōpiloe ’me ea busetsa chelete e setseng ho ralebenkele. Monna eo o ne a maketse. O ile a bolela hore e ne e le lekhetlo la pele motho a khutlisa chelete e setseng. Ba bang bao a kileng a ba kōpa ho mo rekela lintho ka mehla ba ne ba inkela chelete e setseng. Eitse ka nako e ’ngoe, ha Paki e ne e hloka ntho e itseng lebenkeleng la monna enoa, o ile a e neha senotlolo sa lebenkele, a e laela ho nka ntho eo e e hlokang ’me e siee chelete ka lebenkeleng. Ba bang ba neng ba le teng ba ile ba botsa ralebenkele hore na ke hobane’ng a ne a neha Paki senotlolo sa lebenkele empa bona a sa ba nehe sona. Mong’a lebenkele o ile a hlalosa hore motseng e ne e le Paki feela eo a neng a ka e tšepa.
“Boitšoaro bo botle ba banyalani bana e ne e le sehlooho sa moqoqo motseng. Lipaki li tsejoa ka botšepehi ba tsona, ho se nke lehlakore ha tsona lipolotiking, le ho paka ha tsona ka ’Muso oa Molimo, ho bontšang phapang pakeng tsa lintho tseo batho ba motse ba li lumelang le lithuto tsa Bibele. Joale ha ho botsoa lipotso malebana le Bibele, hangata batho ba atamela Lipaki bakeng sa likarabo. Monna o ile a ba a tsoha le bosiu, a ea pokanong ea motse, ’me a arabela lipotso tse neng li botsoa tabeng e buang ka Bibele. Ha a ne a ea liphupung tsa motse, hangata o ’nile a kōptjoa hore a bontše seo Bibele e se buang ka lefu, ’me litlhaloso tsa hae li ’nile tsa amoheloa.”
Ka hona botšepehi ba banyalani bana ba Lipaki le ho bolela ha bona ka ’Muso li fana ka bopaki bo botle sehleke-hlekeng sena se ratehang sa Pacific Boroa. Ba tšepa hore ba bang ba tla ithuta Bibele ’me ba emele ’nete. Haeba ba etsa joalo, ka sebele Jehova Molimo o tla ba hlohonolofatsa.—Johanne 8:32.