Sekolo sa Gileade—Se Lilemo li 50 ’me Sea Atleha!
“HO NA le libaka tse ngata tseo bopaki ba ’Muso bo e-song ho ka bo fanoa ka tekanyo e khōlō,” ho boletse N. H. Knorr sehlopheng sa pele sa Gileade ka February 1, 1943, letsatsi leo sekolo se neng se buloa ka lona. O ile a phaella: “E tlameha hore ebe ho na le batho ba makholo le ba likete ba ka finyelloang haeba ho ka ba le basebetsi ba eketsehileng tšimong. Ka mosa o sa tšoanelang oa Morena, ho tla ba le ba eketsehileng.”
Ho ile ha fela ha e-ba le basebetsi ba eketsehileng—ba eketsehileng ba limillione! Lenane la bahoeletsi ba ’Muso le ile la eketseha ho tloha ho 129 070 linaheng tse 54 ka 1943 ho ea ho 4 472 787 linaheng tse 229 ka 1992! Sekolo sa Gileade se entse tlatsetso e khōlō bopaking bo ileng ba fella ka keketseho ena. Ka mor’a lilemo tse 50 se ntse se tsoela pele ho phetha karolo ea bohlokoa ho koetlisa basebetsi ba baromuoa ho sebeletsa leha e le kae moo ba ka hlokoang teng tšimong ea lefatše.
Ka March 7, 1993, ho bile le baeti ba menngoeng ba 4 798 le litho tsa lelapa la Bethele la U.S. ba ileng ba bokana Holong ea Kopano e Motseng oa Jersey, New Jersey, kabong ea mangolo bakeng sa sehlopha sa bo94. Ketsahalo ena e khethehileng e le kannete e boetse ea fana ka monyetla oa ho ikhopotsa lilemo tse 50 tsa Sekolo sa Gileade. Na u lakatsa ho tseba ho itseng ka lenaneo leo?
Ka mor’a pina e qalang, George D. Gangas oa Sehlopha se Busang o ile a etsa thapelo e tsoang pelong. Joale, ka mor’a litlhaloso tsa selelekela ka molula-setulo, Carey W. Barber, liithuti—le bohle ba leng teng—ba ile ba mamela ka hloko letoto la lipuo tse khutšoaane.
Robert W. Wallen o ile a bua pele, sehloohong se reng “Ha ho Mohla le Leng Bang.” Ka tsela e mofuthu o ile a re: ‘Matsatsing a larileng ka pele, ho tla hlaha bophelong ba lōna linako tseo le tlang ho ikutloa le jeoa ke bolutu, eka le hōle haholo le lelapa le metsoalle.’ Joale, ke joang ho ka thoe’ng, “Ha ho mohla le leng bang”? O ile a hlalosa: ‘Hobane e mong le e mong oa lōna o tla fumana monyetla oa ho buisana le Jehova Molimo a sa thibeloe ke letho.’ O ile a khothaletsa liithuti hore li ananele tokelo ea thapelo ’me li e sebelise letsatsi le letsatsi. Joaloka Jesu, li tla khona ho re, “Ha ke ’notši.” (Johanne 16:32) Mantsoe ao a ile a khothatsa liithuti hakaakang!
Lyman A. Swingle oa Sehlopha se Busang o ile a latela ka ho tšohla sehlooho “Le Tiee Tšepong ea Lōna” (se thehiloeng temaneng ea letsatsi ea March 7), a bua ka tlhokahalo ea litšoaneleho tse peli—mamello le tšepo. O ile a re ‘Thohako, bora, lehloeo, ho kenngoa teronkong, esita le lefu, ke mabaka a etsang hore ho hlokahale mamello ho Bakreste. Ha ho meeli e sehiloeng bakeng sa matla a fetang a tloaelehileng ao Lipaki tse tšepahalang tsa Jehova li ka a fumanang ha a hlokahala. Ka sebele sena sea khothatsa, haholo-holo ho lōna liithuti.’ Ho thoe’ng ka tšepo? O ile a hlalosa: ‘Ha ho letho le ka nkelang tšepo sebaka, joalokaha heleme e sireletsa hlooho ea motho ea e roetseng, kahoo le tšepo ea poloko e lebela le ho sireletsa matla a kelello a Mokreste, ho mo nolofaletsang hore a boloke botšepehi.’—1 Ba-Thessalonika 5:8.
Sebui se hlahlamang, Ralph E. Walls, se ile sa khetha sehlooho se thahasellisang, “Ke Joang re ka Balehelang Tšireletsehong ea ‘Sebaka se Bulehileng’?” ‘Sebaka see se bulehileng’ ke eng? (Pesaleme ea 18:19, NW) Sebui se ile sa hlalosa: “Boemo ba polokeho bo tlisang khotso ea kelello le tšireletseho ea pelo.” Ho hlokahala hore re bolokoe ho eng? ‘Ho uena ka bouena—mefokolong ea hao.’ O ile a phaella: ‘Hape, ho hlokahala hore re bolokoe maemong a kantle a hlohleletsoang ke Satane.’ (Pesaleme ea 118:5) Ke joang re ka balehelang tšireletsehong ea sebaka se bulehileng? ‘Ka ho batlisisa litaelo tsa Jehova ho sohle seo re se etsang le ka ho rapela Jehova ka tumelo bakeng sa lintho tseo re amehileng ka tsona.’
“Ke Eng se Larileng ka Pele?” e bile sehlooho se khethiloeng ke Don A. Adams. Ke eng se neng se larile ka pele ho baromuoa baa ba bacha? O ile a hlalosa hore ke nako ea ho etsa liphetoho. “Le boetse le letetsoe ke litlhohonolofatso tse ngata.” Ka mohlala, o ile a bolela ka baromuoa ba banyalani bao ka mor’a ho tsitsa kabelong ea bona ba ileng ba ngola: “Ak’u nahane ka letsatsi le kileng la ba monate ka ho fetisisa ha u le tšebeletsong, ’me ke sona seo letsatsi le leng le le leng ho rōna le leng sona. Ka linako tsohle re hloka lingoliloeng tse fetang tseo re ka khonang ho li nka, ’me batho ba lula ba kōpa hore re ithute le bona.” Sebui se ile sa lebisa litlhaloso tse ling ho malapa le metsoalle ea liithuti: ‘Ha ho hlokahale hore le tšoenyehe ka liithuti tsena. Le ka li thusa ka ho li ngolla mantsoe a khothatso.’—Liproverbia 25:25.
Joale ho ile ha bua barupeli ba sekolo. Jack D. Redford o ile a khetha sehlooho “Le se ke la Lebella Letho ho Leha e le Mang.” O ile a hlalosa hore e ’ngoe ea liphephetso tseo liithuti li tla thulana le tsona ke ho sebelisana hantle le batho. Ke eng se ka thusang? “Iphapanyetseng liphoso tsa bona. Le se ke la lebella lintho tse khōlō ho ba bang. Le se ke la lula le lebelletse tekanyo e feletseng ea seo le lekanyang hore se le tšoanetse. Ananelang hore batho ba bang ha baa phethahala, ’me mosa ona o tla le thusa hore le tsoelle hantle le bona. Ho khona ha lōna ho sebelisana hantle le ba bang e tla ba tekanyo eo le hōlileng ka eona moeeng.” (Liproverbia 17:9) Ka sebele, ho sebelisa keletso ena e bohlale ho tla thusa liithuti ho etsa phetoho e atlehang hore e be baromuoa naheng esele!
Ba-Korinthe ba Bobeli 4:7 e re: “Letlotlo leo, re na le lona lipitseng tsa letsopa.” Ulysses V. Glass, mongolisi oa Sekolo sa Gileade, o ile a bua ka temana ena ha a tšohla sehlooho “Tšepang Baena ba Lōna ba Tšoanelehang, ba Tšepahalang.” “Lipitsa tsa letsopa” ke eng? O ile a re: “E tlameha ebe li bolela rōna batho ba sa phethahalang.” “Letlotlo” ke eng? O ile a hlalosa: “Ke tšebeletso ea rōna ea Bokreste.” (2 Ba-Korinthe 4:1) Re tlameha ho etsa eng ka letlotlo lee? “Letlotlo leo Jehova a re fileng re tlameha hore re se ke ra ipolokela lona. Kahoo, baromuoa ba ratehang ba nakong e tlang, fanang ka letlotlo lena hohle moo le eang teng, ’me le rute ba bang ba bangata mokhoa oa ho fana ka lona.”
Ho ile ha ama maikutlo ha Albert D. Schroeder a qala ho bua, kaha e bile mongolisi oa pele ha Sekolo sa Gileade se thehoa. Sehlooho sa hae se ne se re “Halofo ea Lekholo la Lilemo tsa Koetliso ea Puso ea Molimo.” O ile a re: “Jehova o tseba mokhoa oa ho fana ka koetliso e atlehang, ’me o entse sona sena.” Joang? Moena Schroeder o buile ka koetliso e fumanoeng ka likolo tse peli tse ileng tsa thehoa lilemong tse 50 tse fetileng—Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Sekolo sa Gileade. O ile a supa hore sesebelisoa sa bohlokoa ho faneng ka tsebo e nepahetseng e bile New World Translation. O ile a tiisetsa liithuti: “Le tla ea likabelong linaheng lisele ka kholiseho e khōlō ea hore Mokhatlo o tla le boloka le na le tsebo e nepahetseng ea merero ea Jehova.”
Milton G. Henschel, mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, o ile a bua sehloohong se reng “Re Hlōla ka ho Fetisisa.” Moena Henschel o ile a theha sehlooho sa hae temaneng ea selemo ea 1943: “Re hlōla ka ho fetisisa ka ea re ratileng.” (Ba-Roma 8:37) O ile a hlalosa hore e ne e le temana e loketseng ea selemo, hobane ha Ntoa ea II ea Lefatše e kupa, baena ba rōna linaheng tse ngata ba ne ba hlorisoa. Moena Henschel o ile a bala lintlha tokollong ea Molula-Qhooa tse neng li tšohla temana ea selemo eaba oa hlalosa: “Sehlooho sena sa Molula-Qhooa oa [January 15, 1943 (ka Senyesemane)] se ile sa ithutoa khoeling ea February ke sehlopha sa pele sa Gileade, ’me se ile sa se lokisetsa se larileng ka pele.” O ile a hlalosa hore liithuti tse ngata lilemong tse fetileng tse 50 li se li ipakile hore ke bahlōli. Empa ho thoe’ng ka sehlopha sa bo94? “Lulang haufi le Jehova, lulang haufi le lerato la hae, ’me ruri le tla hlōla.”
Ka mor’a lipuo tsa hoseng, molula-setulo o ile a bolella ba bang litumeliso tse tsoang linaheng tse fapa-fapaneng. Joale ha fihla motsotso oo banyalani ba 24 esaleng ba o letetse—ho abeloa mangolo a diploma. Joale liithuti tsa Gileade ka molao e ne e le li-graduate! Li ne li tsoa linaheng tse 5, empa likabelo tsa tsona li ba isitse linaheng tse 17, ho kopanyeletsa Hong Kong, Taiwan, Mozambique, le likarolong tsa Europe Bochabela.
Ka mor’a khefu, lenaneo la motšehare oa mantsiboea le ile la qala ka Thuto e khutsufalitsoeng ea Molula-Qhooa e ileng ea khannoa ke Robert L. Butler. Joale liithuti li ile tsa etsa tšoantšiso ka liphihlelo tse ling tseo li bileng le tsona ha li fana ka bopaki haufi le Wallkill, New York. Lenaneo le ile la bontša e ’ngoe ea lintho tseo ntle le pelaelo li ba tlisitseng Gileade—lerato la bona le tebileng bakeng sa tšebeletso ea tšimo.
Ka mor’a lenaneo la liithuti, bamameli ba bangata ba ne ba ipotsa hore na ebe lenaneo le tla ba le se seng se khethehileng ho thoholetsa lilemo tse 50 tsa Sekolo sa Gileade. Ha baa ka ba soaba!—Bona lebokose le kenyelelitsoeng sehloohong sena, “Ho Ikhopotsa Lilemo tse 50 tsa Sekolo sa Gileade.”
Lilemong tse fetileng tse 50, Moena Knorr o ile a bontša hore ke motho ea nang le tumelo le ponelo-pele. Kholiseho ea hae ea hore Sekolo sa Gileade se ne se tla atleha e ile ea bonahatsoa ke mantsoe a hae a qalang a neng a tebisitsoe ho sehlopha sa pele, ha a re: “Re lumela hore, tumellanong le lebitso la sona, ‘mokolokotoane oa bopaki’ o tla tsoa sebakeng sena ho ea likarolong tsohle tsa lefatše le hore bopaki bo joalo bo tla ema e le sefika tlotlisong ea Molimo e ke keng ea felisoa le ka mohla. Lōna joaloka basebeletsi ba khethiloeng le tla tšepa Ea Holimo-limo, le tseba hore o tla le tataisa ’me a le bontše tsela nako le nako ha le hloka thuso, ’me le tla tseba le hore ke Molimo oa tlhohonolofatso.”a
Lilemo tse 50 hamorao, Sekolo sa Gileade se ntse se atleha! Liithuti tsa sehlopha sa bo94 hona joale li na le tokelo ea ho latela liithuti tse fetang 6 500 tse tlileng pele ho tsona. E se eka li ka tšepa Ea Holimo-limo ka ho feletseng ha li phetha karolo ea tsona ho etseng “mokolokotoane oa bopaki” o tla lula e le sefika tlotlisong ea Jehova Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka Seheberu lentsoe “Gileade” le bolela “Mokolokotoane oa Bopaki.”—Genese 31:47, 48.
[Lebokose le leqepheng la 25]
Lipalo tse Amang Sehlopha
Lenane-kakaretso la liithuti: 48
Lenane la linaha tse emetsoeng: 5
Lenane la linaha tseo li abetsoeng ho ea ho tsona: 17
Karolelano ea lilemo: 32
Karolelano ea lilemo ’neteng: 15,3
Karolelano ea lilemo tšebeletsong ea nako e tletseng: 9,6
[Lebokose le leqepheng la 26, 27]
HO IKHOPOTSA LILEMO TSE 50 TSA SEKOLO SA GILEADE
Na ho na le tsela e molemo ea ho hlahloba histori ea Gileade ho feta ka thuso ea liphihlelo tsa ba phetseng historing ea eona—liithuti tsa nakong e fetileng, barupeli, le ba bang ba ileng ba thusa ho e hlophisa? Bamameli ba ile ba thaba ha ba mametse karolo e reng “Ho Ikhopotsa Lilemo tse 50 tsa Sekolo sa Gileade,” e neng e khannoa ke Theodore Jaracz.
Ke maemo afe a ileng a etsa hore ho thehoe sekolo see? Moena Schroeder o ile a hlalosa hore eena le barupeli ba bang ba babeli ba ile ba fuoa likhoeli tse ’nè feela hore ba hlophise sekolo. “Empa ka Mantaha, February 1, 1943, re ne re se re loketse ho neheloa ha sona.”
Ho bile joang ho baromuoa ba pele ba ileng ba romeloa? Moena Henschel o sa hopola: “Re ile ra kōpa lefapha la Mokhatlo la thomello hore le tlamele baromuoa thoto ea thepa eo ba neng ba batla ho tsamaea ka eona. Ha thoto ea bona e fihla sebakeng seo ho lumellanoeng ka sona, ka hloko ba ne ba e tlamolla ’me ba nka thepa ea bona. Empa ka nako eo ba ne ba sebelisa mabokose a mapolanka a neng a tšetse thepa ho etsa thepa ea ntlo.” O bolela hore qetellong, Mokhatlo o ile oa lokisetsa hore ho be le mahae a baromuoa a nang le thepa e leka-lekaneng.
Joale lenaneong lena ho ile ha latela liithuti tse ling tsa lihlopha tsa pele tsa Gileade tseo hona joale e leng litho tsa lelapa la Bethele la U.S. tse ileng tsa bolela seo li sa ntseng li se hopola, maikutlo a tsona, le liphihlelo tsa tsona. Litlhaloso tsa bona li ile tsa ama lipelo tsa bohle ba leng teng e le kannete.
“Ha ke qeta ho fumana memo ea hore ke be sehlopheng sa pele, ke ile ka utloa hore ’mè o tšoeroe ke kankere. Empa kaha o ne a ile a bula maliboho ho tloha ha a le lilemo li 16 ho ea pele, o ile a nkhothaletsa ka matla hore ke amohele memo. Ke ferekane maikutlo joalo ’me ke tšepile Jehova, ke ile ka ea South Lansing. Ke ile ka thabela ka ho feletseng ’me ka ananela ka ho tebileng koetliso ea Gileade. ’Mè o ile a qeta tsela ea hae ea lefatšeng nakoana ka mor’a hore ke qete sekolong.”—Charlotte Schroeder, o ile a sebeletsa Mexico le El Salvador.
“Kaha Jehova o ne a se a ’nile a ntlhokomela karolong ea lefatše eo ke neng ke le ho eona, ke ile ka nahana hore kae kapa kae moo ke neng ke ea teng ha feela ke ntse ke le lefatšeng, o ne a tla ntlhokomela. Kahoo ke ne ke thabile haholo ho amohela memo ea ho ba sehlopheng sa pele.”—Julia Wildman, o ile a sebeletsa Mexico le El Salvador.
“E ne e le mosebetsi o hlollang! Re ne re khona ho bua ntlong e ’ngoe le e ’ngoe. Khoeling ea pele, ke ile ka tsamaisa libuka tse 107 ’me ka khanna lithuto tsa Bibele tse 19. Khoeling ea bobeli ke ile ka ba le lithuto tse 28 tsa Bibele. Ho hlakile hore, ho ne ho na le lintho se ling tseo re ileng ra tlameha ho tloaelana le tsona—mocheso, moea o mongobo, litšitšili. Empa e bile tokelo e hlollang ho ba sebakeng seo. Ke ntho eo ke tla lula ke e ananela ka mehla.”—Mary Adams, oa sehlopha sa bobeli, mabapi le kabelo ea hae Cuba.
“Boemo ba leholimo e bile bo bong ba mathata a maholo ao re ileng ra tlameha ho tobana le ’ona Alaska. Ka leboea ho ne ho bata haholo, mohatsela o fihla ho [-50°C.] ’me ho bate le ho feta moo. Metse eo ho phelang Maindia ho eona le libaka tse nyenyane tse ka thōko ka boroa-bochabela ho Alaska ho ne ho fihloa ho tsona ka seketsoana kapa ka sefofane.”—John Errichetti, oa sehlopha sa boraro.
“Gileade ho ’na e bile memo e tsoang ho Jehova ka mokhatlo oa hae oa lefatšeng ho re matlafatsa moeeng le ho re bontša tsela e hlollang ea bophelo.”—Mildred Barr, oa sehlopha sa bo11, o ile a sebeletsa Ireland.
Ho ile ha latela lipuisano tse eketsehileng—Lucille Henschel (sehlopha sa bo14, o ile a sebeletsa Venezuela), Margareta Klein (sehlopha sa bo20, o ile a sebeletsa Bolivia), Lucille Coultrup (sehlopha sa bo24, o ile a sebeletsa Peru), Lorraine Wallen (sehlopha sa bo27, o ile a sebeletsa Brazil), William le Sandra Malenfant (sehlopha sa bo34, ba ile ba sebeletsa Morocco), Gerrit Lösch (sehlopha sa bo41, o ile a sebeletsa Austria), le David Splane (sehlopha sa bo42, o ile a sebeletsa Senegal).
Ho thoe’ng ka baena ba ileng ba sebeletsa e le barupeli? Ho ile ha buisanoa le ba bangata ba bona—Russell Kurzen, Karl Adams, Harold Jackson, Fred Rusk, Harry Peloyan, Jack Redford, le Ulysses Glass. Ba ile ba bua ka tokelo eo ba bileng le eona, ba bolela kamoo e ba ammeng ka teng ho fihlela le kajeno.
Bopaki bo thabisang ka katleho ea baromuoa ba koetlisitsoeng Gileade bo ile ba fanoa ke Lloyd Barry, ea ileng a sebeletsa Japane. Ka 1949, ha ho romeloa baromuoa ba 15 moo, ho ne ho na le bahoeletsi ba ka tlaase ho 10 Japane eohle. Empa lilemo tse 44 hamorao, ho ne ho na le bahoeletsi ba ’Muso ba fetang 175 000 naheng eo! Joale Robert Wallen o ile a bolela ka katleho e ikhethang eo baromuoa ba bang ba bileng le eona ho thuseng batho ho tla ’neteng, ho kopanyeletsa le khaitseli oa moromuoa ea bileng Panama ka lilemo tse fetang 45 ’me a thusa batho ba 125 ho etsa boinehelo le kolobetso.
Tlhōrō ea lenaneo lohle e bile ha bamameli bohle bao e leng liithuti tsa Gileade ba mengoa hore ba tle sethaleng. Ruri e bile motsotso o amang maikutlo. Mokoloko o molelele oa baena le bo-khaitseli—ba 89 lelapeng la Bethele ho kopanyeletsa le liithuti tsa baeti—ba ile ba tsamaea ba kolokile ho nyolohela sethaleng. Ba ile ba lateloa ke baena ba ileng ba sebeletsa e le barupeli ka lilemo tse ngata, joale ha latela sehlopha sa bo94—kaofela ba ka ba 160!
Moena Jaracz o ile a botsa: “Na mosebetsi oa Sekolo sa Gileade ho koetlisa baromuoa bakeng sa linaha lisele o atlehile? Bopaki ba lilemo tse fetileng tse 50 bo fana ka e, e molumo o moholo!”
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Sehlopha sa Bo94 se Abeloang Mangolo sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower
Lethathamong le ka tlaase mona mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ka ho le letona moleng o mong le o mong.
(1) De La Garza, C.; Borg, E.; Arriaga, E.; Chooh, E.; Purves, D.; Fosberry, A.; Delgado, A.; Drescher, L. (2) Scott, V.; Fridlund, L.; Kettula, S.; Copeland, D.; Arriaga, J.; Thidé, J.; Olsson, E.; Widegren, S. (3) Delgado, F.; Keegan, S.; Leinonen, A.; Finnigan, E.; Fosberry, F.; Halbrook, J.; Berglund, A.; Jones, P. (4) Watson, B.; Frias, C.; Chooh, B.; Halbrook, J.; Purves, J.; Finnigan, S.; Jones, A.; Cuccia, M. (5) Scott, G.; Copeland, D.; Drescher, B.; De La Garza, R.; Leinonen, I.; Keegan, D.; Watson, T.; Kettula, M. (6) Widegren, J.; Borg, S.; Cuccia, L.; Berglund, A.; Olsson, B.; Frias, J.; Fridlund, T.; Thidé, P.