Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 12/15 maq. 8-10
  • “Batlang Jehova, Lōna Bohle ba Inyenyefatsang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Batlang Jehova, Lōna Bohle ba Inyenyefatsang”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Batla Boinyenyefatso?
  • Ba “Batlang Boinyenyefatso” Kajeno
  • Arabela ka Boinyenyefatso
  • E-ba Motho ea Bonolo ’Me U Thabise Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Lula Mohaung oa Molimo le Har’a Liphetoho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Batlang Jehova Pele ho Letsatsi la Bohale ba Hae
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Batlang Jehova Pele ho Letsatsi la Bohale ba Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 12/15 maq. 8-10

“Batlang Jehova, Lōna Bohle ba Inyenyefatsang”

“BATLANG Jehova, lōna bohle ba inyenyefatsang ba lefatše, ba sebelisitseng qeto ea Hae ea boahloli. Batlang ho loka, batlang boinyenyefatso. Mohlomong le ka patoa letsatsing la khalefo ea Jehova.”—Sofonia 2:3, NW.

Moprofeta Sofonia o ile a lebisa mantsoe ao ho “ba inyenyefatsang ba lefatše,” ’me a ba phehella hore ba ‘batle boinyenyefatso’ e le hore ba ka “patoa letsatsing la khalefo ea Jehova.” Ha ho pelaelo hore boinyenyefatso boa hlokahala bakeng sa ho pholoha. Empa hobane’ng?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Batla Boinyenyefatso?

Boinyenyefatso ke tšoaneleho ea ho ba le botho bo bonolo, bo lokolohileng boikhohomosong kapa ho inahana ho tlōlisa. Bo amana haufi-ufi le litšobotsi tse ling, tse kang boikokobetso le bonolo. Ka tsela eo, ho bonolo ho ruta batho ba inyenyefatsang le ba ikemiselitseng ho amohela taeo e tsoang ho Molimo, le hoja e ka ’na ea bonahala e le bohloko ka nako eo.—Pesaleme ea 25:9, NW; Ba-Heberu 12:4-11.

Boinyenyefatso ka bobona bo ka ’na ba se amane hakaalo le thuto ea motho kapa boemo ba hae bophelong. Leha ho le joalo, ba rutehileng kapa ba atlehang ka tsela ea lefatše ba sekamela ho ikutloa hore baa tšoaneleha bakeng sa ho iketsetsa liqeto litabeng tsohle, esita le litabeng tsa borapeli. Sena se ka ba sitisa ho lumella motho e mong ho ba ruta ntho e itseng kapa ho amohela keletso le ho etsa liphetoho tse loketseng bophelong ba bona. Ba bang ba atlehileng linthong tse bonahalang ba ka ’na ba ba le monahano o fosahetseng oa hore tšireletseho ea bona e linthong tseo ba li ruileng. Kahoo, ha ba ikutloe ba na le tlhoko ea maruo a moea a tsoang Lentsoeng la Molimo, Bibele.—Mattheu 4:4; 5:3, NW; 1 Timothea 6:17.

Nahana ka bangoli, Bafarisi, le baprista ba baholo ba nakong ea Jesu. Ka lekhetlo le leng ha liofisiri tseo ba li romileng hore li e’o tšoara Jesu li khutla li sa mo tšoara, Bafarisi ba ile ba re: “Hleka le lōna le thetsitsoe na? Ke mang ho baholo le ho bafarisi ea lumetseng ho eena? Empa bongata boo, bo sa tsebeng molao, bo rohakiloe.” (Johanne 7:45-49) Ka mantsoe a mang, ho ea ka bona, ke feela batho ba se nang tsebo le ba sa rutehang ba neng ba ka ba bothoto hoo ba ka lumelang ho Jesu.

Leha ho le joalo, Bafarisi ba bang ba ile ba hoheloa ke ’nete, ba ne ba bile ba sireletsa Jesu le Bakreste. Har’a bana ho ne ho e-na le Nikodema le Gamaliele. (Johanne 7:50-52; Liketso 5:34-40) Ka mor’a lefu la Jesu, “ha lumela le baprista ba bangata.” (Liketso 6:7) Ha ho na pelaelo ea hore moapostola Pauluse e ne e le mohlala o hlaheletseng. O ne a ile a ruteha tlas’a tšusumetso ea Gamaliele ’me a fetoha ’muelli oa Bojode oa setsebi le ea hlomphehang. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta o ile a arabela ka boikokobetso pitsong ea Kreste Jesu ’me a fetoha molateli oa hae ea chesehang.—Liketso 22:3; 26:4, 5; Ba-Galata 1:14-24; 1 Timothea 1:12-16.

Sena sohle se bontša hore ho sa tsotellehe hore na semelo sa motho e ka ba sefe kapa hore na motho a ka ikutloa joang ka molaetsa o tsoang Bibeleng, mantsoe a Sofonia a ntse a sebetsa. Haeba motho a batla ho amoheloa ke Molimo le ho tataisoa ke Lentsoe la hae, boinyenyefatso bo hlokahala ka ho feletseng.

Ba “Batlang Boinyenyefatso” Kajeno

Batho ba limilione ho pota lefatše ba arabela litabeng tse molemo tsa ’Muso. Lipaki tsa Jehova li khanna lithuto tsa Bibele tse fetang limilione tse ’nè malapeng a batho ba joalo beke le beke. Bana ba tsoa limelong, maemong a moruo le a bophelo a mangata le a fapaneng. Empa, ntho e le ’ngoe eo ba tšoanang ka eona ke hore ba ikokobelitse hoo ba ileng ba amohela molaetsa oa Bibele oo motho e mong a ileng a ba tlisetsa oona malapeng a bona kapa sebakeng se seng. Bongata ba bona ba tsoela pele hantle hobane ba ikemiselitse ho etsa boiteko ba ho hlōla litšitiso tse emeng tseleng ea bona. E, ba har’a “ba inyenyefatsang ba lefatše” kajeno.

Ka mohlala, nahana ka Maria oa Mexico. O ile a ithuta molao univesithing ’me o ne a eme hantle licheleteng ka lebaka la lefa leo a le fuoeng. Ka lebaka leo, o ile a ba le likhopolo tse ileng tsa mo fetola, joalokaha a bolela, “lerabele, ea mekhoa e mebe, ea hatellang le ea sa lumeleng ho Molimo.” Maria oa hopola: “Ke ne ke nahana hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e ka rarolloa ka chelete le hore Molimo hase oa bohlokoa. Ha e le hantle, ke ile ka ikutloa hore ha a bile ha a eo.” A eketsa: “Ho ’na bolumeli e ne e le ntho e nyelisehang le e hlokahalang bakeng sa ho thabela botsoalle.”

Hamorao, Maria o ile a hlokomela liphetoho tse entsoeng ke motsoala oa hae ka mor’a hore a fetohe e mong oa Lipaki tsa Jehova. Maria oa hlalosa: “O ne a feteletse, ’me hona joale ke motho ea nang le khotso ea lokileng. Beng ka eena ba ne ba re ke ’moleli ’me o bala Bibele, ’me ka lebaka leo o ne a se a sa noe joala leha e le hona ho rata basali. Kahoo ke ne ke batla hore a tl’o mpalla Bibele hobane ke nahana hore ka tsela ena ke tla fumana khotso le khutso tseo ke neng ke li batla ka matla.” Phello e bile hore Maria o ile a amohela ho ithuta Bibele le banyalani ba Lipaki.

Ho ne ho na le lintho tse ngata tseo ho neng ho hlokahala hore a li hlōle, hape ho ne ho le thata haholo hore a amohele molao-motheo oa Bibele mabapi le bohlooho e le hore a ka ikokobeletsa monna oa hae. Empa o ile a etsa liphetoho tse matla bophelong le boikutlong ba hae. O ile a bolela: “Ke nahana hore ho tloha ha baena ba kena lelapeng la ka ’me ba tlisa thuso ea Jehova, ho bile le thabo, khutso le tlhohonolofatso ea Molimo ka lelapeng la ka.” Kajeno, Maria ke Paki ea Jehova e inehetseng le ho kolobetsoa.

Boitekong ba ho phehella borapeli ba ’nete, ho na le sebaka se seng moo boinyenyefatso, kapa ho haella ha bona ho phethang karolo ea bohlokoa. Ke hangata haholo ka lelapeng mosali a amohelang ’nete le ho batla ho sebeletsa Molimo, empa monna a le leqe. Mohlomong ho thata ho banna ba bang ho amohela khopolo ea hore ho na le motho e mong osele—Jehova Molimo—eo joale mosali oa hae a lokelang ho ikokobeletsa eena. (1 Ba-Korinthe 11:3) Mosali e mong oa Chihuahua, Mexico, o ile a ikōpela thuto ea Bibele, ’me ka mor’a nako e khutšoanyane eena le bana ba hae ba supileng ba tla ’neteng. Qalong monna oa hae o ne a hanyetsa. Hobane’ng? Hobane o ne a sa batle ha litho tsa lelapa la hae li bolela ka ntlo le ntlo, li fana ka lingoliloeng tsa Bibele. Ho ne ho bonahala hore o bona hoo ho mo tlosa seriti. Leha ho le joalo, lelapa la hae, le ile la ema le tiile qetong ea lona ea ho sebeletsa Molimo. Ka mor’a nako e khutšoanyane monna o ile a qala ho bona bohlokoa ba ho amohela tokisetso ea Molimo. Empa lilemo tse 15 li ile tsa feta pele a inehela ho Jehova.

Ho pholletsa le Mexico, ho sa ntse ho na le lichaba tse ngata tse arohileng ho tse ling moo baahi ba libaka tseo ba nang le lipuo le meetlo ea bona ea tlhaho ea Maindia a Amerika. Molaetsa oa Bibele o fihla ho batho bana ’me o ba thusa ho ntlafatsa thuto ea bona, joalokaha ba bang ba ithuta ho bala le ho ngola ha ba ntse ba ithuta ’nete. Leha ho le joalo, ’nete ea hore batho ha baa ruteha hakaalo kapa ba na le lintho tse bonahalang tse seng kae ha e hlile ha e bolele hore ba tla amohela ’nete habonolo haholo. Boikhohomoso ba morabe le ho khomarela meetlo ea baholo-holo ka matla ka linako tse ling ho thatafaletsa ba bang ho amohela ’nete. Hape sena se hlalosa lebaka leo ka lona metsaneng e meng ea Maindia, ba amohelang ’nete ba atisang ho tšoenngoa ke baahi ba bang ba motsaneng oo. Kahoo boinyenyefatso bo na le libōpeho tse ngata.

Arabela ka Boinyenyefatso

Ho thoe’ng ka uena ka bouena? Na u arabela ’neteng ea Lentsoe la Molimo? Kapa ho thata ho uena ho amohela linnete tse itseng tsa Bibele? Mohlomong u ka rata ho itlhahloba ho bona se u sitisang. Na u tšoenyehile hobane batho ba bangata ba leng ’neteng e le ba leng boemong bo tlaase bophelong? Na boikhohomoso ba botho boa ameha tseleng eo u nahanang ka eona? Ho molemo ho nahana ka mantsoe a moapostola Pauluse: “Molimo o ikhethetse tse hlanyang tsa lefatše, o tle o soabise tse bohlale; ’me tse fokolang tsa lefatše, Molimo o ikhethetse tsona, o tle o soabise tse matla. Hape, Molimo o ikhethetse mafeela a lefatše, le tse songoang, le tse leng sieo, o tle o tsietse tse leng teng, hore ho tle ho se ke ha e-ba nama, leha e le ’ngoe, e ithorisang pel’a oona.”—1 Ba-Korinthe 1:27-29.

Na u ka hana letlotlo feela hobane u le fumana ka nkhong ea letsopa ea boleng bo tlaase? Ho hlakile hore u ke ke ua etsa joalo! Empa ke tsela eo ka eona Molimo a khethang ho re bolella Lentsoe la hae la ’nete le bolokang bophelo, joalokaha moapostola Pauluse a hlalosa: “Empa letlotlo leo, re na le lona lipitseng tsa letsopa, matla ao a tlōlisang e be a Molimo, e seng a rōna.” (2 Ba-Korinthe 4:7) Boinyenyefatso le boikokobetso li tla re nolofaletsa ho bona bohlokoa ba ’nete ba letlotlo lena eseng feela “lipitseng tsa letsopa,” kapa ho baromuoa ba batho, ba le fetisetsang ho rōna. Ka ho etsa joalo, hape re tla eketsa monyetla oa ho “patoa letsatsing la khalefo ea Jehova” le oa ho ba har’a ba inyenyefatsang ba “tla ja lefa la lefatše.”—Sofonia 2:3, NW; Mattheu 5:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela