Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 1/1 maq. 4-9
  • Bochabela le Bophirimela, Jehova o Matlafatsa Batho ba Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bochabela le Bophirimela, Jehova o Matlafatsa Batho ba Hae
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Katleho Tlas’a Thibelo
  • Ho Thoe’ng ka Linaha tsa Amerika?
  • Afrika e Tsekolotsoeng ke Lintoa
  • ‘Naheng ea Ntsu’
  • “Lelefatsa Lithapo tsa Tente ea Hao”
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2001
  • Ea Lipaki Tsa Jehova-Tlaleho ea Buka ea Selemo ea 1998
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1998
  • Karolo 5—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Le ka Mohla Jehova ha aa ka a re Lahla
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 1/1 maq. 4-9

Bochabela le Bophirimela, Jehova o Matlafatsa Batho ba Hae

LIBAKENG tseo ho tsona mosebetsi oa ho bolela o thibetsoeng, linaheng tse arotsoeng ke pefo, le linaheng tseo ho tsona lithibelo li sa tsoa tlosoa—ka sebele, ho pholletsa le tšimo ea lefatše lohle—Jehova o tsoela pele ho fa Lipaki tsa hae ‘matla a tlōlisang.’—2 Ba-Korinthe 4:7.

Katleho Tlas’a Thibelo

Sehlopheng sa lihleke-hleke tsa Bochabela bo Hōle, mosebetsi oa ho bolela o bile tlas’a thibelo ka lilemo tse 17. Na Lipaki li nyahame? Le hanyenyane! Ka May, li ile tsa finyella tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 10 756, ba 1 297 ho bona e ne e le basebeletsi ba nako e tletseng. Ha maemo a lefatše a ntse a theoha, batho bana ba lihleke-hlekeng ba rata ho mamela ’nete haholoanyane. Kahoo ba ’nile ba tlaleha lithuto tsa Bibele tse 15 654 tseo ba li khannang malapeng a batho ba thahasellang. Pejana, ba 25 397 ba bile teng libokeng tsa ho hopola lefu la Jesu tse neng li tšoaretsoe ka sekhukhung.

Ha Likopano tsa Setereke tsa “Thuto ea Bomolimo” li ne li tšoeroe—hape e le ka bohlale ho latela maemo a sebaka seo—baena ba ile ba thabela ho amohela likopi tsa bona tsa litokollo tse tšoanang le tse lokolotsoeng United States tse hatisitsoeng ka lipuo tsa bona. Bafetoleli, ba hlahlobang liphoso tse ho lingoliloeng, le ba bang ba ile ba ithaopela ho sebetsa nako e eketsehileng e le hore ba ka lokisetsa hore khatiso ea tokollo e ka sehloohong, e nang le maqephe a makholo, e etsoe ka nako. ’Me ofisi ea khatiso eo eseng ea lipaki e ikemiselitseng ho sebelisana le tsona e ile ea thabela ho etsa mosebetsi o motle oa ho hatisa le ho kopanya. Batho ba tlileng kopanong ba ne ba thabetse ho fumana khatiso ena, e nang le mebala e hlophisitsoeng hantle le litšoantšo tse fetang sekete. Bahlanka ba ’muso ba bangata ba hlompha Lipaki tsa Jehova, ’me khanyetso e hlaha haholo-holo ho baruti ba Bokreste-’mōtoana. Ho tšeptjoa hore haufinyane thibelo e tla tlosoa.

Ho Thoe’ng ka Linaha tsa Amerika?

Lipaki tsa Jehova linaheng tsena tsa Bophirimela li kopane le baena ba tsona ba Bochabela tabeng ea ho sebetsana le mathata a bona ka sebete, ’me moea o halalelang oa Jehova o ba thusa ho hlōla maemo a thata. Ka mohlala, nahana ka tlaleho e tsoang naheng ea Latin America moo lihlopha tse laolang tlhahiso le thekiso ea lithethefatsi tse sa lumelloang ka molao li tsamaeang joalo-joalo ho pholletsa le meru e teteaneng.

Sehlopha sa Lipaki se ile sa palama bese ho ea tšimong e ka thōko. Ha li theoha, li ile tsa hlokomela tsela e patisaneng e ka thōko e lebisang motsaneng. Kahoo baena ba bahlano ba ile ba ea ho ea bona moo tselana ena e eang teng, ba abela bo-khaitseli le bana hore ba sebetse motsaneng o mong. Moena e mong oa pheta:

“Re tsamaile lihora tse peli tseleng ena re bona matlo a seng makae feela. Eaba, ka tšohanyetso banna ba robeli ba roetseng likatiba tse koahelang sefahleho ba ropoha morung. Ba bang ba ne ba tšoere lithunya tsa morathatha, ’me ba bang ba ne ba tšoere lithipa tse telele. Re ne re tobane le eng? Re ile ra qala ho botsa hore na ba batla’ng, empa re ile ra bolelloa hore re khutse ’me re se ke ra bua—re ee pele feela. Re ile ra etsa joalo! Ka mor’a ho tsamaea lihora tse ling tse peli ho pholletsa le moru o teteaneng re ile ra fihla moo ho bulehileng moo ho neng ho totobetse hore ke kampong ea sesole. Balebeli ba tšoereng lithunya ba ne ba tletse hohle. Bohareng ho ne ho na le ntlo e hahiloeng ka bokhabane eo re ileng ra lebisoa ho eona.

“Hang ha re lutse e mong eo ho neng ho bonahala hore ke moeta-pele oa kampo ena o ile a buisana le rōna. O ne a apere hantle, a rutehile a bile a na le seriti. O ile a supa e mong oa baena sehlopheng sa rōna ’me a mo laela hore a eme. Eaba oa mo botsa: ‘Le nahana’ng ka sehlopha sa [rōna]?’ A hlokomela ka ho feletseng moo re leng teng, moena a araba: ‘Ha e le hantle, re tseba sehlopha sa lōna, empa ha re se thahaselle, ha re thahaselle sehlopha sa lipolotiki leha e le sefe se seng. Lebaka le le leng feela leo re leng mona ka lona ke ho bolela ka ’Muso oa Jehova Molimo ka Kreste Jesu. Haufinyane o tla felisa mebuso eohle ea lipolotiki ea tsamaiso ena ea lintho ’me o tlisetse batho litlhohonolofatso tse hlollang lefatšeng lena tlas’a maemo a Paradeise—e leng seo ho seng motho kapa sehlopha sa batho se ka se etsang.’

“Boikutlo ba monna enoa bo ile ba fetoha. A qala ho botsa lipotso. ‘U ithutile lintho tsee tsohle hokae? U ile ua itokisetsa joang ho bua tjee?’ Ka hora le halofo, re ile ra khona ho fana ka bopaki bo molemo mabapi le maemo a lefatše le ho bontša hore Bibele e tsebahatsa tšepo e le ’ngoe feela bakeng sa moloko oa batho. Hape re ile ra hlalosa Ba-Roma khaolo ea 13—hore re utloa ba boholong, empa ha ho na le khohlano pakeng tsa Lentsoe la Jehova le la bona, re utloa Molimo oa rōna, Jehova, pele. Qetellong, re ile ra mo fa libuka tseo re neng re e-na le tsona. O ile a nka tse tharo le Bibele ’me, ra makala haholo ha a re fa monehelo bakeng sa tsona. A re o tla li bala.

“Eaba moeta-pele o laela e mong oa banna hore a re felehetse ha re tsoela ka ntle ho kampo. Kapele re ne re se re le tseleng e khutlelang morao, re leboha Jehova bakeng sa tlhōlo eo re bileng le eona tšimong e ’ngoe ea ho paka.”

Afrika e Tsekolotsoeng ke Lintoa

Sebakeng se bohareng lipakeng tsa Bochabela bo Hōle le Bophirimela bo hōle ke k’honthinente ea Afrika. Lintoa tsa meloko li fetotse linaha tse ling libaka tsa merusu ea pefo. Liberia, batho ba Jehova ba boetse ba anngoe ka ho teba ke ho qhoma ha tšohanyetso ha ntoa ea lehae. Pele ka October le November 1992 ntoa e ne e loana motse-moholo le mathōko a oona. Joale, ha ntoa e ntse e kekela ho nyolosa le naha, liphutheho tse feletseng tsa qhalana ha baena ba balehela morung le baahi ba motse. Leha ho le joalo, cheseho ea bona ha ea ka ea tapa. Ha ba ntse ba baleha, ba ile ba etsa mosebetsi oa ho bolela, ’me sena sa fella ka bopaki bo molemo bo ileng ba fanoa libakeng tse thōko-thōko tsa naha ena.

Phutheho e ’ngoe ea baena ba ileng ba tlameha ho siea mahae a bona e ile ea haha Holo ea ’Muso ea nakoana bohareng ba tšimo ea lifate tsa rabara. Toropong e pel’a moo ntoa e loanang ka matla, motšehare baahi ba ne ba balehela masimong a lifate tsa rabara a ba potolohileng e le hore ba balehe ho qhoma ha libomo tse tsoang moeeng. Baena ba sebakeng seo (ho akareletsa le bahoeletsi ba bangata ba balehileng ba tsoang motse-moholo, Monrovia) ba ile ba lokisetsa tšebeletso ea tšimo ’me ba ne ba bonoa ka mehla ba etsa mosebetsi oa ho bolela ho batho ba likete ba itširelelitseng lifateng tsa rabara! Neng le neng ha sefofane se atamela, baena le bo-khaitseli ba ne ba kena forong e haufi ka potlako ebe, ha kotsi e fetile, ba tsoela pele ho paka.

Hoa makatsa hore ebe bahoeletsi ba liphutheho ba fetang sekete ba khonang ho romela litlaleho ho Mokhatlo ka karolelano ba sebelitse lihora tse 18,1 tšebeletsong ea tšimo ’me ba khanna lithuto tsa Bibele tse 3 111 khoeli le khoeli ho sa tsotellehe maemo a ntoa ea lehae.

Afrika linaheng tse 18 lilemong tse ’nè tse fetileng, ho tlositsoe lithibelo mosebetsing oa Lipaki tsa Jehova. ’Me ha e-ba le nyakallo e kaakang! Ka August 12, thibelo e neng e etselitsoe Lipaki Malawi ka October 1967, e ile ea tlosoa. Boboleli ba litaba tse molemo bo etsoang ka sekhukhu bo ’nile ba atleha, empa hona joale Lipaki li khona ho tsoela pele li lokolohile, le hoja li tlameha ho emela tsoho e le hore li ka boela tsa lumelisa metsoalle ea tsona e ratehang e ileng ea bolaoa ke bahatelli.

Mozambique, tumellano ea khotso e ile ea qala ho sebetsa ka October 4, 1992. Masimo a neng a sa finyelloe ka lebaka la ntoa e senyang ea lilemo tse 16 tse fetileng aa finyelloa. Sebakeng sa Carioco, puisano e ile ea tsosolosoa le baena le bo-khaitseli ba 375 bao ho hang ho neng ho se na puisano pakeng tsa bona le mokhatlo o hlophisitsoeng lilemong tse fetileng tse supileng. Kopano ea letsatsi le khethehileng e ile ea tšoareloa Milange, motse-moholo oa setereke seo pele e neng e le setša sa kampo ea mahloriso le setsi sa “thuto e ncha” ea Lipaki tsa Jehova, tseo bongata ba tsona e neng e le baphaphathehi ba tsoang Malawi. Ka ho hlollang batho ba 2 915 ba ile ba ba teng, ho akareletsa le motsamaisi oa toropo, ea ileng a amohela Lipaki tsa Jehova. Kahoo setsi sa pele sa “thuto e ncha” sa fetoha setsi sa thuto ea bomolimo sa nako eo.

Moromuoa e mong oa ngola: “Mabapi le baena ba rōna ba ileng ba iphumana ba le likampong tsa baphaphathehi Seterekeng sa Tete, moemeli oa UNHCR (United Nations High Commissioner for Refugees [Mokomishinara ea Phahameng oa Machaba a Kopaneng Bakeng sa Baphaphathehi]) o ile a hlokomela se thahasellisang. O boletse hore Lipaki tsa Jehova ka botsona li hlophisitse likampo tsa tsona, tse arohileng lihlopheng tse ling. O itse: ‘Kampo ea tsona, e ne e le eona feela eo litaba tsa eona li neng li tsamaisoa ka tsela e loketseng,’ a phaella, ‘Lipaki tsa Jehova li hloekile, li hlophisehile li bile li rutehile.’ Eaba o ithaopela ho mpalamisa sefofane ho pholletsa le moru hore ke iponele. Ha re le sebakeng, mokhanni oa sefofane o ile a supa likampo tse peli. E ’ngoe e ne sa hlokomeloa e bile e le litšila, e le ea matlo a makote a petetsaneng a sa hlophisoang hantle. Kampo e ’ngoe e ne e hlophisitsoe hantle, e na le litsela lipakeng tsa matlo tse a arolang ka mela. Matlo ana a ne a bonahala a hlekiloe hantle, mabala a ’ona a fietsoe. A mang a ne a bile a ferefiloe ka ferefe ea maiketsetso. Mokhanni oa sefofane a re: ‘Ha u nahana ke afe ao e leng a lōna?’ Ke ile ka thaba haholo ha ke kopana le baena kampong ena. Hona joale ho na le liphutheho tse robeli motsaneng ona oa Lipaki.”

‘Naheng ea Ntsu’

Che, ena hase ntsu ea United States eo e leng letšoao la naha! Lipakeng tsa Bochabela le Bophirimela ho na le naha ea Europe, Albania, lebitso la eona ka puo e lumeletsoeng ka molao ke Shqipëria, e bolelang “Naha ea Ntsu.” Thibelo e sehlōhō ea Lipaki tsa Jehova ea lilemo tse 50 e sa tsoa tlosoa naheng ena, ’me li khona ho thabela tokoloho ea borapeli le baena ba tsona ba tsoang Bochabela le Bophirimela. Ka sebele ba “reka nako e loketseng.” (Ba-Efese 5:16, NW) Kopano ea pele historing ea Albania, e leng ea letsatsi le le leng, e ile ea tšoareloa Holong ea Sechaba, motse-moholo oa eona, Tiranë, ka Sontaha, March 21. Ka Moqebelo motšehare oa mantsiboea sehlopha sa Lipaki tse 75 tse ithaopileng se ne se fetotse sebaka sa ’moka se senyehileng holo ea kopano e ntle, e hloekileng. Baokameli ba ile ba makala. ’Me re lokela ho hlokomela hore ho baithaopi bana ba 75, ke ba 20 feela ba neng ba se ba kolobelitsoe!

Boemo ba leholimo bo ne bo le botle. Ha baeti ba tsoang mose ho maoatle ba fihla, litumeliso—haholo-holo tse etsoang ka boitšisinyo ba ’mele le ka ho kopa—li ile tsa etsa hore kopano eo e khethehileng e khethehe haholo. Moena Nasho Dori o ile a etsa thapelo e bulang a lebisitse liatla tsa hae leholimong. O kolobelitsoe ka 1930 ’me hona joale o nkuoa e le sefofu ka molao. Lenaneo le ile la neheloa ka Sealbania, karolo e khōlō ea lona ea neheloa ke bo-pula-maliboho ba khethehileng ba melata. Ba 585 ba neng ba le teng ba bina pina “Boinehelo ba Bokreste”—e ’ngoe ea lipina tse tšeletseng tse fetoletsoeng ka Sealbania bakeng sa kopano ena—ha baena le bo-khaitseli ba bacha ba 41 ba tsamaea ba lebile letamo leo ka mosa baena ba etileng ba Greece ba neng ba le entse ka Holong ea ’Muso ea sebaka seo. E bile phetoho e kaakang! Pele, ho ba le Bibele ho ne ho bolela ho isoa likampong tsa mahloriso, ’me liboka li ne li lekanyelitsoe lihlopheng tsa batho ba babeli kapa ba bararo.

Letsatsi le latelang kopano, ofisi ea Watch Tower e ile ea amohela molaetsa oa thelefono o tsoang ho motho eo holo ena e leng boikarabelong ba hae. Ka tloaelo ha a na thahasello ea hore na ke mang ea sebelisang holo eo. Oo ke mosebetsi oa mothusi oa hae. Empa o itse: “Ke ile ka tlameha ho letsa ka morero oa ho le leboha. Ha ke e-s’o bone sebaka sena se hloekile hakana. Haeba ke ne ke tlameha ho se hlalosa, ke ne nka bolela hore moea o tsoang leholimong o ile oa theohela holong ea rōna maobane. Neng le neng ha le batla ho sebelisa sebaka sena sa rōna, re kōpa hore le tle, ’me re tla hlahloba kōpo ea lōna pele ho tsohle. Ha e le hantle, le hlile le lokela ho tla likhoeling tse ling le tse ling tse tharo le sa lefe rente.”

Lipaki li ile tsa khutlela metseng ea habo tsona li matlafetse li bile li leboha ’me tsa qala ho lokisetsa Sehopotso sa lefu la Jesu. Matsatsi a 15 feela hamorao, ka Labobeli, April 6, Sehopotso sa pele sa phatlalatsa se ile sa tšoareloa libakeng tse supileng.

Motseng oa Berat, lenane la ba bang teng sebokeng le nyolohetse ho 170, ’me moprista oa sebakeng seo o halefile. Ho bahoeletsi ba ’Muso ba 33 ba Berat, ba 21 ba ile ba kolobetsoa kopanong ena. Berat e ile ea tlaleha lenane la ba 472 ba bileng teng Sehopotsong. Manane a mang a ba bileng teng Sehopotsong le ’ona a ne a ikhetha, haholo-holo ka lebaka la ketello-pele e ntle ea bo-pula-maliboho ba khethehileng.

Motseng oa Albania, Shkodër, oo ho oona Mak’hatholike a leng mangata, moo ho nang le mohaho oa kereke, kereke e ile ea qala ho hatisa lengolo la litaba la khoeli le khoeli, ’me tokollo ka ’ngoe e ne e sebetsana le “Kamoo Lipaki tsa Jehova li ka Qojoang.” Tokollo ea ho qetela e itse: “Lipaki tsa Jehova li hapile Shkodër”! Lebotho le leholo la Lipaki tse peli tsa moo le ile la bokellela batho ba 74 ba itšoereng hantle le ba nkang lintho ka botebo Sehopotsong. Ka mor’a ho utloa puo ea Sehopotso, malapa a 15 a ile a ikōpela lithuto tsa mahae tsa Bibele. Motseng o mong, e leng Durres, moo ho nang le lebotho la Lipaki tse ’nè, ho bile le lenane le letle haholo la ba 79.

Ka lebaka la khanyetso e tsoang ho bacha ba Mak’hatholike, ba ileng ba sokela Lipaki ka hore ba tla li leleka ka majoe, seboka sa Sehopotso sa motsaneng oa Kalmeti i Vogel o leng lithabeng se ile sa tšoareloa lehaeng la moena oa sebaka seo, moo ba 22 ba ileng ba kopanela ka khotso. Ho na le bahoeletsi ba bahlano sehlopheng sena, bao ba bararo ba bona ba ileng ba kolobetsoa kopanong Tiranë.

Vlorë bahlankana ba babeli ba ile ba fumana kopi ea Molula-Qhooa, ba e bala, ’me ba ngolla Mokhatlo: “Hona joale re ipitsa Lipaki tsa Jehova ka lebaka la ’nete eo re ithutileng eona ho Molula-Qhooa. Re kōpa hore le re thuse.” Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba babeli ba ile ba romeloa moo, ’me e mong oa bahlankana bana o ile a tšoaneleha joaloka mohoeletsi. O ne a thabetse ho ba har’a ba 64 ba bileng teng Sehopotsong Vlorë.

Moena e mong oa Albania ea ileng a ithuta ’nete United States o ile a khutlela motseng oa habo oa Gjirokastër lilemong tsa bo-1950, moo a ileng a sebeletsa ho isa bohōleng boo a neng a ka bo khona ho fihlela lefung la hae. O ile a jala lipeō tsa ’nete pelong ea mor’a hae. Ha thibelo e tlositsoe, mora enoa o ile a kōpa thuso ho Mokhatlo oa Watch Tower. Motho e mong ea thahasellang ea lulang motsaneng o ka leboea le eena o ile a ngola bakeng sa ho kōpa thuso, kahoo bo-pula-maliboho ba khethehileng ba bane ba romeloa sebakeng seo. Ka Laboraro hoseng, e leng letsatsi le latelang la Sehopotso, e mong oa bona o ile a letsetsa ofisi ea Mokhatlo ea Tiranë: “Ke sitoa ho itšoara hore ke se ke ka le bolella hore na moea oa Jehova o sebelitse hakae. Re thabile haholo. Sehopotso se ile sa atleha.” Ba 106 ba bile teng, ho akareletsa le sehlopha sa bahoeletsi ba ’Muso ba supileng.

Ho thoe’ng ka lenane le akaretsang la ba bileng teng Sehopotsong? Ka 1992, ha ho ne ho na le bahoeletsi ba ’Muso ba 30 feela, ba 325 ba bile teng. Ka 1993, bahoeletsi ba 131 ba ne ba bokeletse ba 1 318. Lilemong tsena ka bobeli, ba bileng teng e bile palo ea bahoeletsi e mennoe haleshome. Ho thabisa hakaakang ho bona ‘e monyenyane . . . a ata ho isa seketeng’ ka nako e khutšoanyane hakaalo!—Esaia 60:22.

“Lelefatsa Lithapo tsa Tente ea Hao”

Ha mosebetsi oa boboleli oa Lipaki tsa Jehova o ntse o atolohela likarolong tsohle tsa lefatše, khoeletso e tsoela pele: “Atolosa masela a tente ea hao. ’Me u etse hore masela a tente ea tabernakele ea hao e khōlō a sarolohe. U se ke ua ikhula. Lelefatsa lithapo tsa tente ea hao, ’me u tiise lithakhisa tsa tente. Hobane u tla phunyeletsa ka ho le letona le ka ho le letšehali.” (Esaia 54:2, 3) Ho phunyeletsa hona ka ‘tabernakeleng e khōlō’ ea Molimo—e emeloang ke phutheho ea lefatšeng lohle ea barapeli ba hae—ka sebele ho bonahetse Europe Bochabela, haholo-holo likarolong tsa naha eo pele e neng e le Soviet Union. Ka mor’a ho tšehetsa bahlanka ba hae lilemong tsa thibelo, hona joale Jehova o fa Lipaki tsa hae matla a maholo a hlokahalang bakeng sa ho atolosa le ho matlafatsa mokhatlo o hlophisitsoeng.

Moscow, Russia, Lebaleng la Lipapali la Locomotive, ka July 22-25, selemong se fetileng tlhōrō ea ba bileng teng letotong la likopano tsa machaba tsa “Thuto ea Bomolimo” e tšoaeang phetoho e khōlō e bile 23 743. Ke mang ea neng a ka nahana hore see se ka etsahala, esita le lilemong tse peli tse fetileng? Empa ba bile teng! Ba fetang 1 000 ba ne ba tsoa Japane le Korea, ba ka bang 4 000 ba tsoa United States le Canada le ba bang ba likete ba tsoa linaheng tse fetang 30 tsa South Pacific, Afrika, Europe le libakeng tse ling—ruri e ne e le ho kopana ha Bochabela le Bophirimela. E bile khothatso e kaakang bakeng sa bana bohle hore ebe ba kopana ka bolokolohi le baena le bo-khaitseli ba Russia ba fetang 15 000! Ho bile le thabo e khaphatsehang.

Kakaretso e hlollang ea Lipaki tse ncha tse ileng tsa kolobetsoa e bile 1 489. Kolobetso e ile ea phatlalatsoa ka ho pharaletseng ke mecha ea litaba lefatšeng lohle, ho bile ho na le setšoantšo se setle leqepheng le ka holimo la The New York Times. Le hoja molumo oa liatla tse opuoang o ne o phahame haholo nakong ea kolobetso, ho bile le o phahameng haholo ho feta oo puong ea ho qetela ha ka mor’a hore sebui se lebohe baithaopi ba 4 752 le bahlanka ba ’muso ba thusitseng hore kopano ena e atlehe, se ile sa re: “Ka holimo ho tsohle, re leboha Jehova!” E, moea oa Jehova o ile oa thibela khanyetso e matla e tsoang ho litho tsa bolumeli ba Orthodox ’me oa fana ka matla a hlokahalang a ileng a etsa hore kopano ena e be ea sebele le e thabisang haholo.

Leha ho le joalo, ho ne ho sa tla ho eketsehileng motseng oa Ukraine e leng Kiev, ka August 5-8. Hape, baithaopi ba ikemiselitseng ba ile ba lokisa lebala la lipapali ka ho feletseng, ’me tlhōrō ea ba bileng teng Holong ena ea ’Muso e khōlōhali e ile ea ba 64 714. Hape, Lipaki tse neng li le teng li ne li tsoa Bochabela le Bophirimela le likarolong tsohle tsa lefatše. Lipuo tsa sehlooho li ne li fetoleloa ka lipuo tse 12. Baeti ba tlileng kopanong ba 53 000, ba ileng ba fihla ka lifofane, literene le libese, ba ne ba tlameha ho khahlametsoa liteisheneng le boema-fofaneng ’me ba isoe moo ba lokiselitsoeng marobalo teng lihoteleng, likolong le malapeng esita le likepeng. Sena sohle se finyeletsoe ka litšenyehelo tse fokolang haholo le ka tlhophiso e molemo e ileng ea susumetsa mapolesa a motse ona hore a bue lipolelo tse bonahatsang ho makala le tsa thoriso.

Tlhōrō ea kopano ena e thabisang e bile kolobetso, e ileng ea nka lihora tse peli le halofo. Baena le bo-khaitseli ba bacha ba 7 402 ba ile ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova, ha liatla li ile tsa tsoela pele ho opuoa li sa khaotse ho pota lebala la lipapali le leholo. Lenane lena le feta la nako e fetileng le leholo ka ho fetisisa la tlhōrō ea ba 7 136 le ileng la tlalehoa nakong eo ba neng ba tlile kopanong Motseng oa New York ka 1958 ba neng ba le 253 922.

Ha nako ena ea kahlolo e ntse e tsoela pele ho ea bofelong ba eona, batho ba kang linku ba tsoang Bochabela, Bophirimela esita le “karolong e hōle ka ho fetisisa ea lefatše” ba bokelloa bonngoeng bo ke keng ba lekanngoa historing eohle ea batho. Ka sebele, “bongata bo boholo . . . ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle” ba kopana le Iseraele oa moea tabeng ea ho bolela tumelo ea bona sehlabelong sa bohlokoa sa thekollo sa Jesu, motheo oa sohle se finyelloang ho tlosoeng ha qoso pusong e phahameng ea Jehova.—Liketso 1:8, NW; Tšenolo 7:4, 9, 10.

[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]

Bochabela bo kopana le Bophirimela Moscow le Kiev

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela