Ke Bo-mang ba Lumelang Meea e Khopo?
NA U lumela hore meea e sa bonahaleng e ka susumetsa bophelo ba hao? Ba bangata ba latola bosehla. Le hoja ba lumela hore Molimo o teng, ba nyefola khopolo ea hore ho na le basebetsi ba bokhopo ba nang le matla a phahametseng a motho.
Ho se lumele meea lefatšeng la Bophirimela ho bakoa ke tšusumetso ea Bokreste-’mōtoana, boo ka lilemo tse makholo bo ’nileng ba ruta hore lefatše le bohareng ba bokahohle, le lipakeng tsa leholimo le lihele tse ka tlas’a mobu. Ho latela thuto ena, mangeloi a thabela monate oa leholimo ha bademona bona ba hlokometse litaba tse etsahalang liheleng.
Ha litšibollo tsa saense li etsa hore batho ba hane likhopolo tse fosahetseng ka pōpeho ea bokahohle, ho lumela ho libōpuoa tsa moea ho fetohile ho siiloeng ke nako. The New Encyclopædia Britannica e re: “Ka mor’a liphetoho tsa Copernicus tsa lekholong la bo16 la lilemo (tse theiloeng lithutong tsa molepi oa Poland oa linaleli Copernicus), tseo . . . ho neng ho se ho sa nkoe Lefatše le le bohareng ba bokahohle empa, ho e-na le hoo, e le feela e ’ngoe ea lipolanete tse potolohang letsatsi eo e leng karolo e nyenyane haholo ea lihlopha-hlopha tsa linaleli tse leng ka har’a bokahohle bo bonahalang bo se na moo bo fellang teng—khopolo ea mangeloi le bademona ho bonahala e se e sa lokela.”
Le hoja ba bangata ba sa lumele ho meea e khopo, ho na le ba limilione ba lumelang ho eona. Mangeloi a sitiloeng a phetha karolo e khōlō malumeling a mangata, a nakong e fetileng le a hona joale. Ntle ho karolo ea ’ona e le basenyi ba boemo bo botle ba moea, mangeloi ana a mabe a nkoa e le baemeli ba likoluoa, tse kang ntoa, tlala, le litšisinyeho tsa lefatše, haesita le hore a baka ho kula, pherekano ea kelello, le lefu.
Satane Diabolose, moea o khopo o ka sehloohong bolumeling ba Bokreste le ba Bojode, o bitsoa Iblis ke Mamosleme. Bolumeling ba boholo-holo ba Persia ba balateli ba Zoroaster, o hlaha e le Angra Mainyu. Bolumeling ba Gnostic, bo ileng ba ata makholong a bobeli le a boraro a lilemo C.E., ho ne ho nahanoa hore ke Demiurge, e leng lebitso le fuoeng molimo o lefufa le o tlaase oo boholo ba batho bo mo rapelang bo sa tsebe.
Meea e ka tlaase ho ona e hlaheletse malumeling a Bochabela. Mahindu a lumela hore bo-asura (bademona) ba hanyetsa bo-deva (melimo). Har’a bo-asura ho tšajoa haholo-holo rakshasa, e leng libōpuoa tse tšabehang tse lallang mabitleng.
Mabuddha a lumela hore bademona ke matla a nang le botho a thibelang motho hore a se ke a fihla Nirvana, e leng moo ho felisoang takatso. Moeki ea ka sehloohong har’a ’ona ke Mara, le barali ba hae ba bararo Rati (Takatso), Raga (Monyaka), le Tanha (Lenyokonyane).
Barapeli ba Machaena ba sebelisa mello, litoche, le liqhomane tse nyenyane ho itšireletsa khahlanong le bo-kuei, kapa bademona ba tlhaho. Malumeli a Japane le ’ona a lumela hore ho na le bademona ba bangata, ho kopanyeletsa le tengu ea tšabehang, e leng meea e kenang ho batho ho fihlela e ntšoa ke moprista.
Har’a malumeli a batho ba sa rutehang a Asia, Afrika, Oceania, le linaheng tsa Amerika, ho lumeloa hore libōpuoa tsa moea lia thusa kapa li ntša kotsi ho latela maemo le boikutlo boo li leng ho bona. Batho ba rapela meea ena ho thibela koluoa le hore ba ratoe.
Ho phaella ho sena sohle ke thahasello e atileng matleng a boloi le ho buisana le meea, ’me ho hlakile hore ho lumela ho meea e khopo ho na le histori ea nako e telele le e atileng. Empa na hoa utloahala ho lumela hore libōpuoa tse joalo li teng? Bibele e re li teng. Leha ho le joalo, haeba li teng, ke hobane’ng ha Molimo a li lumeletse hore li susumetse motho le ho mo ntša kotsi?