Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 3/15 maq. 26-28
  • William Whiston—Mokhelohi Kapa Setsebi se Tšepahalang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • William Whiston—Mokhelohi Kapa Setsebi se Tšepahalang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Setsebi sa Bibele
  • Botho bo sa Tšoaneng
  • Ho Khetholloa
  • E Tsositse Khang ho Isa Qetellong
  • William Whiston
    Tsoha!—2014
  • Na U sa Hopola?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2014
  • Bophelo bo sa Feleng Lefatšeng—Tšepo e Fumanoeng Bocha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 3/15 maq. 26-28

William Whiston—Mokhelohi Kapa Setsebi se Tšepahalang?

NA U ka tela mosebetsi oa hao ka lebaka la seo u se lumelang? William Whiston o ile a etsa joalo.

O ile a fetoha sesosa sa tseko ea bolumeli maqalong a lekholo la bo18 la lilemo, ha a hanyetsa Kereke ea Chache ka lithuto tsa Bibele. Ka lebaka la sena, qetellong o ile a khetholloa joaloka mokhelohi. Ka hona ketso ea hae e ile ea etsa hore a songoe ’me ea boela ea mo hapela tlhompho.

William Whiston e ne e le mang? O ile a finyella eng?

Setsebi sa Bibele

William Whiston e ne e le seithuti se bohlale ’moho le Monghali Isaac Newton Univesithing ea Cambridge. Haeba u hlahloba khatiso ea Senyesemane ea mengolo ea rahistori oa Mojode oa lekholong la pele la lilemo Flavius Josephus, mohlomong u tla be u bala phetolelo e entsoeng ke Whiston ka 1736. Le hoja liphetolelo tse ling li le teng, mokhoa oa hae oa ho fetolela ka botsebi, hammoho le lintlha le lipolelo, ha ho e-s’o be le tse tšoanang le tsona ’me li ntse li le teng moo li ka baloang. Ba bangata ba nka hore mosebetsi ona ke sehlōhlōlō sa lintho tse ileng tsa finyelloa ke Whiston.

Leha ho le joalo, ha rea lokela ho hlokomoloha Primitive New Testament, e leng phetolelo ea Whiston ea Mangolo a Segerike a Bokreste. E ile ea hatisoa ka 1745, ha a le lilemo li 78. Whiston o ile a fetolela Likosepele tse ’nè le Liketso tsa Baapostola ho tsoa ho Codex Bezae, mangolo a Pauluse a tsoang ho Clermont Codex, le karolo e setseng, ho kopanyeletsa le Tšenolo, ho tsoa Bukeng e Ngotsoeng ka Letsoho ea Alexandria. Ka hloko o ile a siea karolo ea bohata ea 1 Johanne 5:7. Whiston o ile a khetha mehloli ena e meraro ea boholo-holo ea Segerike e le eona e loketseng ka ho fetisisa nakong eo.

Ho rata Bibele e bile tšusumetso e totobetseng ho se entsoeng ke Whiston. Mehleng ea hae ho ne ho tumme bodeiste, e leng thuto ea hore kahlolo e molemo ke eona feela motheo o loketseng oa ho lumela ho Molimo. Ho latela buka William Whiston—Honest Newtonian, o ile a tšehetsa ka matla “pono ea moetlo ea hore Bibele ke eona mohloli feela o sa foseng oa histori ea boholo-holo.” Lebitso “Newtonian” mona le bolela Isaac Newton, ea tsejoang haholo ka Principia ea hae, eo ho eona a ileng a hlakisa molao oa bokahohle oa matla a khoheli. Mokhoa oa Newton oa ho nahana o bile le phello e khōlō ho William Whiston. Joang?

Botho bo sa Tšoaneng

William Whiston o tsoetsoe ka 1667, ke mora oa moruti oa Kereke ea Chache. Ka mor’a ho tlotsoa ha hae e le moruti ka 1693, o ile a khutlela Univesithing ea Cambridge ho ea ithuta mathematics ’me e be mothusi oa Newton. Ho ile ha ba le kamano e haufi pakeng tsa bona. Ha Newton a tlohela boemo ba hae e le Moprofesa oa Mathematics oa Lucasian hoo e ka bang lilemo tse tharo hamorao, o ile a tiisa hore ho khethoa Whiston boemong ba hae. Ha a kenella mosebetsing oa hae, Whiston o ile a ruta ka bolepi ba linaleli le mathematics, empa tšusumetso ea Newton e boetse ea mo susumeletsa hore a be le thahasello e tebileng mokhoeng oa Bibele oa ho bala nako le thutong ea eona.

Newton e ne e le monna ea ratang bolumeli. Joalokaha e ne e le molumeli ea itetseng oa Lilemo tse Sekete tse boletsoeng ka Bibeleng, o ile a ngola haholo ka boprofeta ba Daniele le Tšenolo. Leha ho le joalo, ha ho le e ’ngoe ea mengolo ena ea hae e ileng ea hatisoa ha a sa phela. O ile a hanyetsa thuto ea Boraro-bo-bong. Empa ha ho tluoa tabeng ea ho phatlalatsa bopaki ba hae khahlanong le Boraro-bo-bong, The New Encyclopædia Britannica e re: “Newton o ile a khutlela morao ka ho tšaba hore maikutlo a hae a khahlanong le Boraro-bo-bong a tla tsebahala.” F. E. Manuel o e beha ka tsela ena ho Isaac Newton, Historian: “Sehlopha sa Newton se ile sa boloka maikutlo a sona e le lekunutu kapa sa pata cheseho ea sona. . . . Ha Newton a ne a etsa taba lekunutu, Whiston o ne a e tsebahatsa.” Ka hona banna bana ba babeli ba ne ba e-na le botho bo sa tšoaneng.

Ho Khetholloa

Ka July 1708, Whiston o ile a ngolla baarekabishopo ba Canterbury le York, a khothalletsa hore ho etsoe liphetoho thutong ea Kereke ea Chache ka lebaka la thuto ea bohata ea Boraro-bo-bong joalokaha e ne e hlalositsoe ho Tumelo ea Motheo ea Athanasius. Ka ho utloahalang, o ile a eletsoa hore a itlhokomele. Leha ho le joalo Whiston o ile a phehella. O ile a re: “Ke ithutile lintlha tsena ka ho feletseng, ’me ke kholisehile ka ho feletseng hore kereke ea bokreste e ’nile ea qhekelloa ka nako e telele le ka mokhoa o tebileng tabeng ena; ’me ka tlhohonolofatso ea Molimo, haeba ho le matleng a ka, e ke ke ea hlola e qhekelloa ho tsoela pele.”

Newton o ne a tšaba hore boemo ba hae sechabeng le thutong bo tla ba kotsing. Ka lehlakoreng le leng, Whiston o ne a se joalo. Ka mor’a ho netefatsa litumelo tsa hae khahlanong le Boraro-bo-bong, o ile a ngola pampitšana e bontšang maikutlo a hae. Empa ka August 1708, Univesithi ea Cambridge e ile ea hana ho fa Whiston laesense ea ho hatisa boitsebiso ba hae, kaha bo ne bo nkoa e le ba bokhelohi.

Ka 1710, Whiston o ile a qosoa ka ho ruta thuto e khahlanong le tumelo ea Kereke ea Chache. O ile a fumanoa a le molato, a amohuoa boprofesa ba hae, ’me a lelekoa Cambridge. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe linyeoe tse khahlanong le eena, tse ileng tsa tsoela pele ka lilemo tse latelang tse ka bang hlano, ha ho mohla Whiston a kileng a fumanoa a le molato oa bokhelohi.

Le hoja maikutlo a hae a khahlanong le Boraro-bo-bong a ne a tšoana le a Whiston, Newton ha a ka a tšehetsa motsoalle oa hae ’me qetellong o ile a mo khetholla. Ka 1754, lipatlisiso tsa Newton tse entsoeng Bibeleng tse pepesang Boraro-bo-bong qetellong li ile tsa hatisoa—lilemo tse 27 ka mor’a lefu la hae. Empa e ne e se e le morao haholo hore ho ka thusa Whiston, ea ileng a shoa lilemo tse peli pele ho moo.

Newton o boetse o nkoa a ikarabella bakeng sa ho tlosa Whiston ho Royal Society e hlomphuoang. Empa Whiston ha a ka a nyahama. Eena le lelapa la hae ba ile ba fallela London, moo a ileng a theha Mokhatlo oa ho Buella Bokreste ba Pele-pele. O ile a etsa boiteko bo boholo hore a ngole, buka ea bohlokoa ka ho fetisisa nakong eo e bile meqolo e mene ea Primitive Christianity Revived.

E Tsositse Khang ho Isa Qetellong

Joaloka rasaense, Whiston o ile a sebetsa ka litsela tse sa tšoaneng bakeng sa hore bakhanni ba likepe ba tsebe bolelele ba leeto leoatleng. Esita le hoja likhopolo tsa hae li sa ka tsa nkoa, ho phehella ha hae qetellong ho ile ha etsa hore ho etsoe sesebelisoa sa ho bala nako leoatleng. Le hoja maikutlo a Whiston a mangata e ne e le a boprofeta ba Bibele, joaloka a ba bang mehleng ea hae, a ipakile a sa nepahala, empa o ile a leka ka hohle patlisisong ea hae ea ’nete. Lipampitšana tsa hae ka motsamao oa linaleli le likhopolo tsa hae ka liphello tsa Moroallo oa mehleng ea Noe li har’a tse ngata tseo a ileng a li ngola ho sireletsa ’nete ea saense le ea Bibele. Leha ho le joalo, mongolo o hlōlang mengolo e meng ea hae, ke o pepesang thuto ea Boraro-bo-bong hore hase ea mangolo.

Joalokaha a ’nile a etsa, Whiston o ile a tsoa Kerekeng ea Chache ka 1747. O ile a etsa sena ka kutloisiso ea sebele le ka tšoantšetso, ha a tsoa ka kerekeng ha moruti a qala ho bala Tumelo ea Motheo ea Athanasius. A Religious Encyclopædia e re ka Whiston: “Motho o tlameha hore a khahloe ke ho bua ka bolokolohi ka tsela e sebete le ho bua ’nete e leng litšobotsi tsa hae, ho tsitsa ha bophelo ba hae, le ho hloka teme-peli ha boitšoaro ba hae.”

Ha e le ka William Whiston, ’nete e ne e ke ke ea sekisetsoa, ’me seo a kholisehileng ka sona se ne se le bohlokoa ho feta ho thoholetsoa le ho rorisoa ke batho. Le hoja a ile a tsosa khang, Whiston e ne e le setsebi se tšepahalang seo ka ho hloka tšabo se ileng sa buella Bibele e le Lentsoe la Molimo.—2 Timothea 3:16, 17.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]

Copyright British Museum

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela