Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 6/15 maq. 8-11
  • Na U Thabela Thuto ea Botho?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Thabela Thuto ea Botho?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Ile ba Nchafatsa Matla a Bona ka Thuto ea Botho
  • Etsa Hore Tšebeletso e be e Susumetsang
  • Iphepe ka Lentsoe la Molimo Kamehla
  • Likhopolo tse Ling tse Bohlale
  • U ’Ne U be le Taba-tabelo ea ho Ithuta ho Feta Leha e le Neng Pele
  • Latela Mohlala oa Marena
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ho Fumana Thabo Lentsoeng la Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ntlafatsa Tsela eo U Ithutang ka Eona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Ho Rua Molemo ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 6/15 maq. 8-11

Na U Thabela Thuto ea Botho?

MOHLANKA ofe kapa ofe ea tšepahalang oa Molimo o ne a tla thabela ho nehela nako e ngata thutong ea botho ea Bibele. (Pesaleme ea 1:1, 2) Leha ho le joalo, ka lebaka la lintho tse ngata tseo ba lokelang ho li etsa ka nako le ka matla a bona, ba bangata ba ho fumana ho le thata ho sebelisa nako le matla a bona thutong ea botho kamoo ba neng ba ka rata kateng.

Leha ho le joalo, bakeng sa ho tsoela pele ka mafolo-folo joaloka bahlanka ba Molimo, bohle ba hloka hore thabo le matla a bona kaofela li nchafatsoe letsatsi le letsatsi ka ho fumana litšobotsi tse ncha le tse tebileng haholoanyane tsa ’nete ea Lentsoe la Molimo. Linnete tsa Bibele tse ileng tsa u susumetsa ka ho tebileng lilemong tse fetileng e ka ’na eaba ha li sa u susumetsa hakaalo hona joale. Kahoo, ho molemo, ebile ke habohlokoa hore re falimehele ho etsa boiteko bo masene le ba kamehla e le hore re ka fumana matla a macha a ho lemohisisa ’nete e le hore re ka ipoloka re hlasimolohile moeeng.

Ke joang banna ba boholo-holo ba tumelo ba ileng ba imatlafatsa moeeng ka thuto ea botho ea Lentsoe la Molimo? Ke joang ba bang ba bahlanka ba Jehova ba mehleng ena ba etsang hore thuto ea bona e be e thabisang le ho ba e behang litholoana haholoanyane? Ke joang ba ileng ba putsoa bakeng sa boiteko ba bona?

Ba Ile ba Nchafatsa Matla a Bona ka Thuto ea Botho

Morena Josiase oa Juda o ile a etsa letšolo la hae khahlanong le borapeli ba litšoantšo ka cheseho e kholoanyane le ho feta ka mor’a hore a balloe “buka ea molao oa Jehova o neiloeng ka Moshe.” Ha ho pelaelo hore leo e ne e se lekhetlo la pele a nahanisisa ka karolo ena ea Lentsoe la Molimo; empa ha a utloa molaetsa o tsoang ka ho toba moqolong oa pele-pele o ngotsoeng ka letsoho o ile a susumeletseha ho loaneleng ha hae borapeli bo hloekileng.—2 Likronike 34:14-19.

Moprofeta Daniele o ile a lemoha ‘palo ea lilemo tse neng li tla phetheha Jerusalema a se a senyehile’ le bonnete ba sena eseng feela bukeng ea Jeremia empa hape le ‘libukeng.’ Tsena haholo-holo ho ka etsahala hore ebe li ne li akareletsa libuka tse kang Levitike (26:34, 35), Esaia (44:26-28), Hosea (14:4-7), le Amose (9:13-15). Seo a ileng a se tiisa ka thuto e mafolo-folo ea libuka tsa Bibele se ile sa tataisetsa monna enoa ea inehetseng ho batla Molimo ka thapelo e tiileng. Thapeli ea hae e tiileng e ile ea arajoa ka tšenolo e tsoelang pele le kholiseho mabapi le motse oa Jerusalema hammoho le batho ba habo.—Daniele, khaolo ea 9.

Josiase, ea ileng a “etsa ho lokileng mahlong a Jehova,” le Daniele, eo e neng e le “ea ratoang” mahlong a Molimo, ha e le hantle, ba ne ba sa fapana le rōna kajeno. (2 Marena 22:2; Daniele 9:23) Ho itahlela ha bona ka setotsoana ho ithuteng Mangolo a neng a fumaneha ka nako eo ho ile ha ba etsa hore e be ba hōlileng haholoanyane moeeng ’me ha ba thusa ho thabela tlamahano e matla le Molimo. Ho ka boleloa se tšoanang ka bahlanka ba bang ba bangata ba Jehova ba boholo-holo, ba kang Jafeta, mopesaleme oa ntlo ea Asafe, Nehemia, le Setefane. Bana bohle ba ile ba fana ka bopaki ba thuto e hlokolosi ea botho karolong ea Bibele e neng e fumaneha mehleng ea bona.—Baahloli 11:14-27; Pesaleme ea 79, 80; Nehemia 1:8-10; 8:9-12; 13:29-31; Liketso 6:15–7:53.

Etsa Hore Tšebeletso e be e Susumetsang

Bahlanka ba bangata ba Jehova kajeno ba mo sebelelitseng ka lilemo tse ngata ba na le kemiso ea thuto ea botho ea Bibele. Ba ile ba fumana sena e le sa bohlokoa e le hore ba ka lula ba falimehile ’me ba tsebe ho khahlametsa boikarabelo ba bona ba Bokreste. Esita leha ho le joalo, ba bangata ba bona baa lumela hore hase kamehla ho leng bonolo hore ba leka-lekanye tšebeliso ea nako ea bona le matla pakeng tsa ho ithuta le litaba tse ling tse sa lokelang ho hlokomolohuoa.

Ho ntse ho le joalo, ho lula u falimehile moeeng ka ho khothalla thuto ea botho ke habohlokoa bakeng sa ho sebetsana le litlhoko tsa tšebeletso ea Bokreste mothating ona o seng o le pele oa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso lefatšeng ka bophara. Ba susumetsoang ke matla a macha le a tebileng haholoanyane a ho utloisisa Lentsoe la Molimo ka ho hlaka ba ka thulana ka katleho le phephetso ea ho susumetsa lipelo tse lapileng. Sena ke ’nete ebang motho o abetsoe ho sebeletsa moo ho ka lebelloang tšoaso e khōlō ea litlhapi ka tsela ea moea kapa ebang motho o tiiselitse masimong a sebelitsoeng haholo moo ka kakaretso ho renang boiphapanyo.

Iphepe ka Lentsoe la Molimo Kamehla

Seo ba bang ba se etsang se ka ’na sa u neha malebela a hore na ke joang u ka thabelang haholoanyane kemiso ea hao ea ho ithuta kapa kamoo uena le lelapa la hao le ka etsang hore nako ea ho ithuta e be e putsang haholoanyane. Har’a lintho tseo mohlanka oa Molimo a ke keng a batla hore a li fose ke ho bala Lentsoe la Molimo motheong oa kamehla. Ba bangata ba entse pakane ea ho bala bonyane likhaolo tse tharo ho isa ho tse ’ne tsa Bibele beke ka ’ngoe. Na u batla ho bala Bibele eohle ka selemo se le seng? Kahoo u tla thabela ho sebelisa nako e ngata u e bala, mohlomong halofo ea hora ka letsatsi.

Na u se u kile ua bala Bibele eohle ka makhetlo a fetang le le leng? Ke hobane’ng ha u sa ipehele pakane e ncha bakeng sa nako e tlang? E le ho fetola maoa, mosali e mong oa Mokreste o ile a bala libuka tsa Bibele ho ea ka tatellano ea kamoo li ngotsoeng kateng. O ile a fumana makolopetso a mangata, a thehiloeng holim’a semelo sa tatellano ea liketsahalo ho ea ka nako ea tsona ao a neng a sa ka a a hlokomela pele. Mosali e mong oa Mokreste o ile a bala Bibele ho tloha qalong ho fihlela qetellong ka makhetlo a mahlano ka nako ea lilemo tse hlano tse fetileng, ka pono e fapaneng lekhetlong le leng le le leng. Lekhetlong la pele o ile a e bala ka ho otlolohileng feela. Ha a e bala lekhetlo la bobeli, o ile a akaretsa se fuperoeng ke khaolo ka ’ngoe ka mola o le mong kapa e ’meli bukeng ea ho ngolla lintlha. Ho tloha selemong sa boraro ho ea pele, o ile a sebelisa khatiso e khōlō e nang le litšupiso, o ne a qala ka ho hlahloba ka hloko litšupiso tse mathokong a leqephe ’me e be joale o lebisa tlhokomelo mongolong o botlaaseng ba leqephe hammoho le boitsebisong bo hlahang sehlomathisong. Ka lekhetlo la bohlano, o ile a sebelisa limmapa tsa Bibele ho hōlisa kutloisiso ka lehlakoreng la jeokrafi. O re: “Ho ’na, ho bala Bibele e bile ho thabisang joaloka ho ja lijo.”

Liithuti tse ling tsa Bibele tse nang le taba-tabelo li ile tsa ho fumana ho le molemo ho ba le kopi ea Bibele e sebelisetsoang thuto ea botho feela, ho ngola ka bokhutšoaane litlhaloso tse thahasellisang mathokong a leqephe, lipapiso tse susumetsang monahano, kapa linomoro tsa maqephe a likhatiso tse ling tseo ba ka lebisang tlhokomelo ho tsona hamorao. Mosebeletsi e mong oa nako e tletseng o ho nka e le ho thabisang qetellong ea khoeli ka ’ngoe ho ngola lintlha tse ncha tseo a ithutileng tsona khoeling eo koping eo a ithutang ka eona. O re: “Ho talima pele lihoreng tsena tsa ka tsa bohlokoa, ho nthusa hore ke finyelle lipakane tse ling tsa khoeli eo kapele.”

Likhopolo tse Ling tse Bohlale

Na u ikutloa hore kemiso ea hao e tletse ka lintho tseo u tlamehang ho li etsa tsa letsatsi le letsatsi le tsa beke le beke le hore u hloka litlhahiso tse itseng bakeng sa tšebeliso e molemo ea nako ea hao e lekanyelitsoeng? Tsamaea u nkile seo u ikemiselitseng ho se bala, ’me u sebelise nako eo ka eona u sa etseng letho. Ha u le hae kapa u le moo u tloaetseng ho ithutela teng, ho isa bohōleng boo ka ho utloahalang e leng bo ka khonehang, hlophisa libuka le lisebelisoa tse ling tsa ho ithuta e le hore ho ka ba bonolo ho li fihlela. Etsa hore sebaka seo u ithutelang ho sona e be se khathollang empa e se be se mabotho-botho haholo hoo u ka otselang. Na u na le kabelo ea puo? Bala ho pholletsa le boitsebiso bohle esale pele kamoo ho ka khonehang, joale u lumelle likhopolo ho itlisa ho uena ha u phomotse kapa ntse u etsa mesebetsi e fapa-fapaneng.

Ba bang ba ka ’na ba sebelisana le uena hore le sebelise nako hamolemo bakeng sa ho etsetsana melemo. Ka mohlala, u ka ’na ua ba le e mong ea u ballang ka lentsoe le phahameng boitsebiso bo utloisisehang habobebe ha u ntse u etsa mesebetsi ea kamehla kapa u lokisetsa ’mali oa hao ea mosa tee. Ho thoe’ng ka hore bohle ka lapeng ba lumellane ka nako ea ho khutsa bakeng sa thuto ea botho? “U ile ua thabela ho bala eng morao tjee?” Ka linako tse ling u ka khona ho fumana seo metsoalle ea hao e se balileng ka ho qalisa moqoqo ka tsela ena.

Na u thahasella ho kenyeletsa likhopolo tse ncha lenaneong la hao la ho ithuta? U ka ipehela pakane bakeng sa nako ea ho ithuta ka tsela e tšoanang le eo ba bangata ba ipehelang pakane bakeng sa ho buoa le ba bang ka Bibele. Mohoeletsi oa nako e tletseng (pula-maliboho) o ipehela pakane ea bonyane lihora tse itseng tsa ho ithuta ’me oa thaba ha a bona a ntse a atamela ho finyelleng pakane ea hae. Ba bang ba lekanyetsa nako bakeng sa ho shebella thelevishene ’me ka tsela eo ba fumana nako bakeng sa ho ithuta. Ba bangata ba khetha sehlooho sa ho ithuta seo ba batlisisang ka sona ka nako e itseng, joaloka litholoana tsa moea, semelo sa libuka tsa Bibele, kapa tsebo ea ho ruta. Ba bang ba thabela ho iketsetsa chate ea tatellano ea liketsahalo ho ea ka nako ea tsona, joaloka tse bontšang kamano pakeng tsa marena a Iseraele le baprofetaa kapa Liketso tsa Baapostola le mangolo a moapostola Pauluse.

Bacha, na le batla tumelo e matla haholoanyane? Ke hobane’ng ha le sa khethe khatiso e itseng bakeng sa ho ithuta eona ka botlalo nakong ea phomolo ea sekolo e latelang? Morutoana ea kolobelitsoeng oa sekolo se phahameng o ile a khetha Moloko oa Batho o Batla Molimo, buka e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower. O ile a etsa kakaretso e khutšoaane bukeng ea hae ea ho ngolla lintlha, ka seo a neng a ithutile sona khaolong e ’ngoe le e ’ngoe. E bile ho phephetsang le ho ileng ha nka nako ea hae e ngata ho feta kamoo a neng a nahanne kateng. Leha ho le joalo, ha a qeta buka eohle, o ile a khahloa haholo ke bonnete ba molaetsa oa Bibele.

U ’Ne U be le Taba-tabelo ea ho Ithuta ho Feta Leha e le Neng Pele

Bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba bangata haholo ba mehleng ena ba se ba ntse ba e-na le ‘ho hongata hoo ba ho etsang mosebetsing oa Morena.’ (1 Ba-Korinthe 15:58, NW) Esita le ka kemiso e hlahlobiloeng bocha le boiteko bo tšepahalang, kemiso eo u e latelang beke le beke e ka ’na ea se fetohe hakaalo. Leha ho le joalo, taba-tabelo ea hao e sa feleng ea ho fumana kutloisiso e tebileng haholoanyane ea ’nete le ho ipoloka u falimehile u bile u tsamaisana le ho senoloa ha merero ea Jehova e tla etsa phapang.

Hoa khothatsa ho utloa ka meputso ea ba ileng ba ntlafatsa tsela ea bona ea ho ithuta. Monna e mong oa Mokreste, ha a hlokomela hore o ne a lahleheloa ke boikutlo bo nepahetseng mabapi le ho batla kutloisiso e tebileng haholoanyane ea ’nete, o ile a hlophisa bophelo ba hae e le hore a ka nehela boholo ba nako ea hae eo ka eona a sa etseng letho thutong ea botho. O re: “Ho ntliselitse thabo eo ke neng ke sa e tsebe pele. Ka kholiseho e ntseng e hōla ho feta leha e le neng pele mabapi le ho ngoloa ha Bibele ho nang le bomolimo, ke hlokomela hore nka buoa le ba bang ka tumelo ea ka, ka cheseho ea sebele. Ke ikutloa ke fepehile hantle, ke phetse hantle moeeng, ’me ke khotsofetse qetellong ea letsatsi ka leng.”

Molebeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova, ea etelang liphutheho tse ngata, o hlalosa melemo e meng ka tsela ena: “Ba mafolo-folo thutong ea bona ea botho ka kakaretso ba na le likarabo tse susumetsang le tse hlakileng. Ba sebelisana le ba bang hamolemonyana, ha ba tsukutloe habobebe ke lipolelo tse sa haheng tsa ba bang. Ha ba le tšebeletsong ea tšimo, ba ikamahanya le maemo le ho ela hloko litlhoko tsa batho bao ba kopanang le bona.”

O phaella ka ntlha eo ba bang ba ka ’nang ba nahana ka eona ha ba seka-seka tsela ea bona ea ho ithuta. “Ha ho buisanoa ka Mangolo libokeng, ba bangata ba sekamela ho baleng litlhaloso joalokaha li ngotsoe ho lingoliloeng. Ba ne ba tla fumana molemo o moholoanyane haeba ba ne ba ka thuisa ka hore na boitsebiso bo amana joang le seo ba ithutileng sona ka nako e fetileng kapa bo amana joang le bophelo ba bona.” Na u nahana hore u ka ntlafatsa ntlheng ee?

Moprofeta Daniele, ka mor’a lilemo tse tletseng tse ka holimo ho 90 tsa bophelo ba hae, haa ka a ikutloa hore o utloisisa litsela tsa Jehova ka ho lekaneng. Lilemong tsa hae tsa ho qetela, o ile a botsa mabapi le taba eo a neng a sa e utloisise ka botlalo: “Moren’a ka, taba tseo li ea fella kae?” (Daniele 12:8) Ha ho pelaelo hore taba-tabelo ena e sa fetoheng ea ho ithuta ka ho eketsehileng ka ’nete ea Molimo e ne e le senotlolo sa botšepehi ba hae bo babatsehang tseleng eohle ea bophelo ba hae bo tletseng ka liketsahalo.—Daniele 7:8, 16, 19, 20.

Mohlanka ka mong oa Jehova o na le boikarabelo bo tebileng ka ho tšoanang ba ho ema a tiile joaloka e mong oa Lipaki tsa Hae. U ’ne u be le taba-tabelo ea ho ithuta ho feta leha e le neng pele hore u ipoloke u le matla moeeng. Leka ho phaella ka tšobotsi e le ’ngoe kapa tse peli kemisong ea hao ea ho ithuta ea beke le beke, ea khoeli le khoeli, kapa ea selemo le selemo. Hlokomela kamoo Molimo a tla hlohonolofatsa boiteko leha e le bofe bo bonyenyane boo u bo etsang. E, thabela thuto ea hao ea botho ea Bibele le liphello tseo e li tlisang.—Pesaleme ea 107:43.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E le motheo bakeng sa boithuto ba hao bo eketsehileng, u ka ’na ua rata ho sebelisa chate e fumanoang ho “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo,” e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., maqepheng a 294-7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela