Ho Talima “Ntlo ea Molimo” ka Kananelo
“NTHO e teng eo ke e kōpang ho Jehova, eo ke ratang ho e bona, ke hobane ke lule ka tlung ea Jehova ka litšiu tsohle tsa bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokhabane ba Jehova, ke lekolisise tempele ea hae.”—Pesaleme ea 27:4.
Morena Davida ea nang le kananelo o ile a talima tempele ea Jehova ka nyakallo, kapa thabo. Na u ikutloa ka tsela e tšoanang ka litsi tsa borapeli ba ’nete kajeno? Mahae a Bethele a fetang 95 a leng makaleng a Mokhatlo oa Watch Tower a balelloa har’a litokisetso tse tsamaisanang le borapeli ba Jehova mehleng ea rōna.
Helga, ea qalileng ho sebetsa lehaeng lena Jeremane ka 1948 oa hlalosa: “Ho hetla morao tšebeletsong ea ka ea lilemo tse ngata Bethele ho ntlatsa teboho e tebileng le kananelo e khōlō, e ’nileng ea hōla selemo le selemo.” Helga ke e mong oa basebetsi ba Bethele ba 13-828 ba thabileng lefatšeng ka bophara bao selemong sa tšebeletso sa 1993 ba ileng ba ‘boha bokhabane ba Jehova.’ Hantle-ntle lebitso Bethele le bolela eng? Ke joang e mong le e mong oa Lipaki tsa Jehova, ebang o sebeletsa Molimo a le Bethele kapa a le ka ntle ho eona, a ka talimang tokisetso ena ka kananelo?
Lebitso le Hlokang Boinehelo
“Bethele” ke lebitso le loketseng hantle, joalokaha lentsoe la Seheberu Behth-ʼElʹ le bolela “Ntlo ea Molimo.” (Genese 28:19, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) E, Bethele e tšoantšetsa ntlo e hlophisehileng hantle, kapa ‘ntlo e hahiloeng ka bohlale,’ eo ho eona tlhokomelo e lebisitsoeng ho Molimo le thato ea hae. (Liproverbia 24:3) Ka kananelo Herta o re: “Ho joaloka ho phela lapeng. Re na le kemiso e hlophisitsoeng hantle ea letsatsi le letsatsi.” O sebelelitse Bethele e le ’ngoe le Helga ka lilemo tse ka holimo ho 45. Setho ka seng sa lelapa lena le leholo se na le mosebetsi oa sona le sebaka sa sona, e leng ho se etsang hore se ikutloe se thabile le ho sireletseha. Tumellanong le lebitso Bethele, lefapha ka leng le na le tokisetso e ntle le tlhophiso. Sena se hōlisa khotso, se etsa hore ho be bonolo hore ho boleloa ha litaba tse molemo ho hlahise litholoana, ’me se neha liphutheho lebaka le utloahalang la ho tšoara “Ntlo ea Molimo” ka tlhompho e phahameng haholo.—1 Ba-Korinthe 14:33, 40.
Ke hobane’ng ha litokisetso tse joalo li hlokahala? Ka mohlala, makasine ona, o entsoe lefapheng la khatiso la Bethele. Ho boleloa ha molaetsa oa ’Muso le ho abjoa ha lijo tsa moea, ka bobeli li hlile tsa bonoa ke Jesu Kreste esale pele, li etsa hore litokisetso tse hlophisitsoeng joaloka Bethele e be tse hlokahalang haholo—li tšehelitsoe ke basebetsi ba nang le boithatelo ’me li tšoaroa ka tlhompho e khōlō ke barapeli bohle ba Jehova.—Mattheu 24:14, 45.
Na u rata ho ithuta se eketsehileng ka kemiso ea mosebetsi oa letsatsi mona? Moo Helga le Herta ba phelang teng, ho lla mololi o monate oa litšepe meahong eohle ea bolulo ka 6:30 hoseng, leha ho le joalo ba bangata ba basebetsi ba kamehla ba ka holimo ho 800 ba tsoha hoseng ho feta moo bakeng sa ho itokiseletsa letsatsi. Ka 7:00 hoseng ho tloha Mantaha ho isa Moqebelo, lelapa le bokana hammoho liholong tsa ho jela bakeng sa ho buisana ka temana ea letsatsi, kapa borapeli ba hoseng. Se latelang ke lijo tsa hoseng tse matlafatsang. Letsatsi ka leng la mosebetsi le qala ka 8:00 hoseng ’me le bolelele ba lihora tse robeli, mosebetsi o emisoa feela ke khefu ea lijo tsa motšehare. (Ka tloaelo lelapa le sebetsa halofo ea letsatsi ka Moqebelo.) Ebang ke kichineng, lefapheng la khatiso, moo ho hlatsuoang liaparo tsa lelapa, liofising, mafapheng a mosebetsi oa matsoho, moo ho etsoang libuka, kapa lefapheng leha e le lefe le leng, ho na le ho hongata ho etsoang.
Mantsiboea le mafelo-beke, litho tsa lelapa li kopanela le liphutheho tsa sebakeng seo libokeng le mosebetsing oa boboleli ba phatlalatsa. Baena ba bangata ba Bethele ke baholo kapa bahlanka ba sebeletsang liphuthehong tsena. Lipaki tsa sebakeng seo li ananela tšebelisano ena e le kannete, lihlopha tseo ka bobeli li sebetsa hammoho ka tumellano joaloka ’mele o le mong, ka tlhomphano le kutloano. (Ba-Kolosse 2:19) Mosebetsi ka mong oa Bethele oa tseba hore kabelo ea hae ka har’a “Ntlo ea Molimo” e tla pele ho mesebetsi e meng. Leha ho le joalo, ha cheseho boboleling le ho tšoareha ka phuthehong, li matahantsoe le boikutlo bo leka-lekaneng, li matlafatsa bomoea ba mosebetsi oa Bethele, li eketsa thabo ea hae, le ho mo etsa hore e be setho sa lelapa se hlahisang litholoana haholo. Litšoaneleho tsena ke tsa bohlokoa hakaakang ha motho a sebetsa ka har’a “ntlo” eo lebitso la eona le amanang le boinehelo ba sephefumolohi sohle!
Ho Atlehisa Tšebeletso ea Bethele
Ke’ng se thusitseng ba bangata ho Lipaki tsa Jehova ho atlehisa tšebeletso ea Bethele? Litho tsa lelapa la Bethele Fora tse nang le phihlelo ea lilemo tse ngata li hlalosa ka tsela e latelang: “Ho rata Jehova. Ho ba le boikemisetso ba ho tiisetsa hohle moo a re abelang teng; boikokobetso, boinyenyefatso, le kutlo tataisong eo a re fang eona ka Mokhatlo.” (Denise) “Ke hlokometse kamoo e leng habohlokoa ho hlompha molao-motheo o boletsoeng ke Pauluse ho Ba-Roma 12:10, [NW]: ‘Le etelle pele ho bontšaneng tlhompho.’ Lengolo lena le re bontša bohlokoa ba ho se tsitlallele hore maikutlo a rōna a amoheloe, empa, ho e-na le hoo, ho nahanela maikutlo a ba bang. Ka mantsoe a mang, ho se batle ho phahamela ba bang.” (Jean-Jacques) Barbara o re: “Tlhompho ea rōna bakeng sa tšebeletso ea Bethele, e ne e tla fela haeba re ne re ka talima lintho ka pono ea nama, le ea botho, hobane sena se ne se tla re lebisa ho lahleheloeng ke pono ka ’nete ea hore Jehova o tataisa mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Tlhompho e joalo e ne e tla lahleha haeba re ne re ka kholokhothehisoa ke mefokolo ea ba bang.”
Bohle ba Bethele ha baa phethahala, kahoo setsoalle se hloka ho nahanisisoa ka hloko. Bacha le ba sa tsoa fihla ba etsa hantle ha ba sa lekanyetse setsoalle sa bona ho lithaka tsa bona feela. Ba ka ’nang ba bonahatsa tšekamelo ea ho belaela kapa monahano o mobe hase metsoalle e hahang Bethele kapa ka phuthehong. Ka lehlakoreng le leng, ho etsisa “bohlale bo tsoang holimo,” bo hlalositsoeng ho Jakobo 3:17 (BPN), ho tlisa mahlohonolo. Ke hore “pele ho tsohle, bo hloekile; hape bo na le khotso le mosa, bo bonolo, bo tletse lereko le litholoana tse molemo; ha bo na leeme, ha bo iketsise.” Litšoaneleho tse joalo, hammoho le mamello le mosa, lia hlokomeleha ka har’a “Ntlo ea Molimo,” li etsa hore ho lula ha motho moo e be ho nyakallisang le ho susumetsang. Esita le baeti bao eseng Lipaki hangata ba hlalosa ho hlolloa ha bona ke boitšoaro bo botle, botsoalle, le moea o thabileng oa basebetsi.
Anny, ea nang le lilemo tse ka holimo ho 70 le eo e bileng setho sa lelapa la Bethele Jeremane ho tloha ka 1956, o hlalosa kamoo a bolokang boikemisetso ba hae ba ho sebeletsa: “Bakeng sa boiketlo ba ka ba moea, ke etsa boiteko bo matla ba ho ipoloka ke khema ’moho le likhatiso tsa Mokhatlo, ho ba teng libokeng kamehla, le ho nka karolo kamehla boboleling. Hape ke leka ho ipoloka ke phetse hantle ’meleng ka ho ikoetlisa hoseng ho hong le ho hong, ka hore boholo ba nako ke se sebelise lift, le ka ho tsamaea ka maoto khafetsa kamoo ho ka khonehang, haholo-holo ha ke le tšebeletsong ea tšimo.”
Ba bangata ba nang le phihlelo ea bophelo ba Bethele ba tla lumellana le Anny. Le ka mohla ha ba lese ho ithuta, ha ho mohla ba khaotsang ho sebetsa. Bophelo bo botle ba ’mele bo batla ba fumane boroko bo lekaneng le koetliso e itseng ea ’mele le ho bontša boitekanelo lijong le linong. Ntho ea bohlokoa ho feta tsohle, ha ba hlokomolohe thapelo le thuto ea botho ea Bibele.
Tlhompho e Phahameng Bakeng sa Tšebeletso e Halalelang Bethele
“U sebetsa kae?” ke potso e atisang ho botsoa litho Bethele. Likabelo tsa mosebetsi lia fapana, empa e ’ngoe le e ’ngoe e lokela ho tšoaroa ka tlhompho e phahameng ke bohle. Hobane’ng? Hobane kabelo e ’ngoe le e ’ngoe—ebang ke ho sebetsa ka mochine o hatisang lijo tsa moea, ho hlatsoa liaparo, ho pheha le ho hloekisetsa lelapa, kapa ho etsa mosebetsi oa ofisi—ke tšebeletso e halalelang. Joalokaha ho boletsoe ka holimo, ha ho khethollo eo Bakreste ba e etsang likarolong tsena. Hopola hore mesebetsi eohle e hlokahalang e neng e etsoa ke baprista le Balevi tempeleng, mabaleng a eona le matlong a eona a ho jela, kaofela ha eona e ne e nkoa e le tšebeletso e halalelang ho Jehova. Seo se ne se akareletsa ho hlaba le ho lokisetsa liphoofolo bakeng sa sehlabelo, ho tšela oli ka maboneng, haesita le ho hloekisa le ho etsa mesebetsi ea ho lebela. Ka ho tšoanang, kabelo ka ’ngoe Bethele ke e khotsofatsang le tšebetso ea bohlokoa “mosebetsing oa Morena,” kahoo ke tokelo e khethehileng.—1 Ba-Korinthe 15:58, NW.
Ka bokhutšoanyane nahana ka tšobotsi e ka re thibelang ho talima “Ntlo ea Molimo” ka kananelo. Bakreste ba ka hare ho Bethele le ba ka ntle ho eona ba lokela ho itebela khahlanong le mohono le mōna, e leng tse ‘bolisang masapo.’ (Liproverbia 14:30) Ha ho ea nang le lebaka la ho honohela litokelo tsa tšebeletso tsa basebetsi ba Bethele. Ho feta moo, ha ho sebaka ka har’a lelapa la Bethele bakeng sa mōna, oo e leng o mong oa mesebetsi ea nama. Leta ka boikokobetso—eo ke keletso e utloahalang bakeng sa motho eo ho ka ’nang ha bonahala eka o ile a hlokomolohuoa ha ba bang ba fuoa litokelo tse kholoanyane. Ho phaella moo, batho ba nang le boemo bo fapaneng haholo ba lichelete ba phela Bethele hammoho ba atamelane. Ke ho ferekanyang hakaakang ha motho a talima maemo a hae ka ho “ipapisa le ba bang”! Ho khotsofala ka “lijo le liaparo” ho thusitse ba bangata hore ba tsoele pele ka botšepehi ka mashome a lilemo ka har’a “Ntlo ea Molimo.”—Ba-Galata 5:20, 26; 6:4, BPN; 1 Timothea 6:8.
Lipaki tsa Jehova le ba bang ba limilione ba fumana molemo o moholo litšebeletsong tse sa lefelloeng tse etsoang Bethele—mosebetsi o etsuoa ka ntle ho boithati ka lebaka la lerato ho Molimo le moahelani. Mahae a Bethele le mafapha a khatiso a Mokhatlo oa Watch Tower, joaloka litokisetso tse ling tsa puso ea Molimo, a tšehetsoa licheleteng ka menehelo ea boithatelo. (2 Ba-Korinthe 9:7) Joaloka Morena Davida le mahosana le marena a Iseraele, re ka bontša tlhompho le kananelo ea rōna bakeng sa “Ntlo ea Molimo” ka ho tšehetsa Mokhatlo ka boitšoaro le ka chelete. (1 Likronike 29:3-7) Joale ha re boneng hore na ke joang ho ka khonehang ho ‘boha bokhabane ba Jehova’ Bethele.
Mahlohonolo ka Har’a “Ntlo ea Molimo”
Ha u le kopanong, na u utloa khotsofalo e tebileng, ea ho lika-liketsoa ke barapeli ba thabileng ba Jehova? Ak’u nahane ka sena, mosebetsi oa Bethele o na le tokelo ea ho sebeletsa Jehova a le har’a baena letsatsi le leng le le leng! (Pesaleme ea 26:12) Seo se fana ka litebello tse molemohali hakaakang tsa ho hōla moeeng! Moena e mong o ile a re o hlokometse hore nakong ea selemo se le seng a le Bethele o ithutile ho hongata ho ka mo thusang ho bōpa botho ba hae ho feta kamoo a ’nileng a etsa kateng ka lilemo tse tharo sebakeng se seng sesele. Hobane’ng? Hobane ha ho kae kapa kae moo a kileng a fumana monyetla oa ho ela hloko le ho etsisa tumelo ea ba bangata hakana ba nang le botho ba Bokreste ba hōlileng moeeng.—Liproverbia 13:20.
Bethele motho o lika-likelitsoe ke baeletsi ba nang le phihlelo, kamoo ho ka boleloang kateng. Ho phaella moo, ho na le molemo oa ho utloa litlhaloso tse lokiselitsoeng hantle tse fanoang nakong ea borapeli ba hoseng le Thutong ea Molula-Qhooa ea lelapa la Bethele leha ho mametsoe lipuo ka Mantaha mantsiboea. Ba sa tsoa fihla ba fumana taeo Sekolong sa Bethele sa ba Fihlang ’me ba abeloa ho bala Bibele eohle nakong ea likhoeli tsa pele tse 12.
Litlaleho le liphihlelo tsa baeti ba tsoang linaheng tse ling li fana ka khothatso e tsoelang pele. Ho feta moo, litho tsa Sehlopha se Busang kapa baemeli ba tsona ba etela liofisi tsa makala. Helga oa bontša: “Le hoja ba e-na le ho hongata hoo ba lokelang ho ho etsa, kamehla baena bana ba ba le nako ea ho bua ka botsoalle kapa ho bososela.” Ke ho khothatsang hakaakang hore motho a iponele ka boeena mokhoa o khathollang le o leka-lekaneng oa banna ba joalo ba tšepahalang!
Haholo-holo Bethele motho a ka shebela haufi kamoo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o sebetsang kateng le kamoo moea oa hae o halalelang o susumeletsang lipelo tse ratang le matsoho ketsong. Moena ea sebelelitseng Bethele ea Fora ho tloha ka 1949, oa hlalosa: “Bethele motho o ikutloa a le haufi haholoanyane le ‘setsi sa tšebeletso.’” O tsoela pele: “Ka sebele nka re ho ’na Bethele ke mofuta oa tšebeletso ea nako e tletseng o ntumellang ho nehela nako ea ka kaofela le matla tšebeletsong ea Jehova le ho sebeletsa baena ba bangata haholo.” ’Me na hase oona morero oa rōna oa sebele bophelong—ho etsa thato ea Molimo? Bethele motho a ka “fana ka thoriso letsatsi lohle.” Eo ke tlhohonolofatso e kaakang!—Pesaleme ea 44:8, NW.
Joalokaha re se re hlokometse, motho ea sebetsang lehaeng la Bethele a ka boha bokhabane ba Jehova le ho fumana mahlohonolo ka tekanyo e khōlō. (Ba-Heberu 6:10) Na tšebeletso ‘Ntlong ea Molimo’ e ka ba ea bohlokoa ho uena? Bao bonyane ba nang le lilemo tse 19 har’a Lipaki tsa Jehova, ba nang le bophelo bo botle moeeng le ’meleng, le bao, joaloka Timothea, ba ‘rorisoang ke baena’ ba ka etsa kōpo ea ho sebeletsa Bethele. (Liketso 16:2) Ba bangata ba entse tšebeletso ea Bethele mosebetsi oa bona oa bophelo bohle, joaloka ba qotsitsoeng ka holimo. Ho bona taba-tabelo e tebileng ea mopesaleme—ea ‘ho lula ka tlung ea Jehova ka litšiu tsohle tsa bophelo ba hae’—e fetohile ea sebele.
Lipaki tsa Jehova li na le tlhompho e khōlō bakeng sa moea oa boitelo o bontšoang ke baena le bo-khaitseli ba tsona ba Bethele, ba phethang likabelo ka ho rata le ka nyakallo. Ebang re sebeletsa Jehova re le Bethele kapa leha e le kae, e mong le e mong oa rōna o na le lebaka le letle la ho ikutloa joalokaha ho entse Morena Davida—ho talima “Ntlo ea Molimo” ka kananelo, kapa thabo.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Bakreste bana ba ile ba thabela tšebeletso e halalelang Bethele e Jeremane ka mashome a lilemo