Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 9/15 maq. 4-7
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tšoarela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tšoarela?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kotsi ea Moea oa ho se Tšoarele
  • Ithute ho Tšoarela
  • Ho Batla ho Leka-lekana
  • Melemo ea ho Tšoarela
  • ‘Tsoelang Pele ho Tšoarelana ka Bolokolohi’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Tšoarelanang ka Bolokolohi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Na U Tšoarela Joalokaha Jehova a Tšoarela?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Jehova oa Tšoarela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 9/15 maq. 4-7

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tšoarela?

SETSEBI le mongoli oa Mojode Joseph Jacobs o kile a hlalosa ho tšoarela e le “thuto ea boitšoaro e phahameng le e thata ka ho fetisisa.” Ruri, ba bangata ba fumana ho le thata ho bua mantsoe “kea u tšoarela.”

Ho bonahala hore tšoarelo e tšoana le chelete. E ka sebelisoa ka bolokolohi le ka mohau bakeng sa ba bang kapa motho a ipolokela eona ka bokhonatha. Tsela ea pele ke ea bomolimo. Tabeng ea ho tšoarela re lokela ho hlaolela mekhoa ea ho fana ka seatla se bulehileng. Hobane’ng? Hobane Molimo o khothaletsa sena le hobane moea oa ho se tšoarele, oa ho iphetetsa o ka mpefatsa litaba feela.

Batho ba bangata ba re: “Ha ke halefe; ho e-na le hoo kea iphetetsa!” Ka masoabi, polelo ena ke molao-motheo o tataisang bophelo ba ba bangata kajeno. Ka mohlala, mosali e mong o ile a hana ho buisa molamo oa hae ka lilemo tse ka holimo ho tse supileng hobane, joalokaha mosali enoa a bolela, “o ntšitetsoe haholo ’me le ka mohla ha ke e-s’o khone ho mo tšoarela.” Empa ho hlokomoloha motho ho joalo, ha ho sebelisoa e le mokhoa oa ho batla hore moqosuoa a kōpe tšoarelo kapa e le sebetsa sa ho otla, ke ka seoelo ho khotsofatsang takatso ea boiphetetso. Ho e-na le hoo, ho ka mpa ha lelefatsa qabang, ho lumella hore lehloeo le feletseng le hōle. Haeba letoto lena la tsieleho le sa felisoe, matla a sa khaotseng a boiphetetso a ka senya likamano esita le bophelo bo botle ba motho.

Kotsi ea Moea oa ho se Tšoarele

Ha motho a sa tšoarele, khohlano eo sena se fellang ka eona e baka khatello ea kelello. Ka lehlakoreng le leng, khatello ea kelello e baka bokuli bo tebileng. Dr. William S. Sadler o ile a ngola: “Ha ho motho ea ka utloisisang ka ho feletseng joaloka ngaka karolo e khōlō ka ho hlollang ea mafu a batho le ho utloa bohloko ho amanang ka ho toba le ho tšoenyeha, tšabo, khohlano, . . . menahano e seng molemo le bophelo bo sa hloekang.” Leha ho le joalo, ruri ke tšenyo e kae e bakoang ke ho ferekana maikutlong? Buka e ’ngoe ea bongaka ea araba: “Lipalo-palo . . . li ile tsa bontša hore likarolo tse peli ho tse tharo tsa bakuli ba ileng ba ea ngakeng ba ne ba e-na le matšoao a bakiloeng kapa a totisitsoeng ke khatello ea kelello.”

E, bohale, tlhonamo, le lonya ha ho pelaelo hore li kotsi. Maikutlo ana a senyang a tšoana le mafome ao butle-butle a jang ’mele oa koloi. Koloi e ka ’na ea bonahala e le ntle kantle, empa ka tlas’a pente tšenyo e tsoela pele.

Habohlokoa le ho feta, ho hana ha rōna ho tšoarela ha ho na le motheo bakeng sa mohau ho ka ba ha re lematsa moeeng. Mahlong a Jehova Molimo, re ka ’na ra tšoana le mohlanka oa setšoantšo sa Jesu. Mong’a mohlanka enoa o ile a mo tšoarela ha a hlōleha ho lefa sekoloto se seholo. Empa, ha mohlanka oa habo, ka tieo a kōpa tšoarelo bakeng sa molato oo ha ho bapisoa o neng o le monyenyane haholo, o ile a hloka kutloelo-bohloko ’me a se ke a mo tšoarela. Jesu o ile a hlakisa hore haeba ka ho tšoanang re sa ithaopele ho tšoarela, Jehova o tla hana ho re tšoarela libe tsa rōna. (Mattheu 18:21-35) Kahoo, haeba re sa tšoarele, re ka ’na ra lahleheloa ke letsoalo la rōna le letle ka pel’a Molimo esita le tšepo ea rōna bakeng sa ka moso! (Bapisa le 2 Timothea 1:3.) Joale, re ka etsa’ng?

Ithute ho Tšoarela

Tšoarelo ea ’nete e tsoa pelong. E akarelletsa ho tšoarela phoso ea mofosi le ho tlosa takatso leha e le efe ea ho iphetetsa. Kahoo, toka ea ho qetela le phetetso e ka etsahalang li siuoa matsohong a Jehova.—Ba-Roma 12:19.

Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela hore kaha “pelo e mano ho fetisa tsohle, e bolile hampe,” hase kamehla e sekamelang ho tšoareleng esita leha e lokela ho tšoarela. (Jeremia 17:9) Jesu ka boeena o itse: “Mehopolo e mebe, lipolao, lipōko, mafebe, likutso, liketselletso, le linyefolo, li tsoa pelong.”—Mattheu 15:19.

Rea leboha hore ebe lipelo tsa rōna li ka koetlisetsoa ho etsa se nepahetseng. Leha ho le joalo, koetliso eo re e hlokang e lokela ho tsoa mohloling o phahameng. Re ke ke ra e etsa re le bang. (Jeremia 10:23) Mopesaleme ea bululetsoeng ke Molimo o ile a hlokomela sena ’me a rapella tataiso ea Molimo. O ile a kōpa Jehova ka thapeli: “Nthute litaelo tsa hao. Nketse hore ke utloisise tsela ea litataiso tsa hao.”—Pesaleme ea 119:26, 27, NW.

Ho latela pesaleme e ’ngoe, Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ile a ‘utloisisa tsela’ ea Jehova. O ile a ba le phihlelo ea eona ka boeena ’me a ithuta ho eona. Kahoo, o ne a ka re: “Jehova o mohau, o lereko, o lieha ho halefa, o ruile mehauhelo e mengata. Joalo ka ha ntat’a motho a hauhela bana ba hae, Jehova o hauhela joalo ba mo tšabang.”—Pesaleme ea 103:8, 13.

Ho hlokahala hore re ithute joalokaha Davida a ile a ithuta. Ka thapelo re ithute mohlala o phethahetseng oa Molimo oa ho tšoarela, esita le oa Mora oa hae. Kahoo, re ka ithuta ho tšoarela ho tsoa pelong.

Empa, ka nepo ba bang ba ka ’na ba botsa: Ho thoe’ng ka sebe se tebileng? Na libe tsohle li tlameha ho tšoareloa?

Ho Batla ho Leka-lekana

Ha motho a sitetsoe ka ho tebileng, bohloko bo ka tota. Sena ke ’nete ka ho khethehileng haeba motho a sitetsoe a se na molato oa sebe se tebileng. Ba bang ba ka ba ba botsa, ‘Nka tšoarela motho ea ntsoileng tlaase ka sehlōhō a ba a nkutloisa bohloko joang?’ Tabeng ea sebe se tebileng se neng se ka tšoaneloa ke hore motho a khaoloe, ho ka ’na ha hlokahala hore ea sitetsoeng a sebelise keletso e ho Mattheu 18:15-17.

Leha ho le joalo, boholo ba taba bo ka ’na ba itšetleha ka mofosi. Esale phoso e etsoa na ho kile ha e-ba le matšoao leha e le afe a ho baka ka tieo? Na moetsalibe o fetohile, mohlomong o bile o leka ho etsa litokiso tsa sebele? Mahlong a Jehova pako e joalo ke senotlolo sa tšoarelo esita le tabeng ea libe tse tšosang e le kannete. Ka mohlala, Jehova o ile a tšoarela Manasse, e mong oa marena a khopo ka ho fetisisa historing ea Iseraele. Motheong ofe? Molimo o ile a etsa seo hobane qetellong Manasse o ile a ikokobetsa ’me a bakela litsela tsa hae tse nyonyehang.—2 Likronike 33:12, 13.

Ka Bibeleng pako ea sebele e akarelletsa phetoho e tiileng boikutlong, ho ikoahlaea ho tsoa pelong bakeng sa liphoso leha e le life tse entsoeng. Moo ho loketseng le moo ho ka khonehang, pako e tsamaea le boiteko ba ho buseletsa motho ea sitetsoeng. (Luka 19:7-10; 2 Ba-Korinthe 7:11) Moo pako e joalo e leng sieo, Jehova ha a tšoarele.a Ho feta moo, Molimo ha aa lebella Bakreste hore ba tšoarele ba kileng ba ba le tsebo ea lintho tsa moea empa hona joale ka boomo, ka ho se bake ba etsa liphoso. (Ba-Heberu 10:26-31) Maemong a feteletseng, tšoarelo e ka ’na ea e-ba e sa lokelang.—Pesaleme ea 139:21, 22; Ezekiele 18:30-32.

Hore na tšoarelo e ka ba teng kapa che, motho ea sitetsoeng ka sebe se tebileng a ka ’na a batla ho nahana ka potso e ’ngoe: Na ke lokela ho lula ke ferekane haholo maikutlong, ke ikutloa hore ke utloisitsoe bohloko haholo ke bile ke halefile, ho fihlela taba ee e lokisoa ka ho feletseng? Nahana ka mohlala ona. Morena Davida o ile a utloa bohloko haholo ha molaoli oa mabotho a hae, Joabe a bolaea Abnere le Amasa, ‘batho ba babeli ba fetang Joabe, ka ho loka le ka molemo.’ (1 Marena 2:32) Davida o ile a bontša bohale ba hae le tlhonamo ka mantsoe le ka tsela e hlakileng ho Jehova ka thapelo. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, matla a feletseng a boikutlo ba Davida mohlomong a ile a theoha. Ha a ka ba a busoa ke bohale le tlhonamo ho fihlela a e-shoa. Davida o bile a tsoela pele ho sebetsa le Joabe, empa ha aa ka a tšoarela ’molai enoa ea sa bakeng. Davida o ile a etsa hore a kholisehe hore toka ea etsoa qetellong.—2 Samuele 3:28-39; 1 Marena 2:5, 6.

Ho ka ’na ha hloka nako le boiteko pele ba utloisitsoeng bohloko ke libe tse tebileng tsa batho ba bang ba hlaphoheloa bohaleng ba bona ba pele. Mehato ea pholiso e ka ’na ea e-ba bonolo haholoanyane ha mofosi a lumela phoso ea hae ’me a baka. Leha ho le joalo, motho ea se nang molato ea sitetsoeng o lokela ho fumana matšeliso le khothatso tsebong ea hae ea toka le bohlale ba Jehova le phuthehong ea Bokreste, ho sa tsotellehe tsela ea mofosi.

Hape, hlokomela hore ha u tšoarela mofosi, sena ha se bolele hore u khothaletsa sebe. Ho Mokreste, ho tšoarela ho bolela hore ka botšepehi o siea taba ena matsohong a Jehova. Ke Moahloli ea lokileng oa bokahohle bohle, ’me o tla sebelisa toka ka nako e loketseng. Seo se tla akarelletsa ho ahlola “babōki le bafebi” ba bolotsana.—Ba-Heberu 13:4.

Melemo ea ho Tšoarela

Mopesaleme Davida o ile a bina: “Hobane uena, Jehova, u molemo ’me u lula u loketse ho tšoarela; ’me mosa o lerato ho bohle ba ipiletsang ho uena o mongata.” (Pesaleme ea 86:5, NW) Na uena, joaloka Jehova, “u lula u loketse ho tšoarela”? Ho na le melemo e mengata.

Oa pele, ho tšoarela ba bang ho hōlisa likamano tse molemo. Bibele e phehella Bakreste: “Le rekolohelane, le hauhelane, le tšoarelane, joalo ka ha Molimo le oona o le tšoaretse ka Jesu Kreste.”—Ba-Efese 4:32.

Oa bobeli, tšoarelo e tlisa khotso. Ena hase khotso pakeng tsa hao le batho ba bang feela empa hape ke khotso ea kelello.—Ba-Roma 14:19; Ba-Kolosse 3:13-15.

Oa boraro, ho tšoarela ba bang ho re thusa ho hopola hore rōna ka borōna re hloka tšoarelo. E, “bohle ba sitiloe, ’me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo.”—Ba-Roma 3:23.

Oa ho qetela, ho tšoarela ba bang ho hleka tsela bakeng sa hore Molimo a re tšoarele libe tsa rōna. Jesu o itse: “Ekare ha le tšoarela batho litlōlo tsa bona, Ntat’a lōna ea maholimong o tla le tšoarela le lōna.”—Mattheu 6:14.

Nahana ka lintho tse ngata tseo e tlamehang ebe Jesu o ne a li nahana nakong ea motšehare oa mantsiboea mohla lefu la hae. O ne a amehile ka barutuoa ba hae, mosebetsi oa ho bolela, ’me ka ho khetheha a amehile ka botšepehi ba hae ho Jehova. Empa, esita leha a ne a utloa bohloko haholo thupeng ea tlhokofatso, o ile a bua ka’ng? Har’a mantsoe a ho qetela ao a a buileng o ile a re: “Ntate, u ba tšoarele.” (Luka 23:34) Re ka etsisa mohlala o phethahetseng oa Jesu ka ho tšoarelana ho tsoa pelong.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Leha ho le joalo, Jehova o nahanela mabaka a mang ha a etsa qeto ea ho tšoarela. Ka mohlala, haeba mofosi a sa tsebe litekanyetso tsa Molimo, ho hloka tsebo ho joalo ho ka ’na ha fokotsa boima ba molato. Ha Jesu a ne a kōpa Ntate oa hae ho tšoarela babolai ba hae, ho hlakile hore Jesu o ne a bua ka masole a Roma a ileng a mo bolaea. A ‘ne a sa tsebe seo a se etsang,’ hobane a ne a sa tsebe hore na ha e le hantle ke mang. Leha ho le joalo, baeta-pele ba bolumeli ba neng ba ikarabella polaong eo ba ne ba na le molato o moholoanyane—’me bakeng sa ba bangata ho bona, tšoarelo e ne e ke ke ea e-ba teng.—Johanne 11:45-53; bapisa le Liketso 17:30.

[Litšoantšo tse leqepheng la 5]

Na u utloisisitse ntlha ea bohlokoa ea setšoantšo sa Jesu sa mohlanka ea sa tšoareleng?

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Ho tšoarela ba bang ho hōlisa likamano tse molemo ebile ho tlisa thabo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela