Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 2/1 maq. 4-7
  • Ke Hobane’ng ha e le Nako ea ho Etsa Qeto?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha e le Nako ea ho Etsa Qeto?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka la Hore Iseraele e Lahloe
  • Bokoenehi bo Boholo ba Bokreste-’mōtoana
  • Na Phetoho e ke ke ea E-ba Teng?
  • Hona Joale ke Nako ea ho ‘Tloha ho Eena’
  • Motsoalle oa Bohata oa Bibele
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Molimo oa ’Nete le Bokamoso ba Hao
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Kamoo Bokreste-’mōtoana bo Fetohileng Karolo ea Lefatše Lena ka Teng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Babylona e Moholo—O Oele ’me o Ahlotsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 2/1 maq. 4-7

Ke Hobane’ng ha e le Nako ea ho Etsa Qeto?

LEKHOLONG la bo16 la lilemo B.C.E., Molimo o ile a khetha Baiseraele hore e be ‘letlotlo la hae la sebele har’a lichaba tse ling kaofela, . . . sechaba se khethehileng [se halalelang, NW].’ (Exoda 19:5, 6) Ka potlako ba ile ba lahleheloa ke khalalelo ea bona, tlhoeko ea bona bolumeling, ba itumella ho silafatsoa ke borapeli ba litšoantšo le mekhoa e litšila ea lichaba tseo ba ahelaneng le tsona. Ka tsela eo ba ile ba itšenola hore ke “sechaba se molala o thata.” (Deuteronoma 9:6, 13; 10:16; 1 Ba-Korinthe 10:7-11) Nakong ea lilemo tse fetang makholo a mararo ka mor’a lefu la Joshua, Jehova o ile a hlahisa baahloli, batataisi ba tšepahalang ba neng ba lokela hore ebe ba ile ba etella Baiseraele pele ho ba busetsa borapeling ba ’nete. Leha ho le joalo, batho ‘ha baa ka ba lahla letho la mesebetsi ea bona le la metsamao ea bona e thata.’—Baahloli 2:17-19.

Ka mor’a moo, Molimo o ile a hlahisa marena a tšepahalang le baprofeta hore ba khothaletse sechaba ho khutlela borapeling ba ’nete. Moprofeta Azaria o ile a khothalletsa Morena Asa le batho ba habo ho batla Jehova: “Ha le ka ’na la ’matla, o tla ’ne a fumanoe ke lōna; ’me ha le ka mo furalla, o tla le furalla le eena.” Asa o ile a kenya phetoho ea bolumeli tšebetsong ’musong oa Juda. (2 Likronike 15:1-16) Ka morao ho moo, Molimo o ile a tlameha ho etsa memo e ’ngoe hape ka moprofeta oa hae Joele. (Joele 2:12, 13) Hamorao hape, Sofonia o ile a phehella baahi ba Juda ka matla hore ba ‘batle Jehova.’ Josiase, morena e monyenyane o ile a etsa seo ka letšolo la liphetoho tsa ho felisa borapeli ba litšoantšo le tšenyeho.—Sofonia 2:3; 2 Likronike 34:3-7.

Ho sa tsotellehe liketso tse joalo tse bontšang pako, boemo ba batho bolumeling bo ne bo ntse bo mpefala haholoanyane. (Jeremia 2:13; 44:4, 5) Jeremia o ile a nyatsa tsamaiso ea bolumeli e silafalitsoeng ke mekhoa ea borapeli ba litšoantšo, a hlalosa hore e ke ke ea fetoha: “Na mo-Ethiopia a ka fetola letlalo la hae, kapa lengau le ka fetola matheba a lona na? Ha ho ka ba joalo, le ka tseba ho etsa hantle, athe le ba itemalelitseng ho etsa hampe.” (Jeremia 13:23) Ka lebaka lena, Molimo o ile a otla ’muso oa Juda haboima. Jerusalema le tempele ea eona li ile tsa senngoa ka 607 B.C.E., ’me baphonyohi ba ile ba isoa botlamuoeng Babylona, moo ba ileng ba lula e le makhoba ka lilemo tse 70.

Ha nako eo e fetile, Molimo o ile a bontša mosa. O ile a susumetsa Morena Cyruse hore a lokolle Baiseraele, bao masala a bona a ileng a khutlela Jerusalema ho ea haha tempele bocha. Ho e-na le ho ithuta ho itseng ho sena sohle, ba ile ba boela ba kheloha borapeling ba ’nete, ba etsa hore Jehova Molimo a etse memo e ’ngoe hape: “Khutlelang ho ’na, ’me ke tla khutlela ho lōna.”—Malakia 3:7.

Lebaka la Hore Iseraele e Lahloe

Boemo ba Baiseraele bolumeling e ne e le bofe nakong ea Jesu? Baeta-pele ba bolumeli ba baikaketsi e ne e le ‘lifofu tse tsamaisanang’ tse rutang “lithuto tseo e leng melao ea batho.” ‘Ba ne ba tlōla molao oa Molimo ka mokhoa oo ba o neanang.’ Sechaba se ne se hlompha Molimo “ka molomo feela,” empa lipelo tsa sona li ne li le hōle le eena. (Mattheu 15:3, 4, 8, 9, 14) Na joaloka sechaba ba ne ba lokela ho fumana monyetla o mong oa ho baka? Che. Jesu o itse: “’Muso oa Molimo le tla o amohuoa, ’me o tla neoa sechaba se seng se tla beha litholoana tsa oona.” O ile a boela a re: “Ntlo ea lōna,” tempele e Jerusalema, “e tla sala e le lesupi.” (Mattheu 21:43; 23:38) Phoso ea bona e ne e le khōlō haholo. Ba ile ba hana Jesu joaloka Messia ’me ba etsa hore a bolaoe, ba khetha mohatelli oa Moroma Cesare hore e be morena oa bona.—Mattheu 27:25; Johanne 19:15.

Baiseraele ba ne ba sa batle ho utloisisa hore nako eo Jesu a neng a etsa tšebeletso ea hae ka eona e ne e le nako ea kahlolo. Ho baahi ba Jerusalema ba sa tšepahaleng, Jesu o itse: ‘Ha lea ka la tseba nako ea ho eteloa ha lōna.’—Luka 19:44.

Ka Pentekonta ea 33 C.E., Molimo o ile a theha sechaba se secha, kapa batho, barutuoa ba tlotsitsoeng ka moea ba Mora oa hae, Jesu Kreste, ba neng ba tla khethoa merabeng eohle le lichabeng tsohle. (Liketso 10:34, 35; 15:14) Na ho ne ho na le tšepo leha e le efe ea hore tsamaiso ea bolumeli ea Sejode e ne e tla fetoha qetellong? Lebotho le leholo la sesole sa Roma le ile la fana ka karabo ka 70 C.E., la etsa Jerusalema lesupi. Molimo o ne a lahlile tsamaiso eo ea bolumeli ka ho feletseng.—Luka 21:5, 6.

Bokoenehi bo Boholo ba Bokreste-’mōtoana

Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea le bona e ile ea e-ba “mofuta o halalelang, le sechaba se ruiloeng.” (1 Petrose 2:9; Ba-Galata 6:16) Empa esita le phutheho ea Bokreste ea boholo-holo ha ea ka ea boloka bohloeki ba eona halelele.

Mangolo a boletse ka bokoenehi bo boholo esale pele, kapa ho oa tumelong ea ’nete. Mofoka oa tšoantšetso oa papiso ea Jesu, ke hore, Bakreste ka lebitso feela, ba ne ba tla leka ho pupetsa koro ea tšoantšetso, kapa Bakreste ba ’nete, ba tlotsitsoeng ka moea oa Molimo. Papiso ena e senola hore ho ata ha Bokreste ba bohata, ho ileng ha susumetsoa ke sera se seholo sa Molimo, Diabolose, ho ne ho le haufi le ho qala, “ha ho robetsoe ke batho.” Sena se ile sa etsahala ka mor’a lefu la baapostola ba Kreste ba tšepahalang, nakong ea ho otsela moeeng ho ileng ha latela. (Mattheu 13:24-30, 36-43; 2 Ba-Thessalonika 2:6-8) Joalokaha baapostola ba boletse esale pele, Bakreste ka lebitso feela ba ile ba khukhunela ka lesakeng ka bongata. (Liketso 20:29, 30; 1 Timothea 4:1-3; 2 Timothea 2:16-18; 2 Petrose 2:1-3) Moapostola ea ileng a shoa qetellong ke Johanne. Hoo e ka bang ka selemo sa 98 C.E., o ile a ngola hore “nako ea qetello,” karolo ea ho qetela ea mehla ea baapostola, e ne e se e qalile.—1 Johanne 2:18, 19.

Ka lebaka la setsoalle sa bolumeli le puso ea lipolotiki se ileng sa tiisoa ke moemphera oa Moroma Constantine, boemo ba Bokreste-’mōtoana ba moea, ba thuto, le boitšoaro bo ile ba mpefala ka tsela e tšosang. Bo-rahistori ba bangata ba lumela hore “katleho ea Kereke lekholong la bone la lilemo,” ho latela pono ea Bokreste, e ne e le “tlokotsi.” ‘Bokreste-’mōtoana bo ile ba lahleheloa ke boemo ba bona bo phahameng ba boitšoaro’ ’me ba amohela mekhoa e mengata le lifilosofi boheteneng, tse kang “ho rapeloa ha Maria” le ho rapeloa ha “bahalaleli,” esita le khopolo ea Boraro-bo-bong.

Boemo ba Bokreste-’mōtoana bo ile ba theoha ka mor’a katleho ea bona ea bohata. Litaelo tsa bolumeli le litlhaloso tsa thuto tse etsoang ke bapapa le makhotla, ho phaella Lekhotleng le Otlang Bakhelohi, Lintoa tsa Bolumeli, le lintoa tse “halalelang” pakeng tsa Mak’hatholike le Maprostanta, li ile tsa hlahisa tsamaiso ea bolumeli e sa lokiseheng.

Bukeng ea hae A World Lit Only by Fire, William Manchester oa ngola: “Lekholong la leshome le metso e mehlano le la leshome le metso e tšeletseng la lilemo bapapa ba ne ba phela joaloka baemphera ba Roma. E ne e le batho ba ruileng ka ho fetisisa lefatšeng, ’me bona le bak’hadinale ba bona ba ile ba tsoela pele ho ithuisa ka ho rekisa liofisi tse halalelang.” Nakong ea bokoenehi bo boholo, lihlopha tse nyenyane kapa batho ka bomong ba ile ba batla ho fumana Bokreste ba ’nete hape, ba bonahatsa litšobotsi tsa koro ea tšoantšetso. Ba ne ba atisa ho hlorisoa ka mabifi. Buka eona eo e re: “Ka linako tse ling ho ne ho bonahala hore bahalaleli ba ’nete ba Bokreste, Maprostanta le Mak’hatholike ka ho tšoanang, ba ne ba fetohile bashoela-tumelo bao botumo ba bona bo senyehileng bo koahetsoeng ke malakabe.” Ba bang, bao ho thoeng ke Bo-raliphetoho ba kang Martin Luther le John Calvin, ba ile ba khona ho qapa litsamaiso tsa bolumeli tse tšoarellang tse neng li arohile Kerekeng e K’hatholike empa li ntse li na le lithuto tsa motheo tse tšoanang le tsa eona. Le bona ba ne ba keneletse ka ho teba litabeng tsa lipolotiki.

Karolong ea Boprostanta, ho ile ha etsoa boiteko ba ho hlahisa seo ho thoeng ke tsosoloso ea bolumeli. Ka mohlala, lekholong la bo18 le la bo19 la lilemo, boiteko bona bo ile ba fella ka mosebetsi o matla oa baromuoa ba melata. Leha ho le joalo, ho latela seo balisa ba bolumeli ka bobona ba se lumelang, kajeno boemo ba moea ba mohlape oa Maprostanta ho hang ha bo khothatse. Moruti oa thuto ea bolumeli oa Moprostanta Oscar Cullmann o sa tsoa lumela hore “ka har’a likereke ka botsona, ho na le maqakabetsi a tumelo.”

Liphetoho le ho ba khahlanong le tsona ho ile ha boela ha khothaletsoa ka Kerekeng e K’hatholike. Ho tloha lekholong la bo11 ho ea ho la bo13 la lilemo, ho sa tsotellehe tšenyeho e jeleng setsi le leruo le leholohali la baruti, ho ile ha thehoa lihlopha tsa bamonke tse neng li latela ka thata-thata kano ea bofutsana. Empa lihlopha tsena li ne li behiloe leihlo ’me, ho latela litsebi, sehlopha se phahameng se busang sa bolumeli se ne se li hatella. Eaba ho latela Mokhatlo o Khahlanong le Phetoho o bileng teng lekholong la bo16 la lilemo, o neng o khothalletsoa ke Lekhotla la Trent ’me haholo-holo o ne o sebelisetsoa ho thibela Phetoho ea Boprostanta.

Halofong ea pele ea lekholo la bo19 la lilemo, nakong ea tsosoloso ea kereke, Kereke e K’hatholike e ile ea qala ho ba boemong ba ho hatella le ho hanyetsa liphetoho. Leha ho le joalo, ho ke ke ha boleloa hore liphetoho leha e le life tsa sebele li ile tsa etsetsoa ho tsosolosa Bokreste ba ’nete. Ho e-na le hoo, tsena e mpile ea e-ba boiteko ba ho matlafatsa bolaoli ba baruti ho sa tsotellehe liphetoho tsa lefatše bolumeling, lipolotiking, le kahisanong.

Morao tjena, ka bo-1960, ho ile ha bonahala eka Kereke e K’hatholike e batla ho qalisa phetoho e feletseng ka lekhotla la Vatican II la ntšetso-pele ea bonngoe ba bolumeli lefatšeng ka bophara. Leha ho le joalo, mopapa oa nakong eo o ile a laela ho emisoa ha tšohanyetso ha seo ho thoeng ke tsosoloso ea lekhotla la melao ea kereke e le hore a thibele moea oa litho tsa kereke tse thahasellang liphetoho. Tšobotsi ena, eo ba bang ba e bitsang tsosoloso ea Wojtyła, sehlopha se seng sa K’hatholike se ile sa e hlalosa e le “mofuta o mocha oa Boconstantine.” Joalokaha ho bontšitsoe ka ho khethehileng koranteng ea Majesuite La Civiltà Cattolica, Kereke e K’hatholike, ho tšoana le malumeli a mang, e talimane le “maqakabetsi a tebileng le a akaretsang: a tebile hobane a ama metso ea tumelo ka boeona le bophelo ba Bokreste; ke a akaretsang hobane a ama litšobotsi tsohle tsa Bokreste.”

Malumeli a Bokreste-’mōtoana ka sebele ha aa fetoha, leha e le hona hore a ne a ka fetoha, kaha Bokreste ba ’nete bo ne bo tla tsosolosoa feela nakong ea “kotulo,” ka hore koro ea tšoantšetso e bokelleloe ka phuthehong e le ’ngoe e hloekileng. (Mattheu 13:30, 39) Lethathamo le lelelele la litlōlo tsa molao le liketso tse mpe tse etsoang ka lebitso la bolumeli, ho sa tsotellehe hore na bo ipolela hore ke ba Bokreste kapa che, li susumetsa potso, Na hoa utloahala ho lebella phetoho ea sebele ho Bokreste-’mōtoana?

Na Phetoho e ke ke ea E-ba Teng?

Buka ea Tšenolo, kapa Apocalypse, e bua ka seotsoa se seholo sa tšoantšetso se nang le lebitso leo e leng sephiri “Babilona e moholo.” (Tšenolo 17:1, 5) Ka makholo a lilemo babali ba Bibele ba ’nile ba batla ho hlalosa sephiri sa setšoantšo sena. Ba bangata ba ne ba khopisoa ke leruo la baruti le tšenyeho ea bona. Ba bang ba ne ba nahana hore Babilona e moholo o emela sehlopha se phahameng se busang sa bolumeli. E mong oa bona e ne e le Jan Hus, moprista oa K’hatholike oa Bohemia ea ileng a chesoa a ntse a phela ka 1415, le Aonio Paleario, seithuti sa libōpeho tsa batho sa Motaliana se ileng sa fanyehoa le ho chesoa ka 1570. Boikitlaetso ba bona ka bobeli ba ho fetola Kereke e K’hatholike ka tšepo ea hore e tla boela “seriting sa eona sa pele, ha boa ka ba atleha.”

Ho fapana le seo, khaolo ea 17 le ea 18 ho Tšenolo li bontša hore Babilona e Moholo e emela ’muso oa lefatše oa bolumeli bohle ba bohata.a “Seotsoa [sena] se seholo” se ke ke sa fetoloa hobane ‘libe tsa sona li se li kolohane ho ea fihla leholimong.’ Ha e le hantle, lekholong lena la bo20 la lilemo, hoo e ka bang malumeli ’ohle, eseng a Bokreste-’mōtoana feela, a kopanela boikarabelo bakeng sa lintoa tse tsoelang pele ho tšolla mali a mangata le ho hlepha boitšoarong ho feteletseng ho hlasetseng moloko oa batho. Ka lebaka leo, Molimo o entse qeto ea ho timetsa “Babilona.”—Tšenolo 18:5, 8.

Hona Joale ke Nako ea ho ‘Tloha ho Eena’

Ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ho senola hore mehla ea rōna e tšoaneloa ke ho ba ea “ho fela” ha “lefatše” le khopo. (Mattheu 24:3) Mang le mang eo ka tieo a batlang ho rapela Molimo a ke ke a latela likhopolo tsa hae tsa botho le seo a se khethang. O tlameha ho ‘batla Jehova ha a sa fumanoa,’ e, hona joale, hobane ‘mahlomola a maholo’ a boletsoeng ke Jesu esale pele a haufi. (Esaia 55:6; Mattheu 24:21) Joalokaha e bile ’nete tabeng ea batho ba Iseraele, Molimo a ke ke a mamella tšenyeho ea bolumeli hobane feela bo ithorisa ka hore ke ba khale. Ho e-na le ho leka ka matla ho lokisa sekepe se reretsoeng ho teba, bohle ba lakatsang hore Molimo a ba amohele le ho ba boloka ba tlameha hore ntle ho tieho ba mamele taelo e bululetsoeng ea Tšenolo 18:4: “Tlohang ho [Babylona e Moholo], lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae.”

Empa ba ‘tlohe’ ba ee hokae? Ke hokae hape moo poloko e ka fumanoang teng? Na ha ho na kotsi ea ho tšabela sebakeng se fosahetseng? Bolumeli bo le bong feela bo amoheloang ke Molimo bo ka khetholloa joang? Likarabo tseo e leng tsona feela tse tšepahalang li ka fumanoa Lentsoeng la Molimo. (2 Timothea 3:16, 17) Lipaki tsa Jehova li u memela ho hlahloba Bibele ka hloko haholoanyane. U tla khona ho utloisisa hore na ke bafe bao Molimo a ba khethetseng ho ba “sechaba se khethetsoeng lebitso la oona,” bao a tla ba sireletsa letsatsing la bohale ba hae le ntseng le atamela.—Liketso 15:14; Sofonia 2:3; Tšenolo 16:14-16.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho khetholla Babylona e Moholo oa tšoantšetso ka tsela e nepahetseng ea Mangolo, bona khaolong ea 33 ho ea ho 37 bukeng ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, e hatisitsoeng ka 1988 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Haeba sekepe sa hao sa bolumeli sea teba, retelehela sekepeng sa pholoho sa Bokreste ba ’nete

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela