Mehlolo ea Jesu—Na ke Histori Kapa Tšōmo?
“Eitse ka tebelo ea bone ea bosiu, Jesu a tla ho bona, a tsamaea holim’a leoatle.”—Mattheu 14:25.
HO BATHO ba limilione ho pota lefatše, tumelo ea hore Jesu Kreste o ile a etsa mehlolo ke e batlang e le bohlokoa joaloka ho lumela ho Molimo ka boeena. Bangoli ba Kosepele—Mattheu, Mareka, Luka le Johanne—ba hlalosa mehlolo ea Jesu e ka bang 35. Leha ho le joalo, litlaleho tsa bona li bolela hore o entse liketso tse ngata-ngata tse phahametseng tlhaho.—Mattheu 9:35; Luka 9:11.
Mehlolo ena e ne e sa etsetsoe boithabiso. E ne e le ea bohlokoa boipolelong ba Jesu ba hore e ne e le Mora oa Molimo, Messia ea neng a letetsoe ka nako e telele. (Johanne 14:11) Moshe o ne a ile a etsa lipontšo tsa mehlolo ha a itlhahisa ho sechaba sa Iseraele se bokhobeng. (Exoda 4:1-9) Ka ho utloahalang, Messia, eo ho neng ho profetiloe hore o tla ba moholo ho Moshe, le eena o ne a tla lebelloa hore a hlahise pontšo e itseng ea tšehetso ea bomolimo. (Deuteronoma 18:15) Ka hona Bibele e bitsa Jesu “Monna eo le mo [Bajode] supisitsoeng ke Molimo ka liketso tse matla, le ka meeka, le ka mehlolo.”—Liketso 2:22.
Linakong tsa ho feta, ka kakaretso batho ba ne ba amohela ntle ho pelaelo taba ea hore Bibele e hlahisa Jesu e le moetsi oa mehlolo. Empa lilemong tse mashome tsa morao tjena, litlaleho tsa Kosepele li ’nile tsa hlaseloa haholo ke basomi. Lloyd Graham, bukeng ea hae, Deceptions and Myths of the Bible, o supa tlaleho ea Bibele ea ho tsamaea ha Jesu holim’a metsi ’me o ea bohōleng ba hore a re: “Ke ho hloka tsebo ho hoholo ho lumela hore ntho eo ke ea sebele, leha ho le joalo, ba limilione baa lumela hore ke ntho ea sebele. ’Me joale, ha rea lokela ho makala hore na phoso ke efe ka lefatše la rōna. Ke lefatše lefe le molemonyana leo u neng u tla le lebella le thehiloeng ho hlokeng tsebo ho joalo?”
Na ho ke ke ha Etsahala?
Leha ho le joalo, ho nyatsa ho joalo ha ho utloahale. The World Book Encyclopedia e hlalosa mohlolo e le “ketsahalo e ke keng ea hlalosoa ka melao e tsejoang ea tlhaho.” Ho ea ka tlhaloso eo, TV ea ’mala, cellular phone, kapa computer e behoang liropeng li ne li tla talingoa e le mehlolo lekholong le le leng feela la lilemo le fetileng! Na ke ho utloahalang ho ba ea tsitlellang maikutlong a itseng le ho bolela hore ntho e itseng e ke ke ea etsahala hobane feela re ke ke ra e hlalosa ho latela tsebo ea kajeno ea saense?
’Nete e ’ngoe ke ena e lokelang ho hlokomeloa: Puong ea Segerike ea pele eo “Testamente e Ncha” e neng e ngotsoe ka eona, lentsoe le sebelisitsoeng bakeng sa “mohlolo” e ne e le dyʹna·mis—lentsoe leo ha e le hantle le bolelang “matla.” Le boetse le fetoleloa e le “mesebetsi e matla” kapa “bokhoni.” (Luka 6:19; 1 Ba-Korinthe 12:10; Mattheu 25:15) Bibele e bolela hore mehlolo ea Jesu e ne e le ponahatso ea “matla a boholo bo hlollang a Molimo.” (Luka 9:43, NW) Na mesebetsi e joalo e ne e ka ba ntho e ke keng ea etsoa ke Molimo ea matla ’ohle—Ea nang le ‘matla a maholo’?—Esaia 40:26.
Bopaki bo Tiileng
Ho hlahloba Likosepele tse ’nè ka hloko ho hlahisa bopaki bo eketsehileng ba hore li ka lumeloa. Taba e lokelang ho nahanoa ke hore ka ho hlokomelehang, litlaleho tsena li fapane le litšōmo hammoho le litaba tsa ba-re-e-ne-e-re. Ka mohlala, nahana ka lipale tsa bohata tse neng li bua ka Jesu makholong a lilemo a ileng a latela ka mor’a lefu la hae. “Kosepele ea Thomas” eo eseng karolo ea Mangolo a Bibele ea hlalosa: “Ha moshemane enoa Jesu a le lilemo li hlano . . . , o ile a feta motseng, eaba moshemane e mong oa matha ’me o mo thula lehetleng. Jesu o ile a halefa eaba o re ho eena: ‘U ke ke ua tsoela pele tseleng ea hao,’ ’me kapele-pele ngoana eo o ile a oela fatše eaba oa shoa.” Ho bonolo ho hlokomela seo pale ena e leng sona—hore ke tšōmonyana ea boiqapelo. Ho feta moo, ngoana ea halefang le feela, ea sa nahaneleng ea bontšoang mona ha a tšoane le Jesu oa Bibeleng.—Bona phapang ho Luka 2:51, 52.
Joale nahana ka litlaleho tse tiileng tsa Kosepele. Ha li na pheteletso leha e le moelelo o itseng oa litšōmo. Jesu o ile a etsa mehlolo e le ha a arabela litlhokong tsa sebele, eseng ho khotsofatsa taba ea ho halefa le feela. (Mareka 10:46-52) Le ka mohla Jesu ha aa ka a sebelisa matla a hae bakeng sa ho ithuisa molemo. (Mattheu 4:2-4) ’Me le ka mohla ha aa ka a a sebelisa ho etsa mponeng. Ha e le hantle, ha Morena Heroda ea bohele-hele a batla hore Jesu a mo etsetse “pontšo” ea mohlolo, “Jesu ha a ka a mo araba.”—Luka 23:8, 9.
Mehlolo ea Jesu e boetse e fapane ka ho hlakileng le mosebetsi oa litsebi tsa ho thetsa, maselamose, le ba folisang ka tumelo. Kamehla mesebetsi ea hae e matla e ne e tlotlisa Molimo. (Johanne 9:3; 11:1-4) Mehlolo ea hae e ne e se na mekhoa ea ho susumetsa maikutlo, lipolelo tsa boloi, le lipontšo tsa mponeng, ho qhekella le ho tšerehanya. Ha Jesu a ne a kopana le mokōpi oa sefofu ea bitsoang Bartimea ea ileng a hoeletsa ka ho re, “Rabboni, a nke ke boele ke bone,” Jesu o ile a re feela ho eena: “E-ea, tumelo ea hao e u pholositse. Sa bona hang.”—Mareka 10:46-52.
Litlaleho tsa Kosepele li bontša hore Jesu o ne a sa etse mesebetsi ea hae e matla ka thuso ea lintho tse itseng, ka ho etsa papali ea sethaleng e reriloeng ka ho khethehileng, kapa ka lintho tse khantšang ka ho qhekella. E ne e etsoa phatlalatsa, ’me hangata e le ka pel’a lipaki tse bonang ka mahlo tse ngata haholo. (Mareka 5:24-29; Luka 7:11-15) Ho fapana le boiteko bo etsoang ke batho ba folisang ka tumelo ba kajeno, le ka mohla boiteko ba hae ba ho folisa ha boa ka ba hlōleha hobane ho nahanoa hore motho ea itseng ea kulang ha a na tumelo. Mattheu 8:16 e re: “A folisa bohle ba seng monate.”
Setsebi Arthur Pierson, bukeng ea sona “Many Infallible Proofs:” The Evidences of Christianity, se re ka mehlolo ea Kreste: “Palo ea eona, phekolo eo a neng a e etsa kapele-pele le ka mokhoa o feletseng, le hore ho se ke ha e-ba le ho hlōleha leha ho le hong le boitekong ba ho tsosa bafu, li entse phapang e ke keng ea lekanngoa pakeng tsa mehlolo ena le limakatso tseo eseng ’nete tsa mehleng ena kapa tsa mehla leha e le efe e meng.”
Bopaki ba Lefatše
Pierson o boela o fana ka lebaka le leng le tšehetsang litlaleho tsa Kosepele ha a re: “Ha ho na ntho e tiisang mehlolo e ka mangolong e hlollang ho feta ho khutsa ha lira.” Baeta-pele ba Bajode ba ne ba e-na le lebaka le matla haholo la ho batla ho nyelisa Jesu, empa mehlolo ea hae e ne e tsebahala haholo hoo bahanyetsi ba sa kang ba iteta sebete sa ho e latola. Sohle seo ba neng ba ka khona ho se etsa e ne e le ho amahanya mesebetsi e joalo le matla a bodemona. (Mattheu 12:22-24) Lilemo tse makholo ka mor’a lefu la Jesu, bangoli ba Talmud ea Sejode ba ile ba tsoela pele ho tlotla Jesu ka matla a ho etsa mehlolo. Ho ea ka buka Jewish Expressions on Jesus, ba ile ba mo lahla ka ho re ke motho “ea latetseng mekhoa ea boloi.” Na polelo e joalo e ka be e entsoe haeba e ne e le ntho e ka etsahalang leha e le hanyenyane feela ho lahla mehlolo ea Jesu ka ho re ke tšōmo feela tjee?
Bopaki bo eketsehileng bo hlaha ho Eusebius, rahistori oa kereke oa lekholong la bone la lilemo. Bukeng ea hae The History of the Church From Christ to Constantine, o qotsa taba e itseng ea Quadratus ea ileng a romela lengolo ho ’musisi a sireletsa Bokreste. Quadratus o ile a ngola: “Kamehla mesebetsi ea ’Moloki oa rōna e ne e bonoa, hobane e ne e le ’nete—batho ba neng ba phekotsoe le ba ileng ba tsosoa bafung, eseng feela ba bonoeng ka nakoana ha ba ne ba phekoloa kapa ba tsosoa, empa kamehla ba ne ba le teng hore ba ka bonoa, eseng feela ha ’Moloki a ne a ntse a le teng har’a rōna, empa ka nako e telele ka mor’a ho tsamaea ha Hae; ha e le hantle ba bang ba bona ba ile ba phela ho fihlela mehleng ea ka ka bonna.” Setsebi William Barclay se ile sa hlokomela: “Quadratus o bolela hore ho fihlela mehleng ea hae ka boeena batho bao mehlolo e neng e entsoe ho bona ha e le hantle ba ne ba ka hlahisoa. Haeba seo e ne e se ’nete, ha ho ntho e neng e ka ba bobebe ho feta hore ’muso oa Baroma o bolele hore seo ke leshano.”
Ho lumela mehlolong ea Jesu ke ntho e utloahalang, e nang le kelello, le e tumellanong le bopaki ka ho feletseng. Leha ho le joalo, mehlolo ea Jesu hase histori e se nang thuso. Ba-Heberu 13:8 ea re hopotsa: “Jesu Kreste e ne e le eena maobane, e sa le eena le kajeno, ’me e tla ’ne e be eena ka ho sa feleng.” E, kajeno oa phela maholimong, o khona ho sebelisa matla a ho etsa mehlolo ka tsela e khōloanyane ho feta eo a entseng ka eona ha a ntse a le lefatšeng ha e sa le motho. Ho feta moo, litlaleho tsa Kosepele tsa mehlolo ea hae (1) li ruta Bakreste lithuto tse molemo kajeno, (2) li senola litšobotsi tse hlollang tsa botho ba Jesu, le (3) ho supa nakong e tlang e haufinyane ha liketsahalo tse bileng li babatsehang le ho feta li tla etsahala!
Sehlooho se latelang se tla lebisa tlhokomelo litlalehong tse tharo tsa Bibele tse tsebahalang haholo ho hlakisa lintlha tsena.