U ka Ntlafatsa Lithapelo Tsa Hao Joang?
THAPELO ea ikhetha har’a litokisetso tse lerato tsa Jehova Molimo. Bahanyetsi ba ka ’na ba u amoha Bibele ea hao kapa ba u thibela ho kopana le barapeli-’moho le uena, empa ha ho na motho ea ka u amohang thapelo. Thapelo ke ea bohlokoa ka ho fetisisa. Kahoo, ke habohlokoa hakaakang hore motho ka mong ho rōna a baballe tokelo ena le ho rua molemo ho eona ka ho feletseng. Ke eng se ka u thusang ho ntlafatsa lithapelo tsa hao?
Bibele hase buka ea lithapelo. Leha ho le joalo, e ka hlalosoa e le buka e khōlō ka ho fetisisa ea moloko oa batho ea ho ithuta thapelo. Mangolo a Seheberu feela a na le lithapelo tse fetang 150. Tse ling li khutšoaane; tse ling li telele. Li ne li etsoa phatlalatsa kapa lekunutung, ke marena kapa ke batlamuoa, ha ba hlōtse kapa ha ba le matšoenyehong. Joalokaha Davida a ile a bina ho Pesaleme ea 65:2, “batho bohle” ba retelehela ho Jehova, “Ea Utloang merapelo.” Ke hobane’ng ha Molimo a ile a susumetsa bangoli ba Bibele ho tlaleha lithapelo tse pharaletseng joalo tseo ho ka khethoang ho tsona?
Ho araba potso eo, nahana ka 2 Timothea 3:16. (NW) E re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo.” Kahoo, lithapelo tse ka Bibeleng li teng bakeng sa ho re tataisa, joalokaha boprofeta, melao-motheo, le histori ea Mangolo li le teng bakeng sa ho re tataisa. Lithapelo tsee li ka re tsoela molemo joang?
Ka ho hlahlobisisa lithapelo tse ka Mangolong, re ka khona ho khetholla tse entsoeng maemong a tšoanang le a rōna. Re ka ithuta kamoo lithapelo li fapanang kateng ka morero le ka mokhoa. Ho feta moo, re tla fumana lipolelo tse ncha tsa thoriso le tsa teboho ’me re tla fumana mantsoe a macha bakeng sa likōpo tsa rōna tse matla le tse tiileng. Ka bokhutšoanyane, lithapelo tse ka Bibeleng li ka re thusa ho ntlafatsa lithapelo tsa rōna.
Maria, ea ileng a fetoha ’mè oa Jesu, e ne e le motho eo ka ho totobetseng a neng a ruile molemo lipolelong tse neng li sebelisitsoe thapelong e tlalehiloeng Bibeleng. O ile a etela mong ka eena Elizabetha ka mor’a hore ka bobeli ba bona ba emole bara ka thuso ea Molimo. Maria o ile a rorisa Molimo le ho mo leboha, ’me a mang a mantsoe a hae a tšoana ka ho hlollang le a fuperoeng ke thapelo e Mangolong a Seheberu. Ho bonahala eka Maria o ne a tloaelane le thapelo e ileng ea etsoa ke Anna, ’mè oa moprofeta Samuele. Anna le eena o ne a ile a emola mora ka thuso ea Molimo, lilemong tse fetang 1 000 pejana. Na ho ka etsahala hore ebe Maria o ile a thuisa ka thapelo ee hobane e ne e bonahatsa maikutlo a hae ka boeena?—1 Samuele 2:1-10; Luka 1:46-55.
Ho thoe’ng ka uena? Na u ka hopola thapelo e ka Bibeleng e ileng ea etsoa tlas’a maemo a tšoanang le a hao? Ho fumana lithapelo tse joalo, ho li bala, le ho thuisa ka tsona ho tla u thusa ho ntlafatsa puisano ea hao le Molimo. Sehloohong se latelang, re u memela hore u hlahlobe lithapelo tse tharo Mangolong a Halalelang. Li ile tsa etsoa tlas’a maemo a fapaneng, mohlomong e le a tšoanang le a hao.