Melemo ea ho Tšaba Molimo oa ’Nete
“’Na Jehova, Molimo oa hao, ke u ruta se u tšoanelang, ke u tsamaisa ka tsela eo u tšoanetseng ho tsamaea ka eona.”—ESAIA 48:17.
1. Ho ka be ho ile ha qojoa litlokotsi life ka tšabo ea bomolimo?
HAEBA Adama a ne a ile a hlaolela tšabo ea bomolimo, e ka be e ile ea mo thiba sebeng se ileng sa mo isa lefung la ka ho sa feleng le likete tsa lilemo tsa mahlomola ho bana ba hae. Hoja sechaba sa boholo-holo sa Iseraele se ne se ile sa mamela keletso ea Jehova ea ho mo tšaba le ho mo rata, sechaba seo se ka be se sa ka sa isoa botlamuoeng Babylona, leha e le hore se ka be se hanne Mora oa Molimo ’me sa e-ba molato oa ho tšolla mali a hae. Haeba kajeno lefatše le ne le ile la tšaba Molimo, ho ka be ho se na tšenyeho mebusong kapa khoebong, ho se tlōlo ea molao, ho se ntoa.—Liproverbia 3:7.
2. Ho sa tsotellehe maemo a lefatšeng le re pota-potileng, ke hobane’ng ha re lokela ho hlaolela ho tšaba Jehova?
2 Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na lefatše le re potolohileng le etsa eng, rōna re le batho ka bomong, re le malapa, hape re le liphutheho tsa bahlanka ba Jehova re ka rua molemo ka ho hlaolela ho tšaba Molimo oa ’nete. Sena se tumellanong le khopotso eo Moshe a ileng a e fa sechaba sa Iseraele: “Jehova, Molimo oa hao, o batla’ng ho uena, ha e se hore u tšabe Jehova, Molimo oa hao, u tsamaee tseleng tsa hae tsohle, u mo rate, ’me u sebeletse Jehova, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, u boloke litaelo tsa Jehova, . . . hore u be u iketle?” (Deuteronoma 10:12, 13) E meng ea melemo e re tlelang ke efe ha re tšaba Jehova, Molimo oa ’nete?
Bohlale—Bo Bohlokoa ho Feta Khauta
3. (a) Ke molemo ofe o ka sehloohong oo re ka o fumanang? (b) Ke eng se boleloang ke Pesaleme ea 111:10?
3 Molemo o ka sehloohong ke bohlale ba ’nete. Pesaleme ea 111:10 e re: “Qalo ea bohlale ke ho tšaba Jehova.” Hoo ho bolela eng? Bohlale ke ho khona ho sebelisa tsebo ka katleho ho rarolla mathata, ho thibela kotsi, le ho finyella lipakane tse itseng. Bo akarelletsa kahlolo e molemo. Qalo, karolo ea pele, motheo oa bohlale bo joalo, ke ho tšaba Jehova. Hobane’ng? Hobane pōpo eohle ke mosebetsi oa matsoho a hae. E itšetlehile ka eena. O file moloko oa batho boikhethelo empa eseng hore ba khone ho itsamaisetsa mehato ea bona ka katleho ka ntle ho tataiso ea hae. (Joshua 24:15; Jeremia 10:23) Ke feela haeba re ananela linnete tseo tsa motheo ka bophelo le ho phela tumellanong le tsona re ka bang le katleho e sa feleng. Haeba ho tseba ha rōna Jehova ho re fa kholiseho e sa thekeseleng ea hore thato ea Molimo e tiile hore e atlehe le hore tšepiso ea hae le matla a hae a ho putsa botšepehi ke tsa ’nete, joale tšabo ea bomolimo e tla re susumelletsa ho nka bohato ka bohlale.—Liproverbia 3:21-26; Ba-Heberu 11:6.
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha thuto ea univesithi ea mohlankana e mong e ile ea mo siea a se na bohlale ba ’nete? (b) Monna eo le mosali oa hae hamorao ba ile ba fumana bohlale ba sebele joang, ’me see se ile sa fetola bophelo ba bona ka tsela efe?
4 Nahana ka mohlala ona. Lilemong tse fetileng, mohlankana e mong o ne a kena Univesithing ea Saskatchewan, Canada. Lenaneo la thuto le ne le akarelletsa baeloji, ’me o ile a rutoa thuto ea ho iphetola ha lintho. Ka mor’a ho qeta lithuto tsa hae, o ile a nkela atomic physics ka ho khethehileng ’me o ile a fumana lihlapiso tsa ho ntšetsa lithuto tsa hae pele Univesithing ea Toronto. Ha a ntse a ithuta o ile a bona bopaki bo babatsehang ba tlhophiso le boqapi libōpehong tsa athomo. Empa ha ho likarabo tse ileng tsa fanoa lipotsong tsena: Ke mang ea li qapileng kaofela? Neng? Hona hobane’ng? Ka ntle ho likarabo tseo, na o ne a ka khona ho sebelisa tsebo ea hae ka bohlale lefatšeng le neng le le ntoeng ka nako eo? O ne a tla tataisoa ke eng? Bochaba? Takatso ea meputso ea lintho tse bonahalang? Ka sebele, na o ne a fumane bohlale ba ’nete?
5 Nakoana ka mor’a hore a qete lithuto tsa hae, mohlankana eo le mosali oa hae ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ka Lentsoeng la Molimo ka bolona, ba ile ba qala ho fumana likarabo tseo ba ’nileng ba hlōleha ho li fumana pele. Ba ile ba tseba ’Mōpi, Jehova Molimo. Ha ba ntse ba ithuta ka Moshe Leoatleng le Lefubelu, le ka Daniele le metsoalle ea hae Babylona, ba ile ba ithuta bohlokoa ba ho tšaba Molimo eseng batho. (Exoda 14:10-31; Daniele 3:8-30) Tšabo e joalo ea bomolimo e tsamaisanang le lerato la ’nete ho Jehova e ile ea qala ho ba susumetsa. Kapele-pele tsela eohle ea bophelo ba bona e ile ea fetoha. Qetellong mohlankana enoa o ile a tseba Eo a ’nileng a ithuta ka mosebetsi oa hae o tsoileng matsoho baelojing. O ile a qala ho utloisisa morero oa Eo bohlale ba hae bo bonahetseng ho ithuteng ha hae physics. Ho e-na le ho sebelisa tsebo ea hae ho etsa lisebelisoa tse neng li tla timetsa batho-’moho le eena, eena hammoho le mosali oa hae, ba ile ba batla ho thusa ba bang ho rata Molimo le ho rata batho-’moho le bona. Ba ile ba kenela tšebeletso ea nako e tletseng e le baboleli ba ’Muso oa Molimo. Hamorao ba ile ba ea Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower ’me ba ile ba rongoa joaloka baromuoa.
6. Haeba re e-na le bohlale bo thehiloeng tšabong ea Jehova, re tla qoba lipakane life tsa nakoana, ’me ho e-na le hoo re tla etsa eng?
6 Koana, hase e mong le e mong eo e ka bang moromuoa. Empa kaofela re ka thabela bohlale bo thehiloeng tšabong ea Jehova. Haeba re hlaolela bohlale boo, re ke ke ra laba-labela ho amohela lifilosofi tsa batho bao ha e le hantle ba nahanelang feela seo bophelo bo leng sona. Re tla ikitlaelletsa ho ithuta Bibele, e bululetsoeng ke Mohloli oa bophelo, Jehova Molimo, eena ea ka re fang bophelo bo sa feleng. (Pesaleme ea 36:9; Ba-Kolosse 2:8) Ho e-na le ho ba makhoba a tsamaiso ea khoebo eo ka boeona e therekellang tšenyehong, re tla mamela keletso ea Jehova ea hore re khotsofale ha re e-na le lijo le liaparo, ha re ntse re etsa hore kamano ea rōna le Molimo e be ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong. (1 Timothea 6:8-12) Ho e-na le ho itšoara joaloka hoja bokamoso ba rōna bo itšetlehile ka ho fumana boiketlo lefatšeng lena, re tla lumela Lentsoe la Jehova ha le re bolella hore lefatše lena hammoho le takatso ea lona lia feta, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.—1 Johanne 2:17.
7. (a) Liproverbia 16:16 e re thusa joang hore re be le kutloisiso e leka-lekaneng ea lintho tsa bohlokoa? (b) Ke meputso efe e hlahisoang ke ho etsa thato ea Molimo ntho ea bohlokoa bophelong ba rōna?
7 Liproverbia 16:16 e re khothatsa ka ho bolela kannete hore: “Ho rua bohlale [bohlale bo qalang ka ho tšaba Jehova] ho fetisa ho rua khauta e hloekileng hakakang! le ho rua masene ho feta ho rua silefera hakakang!” Bohlale bo joalo le kutloisiso li tla re susumelletsa hore re etse ho etsa thato ea Molimo ntho ea bohlokoa bophelong ba rōna. Hona ke mosebetsi ofe oo Molimo a o tšepetseng Lipaki tsa hae bakeng sa nako ee historing ea batho? Ho bolela ka ’Muso oa hae le ho thusa ba pelo li tšepahalang hore e be barutuoa ba ’nete ba Jesu Kreste. (Mattheu 24:14; 28:19, 20) Ona ke mosebetsi o kotulisang meputso ea khotsofalo ea ’nete le thabo e khōlō. Joale, ka lebaka le letle, Bibele e re: “Ho lehlohonolo motho ea fumaneng bohlale.”—Liproverbia 3:13.
Ho Itšireletsa Khahlanong le ho Etsa Phoso
8. (a) Bolela molemo oa bobeli o hlahisoang ke ho tšaba Molimo. (b) Re sirelelitsoe khahlanong le bobe bofe? (c) Tšabo ea bomolimo e fetoha matla a susumetsang joang?
8 Molemo oa bobeli oa ho tšaba Molimo ke hore re sireletsoa ho etseng bobe. Ba hlomphang Molimo ka ho teba ha ba iketsetse liqeto ka hore na se setle le se sebe ke sefe. Ha ba talime seo Molimo a reng se setle se le sebe, leha e le hore ba nka lintho tseo Molimo a reng li mpe e le tse ntle. (Pesaleme ea 37:1, 27; Esaia 5:20, 21) Ho feta moo, motho ea susumetsoang ke tšabo ea bomolimo ha a nahane ho lekane hore feela a tsebe seo Jehova a bolelang hore se setle le seo a bolelang hore se sebe. Motho ea joalo o rata seo Jehova a se ratang ’me o hloile seo Jehova a se hloileng. Ka lebaka leo, o nka bohato tumellanong le litekanyetso tsa Molimo. Ka hona, joalokaha ho boletsoe ho Liproverbia 16:6, ‘ka ho tšaba Jehova motho o phema bobe.’ Tšabo e joalo ea bomolimo e ba tšusumetso e matla ea ho finyella seo motho a ke keng a khona ho se finyella ka matla a hae.
9. Takatso e matla ea ho se rate ho etsa ntho e sa thabiseng Molimo e ile ea susumetsa qeto ea mosali e mong oa Mexico joang, hona e le ka phello efe?
9 Esita le haeba tšabo ea bomolimo e qala ho ba teng ho motho, e ka mo tiisa ho qoba ho etsa ntho e itseng eo a tla ikoahlaela eona bophelo bohle ba hae. Ka mohlala, mosali e mong oa moimana oa Mexico o ile a botsa e mong oa Lipaki tsa Jehova ka ho ntša mpa. Paki e ile ea balla mosali enoa mangolo a ’maloa eaba e mo behela mabaka tjena: “Bophelo ke ba bohlokoa ka ho fetisisa ho ’Mōpi, esita le bophelo ba ba e-song ho tsoaloe.” (Exoda 21:22, 23; Pesaleme ea 139:12-16) Litlhahlobo tsa tleliniki li ne li fane ka maikutlo a hore mohlomong lesea la hae le tla hlaha le holofetse. Empa joale, a susumelitsoe ke seo a se boneng Lentsoeng la Molimo, mosali eo o ile a etsa qeto ea ho ba le ngoana. Ngaka ea hae e ile ea hana ho ’mona hape, ’me le monna oa hae a mo tšosa ka ho mo hlala, empa o ne a tiile. Qetellong, o ile a beleha ngoanana—ea sa holofalang, ea phetseng hantle le e motle. A susumelitsoe ke teboho, o ile a batla Lipaki, ’me tsa qala ho ithuta Lentsoe la Molimo le eena. Nakong e ka etsang selemo, eena le monna oa hae ba ile ba kolobetsoa. Lilemo tse seng kae hamorao, kopanong ea setereke, ba ile ba thabela ho kopana le Paki e ileng ea buisana le eena ka lekhetlo la pele, ’me ba ile ba e tsebisa moralinyana oa bona ea ratehang ea lilemo li ’nè. Tlhompho e loketseng bakeng sa Molimo le takatso e matla ea ho se batle ho etsa se sa mo thabiseng, ka sebele e ka ba tšusumetso e matla bophelong ba motho.
10. Tšabo ea bomolimo e ka matlafatsa batho hore ba itokolle mekhoeng efe ea ho etsa liphoso?
10 Tšabo ea bomolimo e re sireletsa khahlanong le liphoso tse ngata. (2 Ba-Korinthe 7:1) Ha e hlaoleloa ka ho loketseng, e ka thusa motho ho khaotsa libe tsa sephiring, tse tsejoang ke eena le Jehova feela. E ka mo thusa hore a itokolle bokhobeng ba tšebeliso e mpe ea joala kapa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. Eo e kileng ea e-ba lekhoba la lithethefatsi Afrika Boroa o ile a hlalosa: “Ha ke ntse ke fumana tsebo ka Molimo, ke ile ka boela ka hōlisa tšabo ea ho mo khopisa kapa ho etsa se sa mo thabiseng. Ke ne ke tseba hore o ntse a talimme, ’me ke ne ke laba-labela hore ke amohelehe mahlong a hae. Hona ho ile ha ntšusumelletsa ho senya lithethefatsi tseo ke neng ke e-na le tsona ka ho li akhela ka ntloaneng.” Tšabo ea bomolimo e thusitse ba bang ba likete ka litsela tse tšoanang.—Liproverbia 5:21; 15:3.
Tšireletso Khahlanong le ho Thothomella Batho
11. Tšabo e ntle ea Jehova e ka re sireletsa khahlanong le leraba lefe le tloaelehileng?
11 Ho tšaba Molimo ka tsela e ntle ho ka boetse ha re sireletsa khahlanong le ho tšaba motho. Batho ba bangata ba sotloa ke ho tšaba motho ka tekanyo e khōlō kapa e nyenyane. Esita le baapostola ba Jesu Kreste ba ile ba mo lahla kherehloa ’me ba baleha ha a ne a tšoaroa ke masole serapeng sa Gethsemane. Hamorao, lebaleng la moprista ea phahameng, a hlokisitsoe botsitso ’me a le litleneng tsa tšabo, Petrose o ile a latola hore e ne e le e mong oa barutuoa ba Jesu le hore o ne a mo tseba. (Mareka 14:48-50, 66-72; Johanne 18:15-27) Empa baapostola ba ile ba thusoa ho iphumana hape moeeng. Ka lehlakoreng le leng, mehleng ea Morena Jojakime, Uria mor’a Shemaia o ile a hlōloa ke tšabo hoo a ileng a lahla tšebeletso ea hae kherehloa e le moprofeta oa Jehova ’me a baleha naheng eo, ’me leha ho le joalo o ile a tšoaroa ’me a bolaoa.—Jeremia 26:20-23.
12. (a) Liproverbia 29:25 e supa tšireletsong efe khahlanong le ho tšaba motho? (b) Ho tšepa Molimo ho hōlisoa joang?
12 Ke eng e ka thusang motho hore a hlōle ho tšaba motho? Ka mor’a hore e lemose hore “ho tšaba batho ho isa sefing,” Liproverbia 29:25 ea phaella: “Ea tšepang Jehova o beiloe phahameng.” Ho tšepa Jehova ke sona senotlolo. Tšepo e joalo e theiloe tsebong le phihlelong. Ka ho ithuta Lentsoe la hae, re bona bopaki ba ho nepahala ha litsela tsa Jehova. Re tloaelana le liketsahalo tse bontšang botšepehi ba hae, ho tiea ha litšepiso tsa hae (ho akarelletsa le ea tsoho), lerato la hae le matla ’ohle a hae. Joale ha re nka bohato tumellanong le tsebo eo, re etsa lintho tseo Jehova a li laelang ’me ka tieo re qhela seo a lemosang khahlanong le sona, re qala ho utloa tlhokomelo ea hae e lerato ka ho toba le ho tšepahala ha hae. Ka borōna re bona bopaki ba hore matla a hae aa sebetsa ho finyella thato ea hae. Ho mo tšepa ha rōna hoa hōla, hammoho le lerato la rōna ho eena le takatso ea rōna e tiileng ea ho qoba ho etsa se sa mo thabiseng. Tšepo e joalo e hahiloe motheong o tiileng. E sebeletsa e le tšehetso e matla khahlanong le ho tšaba motho.
13. Tšabo ea bomolimo e ka re thusa joang mosebetsing oa rōna oa boipheliso, lapeng, le sekolong?
13 Ho tšepa ha rōna Jehova, ho tsamaea le tšabo ea bomolimo, ho tla re tiisa bakeng sa se nepahetseng haeba mohiri a re sokela ka ho lahleheloa ke mosebetsi ka lebaka la ho hana ho kopanela mekhoeng e sa tšepahaleng ea khoebo. (Bapisa le Mikea 6:11, 12.) Tšabo e joalo ea bomolimo e nolofalletsa likete tse ngata tsa Bakreste hore li tiisetse borapeling ba ’nete ha li tobane le khanyetso e tsoang ho litho tsa lelapa tse sa lumelang. E boetse e fa bacha ba kenang sekolo sebete sa ho itsebahatsa e le Lipaki tsa Jehova, ’me e-ea ba matlafatsa hore ba sebetsane le ho tšehoa ke bao ba kenang le bona tlelaseng ba somang litekanyetso tsa Bibele. Ka hona, mocha e mong oa Paki o ile a re: “Seo ba se nahanang ka sebele hase sa bohlokoa. Seo Jehova a se nahanang ke sona sa bohlokoa.”
14. Bahlanka ba Jehova ba khona ho hlōla joang esita leha bophelo ba bona bo sokeloa?
14 Eona kholiseho eo e matlafatsa Bakreste ba ’nete hore ba tšoarelle ka tieo litseleng tsa Jehova esita leha bophelo ba bona bo sokeloa. Baa tseba hore ba tlameha ho lebella ho hlorisoa lefatšeng. Baa hlokomela hore baapostola ba ile ba shapuoa le hore Jesu Kreste ka boeena o ile a otloa le ho bolaoa ke batho ba khopo. (Mareka 14:65; 15:15-39; Liketso 5:40; bapisa le Daniele 3:16-18.) Empa bahlanka ba Jehova ba na le tšepo e tletseng ea hore a ka ba matlafatsa hore ba mamelle; hore ka thuso ea Molimo ba ka hlōla; hore ntle ho pelaelo Jehova o tla putsa ba tšepahalang—haeba ho hlokahala esita le ka ho tsohela bophelong lefatšeng la hae le lecha. Lerato la bona ho Molimo le e-na le tšabo ea bomolimo ka matla li ba susumelletsa ho qoba ho etsa ntho leha e le efe e tla etsa hore a se ke a thaba.
15. Lipaki tsa Jehova li ile tsa nolofalletsoa ke eng ho boloka botšepehi ba tsona likampong tsa mahloriso tsa Nazi?
15 Tšusumetso ena e ile ea nolofalletsa Lipaki tsa Jehova ho mamella lintho tse tšabehang tsa likampo tsa mahloriso tsa Nazi ka bo-1930 le ka bo-1940. Ba ile ba nka keletso ea Jesu e fumanoang ho Luka 12:4, 5 ka ho teba: “Ke re ho lōna le leng metsoalle ea ka: Le se ke la tšaba ba bolaeang ’mele, ’me kamorao ha ba na ho hong hoo ba ka ho etsang. Empa ke tla le lekanyetsa eo le tšoanetseng ho mo tšaba; tšabang eo, ereng hobane a bolaee ’mele, a nang le matla a ho lihela motho liheleng. E, ke re ho lōna: Eo le mo tšabe.” Ka hona, Gustav Auschner, Paki e neng e le kampong ea mahloriso ea Sachsenhausen, hamorao o ile a ngola: ‘Ma-SS a ile a thunya August Dickmann ’me a re sokela ka hore a tla re thunya kaofela haeba re sa saene pampiri re latola tumelo ea rōna. Ha ho ea ileng a e saena. Re ne re e-na le tšabo ea ho etsa ntho e sa thabiseng Jehova ho feta ho tšaba likulo tsa bona.’ Ho tšaba motho ho isa ho sekisetseng, empa ho tšaba Molimo ho etsa hore motho a emele se nepahetseng ka tieo.
Ho Boloka Bophelo
16. Noe o ile a nolofalletsoa ke eng ho boloka tsela e nepahetseng ho theosa le lilemo ho fihlela Moroallong, hona phello e bile efe ho eena le ba ntlo ea hae?
16 Noe o ile a feta a phela mehleng ea qetello ea lefatše la pele ho Moroallo. Jehova o ne a ikemiselitse ho timetsa lefatše le khopo la nako eo ka lebaka la bobe ba motho. Leha ho le joalo, khabareng, Noe o ne a le lefatšeng leo le neng le tletse pefo, boitšoaro bo bobe ka ho fetisisa, le ho iphapanyetsa thato ea bomolimo. Ho sa tsotellehe ho bolela ha Noe ka ho loka, “ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, ’me ba nkoa bohle ke oona.” (Mattheu 24:39) Leha ho le joalo Noe ha aa ka a faposoa mosebetsing oo Molimo a neng a o behile ka pel’a hae. A “etsa kahohle kamoo Molimo o mo laetseng kateng, a fela a etsa joalo.” (Genese 6:22) Ke eng se ileng sa boloka Noe a le tseleng e nepahetseng ho theosa le lilemo ho fihlela Moroallong? Ba-Heberu 11:7 e-ea arabela: ‘Ka tumelo, Noe, eitse hobane a tsebisoe ke Molimo tse e-song ho bonahale, o kile a tšaba Molimo.’ Ka lebaka leo, eena le mosali oa hae le bara ba hae le basali ba bona ba ile ba bolokoa Moroallong.
17. (a) Ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba etsa eng, re lokela ho etsa eng? (b) Ke hobane’ng ha ba tšabang Jehova e le batho ba thabileng e le kannete?
17 Ka litsela tse ngata re phela nakong e tšoanang le ea mehla ea Noe. (Luka 17:26, 27) Ho boetse ho fanoa ka temoso. Tšenolo 14:6, 7 e bua ka lengeloi le fofang bohareng ba leholimo le khothalletsa batho ba lichaba tsohle, merabe le lipuo ‘hore ba tšabe Molimo ’me ba ise khanya ho oona.’ Ho sa tsotellehe hore na lefatše le u pota-potileng le etsa eng, ela hloko mantsoe ao, ebe joale u atolosetsa memo ena ho ba bang. Joaloka Noe, nka bohato ka tumelo ’me u bontše tšabo ea bomolimo. Ho etsa joalo ho ka etsa hore u boloke bophelo ba hao le bophelo ba ba bang ba bangata. Ha re ntse re thuisa ka melemo e thabeloang ke ba tšabang Molimo oa ’nete, re ka lumellana le mopesaleme ea bululetsoeng ea ileng a bina: “Ho lehlohonolo motho ea tšabang Jehova, ea ithabelang litaelong tsa hae haholo.”—Pesaleme ea 112:1.
U ne U Tla Arabela Joang?
◻ E meng ea melemo e ikhethang ea ho tšaba Molimo oa ’nete ke efe?
◻ Bohlale bo thehiloeng tšabong ea bomolimo bo ka re sireletsa joang?
◻ Ke hobane’ng ha tšabo ea bomolimo e re etsa hore re furalle bobe?
◻ Tšabo ea bomolimo e re sireletsa joang khahlanong le ho tšaba motho?
◻ Tšabo ea bomolimo e amana joang le litebello tsa rōna tsa bophelo ba nako e tlang?
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
“Ho lehlohonolo motho ea tšabang Jehova, ea ithabelang litaelong tsa hae haholo.”—Pesaleme ea 112:1