Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 5/1 maq. 3-4
  • Mafutsana a Tla Tlameha ho Leta Halelele Hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mafutsana a Tla Tlameha ho Leta Halelele Hakae?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mafutsana a na le Menyetla Efe?
  • Haufinyane, Ha ho ea Tla Futsaneha!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Batšoaruoa ba Bofutsana
    Tsoha!—1998
  • Latela Mohlala oa Jesu ’me U Amehe ka Mafutsana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ho Fela ha Bofutsanea ho Atametse
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 5/1 maq. 3-4

Mafutsana a Tla Tlameha ho Leta Halelele Hakae?

“Haeba lefatše la khoebo e lokolohileng le sitoa ho thusa mafutsana a mangata, le ke ke la sireletsa ba seng bakae ba ruileng.”—John F. Kennedy.

“NKA rata hore bokamoso e be bo khanyang bakeng sa e mong le e mong—ho se bofutsana, ho se motho ea hlokang lehae, e be paradeise!” Ho buile joalo moshemane ea lilemo li 12 oa São Paulo, Brazil. Empa na ho ka etsahala ho felisa bofutsana? Mafutsana a tla tlameha ho leta halelele hakae?

Ba bang ba inka ba futsanehile hobane ba sitoa ho reka lintho tseo ba li batlang. Leha ho le joalo, nahana ka maqakabetsi a bao kannete-nete ba hlasetsoeng ke bofutsana. Na u ka nahana ka bothata bo fetisisang le ho hloka thabo ha batho ba joalo? Ba bang ba tlameha ho qothisana lehlokoa le linonyana hammoho le likhoto ha ba phenyekolla meqomong ea lithōle ho batla lijo! Bofutsana bo joalo bo tla utloisa moloko oa batho bohloko halelele hakae? Boipiletso ba Federico Mayor, motsamaisi-kakaretso oa UNESCO (Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Thuto, Saense, le Setso) ke bo loketseng: “Ha re lahleng mamello eo e belaetsang e re lumellang ho tiisetsa lintho tse ke keng tsa mamelloa—bofutsana, tlala le mahlomola a batho ba limilione.”

Na toro ea boiketlo ba lefatše lohle e tla phethahala? Mafutsana a na le tšepo efe?

Mafutsana a na le Menyetla Efe?

Baeta-pele ba nang le maikutlo a matle ba rera mesebetsi e eketsehileng, meputso e metle, mananeo a ntlafetseng a ho sireletsa sechaba, le ho ajoa ha mobu ka ho leka-lekana. Ba ka ’na ba lumellana le eo e kileng ea e-ba mopresidente oa United States John F. Kennedy: “Haeba lefatše la khoebo e lokolohileng le sitoa ho thusa mafutsana a mangata, le ke ke la sireletsa ba seng bakae ba ruileng.” Leha ho le joalo, merero e metle ha ea lekana bakeng sa ho felisa bofutsana. Ka mohlala, na khōlo e bang teng moruong e tla thusa mafutsana ka kakaretso? Eseng hakaalo. Moeta-pele oa mehleng oa India Jawaharlal Nehru o itse: “Tšusumetso ea lefatše la khoebo e lokolohileng, haeba e sa hlokomeloe, e sekamela ho ruisa barui haholoanyane le ho futsanehisa mafutsana haholoanyane.” Leha ho le joalo, ntle ho mathata le ho amohuoa menyetla, boikutlo ba ho hloka thuso bo eketsa moroalo oa mafutsana. Na baeta-pele ba batho ba ka thusa mafutsana ho hlōla boikutlo ba ho hloka thuso le ho felloa ke tšepo?

Ha e le hantle, ba bangata ba futsanehileng ka ho hlokisang tšepo ba ithutile ho sebetsana ka katleho le bofutsana le ho hlōla maikutlo a ho ikhella fatše ha ba na le mathata a maholo, a kang ho phahama ho hoholo ha theko ea lintho le ho hloka mosebetsi. Ho feta moo, tlala ea sekoboto, ho hloka lehae, le mesarelo, joang kapa joang li tla felisoa ka ho feletseng. Na see sea u makatsa? Re u mema hore u bale sehlooho se latelang: “Haufinyane, Ha ho ea Tla Futsaneha!”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela