Na Lehloeo le sa Tla Fela?
HAEBA u kile ua shebella khaso ea litaba thelevisheneng esita le hanyenyane feela, u tloaelane le lehloeo. Lehloeo ke tšobotsi e tloaelehileng eo e leng motheo oa lipolao tse sehlōhō tse bonahalang li siea mophula oa tsona oa mali hoo e ka bang letsatsi le letsatsi lefatšeng lena. Ho tloha Belfast ho ea Bosnia, ho tloha Jerusalema ho ea Johannesburg, bafeta-ka-tsela ba malimabe baa bolaoa.
Hangata bahlaseluoa bana ha ba tsejoe ke babolai ba bona. “Molato” oa bona feela ke hore mohlomong ke ba “lehlakore la bohanyetsi.” Puseletsanong ena ea lefu, mafu a joalo e ka ’na eaba ke boiphetetso bakeng sa ketso e sehlōhō ea nako e fetileng kapa mokhoa oa “tlhoekiso ea morabe.” Lekhetlo ka leng leo pefo e tsohang ka lona le susumetsa keketseho ea lehloeo pakeng tsa lihlopha tse tletseng bora.
Liketsahalo tsena tse ipheta-phetang le tse tšosang tsa lehloeo li bonahala li ntse li eketseha. Lehloeo pakeng tsa malapa le qhoma har’a meloko, merabe, le lihlopha tsa mofuta oa merabe kapa bolumeli. Na lehloeo le sa tla felisoa? Hore re arabe seo, ho hlokahala hore re utloisise sesosa sa lehloeo, kaha ha rea hlaha re e-na le tšekamelo ea ho hloea.
Ho Jala Lipeō Tsa Lehloeo
Zlata Filipovic, ngoananyana oa Bosnia oa Sarajevo, ha aa e-s’o ithute ho hloea. Bukeng ea hae ea ho ngola liketsahalo tsa letsatsi ka leng o ngola ka ho hlakileng ka pefo ea merabe: “Ke lula ke ipotsa hore na ke Hobane’ng? Bakeng sa’ng? Ke mang ea molato? Kea botsa empa ha ho karabo. . . . Har’a metsoalle ea ka ea banana, har’a metsoalle ea rōna, lelapeng labo rōna, ho na le Maserbia le Macroatia le Mamosleme. . . . Re etsa setsoalle le batho ba molemo, eseng ba babe. ’Me har’a bao ba molemo ho na le Maserbia le Macroatia le Mamosleme feela joalokaha ba ntse ba fumaneha le har’a ba babe.”
Ka lehlakoreng le leng, batho ba bangata ba hōlileng ba nahana ka tsela e fapaneng. Ba lumela hore ba na le mabaka a lekaneng a ho hloea. Hobane’ng?
Ho hloka toka. Mohlomong lisosa tse ka sehloohong bakeng sa lehloeo ke ho hloka toka le khatello. Joalokaha Bibele e bolela, “khatello e hlantša ea hlalefileng.” (Moeklesia 7:7, NW) Ha batho ba hlaseloa kapa ba hlokofatsoa, ho bonolo hore ba hōlise lehloeo ho ba ba hatellang. ’Me esita le hoja e le ntho e sa utloahaleng, kapa ‘bohlanya,’ hangata lehloeo le tobisoa ho sehlopha ka kakaretso.
Le hoja ho hloka toka, ha sebele kapa ho inahaneloang, e ka ’na ea e-ba sesosa se ka sehloohong sa lehloeo, hase hona feela hoo e leng sesosa. Ho hong ke leeme.
Leeme. Hangata leeme le bakoa ke ho hloka tsebo ka morabe kapa sechaba se itseng. Ka lebaka la taba ea bo-ba-re, lehloeo la khale haholo, kapa phihlelo e mpe eo motho a bileng le eona le motho a le mong kapa ba babeli, ba bang ba ka ’na ba neta morabe oo kaofela kapa sechaba ka litšobotsi tse mpe. Hang feela ha leeme le se le metse ka metso, le ka foufaletsa batho ’nete. Mongoli oa Lenyesemane Charles Caleb Colton o ile a hlokomela: “Re hloile batho ba bang hobane ha re ba tsebe; ’me re ke ke ra ba tseba hobane re ba hloile.”
Ka lehlakoreng le leng, bo-ralipolotiki le bo-rahistori ba ka ’na ba khothalletsa leeme ka boomo ka mabaka a lipolotiki kapa a bochaba. Hitler e ne e le mohlala o ka sehloohong. Georg, eo pele e neng e le setho sa mokhatlo oa Bacha oa Hitler, o re: “Likhopolo tsa Bonazi li ile tsa qala ka ho re ruta ho hloea Bajode, le Marussia, hammoho le ‘lira tsohle tsa Puso ea Bonazi.’ Joaloka mocha, ke ile ka lumela seo ke neng ke se boleletsoe. Hamorao, ke ile ka ithuta hore ke ne ke thetsitsoe.” Joaloka Jeremane ea Bonazi le libakeng tse ling, leeme la morabe kapa mofuta oa morabe le ’nile la lokafatsoa ka ho ipiletsa bochabeng, e leng mohloli o mong oa lehloeo.
Bochaba, bomorabe, le khethollo ea merabe. Rahistori Peter Gay bukeng ea hae ea The Cultivation of Hatred, o hlalosa se ileng sa etsahala ha ho ne ho qhoma ntoa ea pele ea lefatše: “Ntoeng ea lintho tse tšepahalloang bochaba bo ile ba ipaka e le bona bo matla ho feta lintho tse ling kaofela tse neng li tšepahalloa. Ho rata naha ea habo motho le ho hloea lira tsa eona ho ile ha ipaka e le boikemelo bo se nang mabaka bo matla ka ho fetisisa bakeng sa mabifi a hlahisitsoeng ke liketsahalo tsa lekholong la leshome le metso e robong la lilemo.” Maikutlo a bochaba a Jeremane a ile a tumisa pina ea ntoa e tsejoang e le “Hymn of Hate [Sefela sa Lehloeo].” Gay o hlalosa hore bahlohlelletsi ba lehloeo Brithani le Fora ba ile ba qapa lipale ka masole a Jeremane a betang basali le a fenethang masea. Siegfried Sassoon, lesole la Lenyesemane, o hlalosa ’moko-taba oa likhopolo tsa ntoa tsa Brithani ka ho re: “Ho bonahala eka motho, o ne a bōpetsoe hore a bolaee Majeremane.”
Joaloka bochaba, ho phahamisoa ho feteletseng ha sehlopha se seng sa morabe kapa mofuta oa morabe ho ka fehla lehloeo ho lihlopha tse ling tsa merabe kapa mefuta ea merabe. Bomorabe bo tsoela pele ho qholotsa pefo linaheng tse ngata tsa Afrika ha khethollo ea merabe e ntse e tsoela pele ho hlasela Europe Bophirimela le Amerika Leboea. Tšobotsi e ’ngoe e arolang e ka ’nang ea khema ’moho le bochaba ke bolumeli.
Bolumeli. Boholo ba likhohlano tse sa laoleheng ka ho fetisisa tsa lefatše li na le tšobotsi e matla ea bolumeli. Ireland Leboea, Bochabela bo Hare, le libakeng tse ling, batho ba hlouoe ka lebaka la bolumeli ba bona. Makholong a mabeli a lilemo a fetileng, mongoli oa Lenyesemane Jonathan Swift o ile a hlokomela: “Re na le tšusumetso ea bolumeli e lekaneng ho re etsa feela hore re hloee, empa e sa lekanang ho etsa hore re ratane.”
Ka 1933, Hitler o ile a tsebisa mobishopo oa Osnabrück: ‘Ha e le ka Bajode, ke mpa ke tsoela pele ka leano le tšoanang le leo Kereke e K’hatholike e le sebelisitseng ka lilemo tse 1 500.’ Le ka mohla lipolao tsa hae tse sehlōhō le tse tletseng lehloeo ha lia ka tsa nyatsuoa ke boholo ba baeta-pele ba kereke Jeremane. Paul Johnson bukeng ea hae ea A History of Christianity, o hlokomela hore “Kereke e ile ea khaola Mak’hatholike a ileng a bolela thatong ea ’ona ea mofu hore a lakatsa hore litopo tsa ’ona li chesoe, . . . empa ha e ea ka ea a thibela ho sebetsa likampong tsa mahloriso kapa tsa lefu.”
Baeta-pele ba bang ba bolumeli ba fetetse ka ’nģane ho ho lumella lehloeo—ba le halalelitse. Ka 1936, ha ho ne ho qhoma Ntoa ea Lehae Spain, Mopapa Pius XI o ile a nyatsa ‘lehloeo leo ka sebele e leng la bosatane ho Molimo’ la batšehetsi ba puso ea Rephabliki—esita le hoja ho ne ho e-na le baprista ba Mak’hatholike ka lehlakoreng la batšehetsi ba puso ea Rephabliki. Ka ho tšoanang, Mok’hadinale Gomá, moeta-pele nakong ea ntoa ea lehae Spain, o ile a bolela hore ‘boemo ba khotso bo ne bo ke ke ba e-ba teng ntle le ho loana.’
Ha ho pontšo ea hore lehloeo la bolumeli lea fokotseha. Ka 1992 makasine oa Human Rights Without Frontiers o ile oa nyatsa tsela eo ka eona bahlanka ba Kereke ea Orthodox ea Greece ba ileng ba hlohlelletsa lehloeo khahlanong le Lipaki tsa Jehova. Har’a mehlala e mengata, o ile oa qotsa taba ea moprista oa Orthodox ea Greece ea ileng a qosa Lipaki tse peli tse lilemo li 14. O ne a li qosetsa’ng? O ne a li qosetsa hore li ‘leka ho etsa hore a fetole bolumeli ba hae.’
Liphello Tsa Lehloeo
Lefatšeng ka bophara, lipeō tsa lehloeo li ntse li jaloa le ho nosetsoa ka ho hloka toka, leeme, bochaba, le bolumeli. Litholoana tse ke keng tsa qojoa ke khalefo, mabifi, ntoa, le thipitlo. Polelo ea Bibele ho 1 Johanne 3:15 e re thusa ho bona botebo ba sena: “E mong le e mong ea hloileng ngoan’abo ke ’molai.” Ka sebele, moo lehloeo le tlokomang, khotso—le haeba e le teng—e kotsing.
Elie Wiesel, ea ileng a hapa Khau ea Nobel ebile e le mophonyohi oa Polao e Sehlōhō, oa ngola: “Tšoanelo ea mophonyohi ke ho fana ka bopaki mabapi le se etsahetseng . . . U tlameha ho lemosa batho hore lintho tsena li ka etsahala, hore bokhopo bo ka tsoa taolong. Lehloeo la morabe, pefo, borapeli ba litšoantšo—li ntse li hōla haholo.” Histori ea lekholo la bo20 la lilemo e fana ka bopaki ba hore lehloeo hase mollo o tla tima ka booona.
Na lehloeo le sa tla ntšoa ka metso lipelong tsa batho? Na kamehla lehloeo lea senya, kapa na ho na le lehlakore le letle la lona? Ha re boneng.