Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 8/1 maq. 25-29
  • Moputso oa ho Phehella

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moputso oa ho Phehella
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehlala ea ho Phehella
  • Jehova o Fana ka ‘Moea o Halalelang ho ba mo Kōpang’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ho Matha ka Mamello Peisong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Liphello Tse Thabisang Tsa ho se Fele Pelo le ho Qophella
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • “Sebelisang ho se Fele Pelo”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 8/1 maq. 25-29

Moputso oa ho Phehella

E NE e le mosali oa Mogerike ea lulang Finisia ka selemo sa 32 C.E. Morali oa hae o ne a kula haholo, ’me mosali enoa o ne a batla ka tieo hore morali oa hae a phekoloe. Ha a utloa hore ho na le motho osele ea etetseng sebaka sa habo—motho osele ea tsebahalang ka ho ba le matla a ho phekola ba kulang—o ile a ikemisetsa ho ea mo bona le ho kōpa thuso ea hae.

Ha a teana le eena, o ile a itihela mangoleng a hae, a re: “Nkutloele bohloko, Morena, mor’a Davida. Morali oa ka o tšoenngoa hampe ke motemona.” Ka tsela ena, mosali enoa oa Mogerike o ne a kōpa Jesu hore a folise morali oa hae.

Na u ka nahana hore ho ile ha hlokahala hore mosali enoa a be le sebete le boikokobetso bo bokae hore a etse see? Jesu e ne e le motho oa bohlokoa ea matla le ea tummeng, ’me pejana o ne a boletse hore ha a batle ha mang kapa mang a ka tseba moo a leng teng. O ne a isitse baapostola ba hae Finisia ho ea fumana phomolo eo ba neng ba e hloka haholo, eseng ho ea sebetsa har’a Balichaba ba sa lumelang. Ho feta moo, Jesu e ne e le Mojode ha mosali enoa e le Molichaba, ’me ntle ho pelaelo o ne a tseba hore Bajode ba khesa ho kopana le batho ba nyatsoang ba balichaba. Leha ho le joalo, o ile a tiea boikemisetsong ba hae ba ho fumanela ngoana oa hae phekolo.

Jesu le baapostola ba hae ba ile ba leka ho thibela mosali ho batla thuso ka nako eo. Qalong, Jesu ha aa ka a re letho ho eena. Joale, ka lebaka la mehoo ea hae e pheta-phetoang, e phehellang, baapostola ka ho teneha ba ile ba re ho Jesu: “Mo khutlise, hobane o hooa a ntse a re latela.”

Empa mosali a ’na a phehella. Ho e-na le hoo, a khumama maotong a Jesu, a re: “Morena, nthuse!”

Ha a bua ka boikarabelo ba hae ba sehlooho ho bara ba Iseraele, ’me ka nako e tšoanang a leka tumelo ea hae le boikemisetso ba hae, Jesu ka kutloelo-bohloko o ile a mo hlalosetsa hore: “Ha ho hotle ho amoha bana [ba Iseraele] bohobe ho bo akhela lintjanyana [Balichaba].”

Ho e-na le hore a khopisoe ke ha ho buuoa hampe ka moloko oa habo, ka boikokobetso o ile a phehella kōpong ea hae ka ho re: “E, Morena; empa le tsona lintjanyana li ee li thole makumane a oang tafoleng ea beng ba tsona.”

Jesu o ile a putsa ho phehella ha mosali oa Mogerike ka ho babatsa tumelo ea hae le ho mo etsetsa seo a neng a se kōpa ka tieo. Ak’u nahane kamoo a ileng a thaba kateng ha a khutlela hae ’me a fumana hore morali oa hae o folile ka ho feletseng!—Mattheu 15:21-28; Mareka 7:24-30.

Joaloka mosali eo oa lekholong la pele la lilemo, ho hlokahala hore re phehelle boitekong ba rōna ba ho thabisa Jehova le ho fumana kamohelo ea hae. Joaloka tabeng ea mosali oa Mogerike, Bibele e re tiisetsa hore ho phehella ha rōna “ho etsa hantle” ho tla putsoa haholo.—Ba-Galata 6:9.

Ho phehella ke eng? Ke hobane’ng ha ho hlokahala? Ke mabaka afe a ka etsang hore re lahleheloe ke tšoaneleho ena, ebe rea tela kapa rea inehela? Re ka lebella ho fumana moputso ofe haeba hona joale re bontša ho phehella ha re sebeletsa ’Mōpi oa rōna le Ntate, Jehova?

Dikshinari e ’ngoe e hlalosa leetsi “phehella” e le “ho tšoarella ka thata le ka tieo morerong, boemong, kapa mosebetsing, ho sa tsotellehe litšitiso, litemoso, kapa ho hlōleha. . . . ho tsoela pele ho ba teng; ho tšoarella.”

Bibele khafetsa e khothalletsa bahlanka ba Jehova hore ba phehelle ho etsa thato ea hae. Ka mohlala, re bolelloa hore re “’ne [re] batle ’muso pele,” le hore re “tšoarelle ka tieo ho se molemo,” re “tiee thapelong,” le hore re se ke ra “khathala” ho etsa hantle.—Mattheu 6:33, NW; 1 Ba-Thessalonika 5:21, NW; Ba-Roma 12:12; Ba-Galata 6:9.

Bophelong ba letsatsi le letsatsi, ho phehella ke tšoaneleho eo kaofela ha rōna re tlamehang ho ba le eona le ho e hōlisa e le hore re ka pholoha. Ka ntle ho eona re ke ke ra finyella ntho leha e le efe ea ’nete, ea boleng bo tšoarellang. Ak’u nahane ka mohlala oa ngoana ea lekang ho ema le ho tsamaea ka lekhetlo la pele. Ha hoa tloaeleha hore lesea le ithute ho ema le be le tsamaee ka bolokolohi letsatsing la pele feela. Joaloka bana, mohlomong kaofela ha rōna re kile ra leka ’me ra hlōleha hangata pele qetellong re tseba ho tsamaea ka tekanyo e itseng. Ho ka be ho etsahetse eng haeba ka mor’a ho oa ka lekhetlo la pele, ebe re ile ra etsa qeto ea ho khaotsa ho leka? Mohlomong re ka be re ntse re khasa ka matsoho le mangole! Ho phehella hoa hlokahala ho finyella lipakane tsa bohlokoa le ho ba le mahlale a eketsehang le boitlhompho. Joalokaha polelo e tloaelehileng e re, “Ba hlōlang ha ho mohla ba tlohellang, ’me ba tlohellang ha ho mohla ba hlōlang.”

Bo-pula-maliboho ba nako e telele ba hlokomela hore katleho ha e be teng ka lebaka la matla a khethehileng kapa bokhoni. E hloka boikemisetso ba ho khomarela, ho ikemisetsa ho etsa thato ea Jehova ka botlalo le sebete sa ho tobana le ho hlōleha ka nakoana, esita le ho tepella maikutlong. Pakane ea ho kopanela ka ho sa feleng litlhohonolofatsong tsa Molimo e lokela ho lula e hlakile mohopolong.

E, kaofela ha rōna ba batlang ho fumana kamohelo ea Jehova le ba batlang ho hlōla peisong ea bophelo ho hlokahala hore re phehelle, re tiisetse le ho mamella. Ha re se na litšoaneleho tsena, re tla sitoa ho fumana kamohelo ea Jehova le moputso oa bophelo ba sebele.—Pesaleme ea 18:20; Mattheu 24:13; 1 Timothea 6:18, 19.

Hangata ho thata haholoanyane hore Mokreste a phehelle mesebetsing ea hae ea moea ho feta litlamong tsa hae tse ling. Monna a ka sebetsa ka thata mosebetsing oa boipheliso bakeng sa ho hlokomela litlhoko tsa nama tsa lelapa la hae, empa a ‘khathale haholo’ ho khanna thuto ea kamehla ea Bibele le mosali oa hae le bana. Ke mabaka afe a etsang hore ho phehella mesebetsing ea Bokreste ho be boima hakaale ho ba bang?

Lebaka le leng ke ho nyahama, ho bakoang ke ho hlōleha ha rōna ha botho le bofokoli. Haeba re lula re nahana ka liphoso tsa rōna, re ka felloa ke tšepo ’me ra tela, re nka hore Jehova a ke ke a khona ho tšoarela libe tsohle tsa rōna.

Lebaka le leng hape ke boemo ba lefatše ba boitšoaro bo bobe, bobolu, le lehloeo. (1 Johanne 2:15, 16) O mong oa “mekhoa e metle” eo tšusumetso ea lefatše e ka o bolisang kapa ea o senya ke ho phehella ha Mokreste.—1 Ba-Korinthe 15:33.

Ho phehella ha rōna mosebetsing oa boboleli ho ka fokolisoa ke khanyetso ea batho kapa ho iphapanya ha bona tšebeletsong ea rōna e halalelang. Ka lebaka la ho ferekana, re ka etsa qeto ea hore batho ba leng tšimong ea rōna hohang ha ba batle ’nete. Sena se ka ’na sa etsa hore re botse, ‘Ho thusa’ng?’ ’me ebe re tlohela tokelo ea rōna e khethehileng ea tšebeletso ea bosebeletsi.

Re ka boetse ra susumetsoa ke moea oa lefatše oa ho ikhotsofatsa. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikitlaetsa ka matla le ho itela hakaale empa motho e mong le e mong ho bonahala a iketlile kapa a itjella monakalali oa keboleloa?—Bapisa le Mattheu 16:23, 24.

Ho phehella ho etsa thato ea Jehova, ho hlokahala hore re apare botho ba Bokreste ’me re phele ka moea, eseng ka nama. (Ba-Roma 8:4-8; Ba-Kolosse 3:10, 12, 14) Ho ba le pono ea Jehova tabeng ena ho tla re nolofalletsa ho tsoela pele ka mesebetsi ea rōna ea bohlokoa ea moea.—1 Ba-Korinthe 16:13.

Mehlala ea ho Phehella

Jehova o re file mehlala e mengata e susumetsang ea bahlanka ba hae ba ileng ba lula ba tšepahala ka ho sa sekisetseng ’me ba tšepahala ho eena litekong tse ngata tse matla. Ka ho nahana ka eona, re bona kamoo re ka hōlisang le ho bontša ho phehella ha Mokreste le lebaka leo ho leng bohlokoa ka lona.

Mohlala o moholo ka ho fetisisa ke Jesu, ea ileng a utloa bohloko haholo bakeng sa ho tlotlisa lebitso la Jehova. Bibele e re khothalletsa ho ithuta ka hloko liketso tsa hae tsa boinehelo bo phehellang: “Joale, le rōna ha re teetsoe hare ke leru le lekalo la lipaki, a re ke re lahleng hohle ho re imelang, le sebe se tšoasang feela, ’me re ke re mathe ka sebete peisong eo re e beetsoeng, re ntse re talimile Jesu, moqali le mophethi oa tumelo, ea mameletseng [thupa ea tlhokofatso, NW] ka baka la thabo eo a e beetsoeng, a sa kang a re letho ka lihlong, a ba a ea lula letsohong le letona la terone ea Molimo. Le fele le lemohe ea mameletseng khanyetso e kalo ea baetsalibe, le tle le se ke la khathala ke ho felloa ke lipelo.”—Ba-Heberu 12:1-3.

Peiso ea bophelo e telele, hase lebelo le lekhutšoanyane la sekhahla. Ke ka lona lebaka leo re hlokang ho phehella ho kang ha Kreste. Pakane, kapa khole ea ho qetela, e ka ’na ea se bonahale karolong e khōlō ea peiso. Pakane e tlameha ho hlaka leihlong la rōna la kelello e le hore ka kelellong re ka e hahamalla tseleng eohle, e boima. Jesu o ne a e-na le pono e joalo kelellong, e leng, “thabo eo a e beetsoeng.”

Ho akarelletsoa eng thabong ee ho Bakreste kajeno? Har’a tse ling, ke moputso oa bophelo ba ho se shoe leholimong bakeng sa ba ’maloa le bophelo bo sa feleng lefatšeng bakeng sa ba bangata. Hape, ke boikutlo ba khotsofalo bo tlisoang ke ho tseba hore motho o thabisitse pelo ea Jehova ’me o bile le karolo ho halaletseng lebitso la Molimo.—Liproverbia 27:11; Johanne 17:4.

Se akarelletsoang thabong ena ke kamano e haufi, e thabisang le Jehova. (Pesaleme ea 40:8; Johanne 4:34) Kamano e joalo ea matlafatsa ’me e fana ka bophelo, e fa motho matla a ho matha peisong ka mamello ’me a se ke a tela. Ho feta moo, Jehova o hlohonolofatsa kamano ena ka ho tšollela moea oa hae o halalelang holim’a bahlanka ba hae, e leng ho fellang ka thabo e eketsehileng le mosebetsi o thabisang.—Ba-Roma 12:11; Ba-Galata 5:22.

Ho nahana ka mohlala oa Jobo oa tumelo e phehellang ho molemo. O ne a sa phethahala ’me a e-na le tsebo e fokolang ka se neng se mo etsahalla. Kahoo ka linako tse ling, o ne a leka ho itokafatsa le ho nyahama. Leha ho le joalo, ka linako tsohle o ne a bontša boikemisetso bo tiileng ba ho boloka botšepehi ho Jehova le ho se Mo lahle le ka mohla. (Jobo 1:20-22; 2:9, 10; 27:2-6) Jehova o ile a putsa Jobo ka boinehelo ba hae bo phehellang, a mo fa litlhohonolofatso tsa moea le tsa nama le tšepo ea bophelo bo sa feleng. (Jobo 42:10-17; Jakobo 5:10, 11) Joaloka Jobo, re ka ’na ra utloa bohloko haholo ’me ra lahleheloa ke lintho tse ling bophelong ba rōna kajeno, empa re ka boetse ra tiisetsoa tlhohonolofatso ea Jehova ka mamello ea rōna e tšepahalang.—Ba-Heberu 6:10-12.

Kajeno, Lipaki tsa Jehova ka kakaretso li bontšitse ho phehella ha Mokreste ha li etsa thato ea Jehova. Ka mohlala, mosebetsi oa tsona o phehellang oa ntlo le ntlo le boboleli bo bong ba phatlalatsa o entse hore tsona le molaetsa oa tsona li hlokomelehe lefatšeng ka bophara. Mecha ea litaba e buile hangata ka cheseho ea tsona le boikemisetso ba ho bolela litaba tse molemo ho sa tsotellehe khanyetso le liteko. E ’ngoe ea tsona e ile ea ba le polelo e fetisang mohopolo hantle e reng “Ha ho ea ka balehelang Lipaki tsa Jehova!”—Mattheu 5:16.

Jehova o hlohonolofalitse boiteko bo phehellang ba Lipaki ka litholoana tse eketsehang tšebeletsong ea tsona. Hlokomela phihlelo ea Lipaki tse ling tse ileng tsa tseba ho sebetsana le maemo ka katleho Italy morao lilemong tsa bo-1960 ha ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 10 000 sechabeng sa baahi ba fetang 53 000 000. Toropong e ’ngoe ea baahi ba 6 000, ho ne ho se Lipaki. Baena ba etetseng moo ba ile ba fumana karabelo e mabifi tšebeletsong ea bona.

Nako le nako ha baena ba ne ba e-ea moo ho ea bolela, basali ba bangata, esita le banna, ba toropo eo ba ne ba phutha bashanyana ’me ba ba hlohlelletsa hore ba sale Lipaki morao ka meloli le lerata le lengata. Ka mor’a nako e khutšoanyane, baena ba ne ba tlameha ho tloha le ho ea toropong e ’ngoe. Boitekong ba hore bonyane ba fane ka bopaki bo le bong bo felletseng ho baahi bohle ba toropo ena, baena ba ile ba rera ho paka moo feela ka matsatsi ao ka ’ona pula e nang, ka tšepo ea hore ba ke ke ba sitisoa ke bashanyana. Ba ile ba hlokomela hore baahi ba toropo eo ba ne ba sa ikemisetsa ho koloba feela ka lebaka la ho sitisa bahoeletsi. Ka tsela ena ho ile ha fanoa ka bopaki bo botle. Ho ile ha fumanoa batho ba thahasellang. Ha qalisoa lithuto tse ncha tsa Bibele. Ka lebaka leo, hase feela hore ho thehiloe phutheho e hōlang toropong ena e nyenyane empa mosebetsi oa boboleli o ile oa qala ho etsoa esita le ha letsatsi le chabile. Jehova o ile a tsoela pele ho hlohonolofatsa ho phehella ha Lipaki sebakeng sena le Italy eohle. Hona joale ho na le Lipaki tsa Jehova tse fetang 200 000 naheng eo.

Moputso oa ho phehella ho etsa se lokileng o moholo. Ka matla a moea oa Molimo, Lipaki tsa Jehova li khonne ho finyella ketso e khōlō e sa kang ea lebelloa historing ea batho, e leng ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, ka ntlo le ntlo le ka litsela tse ling, ho batho ba limilione. (Zakaria 4:6) Ka thabo li bone ha boprofeta ba Bibele bo phethahala ka khōlo e makatsang le matla a mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa lefatšeng. (Esaia 54:2; 60:22) Li na le letsoalo le letle ho Molimo, ’me li ithabela tšepong ea bophelo bo sa feleng. Ka holimo ho tsohle, li na le kamano e haufi le ’Mōpi, Jehova Molimo.—Pesaleme ea 11:7.

[Litšoantšo tse leqepheng la 25]

Jesu o ile a putsa ho phehella ka boikokobetso ha mosali enoa oa Mogerike

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Bophelo Paradeiseng bo akarellelitsoe thabong e behetsoeng Bakreste kajeno

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela