Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 8/15 maq. 4-7
  • Tšabo e Tla Fela Neng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšabo e Tla Fela Neng?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšireletseho Lefatšeng le Lecha la Molimo
  • Lefatše le se Nang Masholu
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ho Sebetsana ka Katleho le Tlōlo ea Molao Lefatšeng le Ferekaneng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Fela ha Tlōlo ea Molao Joale ho Atametse!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho Lokoloha Tšabong—Na ke Ntho e ka Etsahalang?
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 8/15 maq. 4-7

Tšabo e Tla Fela Neng?

NA KE ho ka u makatsang ho tseba hore tšireletseho ea ’nete e amahanngoa le motho ea kileng a phela lilemong tse 2 000 tse fetileng? Ha a bontša tlhokahalo bakeng sa lerato, Jesu Kreste o ile a pheta papiso ena e tsotehang: “Motho e mong o na a theohile Jerusalema ho ea Jeriko; a oela har’a lihlola; tsa mo hlobolisa, tsa mo ntša likotsi, tsa ntoo ikela, tsa mo siea a le makhatheng a ho shoa.” Le hoja batsamai ba babeli ba ile ba hlokomoloha mohlaseluoa eo, Mosamaria ea mosa o ile a bontša mohau. Leha ho le joalo, ke mang ea hlokomelang bahlaseluoa ba bonokoane kajeno? Re ka lebella ho lokoloha tšabong joang?—Luka 10:30-37.

Le hoja ba ipolela hore ba lumela ho Molimo, ba bangata ba nahana hore molao le tsamaiso li lokeloa ho etsoa ke motho. Empa na likahlolo tse boima haholoanyane tsa teronko kapa mapolesa a mangata le a lefuoang hantle li tla felisa bonokoane bo mabifi? Na ruri u lumela hore mafapha a etsang melao, ho sa tsotellehe boiteko bo tšepahalang ba ho fana ka tšireletseho e itseng, a tla felisa lintho tse kang tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, bonokoane bo hlophisitsoeng le bofutsana? Leha ho le joalo, ho lapela le ho nyoreloa ha rōna ho loka ha ho hlokahale hore e be ha lefeela.—Mattheu 5:6.

Pesaleme ea 46:1 e re: “Molimo ke setšabelo sa rōna le matla a rōna, ke thuso e fetisisang litsietsing.” Re tla hlokomela hore mantsoe ana hase thothokiso e monate feela tjee.

Joalokaha u tseba, letsatsi le letsatsi mecha ea litaba e tlaleha lipolao tse sehlōhō lintoeng tsa lehae le litlhaselong tsa botšosi. Likarolong tse ling tsa lefatše, e se e le ntho e tloaelehileng ho bolaea bacha ba sa rateheng kapa lipaki tse boneng ka mahlo. Ke hobane’ng ha bophelo bo fetohile bo nkoang habobebe joalo? Le hoja ho ka ’na ha e-ba le lisosa tse ngata tsa pefo e joalo, ho na le lebaka le le leng leo re sa lokelang ho le hlokomoloha.

Ho latela Lentsoe la Molimo, Bibele, “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (1 Johanne 5:19) Ha e le hantle, Jesu Kreste ha aa ka a tsebahatsa Satane Diabolose e le ea leshano feela empa e le “’molai.” (Johanne 8:44) Sebōpuoa sena sa moea se susumetsa moloko oa batho ka litsela tse sa tšoaneng, se hōlisa pefo ea kajeno e eketsehang. Tšenolo 12:12 e re: “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” Leha ho le joalo, hoa thabisa hore tsamaiso ena e khopo e tla nkeloa sebaka ka “maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.”—2 Petrose 3:13.

Ho phaella tšepong ena e hlollang ea lefatše le lecha, ke thuso efe eo re nang le eona hona joale?

Pele re talima karabo e molemo ea seo, ho molemo ho hopola hore esita le Bakreste ba ’nete ha ba na tiisetso ea hore ba tla sireletsoa bonokoaneng. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa tse ling tsa likotsi tseo a ileng a tobana le tsona ka boeena. O ’nile a ‘batla a timella linōkeng, a batla a timela har’a masholu, a batla a timetsoa ke ba sechaba sa habo, a batla a timetsoa ke ba-lichaba, a batla a timella metseng, a batla a timella mafeelleng, a batla a timella leoatleng.’ (2 Ba-Korinthe 11:26) Leha ho le joalo Pauluse o ile a pholoha likotsi tsena. Hoa tšoana le kajeno; ka ho ba masene, re ntse re ka phethahatsa mesebetsi ea rōna ka tsela e tloaelehileng kamoo ho ka etsahalang. A re nahaneng tse ling tsa lintho tse tlang ho re thusa.

Haeba motho a phela tikolohong e kotsi, boitšoaro bo botle e ka ba tšireletso, kaha batho ba behile ba bang leihlo haholo. Le hoja masholu a rera le ho etsa bonokoane, a mangata a inka e ntse e le batho ba tloaelehileng. Qoba ho nyatsa-nyatsa seo a se etsang, ’me u se ke ua leka ho sibolla seo a amehang ho sona. Kahoo, u ka fokotsa monyetla oa ho ba eo ho tlang ho iphetetsoa ka eena. Hopola hore masholu a leka ho fumana hore na ke bo-mang ba rekileng ntho e ncha kapa ke bo-mang ba eang phomolong ’me ka hona ba tla ba sieo mahaeng a bona, ka hona e-ba masene ka seo u se bolellang ba bang.

Lipaki tsa Jehova tse ngata li fumane hore botumo ba tsona e le basebeletsi bo li file tekanyetso e itseng ea tšireletso. Hangata linokoane li ’nile tsa bontša hore li hlompha Bakreste ba joalo, bao ka ntle le ho ea ka leeme ba inehetseng ho thusa batho sechabeng. Lipaki ka botsona hase babolai kapa masholu, kapa hona ho ba ‘ba ikenyang tabeng tsa ba bang,’ kahoo hase tšokelo.—1 Petrose 4:15.

Tšireletseho Lefatšeng le Lecha la Molimo

Re hlomoha ka lebaka la “ngatafalo ea bokhopo” e boletsoeng esale pele ke Jesu Kreste, empa ho e-na le ho tšoenyeha ka ho tlōtseng, re ka kholiseha hore haufinyane Molimo o tla felisa tsamaiso ena e khopo. Ka ntle le ho bolela esale pele ka ho boleloa ha “evangeli ena ea ’muso,” lefatšeng ka bophara, Jesu o ile a hopotsa balateli ba hae: “Ea tiisetsang ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha.”—Mattheu 24:12-14.

Re ka tiiseha hore ba hlaselang ba bang, ka linako tse ling e le ka sehlōhō seo ho leng thata ho se lumela, ba tla felisoa. Liproverbia 22:22, 23 e re: “U se ke ua ja mofutsana kahoba e le mofutsana; u se ke ua pitla mohlomohi khotla; hoba Jehova o emela nyeoe tsa bona, ’me ba ba jeleng o tla ba amoha bophelo.” Jehova o tla felisa baetsalibe, ba joaloka masholu, babolai, le batho ba boitšoaro bo hlephileng ba botona le botšehali. Ho feta moo, a ke ke a hlokomoloha bahlaseluoa ba bonokoane bo joalo. O tla hlōla tahlehelo ea bona le ho ba khutlisetsa bophelong bo botle ba ’mele ka ho feletseng.

Ka sebele, ba ‘sesefang bōbe le ho etsa botle’ ba tla fumana bophelo bo sa feleng ebang ke ka ho pholoha mahlomoleng a maholo a tlang kapa ka ho tsosoa bafung. “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:27-29) Melemo e joalo e tla fumaneha ka lebaka la sehlabelo sa Jesu sa thekollo. (Johanne 3:16) Empa bophelo bo tla ba joang Paradeiseng e tsosolositsoeng?

Bophelo tlas’a ’Muso oa Molimo e tla ba monyaka oa sebele. Jehova o bolela esale pele: “Sechaba sa ka se tla aha moahong oa khotso, le matlung a tšepehang, nģalong tsa boiketlo le phomolo.” (Esaia 32:18) Bohle ba fumanang bophelo bo sa feleng e tla ba ba lokisitseng botho ba bona. Ha ho motho ea tla ba mobe kapa a hloke toka, kapa hona hore ho tla ba le mang kapa mang eo e ka ’nang ea e-ba mohlaseluoa oa motho ea joalo. Moprofeta Mikea o re: “Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feie ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang.” (Mikea 4:4; Ezekiele 34:28) Ho tla fapana hakaakang le tikoloho e kotsi ea kajeno!

[Lebokose le leqepheng la 6]

E-BA MASENE

Batlōli ba bangata ba molao ba sebetsa ka nako e tletseng, ba etsa bonokoane mosebetsi oa bona. Ba ka ’na ba sebetsa ka lihlopha tsa ba babeli kapa ba bararo, esita le haeba e ka ba a le mong ea u supang ka sethunya. Ho ntse ho totobala ka ho eketsehileng hore haeba senokoane se le senyenyane, se kotsi haholoanyane. Ke’ng seo u ka se etsang haeba u ka ba mohlaseluoa?

Lula u khutsitse e le hore u se tšose lesholu—ho hloka phihlelo ha lona ho ka u bolaea. Haeba u e mong oa Lipaki tsa Jehova, itsebahatse hore u eona. Leha ho le joalo, itokisetse ho fana ka seo lesholu le se batlang. Haeba u lieha, kotsi e-ea eketseha. Hamorao, u ka ’na ua ikutloa hore ho sireletsehile ho kōpa karete ea hao ea boitsebahatso kapa hore chelete ea hao ea ho lefa bese e khutlisoe.

Hangata u ke ke ua hlokomela motho eo e leng senokoane. Masholu a mang ke makhoba a lithethefatsi kapa linokoane tse tsebang mosebetsi oa tsona, a mang a mpa feela a ipatlela chelete ea ho reka lijo. Ketsahalong leha e le efe, u se nke chelete e ngata haholo. Qoba ho bontša mabenyane, lireng tsa khauta, kapa lioache tse theko e phahameng. Tsamaea le ho eta ka mokhoa o tloaelehileng, u se bontše tšabo. U se kenye batho mahlo haholo joalokaha eka ua ba belaella. Haeba ho e-na le ho thunyana seterateng, itahlele fatše; liaparo li ka hloekisoa hamorao.—Eo e kileng ea e-ba lepolesa Rio de Janeiro.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Lula u khutsitse ’me u fane ka seo lesholu le se batlang. Haeba u lieha, kotsi e ea eketseha

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela