Lilemo Tse Tsa Boiteko bo Nyahamisang
“RE LE LICHABA TSA MACHABA A KOPANENG RE IKEMISELITSE ho lopolla meloko e tlang tlhokofatsong e bakoang ke ntoa, eo ka makhetlo a mabeli bophelong ba rōna e baketseng moloko oa batho mahlomola a ke keng a hlalosoa, le ho boetse re tiisa tumelo tabeng ea litokelo tsa motheo tsa botho, ea seriti sa motho le bohlokoa ba hae, ea litokelo tse tšoanang ho banna le basali le ho lichaba tse khōlō le tse nyenyane, . . .”—Selelekela sa molao oa motheo oa Machaba a Kopaneng.
LA LA 24 October, 1995, le tšoaea selemo sa bo50 sa Machaba a Kopaneng. Linaha tsohle tse 185 tseo hona joale e leng litho li tlas’a melao-motheo le lipakane tsa pele tsa mokhatlo ona joalokaha li boletsoe molaong oo oa motheo: ho boloka khotso ea machaba le tšireletseho; ho thibela liketso tsa bohatelli tse sokelang khotso ea lefatše; ho khothalletsa likamano tsa botsoalle har’a lichaba; ho sireletsa litokoloho tsa motheo ho lichaba tsohle ho sa khethoe morabe, bong, puo kapa bolumeli; le ho finyella tšebelisano-’moho ea machaba bakeng sa ho rarolla mathata a moruo, a sechaba le a setso.
Ka lilemo tse 50 mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o entse boiteko bo hlokomelehang ba ho tlisa khotso ea lefatše le tšireletseho. Mohlomong o thibetse ntoa ea boraro ea lefatše, ’me timetso ea batho ka tšebeliso ea libomo tsa nyutlelie ha e e-s’o etsahale hape. Machaba a Kopaneng a file bana ba limilione lijo le meriana. A tlatsellelitse ho ntlafatseng litekanyetso tsa bophelo linaheng tse ngata, a fana ka lintho tse kang, metsi a nooang a nang le polokeho e khōloanyane le liente bakeng sa ho thibela mafu a kotsi. Baphaphathehi ba limilione ba ’nile ba fumana thuso ea liphallelo.
Ka lebaka la seo o se finyelletseng, mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o filoe Khau ea Khotso ea Nobel ka makhetlo a mahlano. Leha ho le joalo, ’nete e bohloko ke hore re ntse re sa phele lefatšeng le hlokang ntoa.
Khotso le Tšireletseho—Lipakane Tseo ho Leng Thata ho li Finyella
Ka mor’a lilemo tse 50 tsa boiteko, khotso le tšireletseho e ntse e le lipakane tseo ho leng thata ho li finyella. Puong ea haufinyane tjena Sebokeng se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng, mopresidente oa United States, o buile ka ho nyahama ha hae a bolela hore “lekholo lena la lilemo le tletseng tšepo le monyetla le katleho le boetse le fetohile nako ea pheliso e khōlō le tsieleho.”
Ha selemo sa 1994 se fela, The New York Times e ile ea re: “Ho ntse ho tsoela pele lintoa kapa liqhoebeshano tse ka bang 150 tseo ho tsona ho shoang batho ba likete—likhakanyo tse ngata li bontša hore ho shoa batho ba bangata bao e seng masole ho feta bao e leng masole—’me ba makholo a likete ba fetoha baphaphathehi.” United Nations Department of Public Information e tlaleha hore haesale ho tloha ka 1945 batho ba fetang limilione tse 20 ba shoele ka lebaka la lintoa. Lenģosa la United States Machabeng a Kopaneng, Madeleine Albright, le boletse hore “lintoa tsa sebaka ka seng hona joale li mabifi haholo ka litsela tse ngata.” Ho hatikela litokelo tsa botho le khethollo li hlahella litabeng tsa letsatsi le letsatsi. Ho bonahala lichaba tse ngata li mamellana ho e-na le ho ba metsoalle.
Monghali David Hannay, lenģosa la Brithani Machabeng a Kopaneng, o ile a lumela hore “Machaba a Kopaneng ho fihlela lilemong tsa bo-1980, a batlile a hlōleha le hoja merero ea ’ona e le metle.” Mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng, Boutros Boutros-Ghali, o ile a tletleba ka hore tabeng ea mehato ea ho boloka khotso ho na le ho iphapanya ho hōlang le mokhathala har’a Linaha tseo e leng litho. O ile a phetha ka hore ho litho tse ngata, “Machaba a Kopaneng hase ntho e tlang pele.”
Tšusumetso ea Mecha ea Litaba
Le hoja ho ka bonahala eka Machaba a Kopaneng a matla, hangata boiteko ba ’ona bo senngoa ke lipolotiki le mecha ea litaba. Machaba a Kopaneng ha a na matla ha a sa tšehetsoe ke litho tsa ’ona. Empa Machaba a Kopaneng, a ke ke a tšehetsoa ke litho tse ngata tsa ’ona haeba a sa amoheloe ke batho ka kakaretso. Ka mohlala, ho ea ka The Wall Street Journal, “ho hlōleha ho totobetseng Somalia le Bosnia ho susumelitse Maamerika a mangata hore a nke hore mokhatlo ona hase feela hore o-oa senya, empa ha e le hantle o kotsi.” Boikutlo bona ba batho ka kakaretso bo felletse ka hore bo-ralipolotiki ba bang ba Maamerika ba etse tšisinyo ea hore ho fokotsoe tšehetso ea lichelete ea United States ho Machaba a Kopaneng.
Mekhatlo ea litaba ha e tsila-tsile ho nyatsa-nyatsa Machaba a Kopaneng ka mokhoa o matla. Mantsoe a kang “ho se tšoanelehe ka ho felletseng,” “ho thatafalloa,” “ho se khone,” le “ho hloka matla” a ’nile a sebelisoa ka bolokolohi ha ho hlalosoa litšobotsi tse sa tšoaneng tsa mesebetsi ea Machaba a Kopaneng. The Washington Post National Weekly Edition e sa tsoa bolela hore “Machaba a Kopaneng a lutse e le lekhotla la ketsa-melao le sebetsang butle le loanelang ho tloaelana le lefatše la sebele.”
Koranta e ’ngoe e ile ea qotsa Mongoli-Kakaretso Boutros Boutros-Ghali ha a bua ka ho nyahama ha hae ka lipolao tsa Rwanda. O itse: “Hase ho hlōleha ha Machaba a Kopaneng feela; ke ho hlōleha ha lichaba ka kakaretso. ’Me kaofela ha rōna rea ikarabella bakeng sa ho hlōleha hona.” Ka 1993 lenaneo le leng la litaba tsa thelevishene le sa beng teng kamehla le ile la bolela hore Machaba a Kopaneng “a hlōlehile ho thibela tšokelo e khōlō ka ho fetisisa ea khotso—ho ata ha libetsa tsa nyutlelie.” Lenaneo la TV le ile la bolela hore Machaba a Kopaneng “a ’nile a bua feela ka lilemo tse mashome empa a sa nke bohato.”
Boikutlo bona bo atileng ba ho soetseha bo khathatsa likelello tsa liofisiri tsa Machaba a Kopaneng haholo ’me bo tlatsetsa ho nyahameng ha tsona. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho nyahama, selemong sa bo50 sa Machaba a Kopaneng, ho bonahala eka ba bangata ba tsohile molota ’me ba lebelletse hore a qale bocha. Le hoja Lenģosa Albright le lumela mefokolo ea Machaba a Kopaneng, le ile la bolela maikutlo ao ba bangata ba nang le ’ona ha le ne le re: “Re tlameha ho khaotsa ho bua ka hore na re entse eng, ho hlokahala hore re bue ka seo re tla se etsa nakong e tlang.”
E, lefatše le ea hokae? Na ho tla ke ho be le lefatše le se nang ntoa? Haeba ho joalo, Machaba a Kopaneng a tla phetha karolo efe ho lona? Ho feta moo, haeba u motho ea tšabang Molimo, u lokela ho botsa, ‘Molimo o tla phetha karolo efe ho lona?’
[Lebokose le leqepheng la 4]
BOITEKO BO NYAHAMISANG
Khotso le tšireletseho li ke ke tsa e-ba teng hafeela ho e-na le ntoa, bofutsana, tlōlo ea molao le tšenyeho. Morao tjena Machaba a Kopaneng a ile a phatlalatsa lipalo tse latelang.
Lintoa: “Har’a likhohlano tse 82 tseo ho tsona ho ileng ha sebelisoa libetsa pakeng tsa 1989 le 1992, tse 79 e ne e le tsa ka har’a naha ka ’ngoe, tse ngata tsa tsona e le tse pakeng tsa merabe; karolo ea 90 lekholong ea mahlatsipa e ne e le batho bao e seng masole.”—United Nations Department of Public Information (UNDPI)
Libetsa: “ICRC [International Committee of the Red Cross] e hakanya hore liindasteri tse fetang 95 linaheng tse 48 li hlahisa liqhomane tse chehetsoeng masole tse pakeng tsa limilione tse 5 ho ea ho tse 10 selemo le selemo.”—United Nations High Commissioner for Refugees (UNHCR)
“Afrika, ho na le liqhomane tse ka bang limilione tse 30 tse qhalakantsoeng linaheng tse 18.”—UNHCR
Bofutsana: “Lefatšeng lohle, motho a le mong ho ba bahlano—kakaretso ea ba limilione tse sekete—ke mofutsana ea otlang pelo, ’me hoo e ka bang ba limilione tse 13 ho ea ho tse 18 ba shoa selemo le selemo ka mabaka a amanang le bofutsana.”—UNDPI
Tlōlo ea Molao: “Ho tlalehoa hore tlōlo ea molao e eketsehile lefatšeng lohle ka tekanyo ea karolo ea 5 lekholong selemo le selemo ho tloha lilemong tsa bo-1980; USA feela, ho etsoa litlōlo tsa molao tse limilione tse 35 selemo le selemo.”—UNDPI
Tšenyeho: “Tšenyeho sechabeng e fetohile ntho e tloaelehileng. Linaheng tse ling ho hakanngoa hore bomene-mene licheleteng bo etsa hore ho sebelisoe karolo e ka etsang ea 10 lekholong ea lihlahisoa tse etsoang selemo le selemo ka hare ho naha.”—UNDPI