Bophelo bo Molemo—Haufinyane!
NAHANA ka molepi oa tsa boemo ba leholimo eo lintho tseo a li bolelang esale pele e batlang e e-ba ’nete kamehla. Haeba litabeng tsa mantsiboea a bolela esale pele hore pula e tla na letsatsing le latelang, ha u qea-qee hore u nke sekhele ha u tloha lapeng hoseng ho latelang. Tlaleho ea hae ea nakong e fetileng e entse hore u mo tšepe. U nka bohato ka seo a se bolelang.
Joale, tšepiso ea Jehova ea bophelo bo molemo lefatšeng la paradeise e tšepahala hakae? Tlaleho ea hae ea nakong e fetileng e bontša’ng? Ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ho tiisa tlaleho ea Jehova ka ho hlakileng. Ke Molimo oa ’nete le ea nepang kamehla. (Joshua 23:14; Esaia 55:11) Litšepiso tsa Jehova Molimo li tšepahala hoo ka linako tse ling a hlileng a buang ka liketsahalo tse tšepisitsoeng tsa nakong e tlang joalokaha eka li se li etsahetse. Ka mohlala, ka mor’a tšepiso ea hae ea lefatše le lecha leo ho lona lefu le ho bokolla li ke keng tsa hlola li e-ba teng, rea bala: “Li phethahetse [litlhohonolofatso tse tšepisitsoeng]!” Ka mantsoe a mang, “Ke ’nete!”—Tšenolo 21:5, 6, NW; bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe.
E, ho phethahala ha litšepiso tsa Jehova tsa nako e fetileng ho re fa kholiseho phethahatsong ea tšepiso ea hae ea bophelo bo molemo bakeng sa moloko oa batho. Empa bophelo boo bo molemo bo tla tla neng?
Bophelo bo Molemo—Neng?
Bophelo bo molemo haholoanyane bo tla tla haufinyane! Re ka kholiseha ka seo hobane Bibele e bolela hore lintho tse ngata tse mpe li ne li tla etsahala lefatšeng pejana Paradeise e tlisa bophelo bo molemo. Lintho tseo tse mpe lia etsahala hona joale.
Ka mohlala, Jesu Kreste o ile a bolela esale pele hore ho ne ho tla ba le lintoa tse khōlō. O itse: “Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong.” (Mattheu 24:7) Boprofeta bona bo phethahetse. Lilemong tsa bo-1914 ho ea ho 1945, ho ile ha ba le lintoa tse peli tsa lefatše, ’me li ’nile tsa lateloa ke lintoa tse ling tse ngata tseo ho tsona lichaba li neng li loantšana. “Motheong oa karolelano ea selemo le selemo, palo ea ba shoeleng ntoeng nakong ena [ho tloha ka Ntoa ea II ea Lefatše] e ’nile ea mena ka makhetlo a fetang a mabeli ea ba shoeleng lekholong la bo19 la lilemo ’me ea feta ka makhetlo a supileng ba shoeleng lekholong la bo18 la lilemo.”—World Military and Social Expenditures 1993.
Ho ata ha boloetse ke bopaki bo bong ba ho atamela ha bophelo bo molemo Paradeiseng. Jesu o ile a bolela esale pele hore ho ne ho tla ba ‘le mafu a akaretsang.’ (Luka 21:11) Na boprofeta boo bo phethahetse? E. Ka mor’a ntoa ea pele ea lefatše, mokakallane oa Spain o ile oa bolaea batho ba fetang limilione tse 20. Ho tloha nakong eo, kankere, lefu la pelo, malaria, AIDS le maloetse a mang a bolaile batho ba limilione. Linaheng tse tsoelang pele moruong, maloetse a bakoang ke metsi a silafetseng (ho akarelletsa letšollo le ho tšoaetsoa ho bakoang ke manyooa ka maleng) a bolaea batho ba limilione selemo se seng le se seng.
Hape Jesu o itse: “Litlala li tla ba teng.” (Mattheu 24:7) Joalokaha ho hlokometsoe sehloohong se etellang sena pele, mafutsana a lefatše ha a na lijo tse lekaneng. Ena ke karolo e ’ngoe ea bopaki ba hore bophelo bo molemo haholoanyane Paradeiseng bo tla tla haufinyane.
Jesu o itse: “Litšisinyeho tse kholo tsa lefatše li tla ba teng.” (Luka 21:11) Sena le sona se phethahetse mehleng ea rōna. Ho tloha ka 1914 thipitlo e bakiloeng ke litšisinyeho tsa lefatše tse senyang e bolaile batho ba likete tse makholo.
Bibele e tsoela pele ho bolela hore ‘mehla ea qetello’ e ne e tla tšoauoa ka ho fetoha ha batho. E ne e tla ba “baithati” le “ba ratang leruo,” ’me bana e ne e tla ba “ba sa utloeng batsoali ba bona.” Ka kakaretso batho e ne e tla ba “ba ratang menate ea nama, e seng Molimo.” (2 Timothea 3:1-5) Na ha u lumele hore ba bangata ba tšoaneloa ke tlhaloso ee?
Ha batho ba bangata ka ho eketsehileng ba ntse ba etsa lintho tse mpe, ho hloka molao ho ntse ho eketseha. Sena le sona se boletsoe esale pele. Ho ea ka Mattheu 24:12 (NW), Jesu o buile ka “ho eketseha ha ho hloka molao.” Mohlomong u tla lumela hore hona joale tlōlo ea molao e mpe le ho feta lilemong tse fetileng. Hohle batho ba tšaba hore ba tla tlatlapuoa, ba qhekelloe, kapa ba ntšoe kotsi ka tsela e itseng.
Lintoa, maloetse a atileng, likhaello tsa lijo, litšisinyeho tsa lefatše, tlōlo ea molao e ntseng e eketseha le phetoho ea likamano tse ntseng li mpefala bathong—tsena tsohle li totobetse kajeno, feela joalokaha Bibele e boletse esale pele. U ka ’na ua botsa, ‘Empa na lintho tsee tsohle ha lia ka tsa etsahala ho pholletsa le histori eohle ea batho? Ke’ng se fapaneng ka mehla ea rōna?’
Ho na le litšobotsi tse itseng tse hlokomelehang ka ho fetisisa tsa se etsahalang kajeno. Bibele ha e bolele hore tšobotsi e itseng e le ’ngoe, e kang khaello ea lijo, ka boeona e ne e tla ba bopaki ba hore re nakong ea bofelo le hore bophelo bo molemo bo atametse. Boprofeta ba Bibele mabapi le nako ea bofelo bo ne bo tlameha ho phethahala molokong o sa lumeleng ho Molimo.—Mattheu 24:34-39; Luka 17:26, 27.
Ho feta moo, ke taba e sa tloaelehang haholo hore ebe litšobotsi tse ling tsa boprofeta ba Jesu—haholo-holo tse mabapi le khaello ea lijo le maloetse a atileng—li phethahala kajeno. Hobane’ng? Hobane lintho tse finyeletsoeng saenseng le ka mohla ha li e-s’o ka li e-ba khōlō ho feta mona. Tsebo ea bongaka le mefuta ea phekolo le ka mohla ha li e-s’o ka li tsoela pele kapa hona ho ata ho feta mona. Ke Molimo feela ea neng a ka bolela esale pele ka Lentsoeng la hae, Bibele, hore nakong e joalo, maloetse le tlala ea sekoboto li ne li tla mpefala, e seng ho ba molemo.
Kaha boprofeta bohle ba Bibele mabapi le nako ea bofelo, kapa ‘mehla ea qetello,’ boa phethahala, re ka etsa qeto efe? Ea hore bophelo bo molemo bo atametse! Empa bo tla tla joang?
Bophelo bo Molemo—Joang?
Na u nahana hore batho ba ka tlisa Paradeise? Ho pholletsa le histori ho tla fihlela kajeno, ho ’nile ha e-ba le mefuta e mengata ea puso ea batho. E meng e lekile ka matla ho khotsofatsa litlhoko tsa batho. Leha ho le joalo, mathata a mangata a ntse a mpefala. Linaheng tse ruileng hammoho le linaheng tse futsanehileng, mebuso e loana ka thata le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, khaello ea matlo, bofutsana, tlōlo ea molao, ho hloka mosebetsi le ntoa.
Esita le haeba mebuso e ne e ka rarolla a mang a mathata ana, le ka mohla e ne e ke ke ea fana ka tokoloho e feletseng ho kuleng; leha e le hore e ne e ka felisa botsofali le lefu. Ka ho hlakileng, le ka mohla batho ba ke ke ba tlisa Paradeise lefatšeng lena.
Ka bohlale Bibele e re: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho!” Joale re lokela ho tšepa mang? Bibele e-ea araba: “Ho lehlohonolo eo Molimo oa Jakobo e leng thuso ea hae, eo tšepo ea hae e beiloeng ho Jehova, Molimo oa hae!” (Pesaleme ea 146:3, 5) Haeba re tšepa Jehova Molimo, le ka mohla re ke ke ra soetseha.
Ka sebele Ea nang le bohlale le matla a ho bōpa lefatše, letsatsi le linaleli a ka boetse a etsa hore lefatše e be paradeise. A ka nolofaletsa batho hore ba thabele bophelo bo molemo. Ntho leha e le efe eo Jehova Molimo a rerang ho e etsa, a ka khona ho e etsa le ho e phethahatsa. Lentsoe la hae le re: “Hobane ha ho letho le ke keng la etsoa ke Molimo.” (Luka 1:37) Empa Molimo o tla tlisa bophelo bo molemo joang?
Jehova o tla tlisetsa moloko oa batho bophelo bo molemo haholoanyane ka ’Muso oa hae. ’Muso oa Molimo ke eng? Ke puso ea sebele e nang le ’Musi ea khethiloeng ke Molimo, Jesu Kreste. ’Muso oa Molimo o maholimong, empa haufinyane o tla tlisetsa baahi ba lefatše la Paradeise litlhohonolofatso tse hlollang le bophelo bo molemo haholoanyane.—Esaia 9:6, 7.
E ka ’na eaba u se u ntse u tloaelane le thapelo ea Jesu ea mohlala, e fumanoang ka Bibeleng ho Mattheu 6:9-13. Karolo ea thapelo e eang ho Molimo e re: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong.” Tumellanong le thapelo eo, ’Muso oa Molimo o tla ‘tla’ ho tla phethahatsa morero oa Jehova Molimo ka lefatše. ’Me ke morero oa hae hore lefatše e be paradeise.
Potso e ’ngoe ea ho qetela e-ea phahama: Ke’ng seo u tlamehang ho se etsa hore u thabele bophelo bo molemo Paradeiseng e tlang?
Seo ho Hlokahalang Hore U se Etse
Ka lerato Jehova Molimo o tšepisa bohle ba etsang thato ea hae tebello ea bophelo bo molemo Paradeiseng. Bibele e-ea re bolella: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) Empa ke’ng se etsang hore motho a loke mahlong a Molimo?
Hore re thabise Jehova ho hlokahala hore re ithute ka ho eketsehileng ka seo a batlang hore re se etse. Haeba re amohela tsebo ea Molimo ’me re e sebelisa bophelong ba rōna, re ka phela ka ho sa feleng. Ha a rapela Molimo, Jesu o itse: “’Me bophelo bo sa feleng, ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—Johanne 17:3.
Buka e re bolellang ka Jehova Molimo le Jesu Kreste ke Lentsoe la Molimo, Bibele. Ke e ’ngoe ea limpho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tsa Jehova. Bibele e tšoana le lengolo le tsoang ho ntate ea lerato le eang ho bana ba hae. E re bolella ka tšepiso ea Molimo ea ho tlisetsa moloko oa batho bophelo bo molemo ’me e re bontša kamoo re ka bo fumanang kateng. Bibele e re tsebisa seo Molimo a se entseng nakong e fetileng le seo a tlang ho se etsa nakong e tlang. E boetse e re fa keletso e sebetsang mabapi le kamoo re ka sebetsanang ka katleho le mathata a rōna hona joale. Ka sebele, Lentsoe la Molimo le re ruta kamoo re ka fumanang thabo ka tekanyo e itseng esita le lefatšeng lena le likhathatso.—2 Timothea 3:16, 17.
Ka thabo Lipaki tsa Jehova li tla u lokisetsa hore u be le thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng. Ithute hona joale kamoo u ka bang le bophelo bo thabileng haholoanyane, ka tebello ea bophelo bo molemo haholoanyane nakong e tlang haufinyane.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Boprofeta ba Bibele bo bontša hore bophelo bo molemo bo atametse
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
’Muso oa Molimo o tla tlisetsa moloko oa batho bophelo bo molemo