Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 1/15 maq. 20-23
  • Matšeliso le Khothatso—Mahakoe a Nang le Litšobotsi Tse Ngata

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matšeliso le Khothatso—Mahakoe a Nang le Litšobotsi Tse Ngata
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ka Kamano ea Botho le Molimo
  • Ka Thuto ea Botho ea Lentsoe la Molimo
  • Ka Phutheho
  • Ka “Mohlanka ea Khabane, ea Bohlale”
  • “Tšelisa Bohle ba Siameng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Tšelisa ba Mesarelong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Molimo o re Tšelisa Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Re ka Tšelisa Batho ba Kileng ba Hlekefetsoa Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 1/15 maq. 20-23

Matšeliso le Khothatso—Mahakoe a Nang le Litšobotsi Tse Ngata

BOHOLO ba rōna re fetile linakong tseo re ileng ra ikutloa re futsanehile ka ho feteletseng—e seng hakaalo-kaalo ho ba tlaase tabeng ea lichelete empa ho ba tlaase moeeng. Re ne re nyahame, esita le ho tepella maikutlo ka ho tebileng. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba re ile ra fumana ho hong ha bohlokoa linakong tse joalo, ho ka re fumantšang molemo o moholo. “Lehakoe” leo ke khothatso.

Ka Bibeleng, ho sebelisitsoe lentsoe le le leng la Segerike bakeng sa “khothatsa” le “tšelisa.” Bobeli ba mantsoe ana a fetisa maikutlo a ho fana ka sebete, matla kapa tšepo. Kahoo, ka ho hlakileng matšeliso le khothatso ke tsona tseo re hlileng re li hlokang ha re ikutloa re fokola kapa moea o le tlaase. Li ka fumanoa hokae?

Bibele e re tiisetsa hore Jehova ke “Molimo oa matšeliso ’ohle.” (2 Ba-Korinthe 1:3) E boetse e re bolella hore ‘ha a hole le e mong le e mong oa rōna.’ (Liketso 17:27) Kahoo, matšeliso le khothatso lia fumaneha. A re hlahlobeng likarolo tse akaretsang tse ’nè tseo ka tsona Jehova a fanang ka khothatso.

Ka Kamano ea Botho le Molimo

Mohloli o moholohali oa matšeliso ke kamano ea botho le Jehova Molimo. Hore ebe kamano e joalo e ka finyelloa ke ho khothatsang. Ho phaella moo, ke ’musi ofe oa lefatše ea ka amohelang ha re mo letsetsa thelefono kapa ea ka bontšang thahasello ea botho mathateng a rōna? Jehova o matla a maholo ka ho ke keng ha lekanngoa ho feta ao batho ba joalo ba nang le oona. Empa, o ikokobelitse—o ikemiselitse ka ho feletseng ho sebelisana le batho ba tlaasana, ba sa phethahalang. (Pesaleme ea 18:35) Jehova o ile a ba a nka bohato ba pele ba ho re bontša lerato. Johanne oa Pele 4:10 e re: “Lerato le bohahala hona moo hoba hase rōna ba ratileng Molimo, empa e le oona o re ratileng, ’me o romile Mora oa oona hore e be pheko ea libe tsa rōna.” Ho feta moo, ka lerato Jehova o re hulela ho Mora oa hae.—Johanne 6:44.

Na u arabetse ’me ua batla matšeliso botsoalleng le Molimo? (Bapisa le Jakobo 2:23.) Ka mohlala, haeba u e-na le motsoalle eo u mo ratang, ea haufi, na hase ho thabisang ho qeta nako e itseng u e-na le eena feela, u bua ka bolokolohi ka matšoenyeho le lingongoreho tsa hao, litebello tsa hao le thabo ea hao? Jehova o u mema ho etsa se tšoanang ho eena. Ha aa beha moeli oa hore na u ka bua le eena ka nako e kae thapelong—’me ka sebele oa mamela. (Pesaleme ea 65:2; 1 Ba-Thessalonika 5:17) Jesu o ne a rapela kamehla le ka tieo. Ha e le hantle, pele a ka khetha baapostola ba hae ba 12, o ile a qeta bosiu bohle a rapela.—Luka 6:12-16; Ba-Heberu 5:7.

Nako le nako, e mong le e mong oa rōna a ka khona ho ba mong le Jehova. Ho itulela feela fensetereng re ithōletse kapa ho itsamaela ka khotso re phutholohile ho ka fana ka monyetla o motle oa hore re bulele Jehova lipelo tsa rōna ka thapelo. Ho etsa joalo e ka ba mohloli oa khatholoho e hlollang le matšeliso. Haeba ho e-na le karolo e itseng ea pōpo ea Jehova eo re ka e bohang ha re ntse re thuisa—leha e ka ba karoloana ea leholimo, lifate tse itseng kapa linonyana—re ka ’na ra fumana ho tsona likhopotso tse itseng tse tšelisang tsa lerato la Jehova le kameho ea hae ka rōna.—Ba-Roma 1:20.

Ka Thuto ea Botho ea Lentsoe la Molimo

Leha ho le joalo, ke ka thuto ea botho ea Bibele re hlileng re phuthulleloang litšoaneleho tsa Jehova. Ka makhetlo-khetlo, Bibele e senola Jehova e le “Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau.” (Exoda 34:6; Nehemia 9:17; Pesaleme ea 86:15) Takatso ea hae ea ho tšelisa bahlanka ba hae ba lefatšeng ke karolo ea bohlokoa ea botho ba Jehova.

Ka mohlala, nahana ka mantsoe a Jehova ho Esaia 66:13: “Joalo ka motho ea tšelisoang ke ’m’ae, ke tla le tšelisa joalo.” Jehova o lokiselitse hore lerato la ’mè ho bana ba hae e be le nang le boitelo le le tšepahalang. Haeba u se u kile ua bona ’mè ea lerato ha a tšelisa ngoana oa hae ea utloileng bohloko, u tseba seo Jehova a se bolelang ha a re o tla tšelisa batho ba hae.

Litlaleho tse ngata tsa Bibele li bontša matšeliso a joalo ketsong. Ha moprofeta Elia a ne a sokeloa ka lefu ke Mofumahali Jezebele e mobe, o ile a felloa ke sebete ’me a balehisa bophelo ba hae. O ne a nyahame hoo a ileng a tsamaea leeto la letsatsi lohle lefelleng, ka ho hlakileng ho se metsi kapa lijo tseo a li nkileng. Ka ho sithabela ho hoholo Elia o ile a bolella Jehova hore o batla ho shoa. (1 Marena 19:1-4) Jehova o ile a etsa eng ho tšelisa le ho khothatsa moprofeta oa hae?

Jehova ha aa ka a khalemela Elia ka matla bakeng sa ho ikutloa a le ’notsi, a se na thuso ’me a tšohile. Ho fapana le moo, moprofeta o ile a utloa “lentsoe le nyenyetsang, le lesesane.” (1 Marena 19:12) Ha u ka bala 1 Marena khaolo ea 19, u tla lemoha kamoo Jehova a ileng a tšelisa Elia, a mo thoba ’me a haha tumelo ea hae. Matšeliso ana e ne e se a okolang ka holimo feela. A ile a toba pelong e tšoenyehileng ea Elia, a khothatsa moprofeta hore a tsoele pele. (Bapisa le Esaia 40:1, 2.) Ka potlako, o ile a tsosolosa mosebetsi oa hae.

Ka ho tšoanang, Jesu Kreste le eena o tšelisa le ho khothatsa balateli ba tšepahalang ba hae. Ha e le hantle, Esaia o ile a profeta ka Messia: “Morena Jehova . . . o nthomile ho folisa ba robehileng lipelo, . . . ho tšelisa ba llang kaofela.” (Esaia 61:1-3) Nakong ea bophelo ba hae, Jesu o ile a hlakisa hore mantsoe ana a ne a sebetsa ho eena. (Luka 4:17-21) Haeba u ikutloa u hloka matšeliso, nahanisisa ka tšebelisano e bonolo, e lerato ea Jesu le batho ba neng ba utloile bohloko le ba neng ba hloka. Ka sebele, ho ithuta Bibele ka hloko ke mohloli o moholo oa matšeliso le khothatso.

Ka Phutheho

Ka phuthehong ea Bokreste, mahakoe a matšeliso le khothatso aa phatsima litšobotsing tse ngata tsa ’ona. Moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole: “Le ke le tšelisane, ’me le hahisane.” (1 Ba-Thessalonika 5:11) Matšeliso le khothatso li ka fumanoa libokeng tsa phutheho joang?

Ntle ho pelaelo, ka ho khetheha re ba teng libokeng tsa Bokreste e le hore re ka “rutoa . . . ke Molimo,” ho fumana taeo ka eena le ka litsela tsa hae. (Johanne 6:45) Taeo e joalo e etselitsoe ho ba e khothatsang le e tšelisang. Ho Liketso 15:32, rea bala: “Juda le Silase . . . ba khothatsa baena ka lipolelo tse ngata, ’me ba ba tiisa.”

Na u se u kile ua ba le phihlelo ea ho ea libokeng tsa Bokreste u nyahame ’me ha u khutlela hae ua ikutloa u imolohile? Mohlomong ho hong ho boletsoeng puong, tlhalosong, kapa thapelong ho ile ha u ama pelo ’me ha fana ka matšeliso le khothatso tse hlokahalang. Kahoo, u se ke ua ba sieo libokeng tsa Bokreste.—Ba-Heberu 10:24, 25.

Ho kopanela le baena le bo-khaitseli ba rōna tšebeletsong esita le liketsahalong tse ling ho ka ba le phello e tšoanang. Ka Seheberu, maetsi a ’maloa a bolelang “ho tlama hammoho” a boetse a bolela “matla” kapa “ho matlafatsa”—ka ho totobetseng, khopolo e le hore lintho li ba matla haholoanyane ha li tlangoa hammoho. Molao-motheo ona ke ’nete le ka phuthehong. Rea tšelisoa, rea khothatsoa, e, rea matlafatsoa, ka ho kopana hammoho. ’Me re tlamahantsoe hammoho ke lerato, tlamo e matla ka ho fetisisa.—Ba-Kolosse 3:14.

Ka linako tse ling re khothatsoa ke botšepehi ba baena kapa bo-khaitseli ba rōna ba moea. (1 Ba-Thessalonika 3:7, 8) Ka linako tse ling ke lerato leo ba le bontšang. (Filemone 7) ’Me ka linako tse ling ke ho sebetsa hammoho, re le ntho e le ’ngoe, ha re bua le ba bang ka ’Muso oa Molimo. Haeba u ikutloa u fokola ’me u hloka khothatso tabeng ea tšebeletso, ke hobane’ng ha u sa etse litokisetso tsa ho sebetsa le mohoeletsi oa ’Muso ea hōlileng kapa ea nang le phihlelo? Ho ka etsahala hore u fumane matšeliso a maholo ka ho etsa joalo.—Moeklesia 4:9-12; Ba-Filippi 1:27.

Ka “Mohlanka ea Khabane, ea Bohlale”

Ke mang ea hlophisang litšobotsi tse tšelisang tsa borapeli ba rōna? Jesu o ile a khetha sehlopha seo a ileng a se khetholla e le “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ho fana ka ‘lijo tsa moea nakong ea teng.’ (Mattheu 24:45) Lekholong la pele la lilemo C.E., batho bana ba tlotsitsoeng ka moea ba Bakreste ba ne ba se ba ntse ba sebetsa. Sehlopha se busang sa baholo Jerusalema se ile sa romela mangolo a thupelo le a tataiso liphuthehong. Ka phello efe? Bibele e tlaleha hore na liphutheho li ile tsa itšoara joang mabapi le le leng la mangolo ao: “Eare hobane ba le bale, ba thaba haholo ka baka la khothatso ea bona.”—Liketso 15:23-31.

Ka ho tšoanang, mehleng ena ea qetello e bohloko, mohlanka ea khabane, ea bohlale o fana ka lijo tsa moea tse fanang ka matšeliso a maholo le khothatso ho batho ba Jehova. Na u ja lijo tseo? Li fumaneha habonolo ka lingoliloeng tse hatisitsoeng tseo sehlopha sa mohlanka se fanang ka tsona lefatšeng lohle. Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ’moho le libuka, libukana, le lipampitšana tseo Mokhatlo oa Watch Tower o li hatisang li fane ka matšeliso ho babali ba se nang palo.

Molebeli e mong ea tsamaeang o ile a ngola: “Boholo ba baena ba rōna le bo-khaitseli ba batla ho etsa se nepahetseng, empa hangata ba loantšana le ho ferekana maikutlong, tšabo le boikutlo ba hore ha ba na matla a ho ithusa. Lihlooho tse likoranteng tsa rōna li thusa ba bangata hore ba boele ba laole bophelo ba bona le maikutlo a bona. Lihlooho tsena li boetse li fa baholo ho hong ho eketsehileng hoo ba ka fanang ka hona ho e-na le khothatso e okolang ka holimo feela.”

Sebelisa ka botlalo lingoliloeng tse tsoang ho sehlopha sa mohlanka ea khabane. Limakasine tse nakong, libuka, le likhatiso tse ling li ka re thusa hore re fumane matšeliso ha boemo bo le boima. Ka lehlakoreng le leng, haeba u le boemong ba ho fana ka khothatso ho motho ea tepelletseng maikutlo, sebelisa boitsebiso ba Mangolo bo leng likoranteng tsena. Lihlooho tsena li ngoloa ka kelo-hloko e khōlō, hangata ka mor’a libeke tse ngata kapa likhoeli ho etsoa lipatlisiso tse hlokolosi, ho ithutoa ebile ho rapeloa. Likeletso tsa tsona li theiloe Bibeleng, li lekuoe ’me ke tsa ’nete. Ba bang ba ho fumane ho thusa haholo ho bala sehlooho kapa tse peli tse loketseng le motho ea ikutloang a tepelletse. Sena se ka fella ka matšeliso a maholo le khothatso.

Haeba u fumane mahakoe a bohlokoa, na u ne u tla ipolokela ’ona kapa ka seatla se bulehileng u ne u tla arolelana le ba bang le leng la leruo leo? Iketsetse pakane ea ho ba mohloli oa matšeliso le khothatso ho baena le bo-khaitseli ba hao ka phuthehong. Haeba u le ea hahang ho e-na le ho heletsa, ea babatsang ho e-na le ho nyatsa, ea buang ka “leleme la ba rutehileng” ho e-na le ho ‘phasoloha ka ho hlabang joaloka sabole,’ u ka etsa phapang bophelong ba ba bang. (Esaia 50:4; Liproverbia 12:18, BPN) Ruri, ho ka etsahala hore uena ka bouena u talingoe joaloka lehakoe—mohloli oa matšeliso le khothatso tsa sebele!

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]

Matšeliso Bakeng sa ba Hlokang

BA BANGATA ba ile ba hlalosa kamoo lihlooho tse itseng tsa Molula-Qhooa kapa tsa Tsoha! li ileng tsa tebisa kamano ea bona ea botho le Jehova kateng. E mong o ile a re: “Ka mor’a hore ke bale sehlooho sena, ke ile ka utloa eka Jehova o mona pel’a ka ka matla ’ohle a hae le khanya ea hae. Ke ne ke utloa hore ke motho oa sebele.” Lengolo le leng le ile la re: “Lipelo tsa rōna le mehopolo li fetohile ka ho feletseng ponong ea rōna ka Jehova hoo re seng re se batho ba tšoanang. Ho joalokaha eka e mong o hloekisitse likhalase tsa rōna tsa mahlo, ’me joale re ka bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ho hlakileng.”

Ba bang baa ngola ba bolela kamoo limakasine li ba thusang ho sebetsana le mathata a tobileng kapa phephetso kateng, kahoo li ba kholisa hore Jehova oa ba thahasella. ’Mali e mong o li beha tjena: “Re le leboha haholo ka ho boela le re bontša kamoo Jehova a tsotellang batho ba hae haholo kateng le kamoo a ba ratang kateng.” Mosali e mong oa Japane ea ileng a shoeloa ke ngoana o ile a bua tjena ka sehlooho sa Tsoha! se mabapi le taba eo: “Maqephe a ne a tšoloha botebo ba mosa oa Molimo, ’me ke ile ka lla, ka lla, ka ba ka lla. Ke beile lihlooho tsena sebakeng seo nka li fumanang kapele bakeng sa ho li bala neng le neng ha ke ikutloa ke hlomoha pelo le ho ba bolutu.” Mosali e mong ea siameng o ile a ngola: “Lihlooho tsa Molula-Qhooa le Tsoha! le bukana ea “Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa” li mphile matla ao ke neng ke a hloka bakeng sa ho mamella linako tsa ka tsa ho sareloa.”

Mangolo a Halalelang ke mohloli o ka sehloohong oa matšeliso. (Ba-Roma 15:4) Molula-Qhooa o khomaretse Bibeleng e le eona mohloli oa boitsebiso ba oona, ’me ho joalo le ka makasine e tsamaisanang le oona, Tsoha! Ka lebaka la sena, likoranta tsena li ipakile e le tse tšelisang le tse khothatsang ho babali ba tsona.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Molimo oa Matšeliso ’ohle e boetse ke moutloi oa thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela