Ho Momahana Tšebeletsong ea Molimo Linakong Tse Monate le Tse Bohloko
Joalokaha ho boletse Michel le Babette Muller
NGAKA e ile ea re: “Ke le tšoaretse litaba tse bohloko. Lebalang ka bophelo ba lōna le le baromuoa Afrika.” E shebile mosali oa ka, Babette, e ile ea re, “U na le kankere ea matsoele.”
Re ne re hlolletsoe ka ho ke keng ha lekanngoa. Ka potlako ho ile ha hlaha lintho tse ngata ka likelellong tsa rōna. Re ne re ile ra nahana hore ho tla hona ha rōna ngakeng e ne e tla ba tlhahlobo ea ho qetela feela. Litekete tsa rōna tsa ho khutlela Benin, Afrika Bophirimela, li ne li se li rekiloe. Re ne re nahanne hore re tla be re le moo pele beke e fela. Nakong ea lilemo tse 23 re nyalane, re ’nile ra ba le linako tse monate le tse bohloko. Re ferekane re bile re tšohile, joale re ile ra itokisetsa ho loantša kankere.
A re ke re qale qalong. Michel o hlahile ka September 1947, Babette ka August 1945. Re ile ra hōlela Fora ’me ra nyalana ka 1967. Re ne re lula Paris. Hoseng ho hong maqalong a 1968, Babette o ne a siiloe ke nako ea ho ea mosebetsing. Mofumahali e mong o ile a tla monyako ’me a mo neha bukana ea bolumeli; o ile a e amohela. Mofumahali eo joale a re: “Na nka khutla le monna oa ka re tl’o buisana le uena ’moho le monna oa hao?”
Babette o ne a inahanetse ka mosebetsi oa hae. O ne a batla hore mosali enoa a tsamaee, ka hona o ile a re: “Ho lokile, ho lokile.”
Michel oa pheta: “Ke ne ke sa thahaselle bolumeli, empa bukana eo e ile ea hapa thahasello ea ka, ’me ke ile ka e bala. Matsatsi a ’maloa hamorao, mofumahali Joceline Lemoine o ile a khutla a e-na le monna oa hae, Claude. Monna oa hae o ne a tseba ho sebelisa Bibele haholo. O ne a e-na le likarabo lipotsong tsohle tsa ka. Ke ile ka khahloa.
“Babette e ne e le Mok’hatholike ea molemo, empa o ne a se na Bibele, e leng se neng se tloaelehile ho Mak’hatholike. O ne a ferekane haholo ke ho bona le ho bala Lentsoe la Molimo. Thutong ea rōna re ile ra ithuta hore likhopolo tse ngata tsa bolumeli tseo re ’nileng ra li rutoa e ne e le bohata. Re ile ra qala ho buisana le beng ka rōna le metsoalle ea rōna ka lintho tseo re neng re ithuta tsona. Ka January 1969, re ile ra fetoha Lipaki tse kolobelitsoeng tsa Jehova. Ba robong ho beng ka rōna le metsoalle ea rōna ba ile ba kolobetsoa kapele ka mor’a moo.”
Ho Sebeletsa Moo Baboleli ba Neng ba Hlokoa
Hang ka mor’a ho kolobetsoa, re ile ra nahana: ‘Ha re na bana. Ke hobane’ng ha re sa kenele tšebeletso ea nako e tletseng?’ Kahoo, ka 1970 re ile ra tlohela mosebetsi, ra ngolisetsa ho ba bo-pula-maliboho ba kamehla ’me ra fallela motseng o monyenyane oa Magny-Lormes, haufi le Nevers, bohareng ba Fora.
E ne e le kabelo e boima. Ho ne ho le thata ho fumana batho ba batlang ho ithuta Bibele. Re ne re sa fumane mosebetsi oa boipheliso, ka hona re ne re e-na le chelete e fokolang. Ka linako tse ling re ne re e-ba le litapole feela bakeng sa ho ja. Mariha, serame se ne se batla se e-ba likhato tse 22 Celsius ka tlaase ho ntlha ea khoamo. Re ile ra bitsa nako eo re e qetileng re le moo nako ea likhomo tse supileng tse otileng.—Genese 41:3.
Empa Jehova o ile a re tšehetsa. Ka letsatsi le leng ha re ne re batla re felletsoe ke lijo, monna oa poso o ile a tlisa lebokose le leholo la chisi le neng le e-tsoa ho morali’abo Babette. Ka letsatsi le leng re ile ra ea hae ka mor’a boboleli ’me ra fumana metsoalle e neng e tsamaile lik’hilomithara tse 500, e tlil’o re bona. Ba utloile hore na boemo bo boima hakae, baena bana ba ne ba re tlatselitse lijo likoloing tse peli tsa bona.
Ka mor’a selemo le halofo, Mokhatlo o ile oa re khethela ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng. Lilemo tse ’nè tse latelang, re ile ra sebeletsa re le Nevers, joale ra ba Troyes, ’me qetellong Montigny-lès-Metz. Ka 1976, Michel o ile a khetheloa ho sebeletsa e le molebeli oa potoloho ka boroa-bophirimela ho Fora.
Lilemo tse peli hamorao, nakong ea thupelo ea balebeli ba potoloho, re ile ra fumana lengolo le tsoang Mokhatlong oa Watch Tower le re memelang ho ea mafatšeng asele joaloka baromuoa; lengolo le ne le re re ka khetha pakeng tsa Chad le Burkina Faso (eo nakong eo e neng e le Upper Volta). Re ile ra khetha Chad. Ka potlako re ile ra fumana lengolo le leng, le re abela ho sebetsa tlas’a lekala la Tahiti. Re ne re kōpile Afrika, k’honthinente e khōlōhali, empa kapele re iphumane re le sehleke-hlekeng se senyenyane!
Ho Sebeletsa Pacific Boroa
Tahiti ke sehleke-hleke se setle se chesang, se mongobo, se Pacific Boroa. Ha re ne re fihla, baena ba ka bang lekholo ba ne ba le boema-fofane bakeng sa ho tla re khahlametsa. Ba ile ba re amohela ka meqhaka ea lipalesa, ’me le hoja re ne re khathetse ka mor’a leeto le lelelele la ho tsoa Fora, re ne re thabile haholo.
Likhoeli tse ’nè ka mor’a hore re fihle Tahiti, re ile ra palama seketsoana se neng se tletse thepa ea likokonate tse omisitsoeng. Matsatsi a mahlano hamorao, re ile ra fihla kabelong ea rōna e ncha—e leng sehleke-hleke sa Nuku Hiva, Lihleke-hlekeng tsa Marquesas. Ho ne ho lula batho ba ka bang 1 500 sehleke-hlekeng seo, empa ho ne ho se na baena. E ne e le rōna feela.
Maemo a ne a sa saletse morao nakong eo. Re ne re lula ntlong e nyenyane e entsoeng ka konkreite le leqala. Ho ne ho se na motlakase. Re ne re e-na le pompo ea metsi e neng e sebetsa ka linako tse ling, empa metsi a ne a le seretse. Boholo ba nako re ne re sebelisa metsi a pula a khakelelitsoeng tankeng. Ho ne ho se litsela tse lokisitsoeng, e ne e le litselana tse senyehileng feela.
E le ho ka fihlela likarolong tse hōle tsa sehleke-hleke, re ne re lokela ho hira lipere. Lisale li ne li entsoe ka lehong—li kukunela haholo, haholo-holo bakeng sa Babette, eo le ka mohla a neng a e-s’o ka a palama pere. Re ne re tsamaea re nkile thipa e khōlōhali bakeng sa ho poma leqala le oetseng ka tselaneng. E ne e le phetoho e khōlō ho bophelo ba Fora.
Re ne re tšoara liboka tsa Sontaha, le hoja e ne e e-ba rōna re le babeli feela ba bang teng. Qalong, re ne re se na liboka tse ling kaha re ne re le babeli feela. Ho e-na le hoo, re ne re bala boitsebiso ba liboka re le ’moho.
Ka mor’a likhoeli tse ’maloa, re ile ra etsa qeto ea hore ha ho molemo ho tsoela pele ka tsela eo. Michel o re: “Ke ile ka re ho Babette, ‘Re tšoanetse ho apara hantle. U tla lula mono, ’me ’na ke tla lula mona. Ke tla qala ka thapelo, ’me joale re tla ba le Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Seboka sa Tšebeletso. Ke tla botsa lipotso ’me uena u arabe, esita le haeba e le uena feela motho ea teng ka tlung.’ E bile ho molemo hore re etse joalo kaha ho bonolo ho ba botsoa moeeng ha ho se na phutheho.”
Ho ile ha nka nako ho etsa hore batho ba tle libokeng tsa rōna tsa Bokreste. Le rōna re ne re le bang feela ka likhoeli tse qalang tse robeli. Hamorao, re ile ra tlatsoa ke a le mong, ba babeli, ’me ka linako tse ling ba bang ba bararo. Ka selemo se seng, ke rōna re le babeli feela re ileng ra qala mokete oa selemo le selemo oa Sejo sa Morena sa Mantsiboea. Ka mor’a metsotso e leshome, batho ba bang ba ile ba tla, kahoo ke ile ka emisa ’me ka qala puo qalong hape.
Kajeno, ho na le bahoeletsi ba 42 le liphutheho tse tharo Lihleke-hlekeng tsa Marquesas. Le hoja karolo e khōlōhali ea mosebetsi e entsoe ke ba ileng ba re latela, batho ba bang bao re neng re kopane le bona nakong eo, ba kolobelitsoe hona joale.
Baena ba Rōna ke ba Bohlokoa
Re ile ra ithuta mamello ha re le Nuku Hiva. Re ne re lokela ho letela ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ntle ho litlhoko tse khōlō tsa motheo. Ka mohlala, haeba u ne u batla buka, u ne u lokela ho ngola, joale u lete likhoeli tse peli kapa tse tharo pele e ka fihla.
E ’ngoe ea thuto eo re ithutileng eona e bile ea hore baena ba rōna ke ba bohlokoa. Ha re ne re etetse Tahiti ’me re ile libokeng, re ile ra tsoa meokho ha re utloa baena ba bina. E ka ’na ea e-ba ’nete hore baena ba bang ho thata ho sebelisana le bona, empa ha u le mong, u hlokomela kamoo ho leng molemo kateng ho ba le baena. Ka 1980, Mokhatlo o ile oa etsa qeto ea hore re lokela ho khutlela Tahiti ’me re sebeletse mosebetsing oa potoloho. Moo re ile ra khothatsoa haholo ke kamohelo e mofuthu ea baena le ke lerato la bona bakeng sa mosebetsi oa boboleli. Re ile ra qeta lilemo tse tharo mosebetsing oa potoloho Tahiti.
Ho Potoloha le Lihleke-hleke
Ka mor’a moo re ile ra abeloa lehaeng la baromuoa le Raïatéa, sehleke-hleke se seng sa Pacific, ’me re ile ra lula moo lilemo tseo e ka bang tse peli. Ka mor’a Raïatéa, re ile ra abeloa mosebetsi oa potoloho sehlopheng sa sehleke-hleke sa Tuamotu. Ka sekepe, re ile ra etela lihleke-hleke tse 25 ho tse 80. Ho ne ho le boima ho Babette. Nako le nako ha a ne a ile a tsamaea ka sekepe, o ne a kula.
Babette o re: “Ho ne ho le thata! Nako eohle eo re neng re e qeta sekepeng ke ne ke kula. Haeba re ne re le leoatleng matsatsi a mahlano, ke ne ke kula matsatsi a mahlano. Ho ne ho se moriana o nthusang. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho kula hoo ha ka, ke ne ke na le mohopolo oa hore leoatle le letle. E ne e le pono e tsotehang. Li-dolphin li ne li beisa le sekepe. Hangata li ne li tlōlela holimo ha u opa liatla!”
Ka mor’a lilemo tse hlano re le mosebetsing oa potoloho, re ile ra abeloa hape Tahiti ka lilemo tse peli, ’me ra boela ra ba le linako tse monate mosebetsing oa boboleli. Ka selemo le halofo, phutheho ea rōna e ne e imenne habeli, ho tloha ho bahoeletsi ba 35 ho ea ho ba 70. Ba 12 bao re neng re ithuta Bibele le bona ba ile ba kolobetsoa nakoana pele re tloha. Ba bang ba bona hona joale ke baholo ka phuthehong.
Ke lilemo tse 12 kaofela tseo re li qetileng Pacific Boroa. Joale re ile ra fumana lengolo le tsoang Mokhatlong le neng le bolela hore ha ba sa hlola ba hloka baromuoa lihleke-hlekeng tseo kaha liphutheho li ne li se li le matla. Ha re fihla Tahiti, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 450, ’me ha re tloha ba ne ba le ka holimo ho 1 000.
Ra ea ra Fihla Afrika!
Re ile ra khutlela Fora, ’me ka mor’a khoeli le halofo, Mokhatlo o ile oa re nea kabelo e ncha—Benin, Afrika Bophirimela. Re ne re batlile ho ea Afrika lilemo tse 13 pele ho mona, kahoo re ile ra thaba haholo.
Re ile ra fihla Benin ka la 3 November, 1990, ’me re ne re le har’a baromuoa ba pele ba ho fihla ka mor’a ho tlosoa ha thibelo e ileng ea nka lilemo tse 14, ea mosebetsi oa boboleli ba ’Muso. Ho ne ho thabisa haholo. Ha rea ka ra ba le bothata ba ho lula moo kaha bophelo bo tšoana le ba lihleke-hlekeng tsa Pacific. Batho ba botsoalle haholo ’me ba na le kamohelo e mofuthu ea baeti. U ka ema ’me ua ipuela le mang kapa mang seterateng.
Ka mor’a libeke li se kae feela re fihlile Benin, Babette o ile a hlokomela hore o na le kotola letsoeleng la hae. Ka hona, re ile ra ea tleliniking e nyenyane e pel’a ofisi ea lekala e neng e sa tsoa thehoa. Ngaka e ile ea mo hlahloba ’me ea re o hloka ho buuoa ka potlako. Letsatsi le hlahlamang re ile ra ea tleliniking e ’ngoe moo re ileng ra bona ngaka ea Lekhooa, ngaka ea mafu a basali e tsoang Fora. Le eona e ile ea re re lokela ho ea Fora ka potlako e le hore Babette a ka buuoa. Matsatsi a mabeli hamorao, re ne re le ka sefofaneng se lebang Fora.
Re ne re hlomohile ha re lokela ho tloha Benin. Ka lebaka la tokoloho ea bolumeli e neng e nchafalitsoe naheng eo, baena ba ne ba thabetse ho fumana baromuoa ba bacha, ’me le rōna re ne re thabetse ho ba moo. Ka hona, re ne re utloile bohloko hore ebe re lokela ho tloha naheng eo ka mor’a libeke tse seng kae feela re le ho eona.
Ha re fihla Fora, ngaka e buoang e ile ea hlahloba Babette ’me ea tiisa hore o hloka ho buuoa. Lingaka li ile tsa tlōla matjato, tsa mo buoa hanyenyane, ’me tsa lokolla Babette sepetlele ka letsatsi le hlahlamang. Re ile ra nahana hore e ne e le phetho ka taba eo.
Matsatsi a robeli hamorao, re ile ra kopana le ngaka e buoang. Ke hona moo e ileng ea ntša litaba tsa hore Babette o na le kankere ea matsoele.
Ha a bontša kamoo a ileng a ikutloa kateng nakong eo, Babette o re: “Pele, ke ne ke sa utloa bohloko joaloka Michel. Empa letsatsi le hlahlamang leo ke utloileng litaba tse bohloko ka lona, ke ne ke sa itsebe. Ke ne ke sitoa ho lla. Ke ne ke sitoa ho bososela. Ke ne ke nahana hore ke tlil’o shoa. Ho ’na, kankere e ne e tšoana le ho shoa. Boikutlo ba ka e ne e le hore, Re lokela ho etsa seo re lokelang ho se etsa.”
Ho Loana le Kankere
Re ile ra utloa litaba tseo tse bohloko ka Labohlano, ’me Babette o ile a kenngoa kemisong ea ho buuoa lekhetlo la bobeli ka Labobeli. Re ne re ntse re lula ha moholoane oa Babette, empa le eena o ne a kula, kahoo, re ne re ke ke ra tsoela pele re lula le eena foleteng e nyenyane ea hae.
Re ile ra ipotsa hore na re ka ea hokae. Nakong eo, re ile ra hopola Yves le Brigitte Merda, banyalani bao re neng re kile ra lula le bona nakong e fetileng. Banyalani bana ba ne ba ile ba re amohela ka mofuthu o moholo. Kahoo, re ile ra letsetsa Yves ’me ra mo bolella hore Babette o hloka ho buuoa le hore ha re tsebe moo re ka lulang teng. Re ile ra ba ra mo bolella hore Michel o batla mosebetsi.
Yves o ile a fa Michel mosebetsi o neng o sebetsana le lehae la hae. Baena ba ile ba re tšehetsa le ho re khothatsa ka liketso tse ngata tse mosa. Ba ile ba re thusa le tabeng ea lichelete. Mokhatlo o ile oa lefa tefiso ea phekolo ea Babette.
Ho buuoa hoo e ne e le ho tebileng. Lingaka li ile tsa tlameha ho ntša lymph nodes ’moho le letsoele. Li ile tsa qala phekolo ea lik’hemik’hale kapele-pele. Ka mor’a beke, Babette o ne a ka tsoa sepetlele, empa o ne a lokela ho khutla libekeng tse ling le tse ling tse tharo bakeng sa phekolo e tsoelang pele.
Nakong eo Babette a neng a ntse a phekoloa, baena ka phuthehong ba ne ba le molemo haholo. Khaitseli e mong eo le eena a neng a ile a ba le kankere ea matsoele o ne a re khothatsa haholo. O ile a bolella Babette hore na o lokela ho lebella eng ’me a mo tšelisa haholo.
Leha ho le joalo, re ne re tšoenyehile ka bokamoso ba rōna. Ba lemoha sena, Michel le Jeanette Cellerier ba ile ba re ntšetsa sebakeng sa ho jela.
Re ile ra ba bolella hore re tšoanela ho tlohela tšebeletso ea boromuoa le hore re ke ke ra hlola re khutlela Afrika. Empa, Moena Cellerier o ile a re: “Eng? Ke mang ea reng le tšoanela ho tlohela? Ke Sehlopha se Busang? Baena ba Fora? Ke mang ea boletseng joalo?”
Ke ile ka araba: “Ha ho ea boletseng joalo. Ke ’na ke chong.”
Moena Cellerier o ile a re: “Che, che! Le tla khutlela!”
Phekolo ea lik’hemik’hale e ile ea lateloa ke ho sebelisoa ha mahlaseli bakeng sa ho hlahlobisisa ka hare, ho ileng ha fela qetellong ea August, 1991. Lingaka li ile tsa re ha li bone bothata ka ho khutlela ha rōna Afrika, hafeela Babette a ka ’na a ea Fora bakeng sa tlhahlobo ea kamehla.
Ho Khutlela Benin
Joale re ile ra ngolla ntlo-khōlō Brooklyn, re kōpa tumello ea ho khutlela tšebeletsong ea boromuoa. Re ne re laba-labela ho tseba karabo ea bona. Matsatsi a ne a lieha. Qetellong, Michel o ne a se a sa khone ho leta ho feta moo, ka hona, o ile a letsetsa Brooklyn ’me a botsa hore na ba fumane lengolo la rōna. Ba ile ba re ba le hlahlobile—re ka khutlela Benin! Re ile ra leboha Jehova hakaakang!
Lelapa la ha Merda le ile la lokisetsa ’moka oa botsoalle e le ho ketekela litaba tseo. Re ile ra khutlela Benin ka November 1991, ’me baena ba re amohela ka mokete!
Hona joale Babette o bonahala a le hantle. Nako le nako re lokela ho khutlela Fora bakeng sa tlhahlobo ea bongaka e phethahetseng, ’me lingaka ha lia fumana mohlala oa kankere. Re thabetse hore ebe re khutletse kabelong ea rōna ea boromuoa. Re ikutloa re hlokahala Benin, ’me Jehova o hlohonolofalitse mosebetsi oa rōna. Ka mor’a hore re khutlele, re thusitse batho ba 14 hore ba kolobetsoe. Ba bahlano ho bona hona joale ke bo-pula-maliboho ba kamehla, ’me e mong o khethetsoe ho ba mohlanka ea sebeletsang. Re boetse re bone ha phutheho e nyenyane ea rōna e hōla ’me e aroloa ho ba liphutheho tse peli.
Ka lilemo-lemo, joaloka monna le mosali re ile ra sebeletsa Jehova ’me re thabetse mahlohonolo a mangata ’moho le ho tseba batho ba bangata ba ikhethang. Empa Jehova o boetse o re koetlisitse le ho re matlafatsa e le hore re ka mamella ka katleho litsietsing. Joaloka Jobo, e ne e se kamehla re utloisisang hore na ke hobane’ng ha lintho li ne li etsahala kamoo li neng li etsahala kateng, empa re ne re tseba hore kamehla Jehova o teng ho re thusa. Ho joalokaha Lentsoe la Molimo le re: “Bonang, letsoho la Jehova ha le lekhutšoanyane hore le sitoe ho pholosa, le litsebe tsa hae ha lia thibana, hore a sitoe ho utloa.”—Esaia 59:1.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Michel le Babette Muller ba apere seaparo sa setso ba le Benin
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Mosebetsi oa boromuoa har’a batho ba Polynesia, sebakeng se chesang se mongobo sa Tahiti