Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 3/15 maq. 8-9
  • Ba Ela Hloko Mantsoe a Karohano a Jesu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Ela Hloko Mantsoe a Karohano a Jesu
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Le ’Ne le Etse Sena ho Nkhopola”
  • “Ke le fa Taelo e Ncha”
  • “Le Etse Sena ho Nkhopola”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • La 14 Nisane—Letsatsi la Sehopotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ke Mokete o Hlomphang Molimo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Keteka Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 3/15 maq. 8-9

Ba Ile ba Etsa Thato ea Jehova

Ba Ela Hloko Mantsoe a Karohano a Jesu

SHOALANENG ea la 14 Nisane, 33 C.E., Jesu Kreste le baapostola ba hae ba tšepahalang ba 11 ba ne ba otlile ka lehlakore tafoleng e kamoreng e ka holimo Jerusalema. A lemoha hore lefu la hae le ne le atametse, o ile a ba bolella: “Ke sa na le lōna ka nakoana.” (Johanne 13:33) Ha e le hantle, Judase Iskariota o ne a se a ntse a le tseleng ea ho ea etsa ’momori le banna ba khopo ba neng ba batla hore Jesu a bolaoe.

Ka kamoreng eo e ka holimo, ho ne ho se na ea utloisisang ho potlaka ha boemo joalokaha Jesu a ne a bo utloisisa. O ne a tseba hantle hore o se a le makhatheng a ho utloa bohloko. Jesu o ne a boetse a tseba hore baapostola ba hae ba ne ba tla mo lahla bosiung bona boo. (Matheu 26:31; Zakaria 13:7) Kaha ona e ne e le monyetla oa Jesu oa ho qetela a bua le baapostola ba hae pele a e-shoa, re ka kholiseha hore mantsoe a hae a karohano a ne a lebisa tlhokomelo litabeng tsa bohlokoa bo phethahetseng.

“Le ’Ne le Etse Sena ho Nkhopola”

A e-na le baapostola ba hae ba tšepahalang, Jesu o ile a theha mokete o mocha o neng o tla nkela Paseka ea Bajode sebaka. Moapostola Pauluse o ile a o bitsa “lijo tsa shoalane tsa Morena.” (1 Bakorinthe 11:20) A nkile bohobe bo sa lomosoang, Jesu o ile a rapela. Joale, o ile a qhetsola bohobe boo ’me a bo neha baapostola ba hae. A re: “Nkang, le je. Sena se bolela ’mele oa ka.” Joale a nka senoelo, a rapela ’me a se neha baapostola ba hae, a re: “Noang ho sona, kaofela ha lōna; kaha sena se bolela ‘mali a selekane’ a ka, ao ka sebele a tlang ho tšolloa molemong oa ba bangata bakeng sa tšoarelo ea libe.”—Matheu 26:26-28.

Bohlokoa ba ketsahalo ee e ne e le bofe? Joalokaha Jesu a bontšitse, bohobe bo ne bo tšoantšetsa ’mele oa hae o se nang sebe. (Baheberu 7:26; 1 Petrose 2:22, 24) Veine e ne e tšoantšetsa mali a Jesu a tšolotsoeng, a neng a tla etsa hore ho finyelloe tšoarelo ea libe. Mali a sehlabelo sa hae a ne a boetse a tla tiisa selekane se secha pakeng tsa Jehova Molimo le batho ba 144 000, bao qetellong ba tlang ho busa le Jesu leholimong. (Baheberu 9:14; 12:22-24; Tšenolo 14:1) Ka ho memela baapostola ba hae hore ba je lijo tsena, Jesu o ne a bontša hore ba tla kopanela le eena ’Muso oa leholimo.

Mabapi le lijo tsena tsa sehopotso, Jesu o ile a laela: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:19) E, Lijo tsa Shoalane tsa Morena e ne e tla ba ketsahalo ea selemo le selemo, joalokaha ho ne ho le joalo ka Paseka. Ha Paseka e ne e hopotsa ka topollo ea Baiseraele ba tsoa bokhobeng ba Egepeta, Lijo tsa Shoalane tsa Morena li ne li tla lebisa tlhokomelo topollong e khōloanyane—ea ho rekolla moloko oa batho bokhobeng ba sebe le lefu. (1 Bakorinthe 5:7; Baefese 1:7) Ho feta moo, ba jang bohobe le veine tsa tšoantšetso ba ne ba tla hopotsoa ka litokelo tsa bona nakong e tlang ha e le marena le baprista ’Musong oa leholimo oa Molimo.—Tšenolo 20:6.

Lefu la Jesu Kreste ka sebele e bile ketsahalo ea bohlokoa ka ho fetisisa historing ea motho. Ba ananelang seo Jesu a se entseng ba utloa taelo ea hae mabapi le Lijo tsa Shoalane tsa Morena: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” Selemo le selemo, Lipaki tsa Jehova li ikhopotsa lefu la Jesu ka letsatsi le lumellanang le la la 14 Nisane. Ka 1996, letsatsi lena le oela letsatsing la la 2 April, ka mor’a ho likela ha letsatsi. U mengoa ka mofuthu hore u be teng Holong ea ’Muso e sebakeng sa heno.

“Ke le fa Taelo e Ncha”

Ntle le ho theha Lijo tsa Shoalane tsa Morena, Jesu o ile a ba le temoso ea karohano bakeng sa baapostola ba hae. Ho sa tsotellehe koetliso ea bona e ntle, ho ne ho e-na le ho hongata hoo banna bana ba neng ba lokela ho ithuta hona. Ha baa ka ba lemoha ka ho feletseng morero oa Molimo ka Jesu, ka bona, kapa ka bokamoso. Empa Jesu ha aa ka a leka ho hlakisa lintho tsena tsohle ka nako ena. (Johanne 14:26; 16:12, 13) Ho e-na le hoo, o ile a bua ka ho hong habohlokoa bo boholoanyane. O ile a re: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; feela joalokaha ke le ratile, hore le lōna le ratane.” Eaba Jesu oa phaella: “Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.”—Johanne 13:34, 35.

Ke ka tsela efe ee e neng e le “taelo e ncha”? Ha e le hantle, Molao oa Moshe o ne o laela: “Rata oa heno joalo ka ha u ithata.” (Levitike 19:18) Leha ho le joalo, Jesu o ile a ipiletsa ho balateli ba hae hore ba bontše lerato la boitelo le ka eang bohōleng ba ho nehelana ka bophelo ba motho molemong oa Mokreste-’moho. Ho hlakile hore ‘molao oa lerato’ o ne o tla sebetsa le maemong a seng mabe haholo. Maemong ’ohle, molateli oa Jesu Kreste o ne a tla ikhanna ho bontša lerato ka ho thusa ba bang moeeng le linthong tse ling.—Bagalata 6:10.

Bosiung bona ba ho qetela ba bophelo ba Jesu ba lefatšeng, lerato le ile la susumelletsa Jesu hore a rapele Jehova Molimo molemong oa barutuoa ba hae. Har’a mantsoe ao a a buileng thapelong ea hae, o itse: “Bona ba lefatšeng ’me ke tla ho uena. Ntate ea halalelang, ba lebele ka lebaka la lebitso la hao leo u mphileng lona, e le hore ba ka ba bang feela joalokaha re le bang.” (Johanne 17:11) Ke ho hlokomelehang hore thapelong ena ea Ntate oa hae, Jesu o ne a rapella bonngoe bo lerato ba balateli ba hae. (Johanne 17:20-23) Ho ne ho hlokahala hore ba ‘ratane joalokaha Jesu a ba ratile.’—Johanne 15:12.

Baapostola ba tšepahalang ba ile ba utloa mantsoe ao a karohano a Jesu. Le rōna re lokela ho sebetsa tumellanong le litaelo tsa hae. ‘Matsatsing ana a ho qetela’ a mahlonoko, lerato le bonngoe har’a barapeli ba ’nete li bohlokoa ho feta leha e le neng pele. (2 Timothea 3:1) Ka sebele, Bakreste ba ’nete ba mamela litaelo tsa Jesu ’me ba bontša lerato la bara ba motho. Sena se kopanyelletsa ho mamela taelo ea hae ea ho boloka Lijo tsa Shoalane tsa Morena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela