Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Moapostola Pauluse o ne a bolela’ng ha a re o ne a “lebala lintho tse ka morao le ho hahamalla linthong tse ka pele”? (Bafilippi 3:13) Na motho a ka lebala ho itseng ka boomo?
Che, maemong a mangata re ke ke ra tlosa mohopolo kelellong ea rōna. ’Nete ke hore, re lebala ho hongata hoo re neng re ka lakatsa ho ho hopola ’me re hopola lintho tse ngata tseo hamorao re neng re ka mpa ra li lebala. Joale Pauluse o ne a bolela eng ha a ne a ngola mantsoe a ho Bafilippi 3:13? Taba e potolohileng e re thusa hore re utloisise.
Ho Bafilippi khaolo ea 3, Pauluse o hlalosa “mabaka a ho kholiseha [ha hae] . . . nameng.” O bua ka semelo sa hae sa Bojuda se se nang sekoli le ka ho chesehela Molao ha hae—lintho tse ka beng li mo file menyetla e mengata sechabeng sa Iseraele. (Bafilippi 3:4-6; Liketso 22:3-5) Leha ho le joalo, o ile a furalla menyetla e joalo, a e nka joalokaha eka ke se mo lahlehetseng. Lebaka? Hobane o ne a fumane ho hong ho molemo—“bohlokoa bo fetisisang ba tsebo ea Kreste Jesu.”—Bafilippi 3:7, 8.
Pakane e ka sehloohong ea Pauluse e ne e le ho fumana, e seng boemo bo itseng lefatšeng lena, empa “tsoho ea pejana bafung.” (Bafilippi 3:11, 12) Kahoo, oa ngola: “Ha ke lebala lintho tse ka morao le ho hahamalla linthong tse ka pele, ke phehella pakaneng bakeng sa moputso oa pitso ea holimo ea Molimo ka Kreste Jesu.” (Bafilippi 3:13, 14) Ha Pauluse a ne a re o “lebala lintho tse ka morao,” o ne a sa bolele hore ka tsela e itseng o hlakotse “lintho tse ka morao” kelellong ea hae. Ka ho hlakileng o ne a ntse a li hopola, kaha o ne a sa tsoa li thathamisa. Ntle ho moo, Segerikeng sa pele, o ne a sebelisa mofuta oa leetsi le supang ketso e ntseng e etsahala, e e-song ho fele. O re “lebala,” e seng “lebetse.”
Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “lebala” (e·pi·lan·thaʹno·mai) le na le meelelo e fapa-fapaneng, eo o mong oa eona e leng “ho se amehe ka,” kapa “ho hlokomoloha.” Ho latela Exegetical Dictionary of the New Testament (e hlophisitsoeng ke Horst Balz le Gerhard Schneider), sena ke sona se boleloang ke ho “lebala” ho ho Bafilippi 3:13. Pauluse o ne a sa lule a nahanne ka lintho tseo a li tetseng. O ne a ithutile ho li talima e le tseo e seng tsa bohlokoa. Ha li bapisoa le tšepo ea leholimo, li ne li tšoana le “lithōle tse ngata.”—Bafilippi 3:8.
Mantsoe a Pauluse a ka sebetsa joang kajeno? Ha e le hantle, joaloka Pauluse, e ka ’na eaba Mokreste o ikentse sehlabelo ho sebeletsa Molimo. E ka ’na eaba o tlohetse mosebetsi o lefang chelete e ntle ka lebaka la tšebeletso ea nako e tletseng. Kapa e ka ’na eaba o tsoa lelapeng le ruileng, le seng le sa mo thuse tabeng ea lichelete ka lebaka la ho hanyetsa ’nete. Mahlabelo a joalo ke a babatsehang, empa hase ntho eo ho ka luloang ho nahanoa ka eona kamehla. A talimile bokamosong bo khanyang bo mo letetseng, Mokreste oa ‘lebala,’ o khaotsa ho ameha ka “lintho tse ka morao.”—Luka 9:62.
Molao-motheo o tšehetsang mantsoe ao a Pauluse mohlomong o ka sebelisoa ka tsela e ’ngoe. Ho thoe’ng ka Mokreste ea ileng a oela boitšoarong bo fosahetseng pele a ka tseba ka Molimo? (Bakolose 3:5-7) Kapa ha re nke hore ka mor’a ho ba Mokreste, o ile a etsa sebe se tebileng ’me a khalemeloa ke phutheho. (2 Bakorinthe 7:8-13; Jakobo 5:15-20) Ha e le hantle, haeba a bakile ka ’nete ’me a fetotse litsela tsa hae, o ‘hlatsoitsoe hore a hloeke.’ (1 Bakorinthe 6:9-11) Se ileng sa etsahala se fetile. Ho ka etsahala hore a se lebale seo a se entseng—feela, o tla ba bohlale ho ithuta ka phihlelo eo e le hore a se etse sebe seo hape. Ho ntse ho le joalo, o ‘lebala’ ka kutloisiso ea ho se lule a inyatsa kamehla. (Bapisa le Esaia 65:17.) A tšoaretsoe motheong oa sehlabelo sa Jesu, o loanela hore a se ke a nahana ka tse fetileng.
Ho Bafilippi 3:13, 14, Pauluse o itšoantša le semathi se peisong, se ‘hahamallang’ ho finyella pakane. Semathi se talima pele, e seng morao. Ka ho tšoanang, Mokreste o lokela ho talima tlhohonolofatso e larileng ka pele, e seng lintho tse setseng morao. Pauluse o boetse o re: “Haeba likelello tsa lōna li sekametse hosele tabeng leha e le efe, Molimo o tla le senolela boikutlo bo ka holimo.” (Bafilippi 3:15) Kahoo, rapela Molimo e le hore a u thuse ho hlaolela pono ena. Tlatsa kelello ea hao ka mehopolo ea Molimo joalokaha e fumanoa ka Bibeleng. (Bafilippi 4:6-9) Thuisa ka lerato leo Jehova a u ratang ka lona le ka mahlohonolo ao u a thabelang ka lebaka la lona. (1 Johanne 4:9, 10, 17-19) Joale, ka moea o halalelang Jehova o tla u thusa hore u se ke ua ameha ka tseo u li siileng morao. Ho e-na le hoo, joaloka Pauluse, u tla talima bokamosong bo khanyang bo larileng ka pele.—Bafilippi 3:17.