Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 5/15 maq. 10-15
  • Inehele ho Baleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Inehele ho Baleng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ho Thaba ea Ballang Holimo”
  • Nahana ka Matla ’me U Thuise
  • Amahanya Lintlha Tse Ncha le Tsa Khale
  • Bona Liketsahalo Tsa Mangolo ka Mahlo a Kelello
  • Ho Ithuta Lithuto Tsa Bohlokoa
  • Ruang Molemo oa ho Bala Bibele le le Lelapa
  • Ho Bala le Tšebeletso ea Bokreste
  • Ikitlaelletse ho Bala
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Rua Molemo ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Bala Bibele—Ho Molemo Ebile ho Monate
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Thabela Lentsoe la Molimo
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 5/15 maq. 10-15

Inehele ho Baleng

“Ha ke ntse ke tla, u tsoele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa, ho eletseng, ho ruteng.”—1 TIMOTHEA 4:13.

1. Re ka rua molemo joang ka ho bala Bibele?

JEHOVA MOLIMO o file moloko oa batho matla a hlollang a ho ithuta ho bala le ho ngola. O fane le ka Lentsoe la hae, Bibele, e le hore re ka rutoa hantle. (Esaia 30:20, 21) Tlaleho ea eona e re nolofaletsa hore ka puo ea tšoantšetso, re ‘tsamaee’ le bapatriareka ba tšabang Molimo ba kang Abrahama, Isaka le Jakobo. Re ka ‘bona’ basali ba tšabang Molimo ba kang Sara, Rebeka le Ruthe Momoabe ea tšepahalang. E, re ka “utloa” ha Jesu Kreste a fana ka Thuto ea hae ea Thabeng. Thabo ena eohle le thuto e phahameng e tsoang Mangolong a Halalelang e ka ba ea rōna haeba re le babali ba molemo.

2. Ke’ng se bontšang hore Jesu le baapostola ba hae ba ne ba khona ho bala hantle?

2 Ha ho pelaelo hore motho ea phethahetseng Jesu Kreste o ne a e-na le tsebo e phahameng ea ho bala, ’me ka sebele o ne a tseba Mangolo a Seheberu hantle haholo. Ka hona, ha Diabolose a ne a leka Jesu, o ile a mo lebisa ho ’ona khafetsa ’me a re, “Ho ngoliloe.” (Matheu 4:4, 7, 10) Ka lekhetlo le leng synagogeng e Nazaretha, o ile a bala karolo ea boprofeta ba Esaia phatlalatsa a ba a bo sebelisa ho eena ka boeena. (Luka 4:16-21) Ho thoe’ng ka baapostola ba Jesu? Mangolong a bona, ba ne ba atisa ho qotsa Mangolo a Seheberu. Le hoja babusi ba Bajuda ba ne ba talima Petrose le Johanne e le ba sa rutehang le batho feela ba tloaelehileng hobane ba ne sa ithuta likolong tsa Seheberu tsa thuto e phahameng, mangolo a bona a bululetsoeng ke Molimo a paka ka ho hlaka hore ba ne ba khona ho bala le ho ngola hantle. (Liketso 4:13) Empa na ho tseba ho bala e hlile ke habohlokoa?

“Ho Thaba ea Ballang Holimo”

3. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaale ho bala Mangolo le lingoliloeng tsa Bokreste?

3 Ho ithuisa tsebo e nepahetseng ea Mangolo le ho e sebelisa ho ka fella ka bophelo bo sa feleng. (Johanne 17:3) Ka hona Lipaki tsa Jehova li hlokomela hore ke habohlokoa haholo ho bala le ho ithuta Mangolo a Halalelang le lingoliloeng tsa Bokreste tseo Molimo a fanang ka tsona ka sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene sa Bakreste ba tlotsitsoeng. (Matheu 24:45-47) Ha e le hantle, ka ho sebelisa lingoliloeng tsa Watch Tower tse lokiselitsoeng morero oo ka ho khetheha, ba likete ba rutiloe ho bala ’me kahoo ba fumana tsebo ea Lentsoe la Molimo e fanang ka bophelo.

4. (a) Ke hobane’ng ha thabo e tla ka ho bala, ho ithuta le ho sebelisa Lentsoe la Molimo? (b) Mabapi le ho bala, Pauluse o ile a bolella Timothea eng?

4 Thabo e tla ka ho bala, ho ithuta le ho sebelisa Lentsoe la Molimo. Ho joalo hobane ka ho etsa joalo re thabisa le ho tlotla Molimo, re fumana tlhohonolofatso ea hae ’me rea thaba. Jehova o batla hore bahlanka ba hae ba thabe. Kahoo, o ile a laela baprista ho balla batho ba Iseraele ea boholo-holo Molao oa hae. (Deuteronoma 31:9-12) Ha Esdrase oa mongoli le ba bang ba ne ba balla batho bohle ba bokaneng Jerusalema Molao, moelelo oa oona o ile oa hlaka, ’me phello e ile ea e-ba “monyaka o moholo.” (Nehemia 8:6-8, 12) Hamorao moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a bolella mosebetsi-’moho le eena Timothea: “Ha ke ntse ke tla, u tsoele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa, ho eletseng, ho ruteng.” (1 Timothea 4:13) Phetolelo e ’ngoe e baleha tjena: “Inehele ho baleng Mangolo phatlalatsa.”—New International Version.

5. Tšenolo 1:3 e amahanya thabo le ho bala joang?

5 Taba ea hore thabo ea rōna e itšetlehile ka ho bala le ho sebelisa Lentsoe la Molimo e totobalitsoe ho Tšenolo 1:3. Teng rea bolelloa: “Ho thaba ea ballang holimo le ba utloang mantsoe a boprofeta bona, le ba bolokang lintho tse ngotsoeng ho bona; etsoe nako e behiloeng e haufi.” E, ho hlokahala hore re bale ka lentsoe le phahameng re be re utloe mantsoe a Molimo a boprofeta a ho Tšenolo le a Mangolong ’ohle. Motho ea thabileng e le kannete ke ea ‘ithabelang molaong oa Jehova, molao oa hae a o nahana motšehare le bosiu.’ Phello ke efe? “See a se etsang kaofela sea mo atla.” (Pesaleme ea 1:1-3) Ka hona ke ka mabaka a molemo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o phehellang e mong le e mong oa rōna ho bala le ho ithuta Lentsoe la hae ka bomong, re le malapa le metsoalle.

Nahana ka Matla ’me U Thuise

6. Joshua o ile a laeloa ho bala eng, hona see se bile molemo joang?

6 U ka fumana se molemohali joang ha u bala Lentsoe la Molimo le lingoliloeng tsa Bokreste? Ho ka etsahala hore u fumane ho le molemo ho etsa se ileng sa etsoa ke Joshua, moeta-pele ea tšabang Molimo oa Iseraele ea boholo-holo. O ile a laeloa: “Buka ena ea molao e tlameha hore e se tlohe molomong oa hao‚ ’me u tlameha ho e bala ka lentsoe le tlaase motšehare le bosiu, e le hore u hlokomele ho etsa ka sohle se ngoliloeng ka hare ho eona; hobane joale u tla atlehisa tsela ea hao ’me joale u tla etsa ka bohlale.” (Joshua 1:8, NW) Ho “bala ka lentsoe le tlaase” ho bolela ho ipalla ka lentsoe le tlaase. Sena ke thuso bakeng sa ho hopola, hobane se hatisa boitsebiso kelellong. Joshua o ne a lokela ho bala Molao oa Molimo “motšehare le bosiu,” kapa kamehla. Eo e ne e le tsela ea hore a atlehe le ho sebetsa ka bohlale ha a phethahatsa boikarabelo boo Molimo a mo fileng bona. Ho bala Lentsoe la Molimo kamehla ho joalo ho ka u thusa ka tsela e tšoanang.

7. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ameha haholo ka ho bala kapele ha re bala Lentsoe la Molimo?

7 U se ke ua ameha haholo ka ho bala kapele ha u bala Lentsoe la Molimo. Haeba u itokiselitse ho nka nako e itseng u bala Bibele kapa sengoliloeng sa Bokreste se itseng, u ka ’na ua rata hore u nke nako. Sena ke sa bohlokoa ka ho khethehileng ha u ithuta ka morero oa ho hopola lintlha tsa bohlokoa. ’Me ha u bala, nahana ka matla. Hlahlobisisa lipolelo tsa mongoli oa Bibele. Ipotse, ‘Morero oa hae ke ofe? Nka etsa eng ka boitsebiso boo?’

8. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho thuisa ha re bala Mangolo?

8 Nka nako ho thuisa ha u ntse u bala Mangolo a Halalelang. Sena se tla u thusa ho hopola litlaleho tsa Bibele le ho sebelisa melao-motheo ea Mangolo. Ho thuisa ka Lentsoe la Molimo ’me kahoo u hatisa lintlha tsa sehlooho mohopolong oa hao le hona ho tla u nolofaletsa ho bua ho tloha pelong, le ho fa ba botsang ka tieo likarabo tse ntle ho e-na le ho bua ntho e itseng eo hamorao u ka ’nang ua ikoahlaela eona. Maele a bululetsoeng ke Molimo a re: “Pelo ea motho ea lokileng e nahana karabo.”—Liproverbia 15:28.

Amahanya Lintlha Tse Ncha le Tsa Khale

9, 10. Ho amahanya lintlha tsa Mangolo tse ncha le tseo u seng u li tseba ho ka ntlafatsa ’malo oa hao oa Bibele joang?

9 Bakreste ba bangata ba tlameha ho lumela hore ka nako e ’ngoe ba ne ba tseba hanyenyane ka Molimo, Lentsoe la hae le merero ea hae. Leha ho le joalo, kajeno, ba qala ka pōpo le ho oela ha motho sebeng, basebeletsi bana ba Bakreste ba ka hlalosa morero oa sehlabelo sa Kreste, ba ka bolela ka timetso ea tsamaiso ena e khopo ea lintho, ’me ba ka bontša kamoo moloko oa batho ba mamelang o tla hlohonolofatsoa ka bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Sena se ka etsahala haholo-holo hobane bahlanka bana ba Jehova ba ithuisitse “tsebo ea Molimo” ka ho ithuta Bibele le lingoliloeng tsa Bokreste. (Liproverbia 2:1-5) Butle-butle ba ’nile ba amahanya lintlha tse ncha tseo ba ithutileng tsona le tsa khale tseo ba seng ba li utloisisa.

10 Ho amahanya lintlha tse ncha tsa Mangolo le tseo u seng u li tseba ho molemo ebile hoa putsa. (Esaia 48:17) Ha melao ea Bibele, melao-motheo kapa esita le likhopolo tse itseng tse batlang li poteletse li hlahisoa, li amahanye le seo u seng u se tseba. Lumellanya boitsebiso boo le seo u seng u ithutile sona ka “mohlala oa mantsoe a phelisang hantle.” (2 Timothea 1:13) Batla boitsebiso bo ka ’nang ba u thusa ho matlafatsa kamano ea hao le Molimo, ho ntlafatsa botho ba hao ba Bokreste kapa ba u tšehetsa ha u arolelana linnete tsa Bibele le ba bang.

11. U ka ’na ua etsa’ng ha u bala seo Bibele e se buang ka boitšoaro? Bontša.

11 Ha u bala se seng seo Bibele e se buang ka boitšoaro, leka ho lemoha molao-motheo o amehang. Thuisa ka oona, ’me u etse qeto ea hore na u ne u tla etsa joang tlas’a maemo a tšoanang le ao. Mora oa Jakobo Josefa o ile a tsoela pele ho hana ho kopanela boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali le mosali oa Potifaro, a botsa: “Nka etsa joang bobe bo boholo hakalo, ka siteloa Molimo na?” (Genese 39:7-9) Tlalehong ena e sisinyang maikutlo, u fumana molao-motheo o ka sehloohong—boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali ke ho siteloa Molimo. Ka kelellong u ka ’na ua amahanya molao-motheo ona le lipolelo tse ling Lentsoeng la Molimo, ’me u ka fumana molemo tsebong ena haeba u hoheleha hore u etse phoso e joalo.—1 Bakorinthe 6:9-11.

Bona Liketsahalo Tsa Mangolo ka Mahlo a Kelello

12. Ke hobane’ng ha u lokela ho bona litlaleho tsa Bibele ka mahlo a kelello ha u ntse u li bala?

12 Ho hatisa lintlha kelellong ea hao ha u ntse u bala, bona se etsahalang ka mahlo a kelello. Ka kelellong bona sebaka, matlo le batho. Utloa mantsoe a bona. Fofonela monko oa bohobe bo ka ontong. Phelisa lipono tsena hape. Joale ’malo oa hao e tla ba phihlelo e susumetsang, hobane u ka ’na ua bona motse o itseng oa boholo-holo, ua hloa thaba e phahameng, ua hlolloa ke limakatso tsa pōpo kapa ua tloaelana le banna le basali ba tumelo e matla.

13. U ne u tla hlalosa se tlalehiloeng ho Baahloli 7:19-22 joang?

13 Ha re re u bala Baahloli 7:19-22. (NW) Bona se etsahalang ka mahlo a kelello. Moahloli Gideone le banna ba Iseraele ba sebete ba makholo a mararo ba eme e mong le e mong sebakeng sa hae lintšing tsa kampo ea Bamidiane. E ka ba hora ea leshome bosiu, qalong ea “tebelo ea bosiu bo boholo.” Balebeli ba Midiane ba sa tsoa behoa, ’me lefifi le koahetse kampo ea lira tsa Baiseraele tse robetseng. Bona! Gideone le banna ba hae ba hlometse ka linaka. Ba tšoere linkho tse khōlō tsa metsi tse koahelang lirumula tseo ba li tšoereng ka letsoho le letšehali. Ka tšohanyetso, lihlopha tse tharo ka seng se e-na le ba lekholo li letsa manaka a tsona, li pshatla linkho, li phahamisetsa lirumula holimo, ’me lia hooa: “Sabole ea Jehova le ea Gideone!” U sheba kampong. Bamidiane baa baleha ’me ba qala ho hoeletsa! Ha ba makholo a mararo ba tsoela pele ho letsa manaka a bona, Molimo o etsa hore Bamidiane ba hlabane ka lisabole. Midiane e balehisitsoe, ’me Jehova o file Baiseraele tlhōlo.

Ho Ithuta Lithuto Tsa Bohlokoa

14. Baahloli khaolo ea 9 e ka sebelisoa joang ho ruta ngoana tlhokahalo ea ho ikokobetsa?

14 Ka ho bala Lentsoe la Molimo, re ka ithuta lithuto tse ngata. Ka mohlala, mohlomong u batla ho hatisa tlhokahalo ea ho ikokobetsa ho bana ba hao. Ha e le hantle, ho lokela ho ba bonolo ho bona ka mahlo a kelello le ho utloisisa se neng se boleloa boprofeteng ba mor’a Gideone Jothame. Qala ho bala Baahloli 9:8. Jothame o itse: “Ka tsatsi le leng, lifate tsa tloha ho ea itlotsetsa morena.” Sefate sa mohloaare, sefate sa feiga le sa morara li ile tsa hana ho busa. Empa moutloa o tlaase ka boemo o ne o thabetse ho ba ’musi. Ka mor’a ho balla bana ba hao tlaleho ena ka lentsoe le phahameng, u ka ’na ua hlalosa hore limela tsa bohlokoa li ne li emela batho ba tšoanelehang ba neng ba sa batle boemo ba ho busa Baiseraele ba habo bona. Moutloa, o neng o ka sebelisetsoa ho besa feela, o ne o emela bobusi ba Abimeleke ea ikakasang, ’molai ea neng a batla ho hatella ba bang empa a ile a shoa phethahatsong ea boprofeta ba Jothame. (Baahloli, khaolo ea 9) Ke ngoana ofe ea neng a ka lakatsa hore ha a hōla a tšoane le moutloa?

15. Bohlokoa ba botšepehi bo sa sekisetseng bo totobatsoa joang bukeng ea Ruthe?

15 Bohlokoa ba botšepehi bo sa sekisetseng bo hlakisoa bukeng ea Bibele ea Ruthe. Nka hore litho tsa lelapa la hao li fapanyetsana ho bala tlaleho eo ka lentsoe le phahameng ’me li leka ho utloisisa ka ho feletseng seo e se buang. U bona Ruthe oa Moabe a le leetong le eang Bethlehema le matsale oa hae oa mohlolohali, Naomi, ebe u utloa Ruthe a re: “Chaba sa hao ke chaba sa ka, ’me Molimo oa hao ke Molimo oa ka.” (Ruthe 1:16) Ruthe ea khothetseng mosebetsing o bonoa a khoahlapisa ka mor’a bakotuli tšimong ea Boaze. U utloa ha a mo babatsa, a re: “Bohle ba motse oa chaba sa heso ba tseba hobane u mosali ea khabane.” (Ruthe 3:11) Kapele, Boaze o nyala Ruthe. Tumellanong le tokisetso ea lenyalo la ho kenela, ka Boaze o ‘tsoalla Naomi’ mora. Ruthe e e-ba moholo-holo oa Davida ’me qetellong oa Jesu Kreste. Kahoo o ile a fumana “moputso o phethehileng.” Ho feta moo, ba balang tlaleho ea Mangolo ba ithuta thuto ea bohlokoa: Tšepahalla Jehova ka ho sa sekisetseng, ’me u tla hlohonolofatsoa ka ho enneng.—Ruthe 2:12; 4:17-22; Liproverbia 10:22; Matheu 1:1, 5, 6.

16. Baheberu ba bararo ba ile ba thulana le teko efe, ’me tlaleho ee e ka re thusa joang?

16 Tlaleho ea Baheberu bao mabitso a bona e leng Shadrake, Meshake le Abede-Nego e ka re thusa hore re tšepahale ho Molimo maemong a lekang. Ka mahlo a kelello bona ketsahalo ena ha Daniele khaolo ea 3 e baloa ka lentsoe le phahameng. Setšoantšo se seholo sa khauta se phahametse lehoatata la Dura, moo ho bokaneng balaoli ba Babylona. Ha ho letsoa seletsa sa ’mino, ba oa fatše ’me ba rapela setšoantšo seo Morena Nebukadnezare a se emisitseng. Ke hore, bohle ba etsa joalo ntle ho Shadrake, Meshake le Abede-nego. Ka tlhompho, empa e le ka tieo, ba bolella morena hore ba ke ke ba sebeletsa melimo ea hae le ho rapela setšoantšo sa khauta. Baheberu bana ba banyenyane ba akheloa ka har’a sebōpi sa mollo se chesang haholo. Empa ho etsahala’ng? Ha morena a sheba ka hare, o bona banna ba bane ba shahlileng, e mong oa bona “o bonahala joalo ka hoja e le mora oa melimo.” (Daniele 3:25) Baheberu ba bararo ba ntšoa ka sebōping sa mollo, ’me Nebukadnezare o rorisa Molimo oa bona. E bile ho putsang ho bona tlaleho ena ka mahlo a kelello. ’Me e fana ka thuto e kaakang mabapi le ho tšepahala ho Jehova tlas’a teko!

Ruang Molemo oa ho Bala Bibele le le Lelapa

17. Hakhutšoanyane bontša lintho tse ling tse molemo tseo lelapa la hao le ka ithutang tsona ka ho bala Bibele hammoho.

17 Lelapa la hao le ka thabela melemo e mengata haeba kamehla le sebelisa nako e itseng bakeng sa ho bala Bibele hammoho. Ho tloha ho Genese, le ka bona pōpo ka mahlo a kelello ’me la nyarela lehae la motho la Paradeise ea pele. Le ka kopanela liphihlelong tsa bapatriareka ba tšepahalang le malapa a bona la ba la latela Baiseraele ha ba tšela Leoatle le Lefubelu lieta tsa bona li omme. Le ka bona moshemane oa molisana Davida ha a hlōla Goliathe seqhobane sa Mofilista. Lelapa la hao le ka hlokomela kaho ea tempele ea Jehova Jerusalema, le ka bona ha e etsoa lesupi ke makhotla a Bababylona, ’me le ka bona ha e ahoa bocha tlas’a ’Musisi Zerababele. Hammoho le balisana ba ikokobelitseng pel’a Bethlehema, le ka utloa ha lengeloi le phatlalatsa tsoalo ea Jesu. Le ka fumana lintlha tse qaqileng mabapi le kolobetso ea hae le tšebeletso ea hae, le ’mona ha a tela bophelo ba hae ba botho e le thekollo, ’me le ka kopanela thabong ea tsoho ea hae. Ka mor’a moo, le ka tsamaea le moapostola Pauluse ’me la bona ho thehoa ha liphutheho ha Bokreste bo ntse bo ata. Joale, bukeng ea Tšenolo, lelapa la hao le ka thabela pono ea moapostola Johanne e hlollang ea bokamoso, ho akarelletsa le Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete.

18, 19. Ho etsoa litlhahiso life mabapi le ’malo oa Bibele oa lelapa?

18 Haeba le bala Bibele ka lentsoe le phahameng le le lelapa, e baleng ka tsela e hlakileng le ka cheseho. Ha setho se seng sa lelapa se bala likarolo tse ling tsa Mangolo—mohlomong ntate—se ka ’na sa bala tlaleho e akaretsang. Ba bang ba lōna ba ka nka likarolo tsa batho ba bang ba ka Bibeleng, le bala likarolo tsa lōna ka boikutlo bo loketseng.

19 Ha le ntse le bala Bibele le le lelapa, tsebo ea lōna ea ho bala e ka ’na ea ntlafala. Mohlomong, tsebo ea lōna ea Molimo e tla eketseha, ’me sena se lokela ho le atametsa haufi le eena. Asafe o ile a bina: “Ha e le ’na, ho ba haufi le Molimo, ke molemo ho ’na; ke beile setšabelo sa ka ho Morena Jehova, ke tle ke tsebe ho bolela mesebetsi ea hao kaofela.” (Pesaleme ea 73:28) Sena se tla thusa lelapa la hao hore le tšoane le Moshe, ea ileng “a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng,” ke hore, Jehova Molimo.—Baheberu 11:27.

Ho Bala le Tšebeletso ea Bokreste

20, 21. Thōmo ea rōna ea ho bolela e amana joang le tsebo ea ho bala?

20 Takatso ea rōna ea ho rapela “Ea sa bonahaleng” e lokela ho re susumeletsa ho sebeletsa ho ba babali ba molemo. Tsebo ea ho bala hantle e re thusa ho beha bopaki bo tsoang Lentsoeng la Molimo. Ka sebele e re thusa ho tsoela pele mosebetsing oa boboleli ba ’Muso oo Jesu a ileng a laela balateli ba hae hore ba o etse ha a ne a re: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetsa ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba ruta ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20; Liketso 1:8) Ho paka ke mosebetsi o ka sehloohong oa batho ba Jehova, ’me tsebo ea ho bala e re thusa ho o finyella.

21 Ho ba ’mali ea molemo le ho ba mosuoe ea bohlale oa Lentsoe la Molimo ho hloka boiteko. (Baefese 6:17) Ka hona, ‘etsa sohle se matleng a hao ho itlhahisa u amoheleha ho Molimo u le ea tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo.’ (2 Timothea 2:15) Eketsa tsebo ea hao ea ’nete ea Mangolo le matla a hao u le Paki ea Jehova ka ho inehela ho baleng.

U ka Araba Joang?

◻ Ke joang thabo e itšetlehileng ka ho bala Lentsoe la Molimo?

◻ Ke hobane’ng ha u lokela ho thuisa ka seo u se balang ka Bibeleng?

◻ Ke hobane’ng ha u lokela ho amahanya lintlha le ho bona ka mahlo a kelello ha u bala Mangolo?

◻ Ke lithuto life tse lokelang ho ithutoa ’malong oa Bibele?

◻ Ke hobane’ng ha le lokela ho bala Bibele ka lentsoe le phahameng le le lelapa, ’me ho bala ho amana joang le tšebeletso ea Bokreste?

[Litšoantšo tse leqepheng la 13]

Ha le bala Bibele le le lelapa, bonang litlaleho ka mahlo a kelello le be le thuise ka bohlokoa ba tsona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela