Na U Tlas’a Khatello ea Leeme?
KE ENG eo pefo ea morabe, bomorabe, khethollo, likarohano le liketso tse reretsoeng ho timetsa morabe o itseng li tšoanang ka eona? Kaofela ha tsona ke liphello tsa tšekamelo e hohle ea motho—leeme!
Leeme ke eng? Encyclopedia e ’ngoe e le hlalosa e le “maikutlo a etsoang ntle le ho ipha nako kapa kameho ea ho ahlola ka ho loka.” Joaloka batho ba sa phethahalang, re na le tšekamelo ea leeme ho ea bohōleng bo itseng. Mohlomong u ka hopola liketsahalo tseo u ileng ua ahlola u sa ka ua fumana ’nete eohle. Bibele e bapisa tšekamelo e joalo ea leeme le tsela eo Jehova Molimo a ahlolang ka eona. E re: “Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo.”—1 Samuele 16:7.
Leeme le Utloisa Bohloko
Ha ho pelaelo hore ka nako e ’ngoe, motho e mong le e mong o se a kile a ahloloa ka phoso ke motho e mong. (Bapisa le Moeklesia 7:21, 22.) Ka kakaretso, kaofela ha rōna re tlas’a khatello ea leeme. Leha ho le joalo, maikutlo a leeme ha a lelekoa ka potlako, a ka utloisa bohloko hanyenyane kapa ho hang a se ke a utloisa bohloko. Ke ho hōlisa maikutlo a joalo ho ka fellang ka bohloko. Ho ka etsa hore re thetsehe ’me re lumele bohata. Ka mohlala, tlas’a tšusumetso ea leeme, batho ba bang ka sebele ba lumela hore motho a ka ba meharo, a ba botsoa, a hloka kelello kapa a ikhohomosa ka lebaka la hobane feela e le oa bolumeli bo itseng, morabe kapa sehlopha se itseng sa sechaba.
Mabakeng a mangata, kahlolo e fosahetseng joalo e baka hore batho ba bang ba tšoaroe ka ho hloka toka, ka ho hlekefetsoa kapa ka mabifi. Batho ba limilione ba lahlehetsoe ke bophelo ba bona lipolaong tse sehlōhō, liketsong tse reretsoeng ho timetsa morabe o itseng, lipolaeanong tsa merabe le mefuteng e meng e fetelletseng ea leeme.
Lefatšeng lohle, mebuso e loantšitse leeme ka hore ka molao e tiise tokelo e ke keng ea hlaseloa ea tokoloho, tšireletseho le ho lekana. Ha u ka bala molao-motheo kapa melao eohle e ka sehloohong ea naha ea heno, ntle ho tika-tiko u tla fumana polelo kapa tokiso e reretsoeng ho sireletsa litokelo tsa baahi bohle, ho sa tsotellehe morabe oa bona, bong kapa bolumeli. Leha ho le joalo, leeme le khethollo li atile ka tekanyo ea lefatše lohle.
Na u tlas’a khatello ea leeme? Na u se u kile ua hlalosoa u le meharo, u le botsoa, u hloka kelello kapa u ikhohomosa ka lebaka feela la morabe oa hao, lilemo, bong, bochaba kapa tumelo ea bolumeli? Na u tingoa menyetla e metle ea thuto, mosebetsi, bolulo le litšebeletso tsa sechaba ka lebaka la leeme? Haeba ho joalo, ke joang u ka sebetsanang le lona ka katleho?
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Ho hōlisa leeme ho fehlella lehloeo la merabe
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Nina Berman/Sipa Press