Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 6/1 maq. 9-14
  • Peō ea Noha—E Pepesitsoe Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Peō ea Noha—E Pepesitsoe Joang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Boprofeta Bona bo se Bolelang
  • ‘Bora Mahareng a Hao le Mosali’
  • Ho Hloea Peō ea Mosali oa Molimo
  • Ho Pepesoa ha Peō ea Noha Kajeno
  • Tumellano ea Bibele ka Kakaretso
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Sehlooho se Seholo sa Bibele
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Eo Baprofeta Bohle ba mo Pakileng
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Ho Koaholla Noha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 6/1 maq. 9-14

Peō ea Noha—E Pepesitsoe Joang?

“Ke tla bea [bora, NW] mahareng a hao le mosali, le mahareng a peo ea hao le peo ea hae.”—GENESE 3:15.

1. (a) Ke hobane’ng ha Jehova e le Molimo ea thabileng? (b) O entse’ng ho re nolofaletsa ho kopanela thabong ea hae?

JEHOVA ke Molimo ea thabileng ’me e le ka lebaka le letle. Ke Mofani e moholo le ea hlaheletseng ka ho fetisisa oa lintho tse molemo, ’me ha ho letho le ka nyopisang merero ea hae. (Esaia 55:10, 11; 1 Timothea 1:11; Jakobo 1:17) O batla hore bahlanka ba hae ba kopanele thabong ea hae, ’me o fana ka mabaka a utloahalang a hore ba etse joalo. Kahoo, ka e ’ngoe ea linako tse lefifi ka ho fetisisa historing ea motho—ea borabele ba Edeneng—o ile a fana ka motheo oa hore re talime bokamoso ka tšepo.—Baroma 8:19-21.

2. Ha a ahlola marabele Edene, Jehova o ile a fana ka motheo oa tšepo joang bakeng sa bana ba Adama le Eva?

2 E mong oa bara ba Jehova ba moea, ka ho hanyetsa le ho etselletsa Molimo, o ne a sa tsoa iketsa Satane Diabolose. Batho ba pele, Eva e ntan’o ba Adama, ba ne ba oetse tlas’a tšusumetso ea hae ’me ba tlōtse molao oa Jehova o neng o hlalositsoe ka ho hlaka. Ke ka nepo ba ileng ba ahloleloa lefu. (Genese 3:1-24) Empa, ha Jehova a ne a ahlola marabele ana, o ile a fana ka motheo oa tšepo bakeng sa bana ba Adama le Eva. Ka tsela efe? Joalokaha ho tlalehiloe ho Genese 3:15 Jehova o ile a re: “Ke tla bea [bora, NW] mahareng a hao le mosali, le mahareng a peo ea hao le peo ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.” Boprofeta boo ke senotlolo sa ho utloisisa Bibele eohle esita le liketsahalo tsa nakong e fetileng le tsa hona joale tse amanang le lefatše le bahlanka ba Jehova.

Seo Boprofeta Bona bo se Bolelang

3. Joalokaha Genese 3:15 e bontšitse, hlalosa (a) Noha, (b) “mosali,” (c) “peo” ea Noha, (d) “peo” ea mosali.

3 E le hore u ka utloisisa seo bo se bolelang, hlahloba likarolo tse sa tšoaneng tsa boprofeta bona ka bobona. Eo ho buuoang le eena ho Genese 3:15 ke Noha—e seng noha e tloaelehileng empa ea ileng a e sebelisa. (Tšenolo 12:9) “Mosali” hase Eva empa ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa leholimo, ’mè oa bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng ka moea lefatšeng. (Bagalata 4:26) “Peo” ea Noha ke peō ea Satane, bana ba hae—bademona le batho esita le mekhatlo ea batho e bonahatsang litšobotsi tsa Satane le ba bontšang bora ho “peo” ea mosali. (Johanne 15:19; 17:15) “Peo” ea mosali e ka sehloohong ke Jesu Kreste, ea ileng a tlotsoa ka moea o halalelang ka 29 C.E. Ba 144 000, ba ‘tsoetsoeng hape ka metsi le moea’ le bao e leng majalefa le Kreste ’Musong oa leholimo, ke karolo e tlaasana ea peō eo e tšepisitsoeng. Bana ba ile ba qala ho kenyelletsoa peōng ea mosali ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. ho ea pele.—Johanne 3:3, 5; Bagalata 3:16, 29.

4. Genese 3:15 e amana joang le ho ba ha lefatše paradeise, e tletseng batho ba lokolohileng sebeng le lefung?

4 Noha ea sebele e neng e le Edene e ile ea sebelisoa e le ’muelli oa eo leshano la hae le ileng la etsa hore motho a lahleheloe ke Paradeise. Genese 3:15 e ile ea bolela esale pele nako eo ka eona ea ileng a sebelisa noha eo hampe a tla silakanngoa. Joale tsela e tla boela e buloe bakeng sa bahlanka ba Molimo ba batho hore ba ahe Paradeiseng, ba lokolohile sebeng le lefung. Eo e tla ba nako e thabisang hakaakang!—Tšenolo 20:1-3; 21:1-5.

5. Ke litšobotsi life tse khethollang bana ba moea ba Diabolose?

5 Ka mor’a borabele ba Edene, ho ile ha qala ho hlaha batho ka bomong le mekhatlo e hlophisitsoeng ba bonahatsang litšobotsi tse tšoanang le tsa Satane Diabolose—borabele, ho qala leshano, ho etselletsa le ho bolaea, ho tsamaeang le ho ba khahlanong le thato ea Jehova le ba rapelang Jehova. Litšobotsi tseo li ile tsa khetholla bana ba moea ba Diabolose. Kaine, ea ileng a bolaea Abele ha Jehova a ne a amohela borapeli ba Abele ho e-na le ba Kaine e ne e le e mong oa bona. (1 Johanne 3:10-12) Nimrode ke eo lebitso la hae ka bolona le neng le mo tsebahatsa e le lerabele le eo e ileng ea e-ba setsomi se matla le ’musi ea leng khahlanong le Jehova. (Genese 10:9) Ho phaella moo ho bile le mebuso ea boholo-holo e latellanang, ho akarelletsa le Babylona, ka malumeli a eona a tšehetsoang ke naha, a thehiloeng leshanong, ’me ka bokhopo e ile ea hatella barapeli ba Jehova.—Jeremia 50:29.

‘Bora Mahareng a Hao le Mosali’

6. Satane o bontšitse bora ho mosali oa Jehova ka litsela life?

6 Nakong ena eohle, ho ne ho e-na le bora pakeng tsa Noha le mosali oa Jehova, pakeng tsa Satane Diabolose le mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng oa leholimo oa libōpuoa tsa moea tse tšepahalang ka ho sa sekisetseng. Bora ba Satane bo ile ba bonahala ha a ne a phephetsa Jehova ’me a batla ho ferekanya mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng oa leholimo, a hohela mangeloi hore a furalle sebaka sa ’ona sa bolulo se loketseng. (Liproverbia 27:11; Jude 6) Bo ile ba totobala ha Satane a sebelisa bademona ba hae ho leka ho kena-kenana le manģosa a mangeloi a neng a ronngoe ke Jehova. (Daniele 10:13, 14, 20, 21) Bo ile ba hlaka ka ho ikhethang lekholong lena la bo20 la lilemo ha Satane a ne a batla ho felisa ’Muso oa Bomesia tsoalong ea oona.—Tšenolo 12:1-4.

7. Ke hobane’ng ha mangeloi a Jehova a tšepahalang ka ho sa sekisetseng a ile a ba le boikutlo ba bora ho Noha ea tšoantšetso, empa a bontšitse boithibo bofe?

7 Ho ne ho boetse ho e-na le bora ka lehlakoreng la mosali oa Jehova, sehlopha sa mangeloi a tšepahalang ka ho sa sekisetseng, ho Noha. Satane o ne a sentse lebitso le letle la Molimo; hape o ne a entse hore ho belaelloe botšepehi ba sebōpuoa se seng le se seng se bohlale sa Molimo, ho akarelletsa le mangeloi ’ohle, ’me o ne a leka ka matla ho senya botšepehi ba bona bo sa sekisetseng ho Molimo. (Tšenolo 12:4a) Ka sebele mangeloi a tšepahalang ka ho sa sekisetseng, likerubime le lirafime a ile a nyonya ka ho feletseng ea ileng a iketsa Diabolose le Satane. Empa, a emetse Jehova hore a sebetse litaba ka nako ea hae le ka tsela ea hae.—Bapisa le Jude 9.

Ho Hloea Peō ea Mosali oa Molimo

8. Satane o ne a ntse a batla ho tseba mang?

8 Ka nako eona eo, Satane o ne a batla ho tseba Peō ea mosali e boletsoeng esale pele, eo Jehova a ileng a re e tla khoba hlooho ea Noha. Ha lengeloi le phatlalatsa le le leholimong hore Jesu, ea neng a hlahetse Bethlehema, e ne e le “Mopholosi, eo e leng Kreste Morena,” ena e ne e le tiiso e matla ea hore e ne e tla ba Peō ea mosali e boletsoeng esale pele.—Luka 2:10, 11.

9. Ka mor’a tsoalo ea Jesu, Satane o ile a bontša bora bo mabifi joang?

9 Bora ba Satane bo mabifi bo ile ba bonahala kapele ha a ne a hohela linohe tsa linaleli tsa bahetene hore li nke leeto leo pele le ileng la li lebisa ho Morena Heroda Jerusalema la ntan’o li lebisa ntlong e ’ngoe Bethlehema moo li ileng tsa fumana moshanyana Jesu le ’mè oa hae, Maria. Kapele ka mor’a moo, Morena Heroda o ile a laela hore bashanyana bohle ba lilemo li peli le ka tlaase, Bethlehema le mathōko a eona, ba bolaoe. Ho sena, Heroda o ile a bontša lehloeo la bosatane bakeng sa Peō eo. Ho hlakile hore Heroda o ne a tseba hantle hore o ne a leka ho bolaea eo e neng e tla ba Mesia. (Matheu 2:1-6, 16) Histori e tiisa hore Morena Heroda o ne a tletse mano, a le maqiti a bolotsana, ebile e le ’molai—ruri e ne e le e mong oa peō ea Noha.

10. (a) Ka mor’a kolobetso ea Jesu, Satane ka boeena o ile a leka joang ho nyopisa morero oa Jehova ka Peō e tšepisitsoeng? (b) Satane o ile a sebelisa baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda joang ha a leka ho finyella lipakane tsa hae?

10 Ka mor’a hore Jesu a tlotsoe ka moea o halalelang ka 29 C.E. ’me Jehova a bue a le leholimong a lumela hore Jesu ke Mora oa hae, Satane o ile a leka ka makhetlo-khetlo ho etsa hore Jesu a inehele molekong, kahoo a batla ho nyopisa morero oa Jehova ka Mora oa hae. (Matheu 4:1-10) Ha a hlōleha ho etsa seo, o ile a retelehela tšebelisong e tsoelang pele ea baemeli ba batho hore a finyelle lipakane tsa hae. Har’a bao a ileng a ba sebelisa ha a leka ho nyelisa Jesu e bile baeta-pele ba bolumeli ba baikaketsi. Ba ile ba sebelisa mashano le ketselletso, mofuta oa mano o neng o sebelisoa ke Satane ka boeena. Ha Jesu a ne a re ho motho ea shoeleng litho, “E-ba sebete, . . . libe tsa hao li tšoaretsoe,” bangoli, ntle le ho emela ho bona hore na monna eo o ne a fela a folile, ba ile ba etsa qeto ea hore Jesu ke monyefoli. (Matheu 9:2-7) Ha Jesu a ne a folisa batho ka Sabatha, Bafarisi ba ile ba mo nyatsa ka hore ke motlōli oa molao oa Sabatha ’me ba rera ho mo timetsa. (Matheu 12:9-14; Johanne 5:1-18) Ha Jesu a ne a leleka bademona, Bafarisi ba ile ba mo qosa ka hore ke molekane oa “Beelzebube, ’musi oa bademona.” (Matheu 12:22-24) Ka mor’a hore Lazaro a tsosoe bafung, batho ba bangata ba ile ba lumela ho Jesu, empa baprista ba ka sehloohong le Bafarisi ba ile ba boela ba rera ho ’molaea.—Johanne 11:47-53.

11. Matsatsi a mararo pele ho lefu la Jesu, o ile a tsebahatsa bo-mang e le karolo ea peō ea Noha, hona hobane’ng?

11 Ka la 11 Nisane, 33 C.E., le hoja Jesu a ne a tseba hantle seo ba neng ba se rera, a sa tšabe, o ile a ea sebakeng sa tempele ea Jerusalema ka ho toba ’me ha a le moo a ba ahlola phatlalatsa. E le sehlopha, bangoli le Bafarisi ba ne ba bontšitse ba sa khaotse hore na ke batho ba mofuta ofe; ka hona Jesu o ile a re: “Ho malimabe lōna, bangoli le Bafarisi, baikaketsi! hobane le koalla batho ’muso oa maholimo; kaha lōna ka bolōna ha le kene.” Jesu o ile a bolela ka ho toba hore e ne e le karolo ea peō ea Noha, a re: “Linoha, malinyane a bo-marabe, le tla balehela kahlolo ea Gehena joang?” (Matheu 23:13, 33) Puo ea hae e hopotsa ka boprofeta bo ho Genese 3:15.

12, 13. (a) Baprista ba ka sehloohong le bangoli ba ile ba fana ka bopaki bo eketsehileng joang mabapi le hore na ntate oa bona oa moea e ne e le mang? (b) Ke mang ea ileng a ikopanya le bona? (c) Phethahatsong ea Genese 3:15, Peō ea mosali e ile ea longoa serethe joang?

12 Ha ba utloa mantsoe a Jesu, na ba ile ba utloa bohloko pelong hoo ba ileng ba kōpa mohau ka tieo ho Molimo? Na ba ile ba bakela bokhopo ba bona? Che! Mareka 14:1 e tlaleha hore letsatsing le latelang feela, sebokeng se neng se tšoaretsoe lebaleng la moprista ea phahameng, “baprista ba ka sehloohong le bangoli ba ne ba batla kamoo ba ka . . . tšoarang [Jesu] ka leraba la bolotsana le ho mo bolaea.” Ba ile ba tsoela pele ho bontša moea oa ho bolaea oa Satane, eo pejana Jesu a ileng a mo hlalosa e le ’molai. (Johanne 8:44) Kapele Judase Iskariota, eo Satane a ileng a mo susumelletsa ho ba mokoenehi, o ile a ikopanya le bona. Judase o ile a furalla Peō ea mosali oa Molimo e se nang molato ’me a ikopanya le peō ea Noha.

13 E sa le hoseng ka la 14 Nisane, litho tsa lekhotla la bolumeli ba Bajuda li ile tsa nka Jesu e le motšoaruoa ho mo isa ho ’musisi oa Roma. Tabeng ena e ne e le baprista ba ka sehloohong ba neng ba etella pele mohoong oa hore a khokhotheloe thupeng. Ha Pilato a botsa, “Ke khokhothele morena oa lōna thupeng?” e bile baprista ba ka sehloohong ba ileng ba araba, “Ha re na morena haese Sesare.” (Johanne 19:6, 15) Ka sebele, ba ile ba ipaka ka litsela tsohle hore e ne e le karolo ea peō ea Noha. Empa ha e le hantle ba ne ba se bang. Tlaleho e bululetsoeng ho Matheu 27:24, 25 ea tlaleha: “Pilato a nka metsi ’me a hlatsoa matsoho a hae ka pel’a bongata.” Eaba batho kaofela ba re: “Mali a hae a be holim’a rōna le holim’a bana ba rōna.” Kahoo Bajuda ba bangata ba moloko oo ba ile ba itsebahatsa e le karolo ea peō ea Noha. Pele letsatsi leo le likela, Jesu o ne a shoele. Ka ho sebelisa peō ea hae e bonahalang, Satane o ne a lomme Peō ea mosali oa Molimo serethe.

14. Ke hobane’ng ha ho longoa serethe ha Peō ea mosali ho ne ho sa bolele hore Satane o hlōtse?

14 Na Satane o ne a hlōtse? Le hanyenyane! Jesu Kreste o ne a hlōtse lefatše ’me o ne a hlōtse ’musi oa lona. (Johanne 14:30, 31; 16:33) O ne a bolokile botšepehi ba hae bo sa sekisetseng ho Jehova ho fihlela lefung. Lefu la hae e le motho ea phethahetseng le ile la fana ka theko ea thekollo e hlokahalang bakeng sa ho rekolla litokelo tsa bophelo tse ileng tsa lahlehela Adama. Ka hona o ile a bula tsela e isang bophelong bo sa feleng bakeng sa ba neng ba tla sebelisa tumelo tokisetsong eo le ho mamela litaelo tsa Molimo. (Matheu 20:28; Johanne 3:16) Jehova o ile a tsosa Jesu bafung a mo tsosetsa bophelong ba ho se shoe leholimong. Nakong ea Jehova e loketseng, Jesu o tla silakanya Satane a mo felise. Ho Genese 22:16-18, ho profetiloe hore Jehova o tla hauhela malapa ’ohle a lefatšeng a nkang bohato bo loketseng ba ho itlhohonolofatsa ka Peō eo e tšepahalang ka ho sa sekisetseng.

15. (a) Ka mor’a lefu la Jesu, baapostola ba hae ba ile ba tsoela pele joang ho pepesa peō ea Noha? (b) Ke bora bofe bo tsoelang pele bo ileng ba bontšoa ke peō ea Noha ho fihlela mehleng ea rōna?

15 Ka mor’a lefu la Jesu, Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ba ile ba tsoela pele ho pepesa peō ea Noha, joalokaha Morena oa bona a ne a entse. A susumetsoa ke moea o halalelang, moapostola Pauluse o ile a hlokomelisa ka “motho oa ho se ee ka molao” eo ho ba teng ha hae ho neng ho tla etsahala “ho ea ka tšebetso ea Satane.” (2 Bathesalonika 2:3-10) “Motho” enoa eo e leng sehlopha o ipakile ho ba baruti ba Bokreste-’mōtoana. Ka lehlakoreng le leng, peō ea Noha, ka mabifi e ile ea hlorisa balateli ba Jesu Kreste. Boprofeteng bo tlalehiloeng ho Tšenolo 12:17, moapostola Johanne o boletse esale pele hore Satane o ne a tla tsoela pele ho loantša masala a peō ea mosali oa Molimo ho fihlela mehleng ea rōna. Sena ke sona se ileng sa hla sa etsahala. Linaheng tse ngata, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa thibeloa, tsa hlaseloa ke mahoo-hoo, tsa kenngoa literonkong kapa tsa lahleloa likampong tsa mahloriso ka lebaka la ho ema li tiile bakeng sa ’Muso oa Molimo le litsela tsa hae tse lokileng.

Ho Pepesoa ha Peō ea Noha Kajeno

16. Mehleng ea kajeno, ke bo-mang ba pepesitsoeng e le karolo ea peō ea Noha, hona joang?

16 Bakreste ba ’nete, ba etsisa Jesu Kreste, ha baa ka ba lesa ho pepesa ha bona Noha le peō ea eona ba sa tšabe. Ka 1917 Liithuti tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo, li ile tsa hatisa buka ea The Finished Mystery, eo ho eona li ileng tsa pepesa boikaketsi ba baruti ba Bokreste-’mōtoana. Ka 1924, ena e ile ea lateloa ke qeto e hatisitsoeng eo sehlooho sa eona se reng Ecclesiastics Indicted. Likopi tse limilione li 50 li ile tsa ajoa lefatšeng lohle. Ka 1937, J. F. Rutherford, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a pepesa peō ea Satane ka matla lipuong tseo lihlooho tsa tsona li neng li re “Pepesitsoe” le “Bolumeli le Bokreste.” Selemong se latelang, bamameli ba leng likopanong tse 50 linaheng tse sa tšoaneng ba ntse ba mametse, o ile a fana ka puo eo sehlooho sa eona se reng “Tobang Linnete” ka liroja-roja (radiotelephone) a le London, Engelane. Khoeli hamorao, tsamaiso e pharaletseng ea seea-le-moea United States e ile ea tsamaisa puo e nang le sehlooho se reng “Bofascista Kapa Tokoloho.” Tsena li ile tsa tlatselletsoa ka ho pepesa ho matla libukeng tse kang Lira le Religion hape le bukaneng ea Koaholotsoe. Tumellanong le se neng se hatisitsoe ho tloha ka bo-1920, buka ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!,a eo hona joale e hatisoang ka lipuo tse 65, e tsebahatsa babusi ba lipolotiki ba senyehileng le beng ba khoebo e sa lumelloang ka molao ba meharo le ba bolotsana e le ba leng har’a litho tse ka sehloohong tsa peō e bonahalang ea Noha. Ha baeta-pele ba lipolotiki ba tloaela ho retelehela leshanong hore ba khelose bafo ba bona, ba bontše ho se nahanele khalalelo ea mali, ’me ba hatelle bahlanka ba Jehova (kahoo ba bontša hore ba hloile peō ea mosali oa Molimo), ruri ba itsebahatsa e le karolo ea peō ea Noha. Se tšoanang ke ’nete ka beng ba khoebo e sa lumelloang ka molao bao, ka ntle le ho tšoenngoa ke letsoalo, ba qalang leshano molemong oa ho fumana phaello ea chelete, ba etsang le ho rekisa thepa eo ho tsebahalang hore ea kulisa.

17. Ke monyetla ofe o sa ntseng o bulehetse batho ka bomong ba hlaheletseng ba ka ’nang ba tsoa tsamaisong ea lefatše?

17 Hase batho bohle ba silafalitsoeng ke bolumeli ba lefatše, lipolotiki tsa lona kapa khoebo ea lona bao qetellong ba tla nkoa e le karolo ea peō ea Noha. Ba bang ba banna bana le basali ba se ba khahloa ke Lipaki tsa Jehova. Ba sebelisa matla a bona ho li thusa ’me ka nako e loketseng ba amohela borapeli ba ’nete. (Bapisa le Liketso 13:7, 12; 17:32-34.) Boipiletso bona bo atoloselitsoe ho bohle ba joalo: “Joale he, marena, hlalefang; le lōna, baahloli ba lefatše, le eletsoe! Sebeletsang Jehova ka tšabo, ’me le thabe le ntse le thothomela! Akang Mora, a se tl’o halefa, ’me la timela tseleng ea lōna, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tšepo ea bona ho eena!” (Pesaleme ea 2:10-12) Ka sebele, ke habohlokoa hore bohle ba lakatsang ho amoheloa ke Jehova ba nke bohato hona joale, pele Moahloli oa leholimo a koala menyetla!

18. Le hoja e se karolo ea peō ea mosali, ke bo-mang bao leha ho le joalo e leng barapeli ba Jehova?

18 Ke feela ba tla theha ’Muso oa leholimo bao e leng karolo ea peō ea mosali. Palo ea bona ea fokola. (Tšenolo 7:4, 9) Empa, ho na le bongata bo boholo ba ba bang, e, limilione tsa bona, bao joaloka barapeli ba Jehova ba lebeletseng bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Ka mantsoe le ka liketso, ba re ho ba tlotsitsoeng ba Jehova: “Re tla ea le lōna, hobane re utloile hoba Jehova o na le lōna.”—Zakaria 8:23.

19. (a) Batho bohle ba tlameha ho etsa khetho efe? (b) Boipiletso bo tiileng ba ho nka bohato ka bohlale ha monyetla o sa ntse o le teng bo etsoa ho bo-mang ka ho khetheha?

19 Hona joale ke nako eo ka eona moloko oohle oa batho o tlamehang ho etsa khetho. Na o batla ho rapela Jehova le ho phahamisa bobusi ba hae kapa o tla lumella Satane hore e be ’musi oa oona ka ho etsa lintho tse mo thabisang? Batho ba ka bang limilione tse hlano ba lichaba tsohle ba eme ka lehlakoreng la Jehova ba ikopantse le ba setseng ba peō ea mosali, majalefa a ’Muso. Ba bang ba limilione li robeli ba bontšitse thahasello ka ho ithuta Bibele le bona kapa ka ho ba teng libokeng tsa bona. Lipaki tsa Jehova li re ho bana bohle: Monyetla o sa ntse o bulehile. Emang le tiile ka lehlakoreng la Jehova. Amohelang Kreste Jesu e le Peō e tšepisitsoeng. Ikopanyeng ka thabo le mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng. E se eka le ka kopanela litlhohonolofatsong tsohle tseo A tla fana ka tsona ka puso ea Morena, Kreste Jesu.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

Na U sa Hopola?

◻ Noha eo ho builoeng ka eona ho Genese 3:15 ke mang? ’Me mosali ke mang?

◻ Ke litšobotsi life tse khethollang peō ea Noha?

◻ Jesu o ile a pepesa peō ea Noha joang?

◻ Ke bo-mang ba pepesitsoeng e le karolo ea peō ea Noha mehleng ea kajeno?

◻ Ho hlokahala hore re nke bohato bofe bo potlakileng e le hore re qobe ho tsebahala re le karolo ea peō ea Noha?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Jesu o ile a pepesa baeta-pele ba bolumeli ba baikaketsi hore ke karolo ea peō ea Noha

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela