Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 8/1 maq. 26-30
  • Michael Faraday—Rasaense le Monna oa Tumelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Michael Faraday—Rasaense le Monna oa Tumelo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Masandemane
  • Bosandemane Boa Nama
  • Litumelo Tsa Bolumeli Tsa Faraday
  • Mosandemane Faraday
  • Motho ea Ileng a Fetola Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • ‘Mikaele Khosana e Kholo’—Ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lengeloi le ka Sehloohong Mikaele ke Mang?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Mikaele Lengeloi le ka Sehloohong ke Mang?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 8/1 maq. 26-30

Michael Faraday—Rasaense le Monna oa Tumelo

“Moqapi oa Motlakase.” “Ramalekelle oa saense e moholo ka ho fetisisa ea kileng a ba teng.” Tsena ke litsela tse peli tseo ka tsona ho hlalosoang Michael Faraday, ea hlahetseng Engelane ka 1791, eo ho sibolla ha hae matla-khoheli motlakaseng ho lebisitseng boqaping ba mechine e tsamaisang motlakase le ho o fehla.

FARADAY o ile a ruta ka ho pharaletseng k’hemistri le fisiks setsing sa Royal Institution se London. Lithuto tsa hae tse neng li etselitsoe hore saense e tloaelehe li ile tsa thusa bacha ho utloisisa likhopolo tse rarahaneng. O ile a fuoa litlotla ke liunivesithi tse ’maloa. Leha ho le joalo, o ile a qoba botumo. E ne e le monna oa molumeli ea khothetseng, ea thabileng boinotšing ba ntlo ea hae e likamore li tharo le botsoalleng ba lelapa la hae le ba balumeli-’moho le eena. Faraday e ne e le setho sa hoo a ileng a ho hlalosa e le “lequloana le lenyenyane haholo le le nyatsehang la Bokreste, le tsejoang . . . e le Masandemane.” E ne e le bo-mang? Ke’ng seo ba neng ba se lumela? ’Me see se ile sa ama Faraday joang?

Masandemane

Geoffrey Cantor, mongoli oa Michael Faraday: Sandemanian and Scientist, o bontša hore: “Qalong maqhaama pakeng tsa lelapa la Faraday le kereke ea Sandemane a ile a tiisoa ke batsoali ba batsoali ba Michael Faraday.” Ba ne ba kopanela le balateli ba mosebeletsi oa mohahlauli ea neng a sa latele tsamaiso ea kereke, eo batlatsi ba hae ba neng ba khomaretse litumelo tsa Masandemane.

Robert Sandeman (1718-71) e ne e le seithuti univesithing ea Edinburgh, a ithuta lipalo, Segerike le lipuo tse ling ha ka letsatsi le leng a ne a mametse eo e neng e kile ea e-ba moruti oa Presbitheri John Glass a bolela. Seo a ileng a se utloa se ile sa etsa hore a tlohele univesithi, a khutlele hae Perth, ’me a kopane le Glass le batlatsi ba hae.

Ka bo-1720, John Glass o ne a se a qalile ho belaella tse ling tsa lithuto tsa Kereke ea Scotland. Ho ithuta ha hae Lentsoe la Molimo ho ile ha mo lebisa qetong ea hore sechaba sa Iseraele sa Bibeleng se ne se tšoantšetsa sechaba sa moea seo baahi ba sona ba neng ba e-tsoa lichabeng tse ngata. Ha ho moo a ileng a fumana ho lokafatsa taba ea hore sechaba ka seng se be le kereke e arohileng.

A se a sa khotsofalle kereke ea hae e Tealing, kantle ho Dundee, Scotland, Glass o ile a ikhula Kerekeng ea Scotland ’me a itlhophisetsa liboka tsa hae. Batho ba ka bang lekholo ba ile ba ikopanya le eena, ’me ho tloha sethathong, ba ile ba hlokomela tlhokahalo ea ho boloka bonngoe sehlopheng sa bona. Ba ile ba rera ho latela litaelo tsa Kreste, tse tlalehiloeng ho Matheu khaolo ea 18, temana ea 15 ho ea ho ea 17, bakeng sa ho rarolla phapang leha e le efe eo ba ka ’nang ba e-ba le eona. Hamorao ba ile ba tšoara liboka tsa beke le beke moo ho tsona ba nang le tumelo e tšoanang ba neng ba bokana bakeng sa thapelo le khothatso.

Ha palo e ngatanyana ea batho e qala ho ba teng kamehla libokeng tsa lihlopha tse fapaneng, ho ile ha hlokahala banna ba ikarabellang bakeng sa ho tsamaisa borapeli ba bona. Empa ke bo-mang ba neng ba tšoaneleha? John Glass le batlatsi ba hae ba ile ba ela hloko ka ho khetheha seo moapostola Pauluse a ileng a se ngola tabeng ena. (1 Timothea 3:1-7; Tite 1:5-9) Ha baa ka ba fumana moo ho buuoang ka thuto ea univesithi kapa ka tlhokahalo ea kutloisiso ea Seheberu le Segerike. Kahoo ka mor’a ho nahanisisa tataiso ea Mangolo ka thapelo, ba ile ba khetha banna ba tšoanelehang ho ba baholo. Ba tšepahalang Kerekeng ea Scotland ba ile ba ho talima e le “bonyefoli bo makatsang” hore ebe banna ba sa rutehang ba “hōletseng tlas’a maemo a nyatsehang joalo” ba ikhakanya eka ba utloisisa Bibele ’me ba bolela molaetsa oa eona. Ha ka 1733, Glass le balumeli-’moho le eena ba haha holo ea bona ea liboka toropong ea Perth, baruti ba sebaka seo ba ile ba leka ho susumetsa bo-’maseterata ho ba leleka toropong eo. Ba ile ba hlōleha, ’me mosebetsi oa ho hlophisa o ile oa tsoela pele.

Robert Sandeman o ile a nyala morali e moholo oa Glass ’me, ha a le lilemo li 26, ea e-ba moholo phuthehong ea Maglasse e Perth. Boikarabelo ba hae e le moholo bo ile ba mo imela hoo a ileng a rera ho nehelana ka nako eohle ea hae mosebetsing oa bolisa. Tlaleho e khutšoanyane ea bophelo ba hae e bontša hore hamorao, ka mor’a lefu la mosali oa hae, Robert “o ile a lumela ka thabo ho sebeletsa Morena kae kapa kae moo lotho ea hae e neng e ka ’na ea akheloa teng.”

Bosandemane Boa Nama

Ka cheseho Sandeman o ile a atolosa tšebeletso ea hae ho tloha Scotland ho ea Engelane, moo lihlopha tse ncha tsa balumeli-’moho li ileng tsa hōla. Ka nako eo, tsekisano e ne e le khōlō mahareng a Macalvine a Manyesemane. A mang a ’ona a ne a nahana hore a khethetsoe pholoho esale pele. Ka lehlakoreng le leng, Sandeman, o ne a tšehetsa lehlakore la a nkang hore tumelo ke ntho ea bohlokoa e hlokahalang pele ho pholoho. E le ho tšehetsa pono ena, o ile a phatlalatsa buka e ileng ea boela ea hatisoa ka makhetlo a mane ’me ea hlaha hape likhatisong tse peli tsa Maamerika. Ho ea ka Geoffrey Cantor, khatiso ea moqolo ona e ile ea e-ba “ketsahalo e le ’ngoe e totobetseng ka ho fetisisa e ileng ea phahamisetsa lequloana [la Sandeman] holimo ho feta qaleho ea lona e amanang le parishe ea Scotland.”

Ka 1764, Sandeman, a tsamaea le baholo ba bang ba Maglasse, ba ile ba nka leeto ho ea Amerika, ketelo e ileng ea qholotsa phehisano le khanyetso e ngata. Leha ho le joalo, e ile ea fella ka ho thehoa ha sehlopha sa Bakreste ba khopolo e tšoanang Danbury, Connecticut.a Sandeman o ile a shoela moo ka 1771.

Litumelo Tsa Bolumeli Tsa Faraday

Michael e mocha o ile a nka ka botebo lithuto tsa Masandemane tsa batsoali ba hae. O ile a ithuta hore Masandemane a lula a ikarotse ho ba sa sebeliseng seo Bibele e se rutang. Ka mohlala, a ne a hana ho kenella litšebeletsong tsa manyalo tsa Chache, a ikhethela ho lekanyetsa litšebeletso tsa ’ona tsa machato ho se hlokoang ke molao feela.

Ho ikokobelletsa mebuso, empa a sa nke lehlakore lipolotiking, ho ile ha khetholla Masandemane. Le hoja e ne e le litho tse hlomphehang sechabeng, e ne e e-ba seoelo a amohelang maemo a tšebeletso ’musong. Empa maemong a seng makae moo a ileng a a amohela, a ne a qoba liphathi tsa lipolotiki. Ho boloka boemo bona ho ile ha a tlisetsa thohako. (Bapisa le Johanne 17:14.) Masandemane a ne a lumela hore ’Muso oa leholimo oa Molimo ke tokisetso e phethahetseng ea puso. Cantor o bontša hore a ne a talima lipolotiki e le “papali ea lefeela, e nyonyehang le e haelloang ke boitšoaro.”

Le hoja a ne a arohile ho ba bang, ha aa ka a ba le boikutlo ba Bafarisi. A ile a phatlalatsa: “Re fumana ho hlokahala ka ho feletseng ho qoba Moea le Mokhoa tsa Bafarisi ba boholo-holo, kahoo re tla qoba ho etsa Libe kapa Litšoanelo tse ling tse eketsehileng ntle le tse ka Mangolong; ’me kahoo re tla qoba ho etsa Melao ea bomolimo lefeela ka Lineano tsa batho kapa ka ho e Koekoetla ka bohlale.”

A ile a amohela mokhoa oa Mangolo oa ho khaola leha e le mang oa bona ea neng a fetoha letahoa, mohanyapetsi, sehlola kapa ea neng a etsa libe tse ling tse tebileng. Haeba moetsalibe a ne a baka ka sebele, a ne a leka ho mo tsosolosa. Ho seng joalo, a ne a latela temoso ea Mangolo ea hore “tlosang motho eo ea khopo.”—1 Bakorinthe 5:5, 11, 13.

Masandemane a ne a mamela taelo ea Bibele ea ho ila mali. (Liketso 15:29) John Glass o ne a ile a tsitlallela hore batho ba Molimo ba tlas’a tlamo ea ho mamela thibelo ea mali feela joalokaha Molimo a ile a laela batho ba pele ho ila ho ja tholoana ea sefate sa tsebo ea botle le bobe. (Genese 2:16, 17) Ho se mamele taelo tabeng ea mali ho ne ho lekana le ho hana tšebeliso e loketseng ea mali a Kreste, e leng pheko ea libe. Glass o ile a phetha: “Thibelo ena ea ho ja mali kamehla e ’nile ea e-ba, ’me e ntse e le ea bohlokoa bo boholo le bo phahameng ka ho fetisisa.”

Monahano oa Masandemane litabeng tsa Mangolo o ile oa a thusa ho qoba maraba a mangata. Ka mohlala, tabeng ea boithabiso, a ile a talima litaelo tsa Kreste e le tataiso. A ile a re: “Ha re batle le ho leka ho iketsetsa Melao moo Kreste a sa e etsang, leha e le hore re lahle leha e le ofe oo a re fileng oona. Ka hona, kaha re sitoa ho fumana moo Ho Itlosa Bolutu, phatlalatsa kapa lekunutung, ho haneloang; re nahana hore Papali leha e le efe e molaong, hafeela e sa amane le Maemo a hlileng a tletseng boetsalibe.”

Le hoja Masandemane a ne a nkile likhopolo tse ngata tse neng li thehiloe ka nepo Mangolong, a ne a sa utloisise bohlokoa ba mosebetsi ona o khethollang Bakreste ba ’nete, e leng, hore e mong le e mong o lokela ho bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso. (Matheu 24:14) Leha ho le joalo, liboka tsa ’ona li ne li bulehetse batho bohle, ’me moo a ne a ikemiselitse ho araba bohle ba botsang lebaka bakeng sa tšepo e ho bona.—1 Petrose 3:15.

Ho latela litumelo tsee ho ile ha ama rasaense Michael Faraday joang?

Mosandemane Faraday

A e-na le lebitso le phahameng, a tlotleha, a nkuoa a hlompheha haholo ka lebaka la litšibollo tsa hae tse tsotehang, Michael Faraday o ne a iphelela bophelo bo bonolo. Ha batho ba tummeng ba ne ba e-shoa ’me ba tsebahalang bophelong ba ne ba lebeletsoe ho ea ba teng mapatong a bona, Faraday o ne a tsebahala ka ho se be teng, letsoalo la hae le ne le sa mo lumelle ho ba teng le ho kopanela tšebeletsong ea Kereke ea Chache.

E le rasaense Faraday o ile a ema ka tieo ho seo a neng a ka paka hore ke ’nete. Kahoo o ne a qoba ho tloaelana haufi le banna ba rutehileng ba neng ba ntšetsa pele likhopolo-taba tsa bona le ho nka mahlakore litsekisanong. Joalokaha ka le leng a kile a bolella bamameli ba hae, ‘le ka mohla ’nete ea motheo ea saense ha e re soabise, bopaki ba eona ke ’nete kamehla.’ O ile a bontša hore saense e itšetlehile ka ‘linnete tse shebisisitsoeng ka hloko.’ Ha a phetha nehelano e ’ngoe mabapi le qaleho ea matla a maholo a tlhaho, Faraday o ile a khothaletsa bamameli ba hae ho nahanisisa ka “Eena ea a entseng.” Eaba o qotsa moapostola oa Mokreste Pauluse: “Lintho tse sa bonahaleng tsa Hae ho tloha pōpong ea lefatše li bonoa ka ho hlaka, li utloisisoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo tsa Hae tsa ka ho sa feleng.”—Baroma 1:20, King James Version.

Se ileng sa etsa hore Faraday e be ea fapaneng joalo ho bo-rasaense ba bang ba bangata e bile takatso ea hae ea ho ithuta Buka e bululetsoeng ea Molimo haesita le buka ea tlhaho. Cantor oa hlokomela: “Ka Bosandemane ba hae o ile a sibolla tsela ea ho phela a mamela molao oa Molimo oa boitšoaro le ka tšepo ea bophelo bo sa feleng. Ka saense ea hae o ile a atamela haufinyane le melao ea fisiks eo Molimo a e khethetseng ho laola bokahohle.” Faraday o ne a lumela hore “matla a phethahetseng a ho laela a Bibele a ke ke a khelloa fatše ke saense, ho e-na le hoo haeba saense e sebelisoa ka tsela ea Bokreste ba ’nete, e ka fana ka leseli bukeng e ’ngoe ea Molimo.”

Ka boikokobetso Faraday o ile a hana litlotla tse ngata tseo ba bang ba neng ba batla ho mo fa tsona. Khafetsa o ile a bolela ka ho hlaka ho se thahaselle ha hae litlotla tsa borutehi. O ne a lakatsa ho lula e le ‘feela Monghali Faraday.’ O ile a nehelana ka nako e ngata mosebetsing oa hae joaloka moholo, ho akareletsa ho tsamaea kamehla ho tloha motse-moholo ho ea motsaneng oa Norfolk e le hore a hlokomele sehlotšoana se senyenyane sa balumeli ba khopolo e tšoanang ba phelang moo.

Michael Faraday o ile a hlokahala ka la 25 August, 1867, ’me a patoa setšeng sa mabitla Highgate ka leboea ho London. Sengoli sa histori ea bophelo ba batho John Thomas, se re bolella hore Faraday “o sietse litloholo lefa le leholo la boleng bo hloekileng ba katleho saenseng ho feta rasaense leha e le ofe e mong oa fisiks, ’me liphello tse sebetsang tsa litšibollo tsa hae li bile le tšusumetso e khōlō motheong oa bophelo ba tsoelo-pele.” Mohlolohali oa Faraday, Sarah, o ile a ngola: “Nka supa Testamente e Ncha e le eona feela tataiso le motheo tsa hae; kahobane o ne a e nka e le Lentsoe la Molimo . . . e tlama Bakreste kajeno ho tšoana le nakong ea ha e ne e ngoloa”—bopaki bo matla ka rasaense ea tummeng eo ka boinehelo a ileng a phelela tumelo ea hae.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mesaletsa ea sehlopha sa Masandemane kapa Maglasse, United States e ile ea khaotsa ho ba teng hoo e ka bang qalong ea lekholo lena la lilemo.

[Lebokose le leqepheng la 29]

E le morupeli sekolong sa Royal Institution ea Brithani, Michael Faraday o ile a etsa hore saense e tloaelehe ka tsela eo esita le bana ba neng ba ka e utloisisa. Keletso ea hae ho barupeli-’moho le eena e fupere litlhahiso tse sebetsang tseo Bakreste ba rutang phatlalatsa kajeno ho hlokahalang hore ba nahane ka tsona.

◻ “Polelo ha ea lokela ho phakisa le ho potlaka, ’me ka lebaka leo e be e sa utloahaleng, empa e ee butle ’me e buuoe ka morero.”

◻ Sebui se lokela ho leka ka matla ho phahamisa khahleho ea bamameli ba sona “qalong ea puo ’me ka ho hlahlamanngoa ha lintlha ho sa lemohuoeng, ho sa hlokomeleheng ho bamameli, se boloke khahleho e phela hafeela taba e ntse e tsoela pele.”

◻ “Morupeli o theola seriti sa hae sa botho ha a sotha polelo ea hae e le hore bamameli ba hae ba mo opele litlatse ’me a ikōpela pabatso.”

◻ Tšebelisong ea kemiso: “Kamehla ke iphumana ke tlameha . . . ho rala [taba] pampiring le ho koala likheo ka ho ikhopotsa, ebang ke ka ho nahana kapa ka litsela tse ling. . . . Ke hlahlamanya [lihlooho] tse khōlō le tse nyenyane ka ho latellana, ’me ka tsona ke atolose taba ea ka ea sehlooho.”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]

Both pictures: By courtesy of the Royal Institution

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela