Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Litlaleho tsa lilemo tse ling li bontša hore palo ea ba jang litšoantšetso tsa Sehopotso e batla e eketsehile. Na see se bolela hore ba bangata ba bacha ba tlotsoa ka moea o halalelang?
Ho na le lebaka le utloahalang la ho lumela hore palo ea Bakreste ba tlotsitsoeng ba 144 000 e ile ea phethoa lilemong tse mashome tse fetileng.
Ho Liketso 2:1-4, re bala ka ba simolotseng sehlopheng seo se lekanyelitsoeng: “Joale ha letsatsi la mokete oa Pentekonta le ntse le tsoela pele kaofela ba ne ba le hammoho sebakeng se le seng, eaba ka tšohanyetso ho ba teng ho tsoa leholimong lerata le joalo feela ka la moea o fokang ka sekhahla, ’me la tlala ntlo eohle eo ba neng ba lutse ka hare ho eona. Eaba maleme joalokaha eka ke a mollo a bonahala ho bona ’me a ajoa, ’me ka leng la ’ona la lula holim’a e mong le e mong oa bona, eaba kaofela ba tlala moea o halalelang ’me ba qala ho bua ka maleme a fapaneng, feela joalokaha moea o ne o ba neha ho bua.”
Ka mor’a moo, Jehova o ile a khetha ba bang, ’me o ile a ba tlotsa ka moea oa hae o halalelang. Ba likete ba ile ba tlatselletsoa lilemong tsa pele-pele tsa Bokreste. Moketeng oa Sehopotso mehleng ena ea rōna, hangata sebui se lebisa tlhokomelo mantsoeng a moapostola Pauluse a ho Baroma 8:15-17, a bolelang hore ba tlotsitsoeng ba ‘amohela moea oa ho nkeloa ka lapeng e le bara.’ Pauluse o ile a phaella ka hore moea o halalelang oo ba o fumanang ‘o paka le moea oa bona hore ke bana ba Molimo, majalefa hammoho le Kreste.’ Bao ka sebele ba tlotsitsoeng ka moea ona ba tseba seo ka kholiseho. Hase takatso feela kapa ponahatso ea kamoo ba iponang kateng ka lebaka la tšusumetso ea maikutlo le eo e seng ea sebele.
Rea tseba hore pitso ena ea leholimo e ile ea tsoela pele ho pholletsa le makholo a lilemo, le hoja nakong eo ho neng ho thoe ke Mehla ea Lefifi, e ka ’na eaba ho bile le linako tseo palo ea batlotsuoa e ileng ea fokola haholo.a Ka ho tsosolosoa ha Bokreste ba ’nete ho tlella pheletsong ea lekholo le fetileng la lilemo, ba eketsehileng ba ile ba bitsoa ’me ba khethoa. Empa ho bonahala eka bohareng ba bo-1930, ha e le hantle palo e feletseng ea 144 000 e ne e se e phethiloe. Ka lebaka leo, sehlopha sa Bakreste ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng ba nang le tšepo ea lefatšeng se ile sa qala ho hlahella. Jesu o ile a bitsa bao “linku tse ling,” tse kopanelang borapeli le batlotsuoa e le mohlape o le mong o amohelehang.—Johanne 10:14-16.
’Nete e etsahetseng lilemong tse mashome tse fetileng e bontša ho phethoa ha pitso ea batlotsuoa ’moho le tlhohonolofatso ea Jehova keketsehong ea “bongata bo boholo,” bo tšepileng ho pholoha ‘matšoenyeho a maholo.’ (Tšenolo 7:9, 14) Ka mohlala, moketeng oa Sehopotso ka 1935, oo batho ba 63 146 ba neng ba le teng ho oona, ba ileng ba e-ja litšoantšetso e le ponahatso ea boipolelo ba bona ba hore ba tlotsitsoe ba ile ba e-ba 52 465. Lilemo tse 30 hamorao, kapa ka 1965, ba bileng teng e bile ba 1 933 089, ha ba ileng ba e-ja ba ne ba theohetse ho 11 550. Ha re tla lilemong tse 30 ho fihlela joale, ka 1995 ba bileng teng ba nyolohetse ho 13 147 201, empa ke ba 8 645 feela ba ileng ba e-ja bohobe le ho noa veine. (1 Bakorinthe 11:23-26) Ka ho hlakileng, ha mashome a lilemo a ntse a feta, palo ea ba ipolelang e le masala e ile ea qepha haholo—ba ka bang 52 400 ka 1935; 11 500 ka 1965; 8 600 ka 1995. Leha ho le joalo, ba nang le tšepo ea lefatšeng ba hlohonolofalitsoe, ’me palo ea bona e eketsehile haholo.
Tlaleho ea morao-rao e hatisitsoeng ke ea selemo sa 1995, ’me e bontša hore ba jeleng ba eketsehile ka ba 28 ho feta selemong sa pele ho seo le hoja bonneteng, karo-karolelano ea ba jeleng, ha e bapisoa le ba bileng teng, e theohile. Ho hlahlobiloe lintho tsohle, taba ea hore ba bang ba eketsehileng ba ikhethetse ho ja litšoantšetso ha ea lokela ho re ngongorehisa. Ho theosa le lilemo, ba bang, esita le ba sa tsoa kolobetsoa, ka tšohanyetso ba ile ba qala ho ja. Maemong a mangata, ka mor’a nako e itseng ba ile ba elelloa hore sena e bile phoso. Ba bang ba ile ba hlokomela hore ba ile ba ja tlas’a tšusumetso ea maikutlo, mohlomong ka lebaka la khatello ea bophelo kapa ea kelello. Empa qetellong ba ile ba lemoha hore ka sebele ba ne ba sa biletsoa bophelo ba leholimo. Ba ile ba kōpa kutloisiso e mohau ea Molimo. ’Me ba tsoela pele ho mo sebeletsa e le Bakreste ba molemo, ba tšepahalang ka ho sa sekisetseng, ba e-na le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng.
Ha ho hlokahale hore leha e le mang oa rōna a amehe haeba motho a qala ho ja litšoantšetso kapa a khaotsa ho li ja. Ka sebele hase taba ea rōna hore na motho ea itseng o fela a tlotsitsoe ka moea o halalelang ’me a bilelitsoe bophelo ba leholimo kapa che. Hopola tšepiso e tiileng ea Jesu: “Ke ’na molisa ea khabane, ’me ke tseba linku tsa ka.” Ka kholiseho eohle, Jehova o tseba bao a ba khethileng e le bara ba hae ba moea. Ho na le lebaka le utloahalang la ho lumela hore palo ea batlotsuoa e tla tsoela pele e fokotseha ha botsofali le liketsahalo tse sa lebelloang li khaola bophelo ba bona ba lefatšeng. Empa, feela joalokaha batlotsuoa bana ba sebele ba ipaka ba tšepahala ho fihlela lefung, ba lebeletse ka thabo ho amohela moqhaka oa bophelo, linku tse ling, tse hlatsoitseng liaparo tse telele tsa ka holimo tsa tsona maling a Konyana, li ka lebella ka thabo ho pholoha matšoenyeho a maholo a atamelang.—2 Timothea 4:6-8; Tšenolo 2:10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona The Watchtower ea March 15, 1965, leqepheng la 191-2.