Bohle ba Tlameha ho Fana ka Tlaleho ho Molimo
“E mong le e mong oa rōna o tla fana ka tlaleho bakeng sa hae ka boeena ho Molimo.”—BAROMA 14:12.
1. Bolokolohi ba Adama le Eva bo ne bo behetsoe meeli efe?
JEHOVA MOLIMO o bōpile batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, e le batho ba nang le boikhethelo. Le hoja ba ne ba le ka tlaasana ho mangeloi, e ne e le libōpuoa tse bohlale tse khonang ho etsa liqeto tse bohlale. (Pesaleme ea 8:4, 5) Empa, bolokolohi boo, boo Molimo a faneng ka bona, e ne e se tumello ea ho iketsetsa qeto ea se nepahetseng le se fosahetseng. Ba ne ba ikarabella ho ’Mōpi oa bona, ’me ho ikarabella hona ho fetetse ho bana ba bona kaofela.
2. Haufinyane Jehova o tla ahlola litaba joang, hona hobane’ng?
2 Hona joale ha re atamela tlhōrō ea tsamaiso ena ea lintho e khopo, Jehova o tla ahlola litaba lefatšeng. (Bapisa le Baroma 9:28.) Kapele, batho ba sa tšabeng Molimo ba tla tlameha ho fana ka tlaleho ho Jehova Molimo bakeng sa ho amoha lefatše matlotlo a lona, ho timetsa bophelo ba batho ’me ka ho khetheha ka ho hlorisa bahlanka ba hae.—Tšenolo 6:10; 11:18.
3. Re tla tšohla lipotso life?
3 Kaha re talimane le tebello ena e bohloko, ho molemo hore re nahane ka litšebelisano tsa Jehova tse lokileng le libōpuoa tsa hae linakong tse fetileng. Rōna Mangolo a ka re thusa joang ho fana ka tlaleho e amohelehang ho ’Mōpi oa rōna? Ke mehlala efe e ka bang molemo, ’me ke efe eo re lokelang ho qoba ho e etsisa?
Mangeloi aa Ikarabella
4. Re tseba joang hore Molimo o nka mangeloi a ikarabella bakeng sa liketso tsa ’ona?
4 Libōpuoa tsa Jehova tsa mangeloi maholimong le tsona li ikarabella ho eena feela joalokaha ho le joalo ka rōna. Pele ho Moroallo oa mehleng ea Noe, mangeloi a mang ka ho se mamele a ile a iphetolela ’meleng ea batho e le hore a ka kopanela likamano tsa botona le botšehali le basali. E le batho ba nang le boikhethelo, libōpuoa tsena tsa moea li ne li ka etsa qeto ena, empa Molimo o ile a nka hore lia ikarabella. Ha mangeloi a sa mameleng a khutlela sebakeng sa moea, Jehova ha aa ka a a lumella ho boela boemong ba ’ona ba pele. Morutuoa Jude o re bolella hore a ‘bolokiloe ka litlamo tsa ka ho sa feleng tlas’a lefifi le letšo-letšo bakeng sa kahlolo ea letsatsi le leholo.’—Jude 6.
5. Ke ho oa hofe hoo Satane le bademona ba hae ba ho latsoitseng, ’me molato oa borabele ba bona o tla lefshoa joang?
5 Mangeloi ana a sa mameleng, kapa bademona, a busoa ke Satane Diabolose. (Matheu 12:24-26) Lengeloi lena le khopo le ile la fetohela ’Mōpi oa lona ’me la phephetsa ho lokela ha bobusi ba Jehova. Satane o ile a lebisa batsoali ba rōna ba pele sebeng, ’me sena se ile sa etsa hore ba qetelle ba shoele. (Genese 3:1-7, 17-19) Le hoja Jehova a ile a lumella Satane ho ba le matla a ho kena sebokeng sa leholimo ka nako e itseng ka mor’a moo, buka ea Bibele ea Tšenolo e ile ea bolela esale pele hore ka nako ea Molimo e tšoanetseng, ea khopo enoa o ne a tla lahleloa lefatšeng. Bopaki bo bontša hore sena se etsahetse kapele ka mor’a hore Jesu Kreste a amohele matla a ’Muso ka 1914. Qetellong, Diabolose le bademona ba hae ba tla timetsoa ka ho sa feleng. Ha tseko ea bobusi e qetella e rarolotsoe, molato oa borabele joale o tla be o lefiloe ka tsela e loketseng.—Jobo 1:6-12; 2:1-7; Tšenolo 12:7-9; 20:10.
Mor’a Molimo oa Ikarabella
6. Jesu o talima ho ikarabella ha hae ho Ntate oa hae joang?
6 Jesu Kreste, Mor’a Molimo, o behile mohlala o motle hakaakang! E le motho ea phethahetseng ea lekanang le Adama, Jesu o ne a thabela ho etsa thato ea Molimo. Hape o ne a thabela ho nkoa a ikarabella bakeng sa ho iphaphatha ka molao oa Jehova. Ka eena, mopesaleme ka ho loketseng o ile a profeta: “Ho etsa ho ratoang ke uena, Molimo oa ka, ke sona seo ke se ratang, molao oa hao o ngoliloe pelong ea ka.”—Pesaleme ea 40:8; Baheberu 10:6-9.
7. Ha a ne a rapela bosiung ba pele a e-shoa, ke hobane’ng ha Jesu a ne a ka bua mantsoe a tlalehiloeng ho Johanne 17:4, 5?
7 Ho sa tsotellehe khanyetso e bonahatsang lehloeo eo Jesu a e latsoitseng, o ile a etsa thato ea Molimo ’me a boloka botšepehi ho isa lefung thupeng ea tlhokofatso. Ka tsela eo o ile a lefa theko ea thekollo ho lopolla moloko oa batho liphellong tse bolaeang tsa sebe sa Adama. (Matheu 20:28) Kahoo, bosiung bo etellang lefu la hae pele, Jesu o ne a ka rapela ka kholiseho: “Ke u tlotlisitse lefatšeng, kaha ke qetile mosebetsi oo u mphileng oona hore ke o etse. Kahoo joale uena, Ntate, u ntlotlise haufi le uena ka khanya eo ke neng ke e-na le eona haufi le uena pele lefatše le e-ba teng.” (Johanne 17:4, 5) Jesu o ne a ka bua mantsoe ao ho Ntate oa hae oa leholimo hobane o ne a tobana le teko ea ho ikarabella ka katleho ’me o ne a amoheleha ho Molimo.
8. (a) Pauluse o bontšitse joang hore re tlameha ho fana ka tlaleho bakeng sa rōna ka borōna ho Jehova Molimo? (b) Ke’ng se tla re thusa ho amoheloa ke Molimo?
8 Ho fapana le motho ea phethahetseng Jesu Kreste, ha rea phethahala. Empa, re ikarabella ho Molimo. Moapostola Pauluse o itse: “Ke hobane’ng ha u ahlola mor’eno? Kapa ke hobane’ng ha u boetse u shebela mor’eno tlaase? Etsoe bohle re tla ema ka pel’a setulo sa kahlolo sa Molimo; kaha ho ngoliloe: ‘“Joalokaha ke phela,” ho bolela Jehova, “lengole le leng le le leng le tla nkhumamela, ’me leleme le leng le le leng le tla bolela pepenene hore le ela Molimo hloko.”’ Kahoo, joale, e mong le e mong oa rōna o tla fana ka tlaleho bakeng sa hae ka boeena ho Molimo.” (Baroma 14:10-12) E le hore re ka etsa joalo ’me ra amoheloa ke Jehova, ka lerato o re file letsoalo le Lentsoe la hae le bululetsoeng, Bibele, ho re tataisa ho seo re se buang le ho seo re se etsang. (Baroma 2:14, 15; 2 Timothea 3:16, 17) Ho ithuisa molemo ka ho feletseng ka litokisetso tsa Jehova tsa moea le ho latela matsoalo a rōna a koetlisitsoeng ka Bibele ho tla re thusa hore re amoheloe ke Molimo. (Matheu 24:45-47) Moea oa Jehova o halalelang, kapa matla a sebetsang ke sesosa se seng sa matla le tataiso. Haeba re sebetsa tumellanong le tataiso ea moea le matsoalo a rōna a koetlisitsoeng ka Bibele, re bontša hore ha re ‘hlokomolohe Molimo,’ eo re tlamehang ho fana ka tlaleho ho eena bakeng sa liketso tsohle tsa rōna.—1 Bathesalonika 4:3-8; 1 Petrose 3:16, 21.
Ho Ikarabella Joaloka Lichaba
9. Baedomo e ne e le bo-mang, ’me ho ile ha etsahala’ng ka bona ka lebaka la tsela eo ba ileng ba tšoara Baiseraele ka eona?
9 Jehova o nka hore lichaba lia ikarabella bakeng sa liketso tsa tsona. (Jeremia 25:12-14; Sofonia 3:6, 7) Nahana ka ’muso oa boholo-holo oa Edomo, o neng o le ka boroa ho Leoatle le Shoeleng le ka leboea ho Kou ea Aqaba. Baedomo e ne e le Basema, ba neng ba amana haufi-ufi le Baiseraele. Le hoja moholo-holo oa Baedomo e ne e le Esau setloholo sa Abrahama, Baiseraele ba ile ba haneloa ho haola Edomo ka “’mila o phatlaletseng” ha ba ne ba e-ea Naheng e Tšepisitsoeng. (Numere 20:14-21) Ho theosa le makholo a lilemo bora ba Edomo bo ile ba qetella e le lehloeo le se nang mohau bakeng sa Baiseraele. Qetellong, Baedomo ba ile ba tlameha ho ikarabella bakeng sa ho phehella Bababylona ho timetsa Jerusalema ka 607 B.C.E. (Pesaleme ea 137:7) Lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., makhotla a Babylona tlas’a Morena Naboniduse a ile a hapa Edomo, ’me e ile ea fetoha lesupi, joalokaha Jehova a ne a laetse.—Jeremia 49:20; Obadia 9-11.
10. Bamoabe ba ile ba tšoara Baiseraele joang, ’me Molimo o ile a nka Moabe e ikarabella joang?
10 Moabe e bile le qetello e tšoanang. ’Muso oa Moabe o ne o le ka leboea ho Edomo le ka bochabela ho Leoatle le Shoeleng. Pele Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, Bamoabe ha baa ka ba ba amohela ka mofuthu, ka ho hlakileng ba ile ba ba fa bohobe le metsi feela bakeng sa ho fumana chelete. (Deuteronoma 23:3, 4) Morena Balake oa Moabe o ile a hira moprofeta Balame ho rohaka Baiseraele, ’me basali ba Moabe ba ile ba sebelisoa ho hohella banna ba Baiseraele boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali le borapeling ba litšoantšo. (Numere 22:2-8; 25:1-9) Leha ho le joalo, Jehova o ile a hlokomela lehloeo la Bamoabe bakeng sa Baiseraele. Joalokaha ho ne ho profetiloe, Bababylona ba ile ba etsa Moabe lesupi. (Jeremia 9:25, 26; Sofonia 2:8-11) E, Molimo o ile a nka hore Moabe ea ikarabella.
11. Moabe le Ammone li ile tsa tšoana le metse efe, ’me boprofeta ba Bibele bo bontša’ng mabapi le tsamaiso ea lintho e khopo ea hona joale?
11 Hase Moabe feela, empa Ammone le eona e ne e tlameha ho fana ka tlaleho ho Molimo. Jehova o ne a boletse esale pele: “Moabe o tla ba joalo ka Sodoma, bana ba Ammone ba be joalo ka Gomora, e leng lefa la bobatsi, le likhatampi tsa letsoai, le nahathothe ka ho sa feleng.” (Sofonia 2:9) Linaha tsa Moabe le Ammone li ile tsa ripitloa, hantle feela joalokaha Molimo a ne a ripitlile metse ea Sodoma le Gomora. Ho latela Geological Society of London, bafuputsi ba bolela hore ba fumane libaka tseo Sodoma le Gomora li neng li le ho tsona lebōpong la Leoatle le Shoeleng. Bopaki leha e le bofe bo tšepahalang bo ka ’nang ba hlahella tabeng ena e ka ba feela bo tšehetsang boprofeta ba Bibele ho bontša hore tsamaiso ea lintho e khopo ea hona joale le eona Jehova Molimo o tla nka hore ea ikarabella.—2 Petrose 3:6-12.
12. Le hoja Baiseraele ba ne ba tlameha ho fana ka tlaleho ho Molimo bakeng sa libe tsa bona, ke’ng se neng se boletsoe esale pele mabapi le masala a Bajuda?
12 Le hoja Baiseraele ba ne ba ratoa haholo ke Jehova, ba ile ba tlameha ho fana ka tlaleho ho Molimo bakeng sa libe tsa bona. Ha Jesu Kreste a ne a e-tla ho sechaba sa Iseraele, bongata bo ile ba mo hana. Ke masala feela a ileng a bontša tumelo ’me ea e-ba balateli ba hae. Pauluse o ile a sebelisa boprofeta bo itseng ho masala ana a Bajuda ha a ne a ngola: “Esaia oa hoeletsa malebana le Iseraele: ‘Le hoja palo ea bara ba Iseraele e ka ba kaalo ka lehlabathe la leoatle, ke masala a tla pholosoa. Kaha Jehova o tla ahlola litaba lefatšeng, a li phethe ’me a li khutsufatse.’ Hape, feela joalokaha Esaia a ne a boletse nakong e fetileng: ‘Hoja Jehova oa makhotla o ne a sa siea peō ho rōna, re ka be re bile feela joaloka Sodoma, ’me re ka be re entsoe feela joaloka Gomora.’” (Baroma 9:27-29; Esaia 1:9; 10:22, 23) Moapostola o ile a bua ka mohlala oa ba 7 000 nakong ea Elija ba sa kang ba khumamela Baale, eaba o re: “Ka hona, ka tsela ena, nakong ea hona joale hape masala a hlahile ho ea ka khetho ka lebaka la mosa o sa tšoanelang.” (Baroma 11:5) Masala ao a ne a entsoe ka batho ka bomong bao ka bobona ba neng ba ikarabella ho Molimo.
Mehlala ea ho Ikarabella ha Motho ka Mong
13. Kaine o ile a etsahalloa ke eng ha Molimo a mo bitsa hore a tl’o ikarabella bakeng sa ho bolaea mor’abo Abele?
13 Bibele e bua ka liketsahalo tse ngata tsa ho ikarabella ha motho ka mong ho Jehova Molimo. Nka ka mohlala mora oa matsibolo oa Adama, Kaine. Eena le mor’abo Abele ba ile ba nyehela mahlabelo ho Jehova. Sehlabelo sa Abele se ile sa amoheleha ho Molimo, empa sa Kaine ha sea ka sa amoheleha. Ha a bitsoa hore a tl’o ikarabella bakeng sa ho bolaea mor’abo ka sehlōhō, Kaine ka ho hloka kutloelo-bohloko o ile a re ho Molimo: “A ke molisa oa ngoan’eso na?” Kaine o ile a lelekeloa “naheng ea Node, ka nģa bochabela ho Edene” ka lebaka la sebe sa hae. Ha aa ka a bontša pako ea sebele bakeng sa tlōlo ea hae ea molao, a mpa a utloisoa bohloko ke kotlo ea hae e bontšang toka.—Genese 4:3-16.
14. Ho ikarabella ha motho ka mong ho Molimo ho bontšitsoe joang tabeng ea moprista ea phahameng Eli le bara ba hae?
14 Ho ikarabella ha motho ka mong ho Molimo ho boetse ho bontšoa tabeng ea Eli, moprista ea phahameng oa Iseraele. Bara ba hae, Hofni le Finease, ba ne ba sebeletsa e le baprista tšebeletsong ea bolumeli empa “ba ne ba le molato oa ho hlokela batho toka, le ho se hlomphe Molimo, le ho se tele mofuta ofe kapa ofe oa bokhopo,” ho bolela rahistori Josephus. ‘Banna bana ba se nang thuso’ ha baa ka ba hlokomela Jehova, ba kopanela boitšoarong bo litšila, ’me ba ba molato oa boitšoaro bo bobe ka ho feletseng. (1 Samuele 1:3; 2:12-17, 22-25, NW) E le ntat’a bona le moprista ea phahameng oa Iseraele, Eli o ne a e-na le boikarabelo ba ho ba laea, empa o ile a mpa a ba khalemela habonolo feela. Eli ‘o ile a hlompha bara ba hae ho feta Jehova.’ (1 Samuele 2:29) Phetetso e ile ea tlela ntlo ea Eli. Bara bana ka bobeli ba ile ba e-shoa ka letsatsi le le leng le ntat’a bona, ’me leloko la bona la boprista le ile la qetella le felisitsoe ka ho feletseng. Ka tsela ena molato o ile oa lefshoa.—1 Samuele 3:13, 14; 4:11, 17, 18.
15. Ke hobane’ng ha Jonathane, mora oa Morena Saule a ile a putsoa?
15 Mohlala o fapaneng ka ho feletseng o ile oa behoa ke Jonathane, mora oa Morena Saule. Kapele ka mor’a hore Davida a bolaee Goliathe, “pelo ea Jonathane ea holehana le pelo ea Davida,” ’me ba ile ba etsa selekane sa setsoalle. (1 Samuele 18:1, 3) Ho ka etsahala hore ebe Jonathane o ile a hlokomela hore moea oa Molimo o ne o tlohile ho Saule, empa cheseho ea hae ka boeena bakeng sa borapeli ba ’nete e ile ea lula e sa fokotseha. (1 Samuele 16:14) Kananelo ea Jonathane bakeng sa matla a ho laela ao Molimo a a fileng Davida ha ea ka ea fokotseha. Jonathane o ile a elelloa hore o ikarabella ho Molimo, ’me Jehova o ile a mo putsa bakeng sa tsela ea hae e hlomphehang, ka ho tiisa hore leloko la hae le lula le le teng ka nako e telele.—1 Likronike 8:33-40.
Ho Ikarabella ka Phuthehong ea Bokreste
16. Tite e ne e le mang, hona ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore o ile a fana ka tlaleho e ntle bakeng sa hae ka boeena ho Molimo?
16 Mangolo a Segerike a Bakreste a bua hantle ka banna le basali ba bangata ba ileng ba fana ka tlaleho e ntle bakeng sa bona ka bobona. Ka mohlala, ho ne ho e-na le Mokreste oa Mogerike ea bitsoang Tite. Ho ile ha bontšoa hore e ile ea e-ba Mokreste leetong la pele la Pauluse la boromuoa le eang Cyprase. Kaha ho ka etsahala hore ebe Bajuda le basokolohi ba tsoang Cyprase ba ne ba bile Jerusalema ka Pentekonta ea 33 C.E., e ka ’na eaba Bokreste bo ile ba fihla sehleke-hlekeng seo kapele ka mor’a moo. (Liketso 11:19) Leha ho le joalo, Tite o ile a ipaka ho ba e mong oa basebetsi-’moho le Pauluse, ba tšepahalang. O ile a felehetsa Pauluse le Barnabase leetong le eang Jerusalema hoo e ka bang ka 49 C.E., ha tseko ea bohlokoa ea lebollo e ne e rarolloa. Taba ea hore Tite o ne a sa bolla e ile ea etsa hore khang ea Pauluse ea hore ba sokolohelang Bokresteng ha baa lokela ho ba tlas’a Molao oa Moshe e be ea bohlokoa haholoanyane. (Bagalata 2:1-3) Tšebeletso e molemo ea Tite e pakoa ka Mangolong, ’me Pauluse o ile a ba a lebisa lengolo le bululetsoeng ke Molimo ho eena. (2 Bakorinthe 7:6; Tite 1:1-4) Ho hlakile hore ho fihlela qetellong ea tsela ea hae ea lefatšeng, Tite o ile a tsoela pele ho fana ka tlaleho e ntle bakeng sa hae ka boeena ho Molimo.
17. Timothea o ile a fana ka tlaleho efe, ’me mohlala oo o ka re ama joang?
17 Timothea e ne e le motho e mong ea neng a cheseha ea ileng a fana ka tlaleho e amohelehang bakeng sa hae ka boeena ho Jehova Molimo. Le hoja Timothea a ne a e-na le mathata a itseng a bophelo, o ile a bontša ‘tumelo e se nang boikaketsi leha e le bofe’ ’me ‘o ile a sebetsa le Pauluse ho ntšetseng pele litaba tse molemo.’ Ka lebaka leo, moapostola o ne a ka bolella Bakreste-’moho le eena ba Filippi: “Ha ke na e mong osele ea nang le boikutlo bo kang [ba Timothea] eo kannete a tla hlokomela lintho tse le amang.” (2 Timothea 1:5; Bafilippi 2:20, 22; 1 Timothea 5:23) Ho sa tsotellehe mefokolo ea botho le liteko tse ling, le rōna re ka ba le tumelo e se nang boikaketsi ’me re ka fana ka tlaleho e amohelehang bakeng sa rōna ka borōna ho Molimo.
18. Lydia e ne e le mang, ’me o ile a bontša moea ofe?
18 Lydia e ne e le mosali oa bomolimo eo ka ho hlakileng a ileng a fana ka tlaleho e ntle bakeng sa hae ka boeena ho Molimo. Eena le lelapa la hae ba ne ba le har’a batho ba pele Europe ba ileng ba amohela Bokreste ka lebaka la tšebeletso ea Pauluse ha a le Filippi hoo e ka bang ka 50 C.E. Lydia, letsoalloa la Thyatira, mohlomong e ne e le mosokolohi oa Mojuda, empa mohlomong ho ne ho e-na le Bajuda ba seng bakae ’me ho se na synagoge Filippi. Eena le basali ba bang ba chesehang ba ne ba kopane pel’a nōka ha Pauluse a ne a bua le bona. Ka lebaka leo, Lydia e ile ea e-ba Mokreste ’me a atleha ho kholisa Pauluse le metsoalle ea hae hore ba lule le eena. (Liketso 16:12-15) Moea oa ho amohela baeti ka mofuthu oo Lydia a ileng a o bontša o lula e le tšobotsi e khethollang Bokreste ba ’nete.
19. Dorkase o ile a fana ka tlaleho e ntle bakeng sa hae ka boeena ho Molimo ka liketso life tse molemo?
19 Dorkase ke mosali e mong ea ileng a fana ka tlaleho e ntle bakeng sa hae ka boeena ho Jehova Molimo. Ha a e-shoa, Petrose o ile a ea Jopa a arabela kōpo ea barutuoa ba lulang moo. Banna ba babeli ba ileng ba khahlametsa Petrose ba ile “ba mo isa ka kamoreng e ka holimo; eaba bahlolohali bohle ba itlhahisa ho eena ba lla ’me ba bontša liaparo tsa ka hare le liaparo tsa ka ntle tse ngata tseo Dorkase a neng a li etsa ha a sa ntse a e-na le bona.” Dorkase o ile a tsosoa. Empa na o lokela ho hopoloa ka moea oa hae oa ho fana ka lerato ka seatla se bulehileng feela? Che. E ne e le “morutuoa” ’me ruri ka boeena o ne a kopanela mosebetsing oa ho etsa barutuoa. Basali ba Bakreste kajeno ka ho tšoanang ba “tletse liketso tse molemo le limpho tsa mohau.” Le bona ba thabela ho ba le karolo e atlehileng ho boleleng litaba tse molemo tsa ’Muso le ho etseng barutuoa.—Liketso 9:36-42; Matheu 24:14; 28:19, 20.
20. Re ka ’na ra ipotsa lipotso life?
20 Bibele e bontša ka ho hlaka hore lichaba le batho ka bomong li tlameha ho fana ka tlaleho ho ’Musi Morena Jehova. (Sofonia 1:7) Haeba re inehetse ho Molimo, re ka ’na ra ipotsa, ‘Ke talima litokelo le boikarabelo tseo ke li filoeng ke Molimo joang? Ke fana ka tlaleho ea mofuta ofe ho Jehova Molimo le Jesu Kreste bakeng sa ka ka bonna?’
Likarabo Tsa Hao ke Life?
◻ U ne u ka paka joang hore mangeloi le Mor’a Molimo baa ikarabella ho Jehova?
◻ Ho na le mehlala efe ea Bibele e bontšang hore Molimo o nka lichaba li ikarabella?
◻ Bibele e re’ng ka ho ikarabella ha motho ka mong ho Molimo?
◻ Ke batho bafe bao Bibele e tlalehang hore ba ile ba fana ka tlaleho e ntle ho Jehova Molimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Jesu Kreste o ile a fana ka tlaleho e ntle bakeng sa hae ka boeena ho Ntate oa hae oa leholimo
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Joaloka Dorkase, basali ba Bakreste kajeno ba fana ka tlaleho e ntle bakeng sa bona ka bobona ho Jehova Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
The Death of Abel/The Doré Bible Illustrations/Dover Publications, Inc.