Ho Sebeletsa Jehova re le Lelapa le Kopaneng
JOALOKAHA HO BOLETSE ANTONIO SANTOLERI
Ntate o ne a le lilemo li 17 ha a tloha Italy ka 1919. O ile a fallela Brazil ha a ntse a batla bophelo bo molemonyana. Ka mor’a nako e itseng, o ile a ba le khoebo ea ho kuta moriri torotsoaneng e ka hare sebakeng sa São Paulo.
KA LETSATSI le leng ka 1938, ha ke ne ke le lilemo li supileng, Ntate o ile a fumana phetolelo ea Bibele ea Brasileira ho monna e mong ea neng a fapohetse khoebong ea hae. Lilemo tse peli hamorao ’Mè o ile a kula haholo ’me a lula e le sekooa ho fihlela lefung la hae. Ntate le eena o ile a kula, kahoo kaofela ha rōna—’Mè, Ntate, khaitseli ea ka Ana le ’na—re ile ra ea lula le beng ka rōna motseng oa São Paulo.
Ha ke ntse ke kena sekolo São Paulo, ke ile ka khothalla ho bala, haholo-holo libuka tsa histori. Ke ile ka khahloa ke hore nako le nako li ne li bua ka Bibele. Buka e ’ngoe ea pale eo ke neng ke e alimile laebraring ea sechaba ea São Paulo, e ne e bua ka Thuto ea Thabeng ka makhetlo a ’maloa. Ke ha ke tla etsa qeto ea ho fumana Bibele e le hore nka ipalla thuto eo. Ke ile ka tsoma Bibele eo Ntate a neng a ile a e fumana lilemong tse fetileng ’me qetellong ke ile ka e fumana e le ka tlaase-tlaase terankeng, moo e neng e lutse ka lilemo tse supileng.
Lelapa leso e ne e le la Mak’hatholike, ka hona ho ne ho se mohla nkileng ka khothalletsoa ho bala Bibele. Joale, ke ile ka ithuta ka bonna ho sheba likhaolo le litemana. Ka thabo e khōlō ha kea ka ka bala feela Thuto ea Thabeng empa ke ile ka bala le buka eohle ea Matheu hammoho le libuka tse ling tsa Bibele. Se ileng sa nkhahla ka ho fetisisa ke mokhoa oa ’nete oo ka oona lithuto le mehlolo tsa Jesu li neng li behiloe ka oona.
Ha ke hlokomela hore na bolumeli ba K’hatholike bo fapane hakaakang le seo ke neng ke se bala Bibeleng, ke ile ka qala ho ea Kerekeng ea Presbitheri, ’me Ana o ile a ea le ’na. Leha ho le joalo, ke ne ke ntse ke utloa ho e-na le sekheo pelong ea ka. Ke ne ke ’nile ka batla Molimo ka cheseho ka lilemo tse ’maloa. (Liketso 17:27) Bosiung bo bong bo neng bo tletse ka linaleli, ha ke ne ke ikutloa ke tepeletse, ke ile ka ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha ke le moo? Morero oa bophelo ke ofe?’ Ke ile ka batla sebaka se thōkoana ka mor’a ntlo, ka khumama ’me ka rapela, ‘Morena Molimo! U mang? Nka u tseba joang?’ Karabo e ile ea tla nakoana ka mor’a moo.
Ho Tseba ’Nete ea Bibele
Ka letsatsi le leng ka 1949, moroetsana e mong o ile a atamela Ntate ha a ne a theoha koloi ea baeti. O ile a mo fa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ntate o ile a etsa peeletso ea Molula-Qhooa ’me a kōpa moroetsana eo hore a etele lapeng, a hlalosa hore o na le bana ba babeli ba kenang Kereke ea Presbitheri. Nakong eo moroetsana eo a etileng, o ile a siela Ana buka ea Children ’me a qala thuto ea Bibele le eena. Hamorao ke ile ka kopanela thutong.
Ka November 1950 re ile ra ea kopanong ea rōna ea pele ea Lipaki tsa Jehova. Moo ho ile ha lokolloa buka ea “’Nete e be ea Molimo,” ’me re ile ra tsoela pele le thuto ea rōna ea Bibele re sebelisa buka eo e le tataiso. Kapele ka mor’a moo, re ile ra hlokomela hore re fumane ’nete, ’me ka April 1951 re ile ra kolobetsoa e le ponahatso ea boinehelo ba rōna ho Jehova. Ntate o ile a inehela lilemo tse seng kae hamorao ’me o ile a shoa ka 1982 a ntse a tšepahala ho Molimo.
Ho ba ea Thabileng Tšebeletsong ea Nako e Tletseng
Ka January 1954, ha ke ne ke ntse ke le lilemo li 22 feela, ke ile ka amoheloa bakeng sa ho ea sebeletsa ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova, e bitsoang Bethele. Ho fihleng ha ka moo, ke ile ka makatsoa ke ho fumana hore monna ea neng a ntšiea ka lilemo tse peli feela, Richard Mucha, e ne e le molebeli oa lekala. Ka 1955 ha ho hlaha tlhokahalo ea bahlanka ba potoloho, joalokaha balebeli ba tsamaeang ba ne ba bitsoa mehleng eo, ke ile ka ba har’a banna ba bahlano ba ileng ba memeloa ho kopanela tšebeletsong ena.
Kabelo ea ka e ne e le sebakeng sa Rio Grande do Sul. Ho ne ho e-na le liphutheho tse 8 feela tsa Lipaki tsa Jehova ha ke qala, empa nakong ea likhoeli tse 18 ho ile ha thehoa liphutheho tse 2 tse ncha le lihlopha tse ka thōko tse 20. Sebakeng sena kajeno, ho na le lipotoloho tsa Lipaki tsa Jehova tse 15, e ’ngoe le e ’ngoe e na le liphutheho tse ka bang 20! Bofelong ba 1956, ke ile ka tsebisoa hore potoloho ea ka e arotsoe ho ba tse nyenyane tse ’ne tse tla sebeletsoa ke bahlanka ba potoloho ba bane. Ka nako eo, ke ile ka laeloa ho khutlela Bethele bakeng sa kabelo e ncha.
Ho makaleng le ho thabeng ha ka, ke ile ka abeloa Brazil leboea ho ea ba mohlanka oa setereke, mosebeletsi ea tsamaeang ea sebeletsang lipotoloho tse ’maloa. Mehleng eo, Brazil e ne e e-na le basebeletsi ba 12 000 ba Lipaki tsa Jehova, ’me ho ne ho e-na le litereke tse peli naheng eo. Richard Wuttke o ne a sebeletsa ka boroa, ’me ’na ka ba seterekeng se ka leboea. Ha re le Bethele re ile ra koetlisetsoa ho sebelisa projector bakeng sa ho bontša lifilimi tse hlahisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova, The New World Society in Action le The Happiness of the New World Society.
Matsatsing ao, mokhoa oa ho tsamaea o ne o fapane haholo. Ho ne ho se le ea mong oa Lipaki ea neng a e-na le koloi, kahoo ke ne ke tsamaea ka sekeite, seketsoana sa masokoana, sekosekara, ka ho palama pere, kariki, teraka, ’me hang ka palama sefofane. E ile ea e-ba ho hlollang ho fofa ka holimo ho moru oa Amazon le ho emisa Santarém, motse o bohareng ba Belém e leng molomong oa Amazon le Manaus, motse-moholo oa Sebaka sa Amazonas. Mehleng eo bahlanka ba setereke ba ne ba e-na le lipotoloho tse seng kae tseo ba li sebeletsang, ka lebaka leo, ke ne ke qeta boholo ba nako ea ka ke bontša lifilimi tsa Mokhatlo. Metseng e meholoanyane, ho ne ho e-ba teng ba makholo.
Se neng se nkhahla ka ho fetisisa Brazil leboea ke sebaka sa Amazon. Ha ke ne ke sebeletsa moo ka April 1957, Nōka ea Amazon le linōkana tse e tlatsang li ne li jele litlhokoa. Ke ile ka ba le tokelo ea ho bontša e ’ngoe ea lifilimi ka morung, ka beha sekrine se iketselitsoeng pakeng tsa lifate. Motlakase oa projector o ne o e-tsoa seketsoaneng se tsamaisoang ka enjine se neng se emisitse koung ea nōka e haufi le moo. E ne e le filimi ea pele e neng e kile ea bonoa ke boholo ba bashebelli.
Kapele ka mor’a moo ke ile ka khutlela tšebeletsong ea Bethele, ’me selemong se hlahlamang ka 1958, ke ile ka ba le tokelo ea ho ba teng Kopanong ea Machaba ea Lipaki tsa Jehova ea “Thato ea Bomolimo” e tummeng historing, New York City. Baemeli ba neng ba e-tsoa linaheng tse 123 ba ne ba le har’a ba 253 922 ba neng ba tletse Yankee Stadium le Polo Grounds tse haufi le moo, letsatsing la ho qetela la kopano eo ea matsatsi a robeli.
Ho Thabela Liphetoho Bophelong ba Ka
Nakoana ka mor’a hore ke khutlele Bethele, ke ile ka ba motsoalle oa Clara Berndt, ’me ka March 1959 re ile ra nyalana. Re ile ra abeloa mosebetsi oa potoloho sebakeng sa Bahia, moo re ileng ra sebeletsa nako e ka etsang selemo. ’Na le Clara re sa ntse re hopola ka thabo boikokobetso, ho amohela baeti ka mofuthu, cheseho le lerato tsa barab’abo rōna ba sebakeng seo; ba ne ba futsanehile linthong tse bonahalang empa ba ruile litholoaneng tsa ’Muso. Joale re ile ra tlosoa ra isoa Sebakeng sa São Paulo. Ke hona sebakeng seo, ka 1960, moo mosali oa ka e bileng moimana, ’me ra lokela ho tlohela tšebeletso ea nako e tletseng.
Re ile ra etsa qeto ea ho fallela sebakeng sa Santa Catarina, moo mosali oa ka a hlahetseng teng. Mora oa rōna, Gerson, e bile letsibolo baneng ba rōna ba bahlano. O ile a hlahlangoa ke Gilson ka 1962, Talita ka 1965, Tárcio ka 1969, le Janice ka 1974. Ka thuso ea Jehova le keletso e molemo eo a fanang ka eona, re ile ra khona ho tobana le phephetso ea ho ba hōlisa ka “taeo le kelello e laoloang ke Jehova.”—Baefese 6:4.
Re nka ngoana e mong le e mong oa rōna e le oa bohlokoa. Mopesaleme o hlalositse maikutlo a rōna hantle hakaakang: “Bonang, bara ke lefa la Jehova.” (Pesaleme ea 127:3) Ho sa tsotellehe mathata, re ’nile ra hlokomela bana ba rōna joalokaha re ne re tla etsa ka ‘lefa leha e le lefe la Jehova,’ re ntse re hopotse litaelo tse fumanoang Lentsoeng la hae. Moputso o bile moholo. Ho ile ha re neha thabo e ke keng ea hlalosoa ha bohlano ba bona ka ho latellana, e mong le e mong moo a leng mong, ka boikhethelo ba iketsetsa qeto ea ho bonahatsa takatso ea bona ea ho kolobetsoa, e le pontšo ea boinehelo ba bona ho Jehova.—Moeklesia 12:1.
Khetho ea Bana ba Rōna
Re ile ra tlaloa ke thabo ha Gerson, hang ka mor’a hore a qete thupelo ea data processing, a bolela hore o batla ho sebeletsa Bethele, ka tsela eo a khetha tšebeletso ea nako e tletseng ho e-na le mosebetsi oa boipheliso. Leha ho le joalo, bophelo ba Bethele bo ne bo thatafalla Gerson qalong. Ka mor’a ho mo etela ha a ne a le likhoeli li ’ne feela a le Bethele, ke ile ka otloa pelo ke tlhomoho e neng e bonahala sefahlehong sa hae ha re tloha. Seiponeng se ka pele sa koloi ea rōna, ke ile ka mo bona a re shebile ho fihlela ha re feta mothinya oa pele tseleng. Mahlo a ka a ne a tletse likeleli hoo ke ileng ka tlameha ho emella ka thōko ho tsela pele nka tsoela pele leetong la rōna le khutlelang hae la lik’hilomithara tse 700.
Ka sebele Gerson o ile a qetella a thabela Bethele. Ka mor’a ho ba moo lilemo tse batlang li tšeletse, o ile a nyala Heidi Besser, ’me ba ile ba sebeletsa Bethele ba le ’moho ka lilemo tse ling tse peli. Joale Heidi o ile a ima ’me ba lokela ho tloha. Morali oa bona Cintia, eo hona joale a leng lilemo li tšeletseng, o tsamaea le bona mosebetsing oa bona oa ’Muso.
Nakoana ka mor’a hore re etele Gerson ka lekhetlo la pele Bethele, Gilson, ea neng a sa tsoa qeta selemo sa hae sa pele thutong ea tsamaiso ea khoebo, o ile a bolela hore le eena o batla ho ea sebeletsa moo. Morero oa hae e ne e le ho qetela thuto ea hae ea khoebo ka mor’a ho sebeletsa Bethele selemo. Empa morero oa hae o ile oa fetoha, ’me o ile a lula tšebeletsong ea Bethele. Ka 1988 o ile a nyala Vivian Gonçalves oa pula-maliboho, joalokaha basebeletsi ba nako e tletseng ba bitsoa. Haesale ho tloha ka nako eo, ba sebelelitse Bethele ba le hammoho.
Thabo ea rōna e ile ea tsoela pele ha ngoana oa rōna oa boraro, Talita, a khetha ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho ka 1986, ka mor’a ho ithutela ho etsa lipolane. Lilemo tse tharo hamorao le eena o ile a memeloa Bethele. Ka 1991 o ile a nyaloa ke José Cozzi, ea neng a sebelelitse Bethele lilemo tse leshome. Ba tsoela pele moo joaloka banyalani.
’Na le mosali oa ka re ile ra boela ra thaba ha Tárcio, ea latelang letotong, a pheta mantsoe ao re neng re se re a utloile ka makhetlo a mararo, “Ntate, ke batla ho ea Bethele.” Kōpo ea hae e ile ea amoheloa ’me ka 1991 le eena o ile a qala tšebeletso ea Bethele, moo a ileng a ba teng ho fihlela ka 1995. Re thabile hore ebe o ile a sebelisa mahlaha-hlaha a hae a bocha ka tsela ena ho ntšetseng pele lithahasello tsa ’Muso oa Jehova ka lilemo tse fetang tse tharo.
Janice, khorula ea rōna, o ile a etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova ’me o ile a kolobetsoa ha a le lilemo li 13. Ha a ntse a kena sekolo, o ile a qeta selemo a sebeletsa e le pula-maliboho e thusang. Joale, ka la 1 September, 1993, o ile a qala ho ba pula-maliboho ea kamehla phuthehong ea rōna mona motseng oa Gaspar.
Mokhoa oa ho Atleha
Lekunutu la ho boloka lelapa le kopane borapeling ba Jehova ke lefe? Ha ke lumele hore ho na le tharollo ea mohlolo. Jehova o fane ka keletso ka Lentsoeng la hae e le hore batsoali ba Bakreste ba ka e latela, ka hona, tlotla eohle e lokela ho lebisoa ho eena ka litholoana tse ntle tseo re li latsoitseng. Re mpa feela re lekile ho latela tataiso ea hae. (Liproverbia 22:6) Bana ba rōna kaofela ba futsitse monahano o sekametseng maikutlong oa batho ba Latin America ho ’na, ’me ba futsa ’mè oa bona ka mokhoa oa ho iketsetsa liqeto tse utloahalang oa Majeremane. Empa ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo ba e fumaneng ho rōna ke lefa la moea.
Bophelo ba rōna ba lelapa bo ne bo potoloha lithahasellong tsa ’Muso. Ho ne ho se bonolo ho etelletsa lithahasello tsena pele. Ka mohlala, re ne re lula re e-na le bothata ba ho boloka thuto ea kamehla ea Bibele ea lelapa, empa ha rea ka ra tela. Ho tloha matsatsing a qalang a bona a ho phela, ngoana e mong le e mong o ne a isoa libokeng tsa Bokreste hammoho le likopanong. E bile ho kula kapa maemo a mang a itseng a tšohanyetso feela a neng a re sitisa ho ba teng libokeng. Ho phaella moo, ba sa le lilemong tse nyenyane, bana ba rōna ba ne ba tsamaea le rōna tšebeletsong ea Bokreste.
Ha ba le lilemo tse ka bang leshome, bana ba rōna ba ne ba qala ho fana ka lipuo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Re ne re ba thusa ho lokisetsa lipuo tsa bona tsa pele, re ba khothalletsa ho sebelisa kemiso ea puo ho e-na le ho bala se ngotsoeng. Hamorao, e mong le e mong o ne a itokisetsa puo ea hae. Hape, ha ba le pakeng tsa lilemo tse 10 le 12, e mong le e mong o ne a qala ho kopanela kamehla tšebeletsong. Ena e ne e le eona feela tsela eo ba e tsebang ea bophelo.
Mosali oa ka, Clara, o phethile karolo ea bohlokoa haholo ho hōliseng bana ba rōna. Bosiung bo bong le bo bong ha ba ne ba sa le banyenyane haholo—nakong eo ngoana a monyang sohle seo a se rutoang joaloka seponche—Clara o ne a ba balla pale ea Bibele ’me a rapele le e mong le e mong oa bona. O ile a sebelisa hamolemo libuka Ho Tloha Paradeising e Lahlehileng ho ea Paradeising e Fumanehileng Hape, Ho Mamela Mosuoe e Moholo le Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele.a Ha li se li fumaneha, re ile ra boela ra sebelisa lithuso tse mameloang le tse shebelloang tse fumanehang ho Lipaki tsa Jehova.
Phihlelo ea rōna joaloka batsoali ba Bakreste e tiisa hore bana ba hloka tlhokomelo ea letsatsi le leng le le leng. Lerato le tebileng, thahasello ea botho le nako e ngata li har’a litlhoko tsa motheo bakeng sa bana. Hase feela hore re ile ra ho talima e le boikarabelo ba rōna joaloka batsoali ho khotsofatsa litlhoko tsena ka hohle kamoo re ka khonang, empa re kotutse thabo e khōlō ka ho etsa joalo.
Ka sebele, ho khotsofatsa batsoali ho hlokomela phethahatso ea mantsoe a Pesaleme ea 127:3-5: “Bonang, bara ke lefa la Jehova, ’me tholoana ea popelo ea mosali ke moputso. Bana ba bocha ba rōna ba joalo ka metsu letsohong la mohale. Ho lehlohonolo motho eo khohlopo ea hae e tletseng bona!” Ho sebeletsa Jehova re le lelapa le kopaneng ka sebele ho re entse ba thabileng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kaofela li hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Antonio Santoleri le litho tse haufi-ufi tsa lelapa la hae