Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 11/1 maq. 3-6
  • Matšeliso Bakeng sa ba Hateletsoeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matšeliso Bakeng sa ba Hateletsoeng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seithuti sa Khatello sa Boholo-holo
  • Haufinyane Khatello e Tla Fela
  • Ho na le ea Hlileng a Tsotellang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Tšelisa ba Mesarelong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Matšeliso a ’Nete a ka Fumanoa Hokae?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ke Mang ea ka Lopollang ba Hoeletsang ho Kōpa Thuso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 11/1 maq. 3-6

Matšeliso Bakeng sa ba Hateletsoeng

NA U hlokometse hore bophelong bohle ba hao mantsoe a itseng a ’nile a hlaha khafetsa lihloohong tsa litaba? Na u khathetse ke ho bala mantsoe a kang ntoa, tlōlo ea molao, koluoa, tlala le litlhokofatso? Leha ho le joalo, ho na le lentsoe le le leng leo ho totobetseng hore le ’nile la se ke la hlaha litlalehong tsa litaba. Empa, ke lentsoe le emelang ntho e ’ngoe eo moloko oa batho o e hlokang haholo. Lentsoe leo ke “matšeliso.”

“Ho tšelisa” ho bolela “ho fana ka matla le tšepo ho” le “ho fokotsa mesarelo kapa matšoenyeho a” motho e mong. Ka pherekano eohle eo lefatše le fetileng ho eona lekholong lena la bo20 la lilemo, tšepo le ho fokotsoa ha mesarelo li hlokahala haholo. Ka sebele, ba bang ho rōna kajeno ba thabela mabotho-botho a fetang ao baholo-holo ba rōna ba neng ba sa nahane hore a ka ba teng. Sena se bile teng haholo-holo ka lebaka la tsoelo-pele ea saense. Empa saense le theknoloji ha lia re tšelisa ka kutloisiso ea ho tlosa lisosa tsohle tsa litlhokofatso molokong oa batho. Lisosa tsee ke life?

Makholong a lilemo a mangata a fetileng Solomone, monna ea bohlale o ile a bua ka sesosa se ka sehloohong sa litlhokofatso ha a ne a re: ‘Batho ba rena holim’a ba bang ho ba etsa hampe.’ (Moeklesia 8:9) Saense le theknoloji li ’nile tsa hlōleha ho fetola tšekamelo ea motho ea ho batla ho rena holim’a motho oa habo. Lekholong la bo20 la lilemo, sena se lebisitse lipusong tsa khatello ka har’a linaha le lintoeng tse tšosang lipakeng tsa linaha.

Ho tloha ka 1914 batho ba ka holimo ho limilione tse lekholo ba bolailoe ka lebaka la ntoa. Nahana hore na palo ena e emela tsieleho e kaakang ea batho—malapa a limilione a siameng a hlokang matšeliso. ’Me lintoa li lebisa mefuteng e meng ea litlhokofatso ho phaella lefung le bakoang ke pefo. Qetellong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, ho ne ho e-na le baphaphathehi ba fetang limilione tse 12 Europe. Lilemong tsa morao tjena, ba fetang milione le halofo ba ile ba baleha libakeng tsa ntoa ka Boroa-bochabela ho Asia. Balkans ntoa e ile ea qobella ba fetang limilione tse peli ho baleha mahaeng a bona—maemong a mangata bakeng sa ho pholoha “tlhoekiso ea morabe.”

Ka sebele baphaphathehi ba hloka matšeliso, haholo-holo ba tlamehang ho tloha mahaeng a bona ba se na letho haese thepa eo ba ka khonang ho e nka, ba sa tsebe moo ba ka eang teng kapa hore na nako e tlang e ba tšoaretse eng le malapa a bona. Batho ba joalo ba har’a liphofu tsa khatello tse utloisang bohloko ka ho fetisisa; ba hloka matšeliso.

Likarolong tsa lefatše tseo ho tsona ho batlang ho e-na le khotso, ba limilione ba phela hoo e batlang e le bokhobeng ba tsamaiso ea lefatše ea moruo. Ke ’nete hore ba bang ba na le lintho tse bonahalang ka bongata. Leha ho le joalo, ba bangata ba talimane le ho sebetsa ka thata bakeng sa ho iphelisa. Ba bangata ba batla bolulo bo khotsofatsang. Ba bangata ha ba na mosebetsi. Koranta ea Afrika e bolela esale pele: “Lefatše le lebile maqakabetsing a ho hloka mosebetsi ao ho seng mohla a kileng a e-ba teng, ka batho ba eketsehileng ba ka holimo ho limilione tse likete li 1,3 ba tla beng ba batla mesebetsi ka selemo sa 2020.” Ka sebele ba hateletsoeng moruong ba hloka “matla le tšepo”—matšeliso.

Ha ba arabela maemong a ho lahleheloa ke tšepo, ba bang ba fetoha linokoane. Ho hlakile hore sena se hlahisa mathata feela bakeng sa liphofu tsa bona, ’me tekanyo e phahameng ea tlōlo ea molao e ekelletsa boikutlong ba khatello. Sehlooho sa litaba sa morao-rao ho The Star, koranta ea Johannesburg, Afrika Boroa, se itse: “Letsatsi liketsahalong tsa ‘naha e tletseng lipolao tse ngata ka ho fetisisa lefatšeng.’” Sehlooho sena se ne se hlalosa letsatsi la sebele Johannesburg le mathōko a eona. Letsatsing leo le le leng, batho ba bane ba ile ba bolaoa ’me ba robeli ba ile ba amohuoa likoloi tsa bona ka likhoka. Ho ile ha tlalehoa hore matlo a 17 a ile a thuhuoa ke masholu motseng o haufi le toropo oa batho ba ruileng. Ho ekelletsa moo, ho bile le bosholu ba likhoka bo ileng ba etsoa ka makhetlo a ’maloa. Ho latela koranta ena, mapolesa a ile a hlalosa letsatsi lena e le leo ka lona ho “batlang ho khutsitse.” Hoa utloahala hore beng ka batho ba bolaoang le ba thuheloang matlo le ba amohuoang likoloi ka likhoka ba ikutloa ba hateletsoe haholo. Ba hloka kholiseho le tšepo—matšeliso.

Linaheng tse ling, ho na le batsoali ba rekisang bana ba bona botekatseng. Naha e ’ngoe ea Asia eo bahahlauli ba eang ho eona ka bongata ba le “letšolong la ho batla balekane ba likamano tsa botona le botšehali” ho tlalehoa hore e na le matekatse a limilione tse peli, a mangata ho ’ona a ile a rekoa kapa a koeteloa e sa le bana. Na ho na le batho bafe kapa bafe ba hateletsoeng ho feta liphofu tsee tse hlomolang? Makasine ea Time e ile ea bua ka khoebo ena e nyonyehang ha e etsa tlaleho sebokeng sa 1991 sa mekhatlo ea basali ea Asia Boroa-bochabela. Sebokeng seo, ho ne ho hakanngoa hore “basali ba limilione tse 30 ba ne ba rekisitsoe lefatšeng ka bophara ho tloha bohareng ba bo-1970.”

Ho hlakile hore ha ho hlokahale hore bana ba rekisoe botekatseng hore ba tlatlapuoe. Ba eketsehileng ba hlekefetsoa ’meleng kapa esita le ho betoa malapeng abo bona ke batsoali le beng ka bona. Bana ba joalo ba ka ’na ba e-ba le maqeba a maikutlo ka nako e telele. Ka sebele, e le liphofu tse sisimosang tsa khatello, ba hloka matšeliso.

Seithuti sa Khatello sa Boholo-holo

Morena Solomone o ile a nyahamisoa ke tekanyo ea khatello ea motho. O ile a ngola: “’Na ka bonna ke ile ka khutla hore ke bone liketso tsohle tsa khatello tse etsoang tlas’a letsatsi, ’me, bona! meokho ea ba hatelloang, empa ba ne ba se na motšelisi; ’me ka lehlakoreng la bahatelli ba bona ho ne ho e-na le matla, e le hore ba se ke ba e-ba le motšelisi.”—Moeklesia 4:1, NW.

Haeba morena enoa ea bohlale o ne a ile a hlokomela lilemong tse 3 000 tse fetileng hore ba hateletsoeng ba ne ba hloka motšelisi ka matla, o ne a tla re’ng kajeno? Leha ho le joalo, Solomone o ne a tseba hore ha ho motho ea sa phethahalang, ho kopanyelletsa le eena, ea neng a ka fana ka matšeliso ao moloko oa batho o a hlokang. Ho ne ho hlokahala e mong e moholoanyane ho felisa matla a bahatelli. Na ho na le motho ea joalo?

Ka Bibeleng, Pesaleme ea 72 e bua ka motšelisi e moholo oa batho bohle. Pesaleme ena e ngotsoe ke ntate oa Solomone, Morena Davida. Sehloohoana sa eona se re: ‘Pesaleme ea Solomone.’ Ho hlakile hore e ile ea ngoloa ke Morena Davida ea tsofetseng mabapi le Ea neng a tla ja terone ea hae lefa. Enoa, ho latela pesaleme, o ne a tla tlisa tokoloho ea ka ho sa feleng khatellong. “Mehleng ea hae, ea lokileng o tla atleha, ’me khotso e ea ’ne e ate ho isa ha khoeli e lesa ho ba teng. O tla busa ho nka leoatleng le leng ho isa leoatleng le leng, le . . . ho isa lipheletsong tsa lefatše.”—Pesaleme ea 72:7, 8.

Ho ka etsahala hore ebe ha Davida a ne a ngola mantsoe ana, o ne a nahana ka mora oa hae Solomone. Empa Solomone o ile a hlokomela hore ho ne ho le ka holimo ho matla a hae ho sebeletsa moloko oa batho ka tsela e hlalositsoeng pesalemeng eo. O ne a ka phethahatsa mantsoe ao a pesaleme feela ka tsela e fokolang le molemong oa sechaba sa Iseraele, e seng molemong oa lefatše lohle. Ho hlakile hore pesaleme ena e bululetsoeng ea boprofeta e ne e supa ho motho e mong e moholoanyane ho Solomone. E ne e le mang? E ne e ka ba Jesu Kreste feela.

Ha lengeloi le ne le tsebisa ka tsoalo ea Jesu, le ile la re: “Jehova Molimo o tla mo fa terone ea Davida ntate oa hae.” (Luka 1:32) Ho feta moo, Jesu o ile a ipolela e le “ho hong ho fetang Solomone.” (Luka 11:31) Haesale Jesu a tsohela letsohong le letona la Molimo, o ’nile a ba leholimong, sebakeng se loketseng seo ha a le ho sona a ka phethahatsang mantsoe a Pesaleme ea 72. Ho feta moo, o fumane matla le tumello ho Molimo hore a robe joko ea bahatelli ba batho. (Pesaleme ea 2:7-9; Daniele 2:44) Ka hona Jesu ke eena ea lokelang ho phethahatsa mantsoe a Pesaleme ea 72.

Haufinyane Khatello e Tla Fela

See se bolela’ng? Se bolela hore tokoloho mefuteng eohle ea khatello ea motho e tla tloha e e-ba ntho ea sebele. Litlhokofatso le khatello tseo ho seng mohla li kileng tsa e-ba teng tse bonoeng lekholong lena la bo20 la lilemo li boletsoe esale pele ke Jesu e le karolo ea pontšo e neng e tla tšoaea “qetello ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 24:3) Har’a lintho tse ling, o boletse tsena esale pele: “Sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla.” (Matheu 24:7) Tšobotsi eo ea boprofeta e ile ea qala ho phethahala hoo e ka bang ha ntoa ea pele ea lefatše e qhoma ka 1914. Jesu o ile a eketsa: “Ka lebaka la ho eketseha ha ho se ee ka molao lerato la palo e khōlō le tla fola.” (Matheu 24:12) Ho se ee ka molao le ho hloka lerato ho hlahisitse moloko o khopo le o hatellang. Kahoo, e tlameha ebe nako ea hore Jesu Kreste a kenelle e le Morena e mocha oa lefatše e haufi. (Matheu 24:32-34) Seo se tla bolela’ng ho batho ba hateletsoeng ba nang le tumelo ho Jesu Kreste le ba talimang ho eena e le Motšelisi oa moloko oa batho ea khethiloeng ke Molimo?

Bakeng sa karabo ea potso eo, a re baleng mantsoe a eketsehileng a Pesaleme ea 72 a phethahatsoang ho Kreste Jesu: “O tla boloka ea lesitsi ha a hooa, le ea malimabe ea hlokang mothusi; o tla utloela ea malimabe le mohloki bohloko, a boloke bophelo ba ea lesitsi; o tla ba loela [khatellong, NW] le botubong, mali a bona e be ntho e hlokoang mahlong a hae.” (Pesaleme ea 72:12-14) Kahoo Morena ea khethiloeng ke Molimo, Jesu Kreste, o tla tiisa hore ha ho motho ea hlokofatsoang ke khatello. O na le matla a ho felisa mefuta eohle ea ho hloka toka.

E mong a ka ’na a re: ‘Seo se utloahala e le se tsotehang, empa ho thoe’ng ka hona joale? Ba utloang bohloko hona joale ba na le matšeliso afe?’ Ha e le hantle, ho na le matšeliso bakeng sa ba hateletsoeng. Lihlooho tse peli tse latelang makasineng ena li tla bontša kamoo ba limilione ba seng ba ntse ba fumana matšeliso ka ho hlaolela kamano e haufi le Molimo oa ’nete, Jehova, le Mora oa hae ea ratoang, Jesu Kreste. Kamano e joalo e ka re tšelisa linakong tsena tsa khatello ’me e ka lebisa motho bophelong bo sa feleng bo lokolohileng khatellong. Ha a rapela Molimo Jesu o itse: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba ithuisa tsebo ka uena, Molimo eo e leng eena feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.

[Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]

Ha ho na motho ea tla hatella e mong lefatšeng le lecha la Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela