Ba Ile ba Etsa Thato ea Jehova
Ho Fumanela Isaka Mosali
MONNA-MOHOLO ea neng a lutse pel’a seliba o ne a khathetse. Eena le bahlokomeli ba hae hammoho le likamele tsa bona tse leshome ba ne ba tsamaile leeto la ho tloha haufi le Beerseba ho ea ka leboea ho Mesopotamia—sebaka se bohōle ba lik’hilomithara tse ka holimo ho 800.a Kaha joale ba ne ba fihlile moo ba eang teng, motsamai enoa ea khathetseng o ile a nka khefu bakeng sa ho nahanisisa ka thōmo ea hae e boima. Monna eo e ne e le mang, ’me ke hobane’ng ha a ile a nka leeto lee le boima?
Monna eo e ne e le mohlanka oa Abrahama, “e moholo ka tlung ea hae.” (Genese 24:2) Le hoja a sa boleloa ka lebitso tlalehong ena, kamoo ho bonahalang kateng enoa e ne e le Eliezere eo ka nako e ’ngoe Abrahama a ileng a mo bitsa ‘ea tsoaletsoeng tlung ea hae’ le eo a ileng a bua ka eena e le ea mocheng oa ho ‘ba mojalefa oa hae.’ (Genese 15:2, 3) Ho hlakile hore e ne e le nakong eo Abrahama le Sara ba neng ba se na bana. Joale mora oa bona Isaka o ne a le lilemo li 40, ’me le hoja Eliezere e ne e se e se mojalefa ea ka sehloohong oa Abrahama, e ne e ntse e le mohlanka oa hae. Kahoo o ile a lumela ha Abrahama a etsa kōpo e phephetsang. E ne e le efe?
Thōmo e Phephetsang
Mehleng ea Abrahama, lenyalo le ne le sa ame lelapa feela empa le ne le boetse le ama leloko lohle, kapa sechaba se nang le mothehi a le mong. Ka hona, e ne e le tloaelo hore batsoali ba khethele bana ba bona balekane. Leha ho le joalo, Abrahama o ne a tobane le bothata ha a batlela mora oa hae, Isaka, mosali. Mekhoa ea ho se tšabe Molimo ea Bakanana ba neng ba phela le bona e ile ea etsa hore ho hang a se nahane ka ho nyallana le ea mong oa bona. (Deuteronoma 18:9-12) Le hoja e ne e le tloaelo hore monna a nyale lelokong la habo, beng ka Abrahama ba ne ba lula bohōle ba lik’hilomithara tse makholo, Mesopotamia leboea. O ne a ke ke a lumella Isaka habonolo feela hore a fallele moo, kaha Jehova o ne a tšepisitse Abrahama: “Lesika la hao ke tla le nea naha ena,” naha ea Kanana. (Genese 24:7, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Kahoo, Abrahama o ile a re ho Eliezere: ‘U mpe u ee fatšeng la heso, le ho baheso, u nkele mora oa ka Isaka mosali teng.’—Genese 24:4.
Ha a fihlile qetellong ea leeto leo le lelelele, Eliezere o ile a phomola pel’a seliba ha a ntse a nahanisisa ka thōmo ea hae. O ne a hlokomela hore e se neng basali ba ne ba tla tla selibeng ho tla kha metsi bakeng sa mantsiboea. Ka hona, o ile a kōpa Jehova ka tieo: ‘Moroetsana eo ke reng ho eena: Ak’u kokobetse nkho ea hao, nke ke noe, ’me a re: Noa, ’me ke tla nosa le likamele tsa hao; e ke e be eena eo u mo laoletseng lsaka, mohlanka oa hao, ’me ke tle ke tsebe ka hoo hobane u etselitse mong a ka ka mohau.’—Genese 24:14.
Ha a ntse a rapela, ho hlaha moroetsana ea botle bo hapang ea bitsoang Rebeka. Eliezere o re ho eena: “Ak’u mphe hle metsinyana a nkho ea hao.” Rebeka o etsa joalo, ’me o boetse o re: “Ke tla khella le likamele tsa hao, le tsona li ke li noe, li kholoe.” Ka sebele sena e ne e hlile e le boithaopo, kaha kamele e nyoriloeng e ka noa lilithara tse ka bang 95 tsa metsi ka metsotso e leshome feela! Ebang likamele tsa Eliezere li ne li nyoriloe ho le hokaalo kapa che, e tlameha ebe Rebeka o ne a tseba hore mosebetsi oo a ithaopelang ho o etsa o ne o tla ba boima. Ka sebele, eaba o “phakisa a tšollela nkho ea hae senoelong sa lintho, a boela a mathela selibeng ho ea kha, a khella likamele tsa hae kaofela.”—Genese 24:15-20.
A lemoha tataiso ea Jehova, Eliezere o ile a neha Rebeka lesale la nko la khauta le lipetja tse peli tsa khauta, tsa theko ea R6100 ka chelete ea kajeno. Ha Rebeka a mo bolella hore ke setloholo sa Nakore, mor’abo Abrahama, Eliezere o ile a etsa thapelo ea ho leboha Molimo. O ile a re: “Jehova o fela a ntsamaisitse ho ntlisa tlung ea banab’abo mong a ka.” (Genese 24:22-27) Eliezere o ile a tlisoa lapeng labo Rebeka. Qetellong Rebeka e ile ea e-ba mosali oa Isaka, ’me o ile a ba le tokelo ea ho ba moholo-holo oa Mesia, Jesu.
Seo re Ithutang Sona
Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba thapelo ba Eliezere hore a fumane molekane ea tšabang Molimo bakeng sa Isaka. Leha ho le joalo, hopola hore lenyalo la Isaka le ne le amana ka ho toba le morero oa Molimo oa ho hlahisa peō ka Abrahama. Ka hona, tlaleho ena ha ea lokela ho etsa hore re fihlele qeto ea hore e mong le e mong ea rapellang molekane o tla mo fuoa ka mohlolo. Leha ho le joalo, haeba re khomarela melao-motheo ea Jehova, o tla re fa matla a ho mamella liteko tse tlang le boemo leha e le bofe bophelong—lenyalo kapa bosoha.—1 Bakorinthe 7:8, 9, 28; bapisa le Bafilippi 4:11-13.
Ho ne ho hlokahala hore Eliezere a etse boiteko bo matla ba ho etsa lintho ka tsela ea Jehova. Le rōna re ka ’na ra fumana e se ka mehla ho leng bonolo ho lumellana le litekanyetso tsa Jehova. Ka mohlala, ho ka ’na ha e-ba thata ho fumana mosebetsi o ke keng oa sitisa tšebeletso ea puso ea Molimo, molekane ea tšabang Molimo, metsoalle e hahang, boithabiso bo hloekileng. (Matheu 6:33; 1 Bakorinthe 7:39; 15:33; Baefese 4:17-19) Leha ho le joalo, Jehova a ka tšehetsa ba qobang ho sekisetsa melao-motheo ea Bibele. Bibele ea tšepisa: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.”—Liproverbia 3:5, 6.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha ho hlahlojoa lebelo le akaretsang la likamele, e ka ’na eaba ho ile ha nka matsatsi a fetang a 25 ho fihla qetellong ea leeto.