Ho Tšehetsoa ke Tšepo ea ka ho Jehova
JOALOKAHA HO BOLETSE AGENOR DA PAIXÃO
Mora oa rōna ea mong feela, Paul, o ile a bolaoa ke bronchitis a sa le likhoeli li 11 feela. Likhoeli tse tharo hamorao, ka la 15 August, 1945, mosali oa ka ea ratoang o ile a bolaoa ke pneumonia. Ke ne ke le lilemo li 28, ’me litsietsi tsena li ile tsa ntšiea ke nyahame ke bile ke tsielehile. Empa ke ile ka tšehetsoa ke ho tšepa Jehova le litšepiso tsa hae. A nke ke phete hore na ho tlile joang hore ke be le tšepo ena.
HO TLOHA ha ke hlaha Salvador, Seterekeng sa Bahia, Brazil, ka la 5 January, 1917, ’Mè o ile a nthuta ho rapela “bahalaleli” ba Kereke e K’hatholike. O ne a bile a ntsosa a tsosa le barab’eso hoseng-seng e le hore re ka rapela hammoho. Leha ho le joalo, batsoali ba ka ba ne ba boetse ba e-ba teng mananeong a candomblé, litšebeletso tsa voodoo tsa Maafrika a Brazil. Ke ne ke hlompha litumelo tsena, empa ke ne ke se na tšepo ho seo ho thoeng ke bahalaleli ba Bok’hatholike kapa ho candomblé. Seo ka ho khetheha se ileng sa ’nyahamisa e bile leeme la morabe le neng le totobetse malumeling ana.
Ha nako e ntse e feta baholoane ba ka ba ile ba tloha hae ho ea batla mosebetsi. Hamorao Ntate o ile a lahla lelapa. Ka hona ha ke le lilemo li robong, ke ile ka tlameha ho fumana mosebetsi ho thusa ’Mè le khaitseli ea ka e nyenyane. Hoo e ka bang lilemo tse 16 hamorao, ho qoqa le mosebetsi-’moho le ’na fekthering e bile ketsahalo e tlisang phetoho e khōlō bophelong ba ka.
Ho Hlaolela ho Tšepa Jehova
Ke ile ka kopana le Fernando Teles ka 1942. O ne a atisa ho bolela hore ho rapela “bahalaleli” ho fosahetse. (1 Bakorinthe 10:14; 1 Johanne 5:21) Qalong ke ne ke sa mo mamele ho hang. Empa ho tiea ha hae le ho thahasella batho ha hae, ho sa tsotellehe morabe oa bona, ho ile ha ipiletsa ho ’na, ’me ke ile ka khahloa ke tsebo ea hae ea Bibele, haholo-holo seo a ileng a se bua ka ’Muso oa Molimo le lefatše la paradeise. (Esaia 9:6, 7; Daniele 2:44; Tšenolo 21:3, 4) Ha a hlokomela thahasello ea ka, o ile a mpha Bibele le lingoliloeng tse itseng tsa Bibele.
Libekeng tse seng kae hamorao, ke ile ka amohela memo ea ho ea thutong ea Bibele ea phutheho. Sehlopha seo se ne se ithuta buka ea Religion, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society. Ke ile ka thabela thuto eo ’me ka qala ho ba teng libokeng tsohle tsa phutheho ea Lipaki tsa Jehova. Se ileng sa nkhahla ka ho khetheha e ne e le ho ba sieo ha leeme le tsela eo ka eona ke ileng ka amoheloa hang-hang. Hoo e ka bang ka nako eo ke ile ka qala ho ratana le Lindaura. Ha ke buisana le eena ka seo ke neng ke ithuta sona, o ile a qala ho ea le ’na libokeng.
Ntho e ’ngoe e neng e nkhahla libokeng e ne e le khatiso e neng e behoa mosebetsing oa ho bolela. (Matheu 24:14; Liketso 20:20) Ka khothalletso ea bo-pula-maliboho, e leng kamoo basebeletsi ba nako e tletseng ba bitsoang kateng, ke ile ka qala ho bua le ba bang ka tsela e sa reroang ka tereneng ha ke e-ea mosebetsing leha ke khutla. Ha ke ne ke fumana e mong ea thahasellang, ke ne ke ee ke nke aterese ea hae ebe kea mo etela ho leka ho hlaolela thahasello eo.
Ho sa le joalo, tšepo ea ka ho Jehova le ho mokhatlo o hlophisitsoeng oo a o sebelisang e ile ea ’na ea hōla. Kahoo, ka mor’a ho mamela puo ea Bibele e mabapi le boinehelo ba Bokreste, ke ile ka kolobetsoa, Leoatleng la Atlantic, ka la 19 April, 1943. Letsatsing lona leo, ke ile ka kopanela tšebeletsong e tloaelehileng ea ntlo le ntlo ka lekhetlo la pele.
Libeke tse peli hamorao, ka la 5 May, ’na le Lindaura re ile ra nyalana. Joale, ka August 1943, o ile a kolobetsoa kopanong ea pele e neng e tšoeroe ke Lipaki tsa Jehova motseng oa Salvador. Mabapi le kopano eo, 1973 Yearbook of Jehovah’s Witnesses e itse: “Letšolo la baruti le ile la khona ho sitisa puo ea phatlalatsa Salvador, empa e le ka mor’a hore ho etsoe . . . phatlalatso e molemo haholo.” Bopaki ba tataiso ea Jehova ha ho talimanoe le mahloriso a matla bo ile ba matlafatsa tšepo ea ka ho eena.
Joalokaha ke bontšitse qalong, lilemo tse peli feela ka mor’a hore Lindaura a kolobetsoe—le likhoeli tse tharo ka mor’a lefu la mora oa rōna—mosali oa ka ea ratoang o ile a shoa. O ne a le lilemo li 22 feela. Empa tšepo eo ke neng ke se ke e-na le eona ho Jehova e ile ea ntšehetsa likhoeling tseo tse thata.
Ho Matlafatsoa ke Tšebetso ea Moea
Ka 1946, selemo ka mor’a ho lahleheloa ke mosali oa ka le mora, ke ile ka khetheloa ho ba mohlanka oa thuto ea Bibele phuthehong eo e neng e le eona e le ’ngoe ka nako eo Salvador. Selemong sona seo Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se ile sa qalisoa liphuthehong Brazil, ’me ke ile ka ba mokhanni oa pele oa sekolo seterekeng sa Bahia. Joale ka October 1946, Kopano ea Puso ea Molimo ea “Lichaba Tse Thabileng” e ile ea tšoareloa motseng oa São Paulo. Eo e bileng mohiri oa ka ka lilemo tse leshome o ile a re oa ntlhoka ’me a nkhatella hore ke se ke ka ea. Leha ho le joalo, ka mor’a hore ke mo hlalosetse kamoo ho ba teng ha ka kopanong ho neng ho tla bolela ho hoholo kateng ho ’na, o ile a mpha mpho e khōlō ’me a re ke tsamaee hantle.
Mananeo a kopano Municipal Theater ea São Paulo a ne a tšoeroe ka Sepotoketsi—puo ea Brazil—esita le ka Sehungary, Sejeremane, Senyesemane, Sepolishe le Serussia. Kopanong eo makasine ea Tsoha! e ile ea lokolloa ka Sepotoketsi. Ke ile ka susumetsoa ke kopano eo haholo—ba ka bang 1700 ba ile ba e-ba teng puong ea phatlalatsa—hoo ke ileng ka etsa kōpo ea ho qalisa ho bula maliboho ka la 1 November, 1946.
Ka nako eo re ne re sebelisa keramafono haholo mosebetsing oa rōna oa ho bula maliboho. Re ne re atisa ho letsetsa beng ba matlo puo e reng “Tširelo.” Ka mor’a moo, re ne re re: “Ho itšireletsa sereng se sa bonahaleng, re tlameha ho khomarela motsoalle eo le eena a sa bonahaleng. Jehova ke motsoalle oa rōna e moholo ka ho fetisisa ’me o matla haholo ho feta sera sa rōna, Satane. Ka hona re tlameha ho atamela haufi-ufi le Jehova bakeng sa ho itšireletsa ho sona.” Joale re ne re fana ka bukana ea Tširelo, e neng e fana ka boitsebiso bo eketsehileng.
Ke ne ke butse maliboho ka nako e ka tlaase ho selemo ha ke ne ke amohela memo e khethehileng ea ho sebeletsa ke le pula-maliboho ea khethehileng Phuthehong ea Carioca e Rio de Janeiro. Sebakeng seo ka linako tse ling re ne re talimana le khanyetso e matla. Ivan Brenner, eo e neng e le mosebetsi-’moho le ’na, o kile a hla a hlaseloa ke mong’a ntlo. Baahelani ba ile ba bitsa mapolesa, ’me kaofela re ile ra isoa sepoleseng.
Ha re hlongoa lipotso, mong’a ntlo ea halefileng haholo o ile a re qosa ka ho luka khotso. Mookameli oa mapolesa o ile a mo laela hore a thōle. Joale mookameli oa mapolesa a retelehela ho rōna ’me ka lentsoe le bonolo a re re lokolohile re ka tsamaea. O ile a tšoara moqosi oa rōna ’me a mo qosa ka ho hlasela. Maemo a kang ao a ile a etsa hore tšepo ea ka ho Jehova e phele.
Tšebeletso ea Nako e Tletseng e Atolohileng
Ka la 1 July, 1949, ke ile ka thabela ho memeloa ho sebeletsa Bethele, e leng kamoo ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova e bitsoang kateng naheng e ’ngoe le e ’ngoe. Bethele e Brazil ka nako eo e ne e le 330 Licínio Cardoso Street, Rio de Janeiro. Ka nako eo, litho tsa lelapa la Bethele li ne li le 17 feela. Ka nako e itseng ke ile ka kopanela le Phutheho ea sebakeng seo ea Engenho de Dentro, empa hamorao ke ile ka fuoa kabelo ea ho ba molebeli ea okamelang phuthehong eo e neng e le eona feela Belford Roxo, motse o leng bohōle ba lik’hilomithara tse seng kae ho tloha Rio de Janeiro.
Ke ne ke tšoareha haholo mafelo-beke. Ka Meqebelo ke ne ke ee ke ee Belford Roxo ka terene, ke kopanele tšebeletsong ea tšimo motšehare oa mantsiboea, ebe ke ea Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Sebokeng sa Tšebeletso mantsiboea. Ke ne ke robaletsa ha barab’eso ’me ke kopanela tšebeletsong ea tšimo hoseng ha letsatsi le latelang. Letsatsing leo motšehare oa mantsiboea ke ne ke e-ba teng puong ea Bibele ea phatlalatsa le Thutong ea Molula-Qhooa ebe ke khutlela Bethele hoo e ka bang ha hora ea borobong e fetile ka metsotso e mashome a mararo. Kajeno ho na le liphutheho tse 18 Belford Roxo.
Ka 1954, ka mor’a lilemo tse tharo le halofo tsa kemiso eo, ke ile ka fuoa kabelo ea ho khutlela Rio de Janeiro ke le molebeli ea okamelang Phuthehong ea São Cristóvão. Lilemong tse leshome tse latelang, ke ile ka sebeletsa le phutheho eo.
Kabelo ea ka ea Bethele
Kabelo ea ka ea pele Bethele e bile ho haha karache bakeng sa koloi eo e neng e le eona feela ea Mokhatlo, vene ea Dodge ea 1949 e neng e rehiloe lebitso la bosoasoi la Chokolete ka lebaka la ’mala oa eona o mosootho. Ha karache eo e fela, ke ile ka fuoa kabelo ea ho sebetsa ka kichineng, moo ke ileng ka sebetsa ka lilemo tse tharo. Eaba ke isoa Lefapheng la Khatiso ea Lintho tse Nyenyane, e leng moo ke bileng teng ho fihlela hona joale ka lilemo tse fetang 40.
Boholo ba thepa ea khatiso eo re neng re e-na le eona e ne e le e seng e ile ea sebelisoa. Ka mohlala, ka lilemo tse ngata re ne re e-na le mochine oa khatiso oa platen oo ka lerato re neng re o bitsa Sara, re o reheletse ka mosali oa Abrahama. O ne o ’nile oa sebelisoa ka lilemo tse ngata fekthering ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower Brooklyn, New York. Joale ka bo-1950, o ile oa romeloa Brazil. Mona, joaloka mosali oa Abrahama, botsofaling ba oona o ile oa hlahisa litholoana—ka sebōpeho sa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!
Le ka mohla ha kea ka ka khaotsa ho hlolloa ke keketseho palong ea lingoliloeng tse neng li hatisoa fekthering ea khatiso ea Brazil. Selemong sohle sa 1953, re ile ra hatisa limakasine tse 324 400, empa hona joale ho hatisoa tse ka holimo ho limilione tse tharo khoeli le khoeli!
Mehaho ea Rōna ea Bethele
E ’nile ea e-ba ho thabisang ho pholletsa le lilemo ho shebella katoloso ea mehaho ea Bethele ea rōna ea Brazil. Ka 1952 re ile ra haha fektheri e mekato e ’meli ka mor’a lehae la rōna le Rio de Janeiro. Joale ka 1968, Bethele e ile ea fallisetsoa mohahong o mocha motseng oa São Paulo. Ha re ne re kena, hohle ho ne ho bonahala sebaka se le seholo se bulehile bakeng sa lelapa la rōna la Bethele la litho tse 42. Ka sebele re ne re nahana hore mohaho ona o ne o tla sebeletsa keketseho eohle ea rōna ea nako e tlang. Leha ho le joalo, ka 1971 ho ile ha boela ha hahoa mehaho e ’meli ea mekato e mehlano, ’me fektheri e ’ngoe e bapileng le ea rōna e ile ea rekoa, ea lokisoa, ’me ea hokahanngoa le mohaho ona. Empa ka lilemo tse seng kae feela, keketseho ea bahoeletsi ba ’Muso e ntseng e tsoela pele—re ile ra feta pakane ea ba 100 000 ka 1975—e ile ea etsa hore re hloke sebaka se eketsehileng.
Ka lebaka leo, mehaho e mecha e ile ea hahuoa bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 140 ho tloha São Paulo pel’a torotsoana ea Cesário Lange. Ka 1980 lelapa la rōna la Bethele la litho tse 170 le ile la fallisetsoa mehahong ena e mecha. Ho tloha ka nako eo mosebetsi oa ’Muso o eketsehile haholo. Hona joale ho na le ba 410 000 ba kopanelang mosebetsing oa ho bolela kamehla Brazil! Ho hlokomela litlhokahalo tsa moea tsa bahoeletsi bana bohle ba ’Muso, re ’nile ra tlameha ho tsoela pele ho haha lifektheri tse ncha bakeng sa ho hatisa lingoliloeng tsa Bibele le ho haha mehaho e mecha ea bolulo e le hore baithaopi ba Bethele ba ka lula ho eona. Hona joale re na le litho tsa lelapa la Bethele tse ka bang 1100!
Litokelo Tse Nkoang e le Letlotlo
Ke nka tšebeletso ea Bethele e le tokelo ea bohlokoa. Kahoo, le hoja lilemong tsa pejana ke ne ke nahana ho nyala hape, ke ile ka khetha ho tsepamisa tlhokomelo ka ho feletseng litokelong tsa ka tsa Bethele le mosebetsing oa ho bolela. Mona ke bile le thabo ea ho sebeletsa khatisong hammoho le bacha ba bangata le ea ho ba koetlisa likabelong tsa bona. Ke lekile ho sebetsana le bona joaloka hoja ke bara ba ka. Cheseho ea bona le ho hloka boithati ha bona e bile mohloli oa khothatso e khōlō ho ’na.
Tokelo e ’ngoe e bile ho thabela ho ba le batho ba molemo bao ke lulang le bona kamoreng ho theosa le lilemo. Ka sebele, botho bo sa tšoaneng e ’nile ea e-ba phephetso ka linako tse ling. Empa ke ile ka ithuta ho se lebelle phetheho ho ba bang. Ke ’nile ka leka ka matla ho se etse liolo lithaba kapa ho se iphahamise ho tlōla. Ho tšeha liphoso tsa ka ho nthusitse ho mamella tsa ba bang.
Tokelo e ’ngoe ea bohlokoa eo ke ileng ka e thabela e bile ea ho khona ho ba teng likopanong tsa machaba tse khōlō United States. E ’ngoe ea tsona e ne e le Kopano ea “Litaba Tse Molemo Tsa ka ho sa Feleng,” e neng e tšoaretsoe Yankee Stadium, New York, ka 1963, ’me e ’ngoe e ne e le Kopano ea Machaba ea “Khotso Lefatšeng” e neng e tšoaretsoe sebakeng se tšoanang ka 1969. Ha ke ne ke le moo, ke bile le thabo ea ho etela ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova e haufi le moo Brooklyn, New York!
Ke ile ka boela ka ba le tokelo ea hore ka lilemo tse leshome ke kopanele—ke chenchana le ba bang—ho okameleng tšebeletso ea borapeli ba hoseng lelapeng la Bethele. Ho ntse ho le joalo, tokelo e khōlō ka ho fetisisa, e ntliselitseng thabo e khōlō le khothatso ke ea ho isa molaetsa oa ’Muso ho ba lipelo li tšepahalang, joalokaha Monghali oa rōna Jesu Kreste a ile a etsa.
Lilemong tsa morao tjena ke ’nile ka talimana le phephetso ea ho mamella Parkinson’s disease. Tlhokomelo e lerato ea bara le barali beso kokelong ea Bethele e bile mohloli oa thuso e sa khaotseng le matšeliso ho ’na. Ka tšepo e feletseng, ke rapela hore Jehova a mpe a mphe matla a ho tsoela pele ho etsa se molemohali molemong oa borapeli ba hae ba ’nete.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Lekala la Brazil moo ke lulang teng hona joale
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Ke na le mosali oa ka, ea ileng a shoa ka 1945