Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 7/15 leq. 3
  • Maikutlo a Hao ke Afe ka Sebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo a Hao ke Afe ka Sebe?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Sebe se se se le Sieo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Sebe—Ke Eng e Fetohileng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • U Talima Sebe Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lefatše le se Nang Sebe—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 7/15 leq. 3

Maikutlo a Hao ke Afe ka Sebe?

“HA U na sebe, ha u na mesarelo; u polokelo ea matla ’ohle.” Rafilosofi oa Mohindu ea tummeng, Vivekananda, o ile a bua tjena ha a ne a hlalosa polelo e ngotsoeng bukeng e halalelang ea Mahindu, Bhagavad Gita. Ha a qotsa Vedanta, o re: “Phoso e khōlōhali ke ea hore u re ua fokola, u moetsalibe.”a

Leha ho le joalo, na ke ’nete hore motho ha a na sebe? ’Me haeba ho na le seo motho a se futsang tsoalong, ke eng? Mosuoe oa Mohindu, Nikhilananda, o re ke “litšobotsi tsa ’mele [feela] tse futsoang.” Ha e le litšobotsi tse ling tsona li bakoa ke “liketso [tsa motho] tsa bophelo boo a bo phetseng pele.” Ho ea ka Vivekananda, “ke uena ea thehang qetello ea hao.” Bohindu ha bo rute letho ka sebe se futsitsoeng.

Khopolo ea hore sebe se futsitsoe ha e eo le ho Mazoroaster, Mashinto, Maconfucius le Mabuddha. Esita le malumeling a tsoang Bojudeng le Bokresteng, ao pele ka tloaelo a neng a ruta thuto ea hore sebe se futsitsoe, joale a se a fetola boikutlo mabapi le sebe. Batho ba bangata-ngata kajeno ha ba inke ba e-na le sebe.

Moruti oa thuto ea bolumeli, Cornelius Plantinga e monyenyane o re: “Boikutlo ba sejoale-joale ha bo khothalletse ho nyatsa boitšoaro; ka ho khetheha, ha bo khothalletse boinyatso.” Likereke tsa Bokreste-’mōtoana li na le molato o itseng bakeng sa ho bebofatsa sebe. Moruti oa Univesithi ea Duke o re: “Haeba u batla ho utloa ha ho buuoa ka sebe, u se ke ua ea kerekeng.” ’Me ho latela Plantinga, ka tloaelo, likereke tse ling li bua ka sebe litabeng tse amang kahisano feela.

Ho ke ke ha latoloa hore mahlomola a bophelo a jele setsi kajeno. Pefo, bonokoane, lintoa, ntoa ea merabe, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, bolotsana, khatello le pefo baneng li atile. Ha e le hantle, lekholo la bo20 la lilemo le ’nile la bitsoa lekholo la lilemo le tletseng tšollo ea mali ka ho fetisisa leo motho a kileng a le tseba. Ho ekelletsa ho tsena ke bohloko le mahlomola a bakoang ke ho kula, ho tsofala le ho shoa. Ke mang ea sa labalabeleng ho lokoloha mathateng aa a mangata a teng kajeno lefatšeng?

Joale, maikutlo a hao ke afe ka sebe? Na sebe se futsitsoe? Na re tla ke re lokolohe bohlokong le mahlomoleng? Sehlooho se latelang se tla tšohla lipotso tsena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Filosofi ea Vedanta e thehiloe ho li-Upanishad, tse hlahang qetellong ea li-Veda, mangolo a Mahindu.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela