Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 7/15 maq. 20-23
  • Pholosa Bophelo ba Ngoana oa Hao!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pholosa Bophelo ba Ngoana oa Hao!
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-ba Motsoalle ea Haufi
  • Ho Rata Molimo
  • Ho Tšaba Molimo
  • Meputso e Thabisang
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Batsoali, le ka Thusa Bana ba Lona Joang Hore ba Rate Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ho Haha Lelapa le Matla Moeeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 7/15 maq. 20-23

Pholosa Bophelo ba Ngoana oa Hao!

MICHAEL le Alphina ba lula likhohlong tsa mahaeng, maralleng a matala a KwaZulu-Natal, Afrika Boroa. Ba ile ba thulana le liphephetso tse ngata ha ba hōlisa bana ba bona ba supileng. A tšehetsoa ke mosali oa hae ka botlalo, Michael o ile a etsa sohle se matleng a hae hore a mamele taelo ea Bibele ho bo-ntate: “Le tsoele pele ho . . . hōlisa [bana ba lōna] ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Empa ka linako tse ling mathata aa hlaha.

Ka mohlala, balisana ba Maafrika ba tloaetse ho kopanya likhomo tsabo bona e le hore ba ka ba le nako e eketsehileng ea ho bapala hammoho. Ka linako tse ling ba tlala bosaoana ’me ba bue ka lintho tseo ba sa lokelang ho bua ka tsona. Ha bara ba Michael ba ne ba e-ea naheng ho ea lisa likhomo tsabo bona, o ne a ba laela ka thata hore ba se ke ba etsa setsoalle le bana ba itseng. (Jakobo 4:4) Leha ho le joalo, ka linako tse ling o ne a ba fumana ba e-na le bona ha a fihla a e-tsoa mosebetsing. Ka lebaka leo, o ne a tlameha ho ba khalemela.—Liproverbia 23:13, 14.

Na u nahana hore Michael o ne a tšoere bana ba hae ka thata haholo? Ba bang ba ka ’na ba nahana joalo, empa Jesu Kreste o itse “bohlale bo pakoa bo lokile ke mesebetsi ea bona.” (Matheu 11:19) Michael le Alphina ba ne ba entse hore lelapa la bona e be le tletseng lerato, ba qeta nako ba e-na le bana ba bona ’me ba ba ruta lipale le linnete tsa Bibele.

Michael le Alphina ba na le barali ba bane—Thembekile, Siphiwe, Tholakele, le Thembekani. Kaofela ha bona ke baboleli ba nako e tletseng ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Bara ba bona ba babeli ke baholo ba okamelang liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova. Mora oa bona oa boraro, eo mosali oa hae le eena e leng moevangeli oa nako e tletseng, ke mohlanka ea sebeletsang.

Batsoali ba bangata ba Bakreste ba nang le malapa a maholo ba hlohonolofalitsoe ka ho atleha ho hōliseng bana ba bona. Leha ho le joalo, bana ba bang ba hōlisitsoeng hantle ke batsoali ba lahla ’nete. Ha ho pelaelo hore batsoali ba bona ba lula ba hopotse setšoantšo sa Jesu sa mora ea lehlasoa ’me ba lula ba e-na le tšepo ea hore qetellong, mora kapa morali oa bona o tla baka ’me a pholohe.—Luka 15:21-24.

Leha ho le joalo, ka masoabi bana ba batsoali ba bang ba Bakreste ba lahlehela lefatšeng kaofela. Ka ho khetheha sena se ama likarolo tsa Afrika moo ho bonahalang bana ba hōla hantle ho fihlela ba e-ba lilemong tsa bocha. Joale ha ba le paleseng ea bocha, ba hapuoa ke mekhoa ea boitšoaro bo bobe ea lefatše la Satane. (1 Johanne 5:19) Ka lebaka leo, bo-ntate ba bangata ha ba tšoanelehe bakeng sa ho ba baholo ba phutheho. (1 Timothea 3:1, 4, 5) Ho hlakile hore ntate oa Mokreste o lokela ho nka poloko ea lelapa la hae e le taba ea bohlokoahali. Kahoo, batsoali ba ka etsa eng ho pholosa bophelo ba bana ba bona?

E-ba Motsoalle ea Haufi

Hase hore Jesu o ne a phethahetse feela, empa o ne a boetse a phahametse haholo motho leha e le ofe tsebong le phihlelong. Leha ho le joalo, o ile a tšoara barutuoa ba hae ba neng ba sa phethahala joaloka metsoalle ea hae e haufi. (Johanne 15:15) Ke ka lebaka leo ba neng ba rata ho ba le eena ’me ba atleha ha a le teng. (Johanne 1:14, 16, 39-42; 21:7, 15-17) Batsoali ba ka ithuta ho sena. Joaloka semela se senyenyane seo makhasi a sona a otlolohetseng khanyeng e mofuthu ea letsatsi, bana baa atleha haeba habo bona ho rena moea oa lerato, o botsoalle.

Batsoali, na bana ba lōna ba ikutloa ba lokolohile ho le bolella lintho tsohle tse ba amang? Na lea ba mamela? Pele le etsa liqeto, na le etsa hore ba ntše mehopolo le maikutlo a bona e le hore le ka utloisisa boemo ka ho feletseng? Le sa ba felle pelo, na le ba thusa hore ba fumane likarabo tsa lipotso tse itseng ka ho etsa lipatlisiso le bona litokollong tsa Bibele?

’Mè e mong oa Afrika Boroa oa hlalosa: “Ho tloha letsatsing leo morali oa rōna a neng a qala ho ea ka lona sekolong, re ile ra mo khothalletsa hore a re phetele lintho tse etsahetseng motšehare. Ka mohlala, ke ne ke ’motsa: ‘U ne u e-na le mang ka tinare? Ak’u mpolelle ka tichere ea hao e ncha. E shebahala joang? Ke eng se reriloeng bakeng sa beke ee?’ Ka nako e ’ngoe morali oa rōna o ile a fihla a re bolella hore tichere ea bona ea Senyesemane e ne e tl’o isa sehlopha sa bona filiming eo hamorao ba neng ba tla ngola tlhahlobo ea eona. Lebitso la filimi eo le ne le belaetsa. Ka mor’a ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, re ile ra bona hore e ke ke ea lokela Mokreste. Re ile ra buisana ka eona re le lelapa. Ka letsatsi le latelang morali oa rōna o ile a bua le tichere, a e hlalosetsa hore ha a batle ho shebella filimi eo kaha boitšoaro boo e bo bontšang bo ke ke ba lumellana le litumelo tsa hae tsa Bokreste. Tichere e ile ea nahanisisa ka sena ’me hamorao ea leboha morali oa rōna, ea bolela hore ha e rate ho isa sehlopha seo ho ea bona ntho eo e tla ikoahlaela eona.” Thahasello e lerato eo batsoali bana ba ileng ba lula ba e bontša bakeng sa poloko ea morali oa bona e behile litholoana tse ntle. O na le botho bo thabileng le bo botle ’me hona joale o sebeletsa e le moithaopi lekaleng la Watch Tower Bible and Tract Society la Afrika Boroa.

Jesu o behile mohlala o motlehali oa ho sebelisana le bana ba batho ba bang. O ne a thabela ho ba le bona. (Mareka 10:13-16) Batsoali ba lokela ho thabela hakaakang ho etsa lintho hammoho le bana ba bona! Likarolong tse ling tsa Afrika, ke ntho e lihlong ho ntate ho bonoa a bapala bolo kapa lipapali tse ling le bara ba hae. Empa le ka mohla, ntate oa Mokreste ha aa lokela ho ikutloa hore ke oa bohlokoa hoo a ke keng a bonoa a etsa lintho le bana ba hae. Bana ba hloka batsoali ba thabelang ho qeta nako le bona. Sena se nolofalletsa bana hore ba hlalose lintho tse ba amang. Ha litlhoko tse joalo tsa maikutlo li hlokomolohuoa, bana ba ka ’na ba khopiseha kapa ba ikhulela thōko, haholo-holo haeba ba lula ba khalemeloa joalo.

Ha a ngolla Bakolose mabapi le likamano tsa lelapa, Pauluse o itse: “Lōna bo-ntate, le se ke la ba ba khentšang bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.” (Bakolose 3:21) E ka ’na eaba sena se bontša hore ka linako tse ling ho ba le ho se leka-lekane ha taeo e ngata le botsoalle bo fokolang. Bana, ho kopanyelletsa le bacha, ba ratoang le ba ananeloang, ba tla arabela hamolemo haholoanyane taeong e hlokahalang.

Ho Rata Molimo

Lefa la bohlokoahali leo batsoali ba ka le fang bana ba bona ke mohlala oa bona oa ho bontša lerato. Bana ba batla ho bona le ho utloa ha batsoali ba bona ba hlalosa le ho bontša lerato la sebele ho Molimo. Monna e mocha ea sebeletsang lekaleng la Afrika Boroa la Watch Tower Bible and Tract Society oa hlalosa: “Ha ke sa le moshanyana, ke ne ke thusa Ntate ka mesebetsi ea lelapa. Ke ne ke rata ho mo thusa kaha Ntate o ne a hlile a ananela ho honyenyane hoo ke neng ke ho etsa. O ne a sebelisa nako eo ho mpolella lintho tse ngata ka Jehova. Ka mohlala, ke hopola Moqebelo o mong oo ka oona re neng re sebetsa ka thata re kuta mohloa. Ho ne ho chesa haholo. Ntate o ne a fufuletsoe, kahoo ke ile ka matha ’me ka tla le likhalase tse peli tsa metsi ’me ka tšela leqhoa ka teng. Ntate o ile a re: ‘Mora, na u lemoha kamoo Jehova a leng bohlale kateng? Leqhoa lea phaphamala ka metsing. Haeba le ne le ka teba, tsohle tse phelang tlaase matšeng le matamong li ne li tla shoa. Empa, leqhoa le sebetsa joaloka kobo e li apesang! Na see ha se re thuse hore re tsebe Jehova haholoanyane?’a Hamorao ha ke ne ke koaletsoe chankaneng ka lebaka la ho se nke lehlakore, ke ile ka ba le nako ea ho nahana. Bosiung bo bong ha ke ne ke nyahame ka seleng ea ka ea chankana, ke ile ka hopola mantsoe ao a Ntate. A ne a e-na le moelelo hakaakang! Ke ne ke tla sebeletsa Jehova kamehla haeba ke khona.”

E, bana ba batla ho bona batsoali ba bona ba bontša ho rata Molimo nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e etsang. Ka ho khetheha, ho rata Molimo le ho ikemisetsa ho mo mamela ho lokela ho talingoa e le matla a susumelletsang motho ho ba teng libokeng tsa Bokreste, ho kopanela tšebeletsong ea tšimo le ho bala Bibele hammoho le ho ithuta eona joaloka lelapa. (1 Bakorinthe 13:3) Habohlokoa ka ho fetisisa, ho rata Molimo ho lokela ho bonahatsoa lithapelong tsa lelapa tse etsoang ka pelo eohle. Bohlokoa ba ho fa bana lefa le joalo bo ke ke ba hatisoa ho feta kamoo bo seng bo hatisitsoe kateng. Ke ka lebaka leo Baiseraele ba ileng ba laeloa: “Rata Jehova, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka matla a hao ’ohle. Litaelo tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong ea hao. U tlo u li rute bana ba hao, ’me u bue ka tsona, ha u lutse tlung ea hao, leha u le tseleng u tsamaea, leha u ea robala, leha u tsoha.”—Deuteronoma 6:5-7; bapisa le Matheu 22:37-40.

Tšitiso e khōlō ea ho rata le ho mamela Molimo ke botho ba rōna ba boetsalibe boo re bo futsitseng. (Baroma 5:12) Ka hona, Bibele e boetse ea laela: “Lōna ba ratang Jehova, hloeang bobe.” (Pesaleme ea 97:10) Hangata menahano e mebe e lebisa liketsong tse mpe. Hore a li qobe, ngoana o boetse o lokela ho hlaolela tšobotsi e ’ngoe ea bohlokoa.

Ho Tšaba Molimo

Lerato le tsamaisanang le ho tšaba ho halefisa Jehova ke ntho e ntle haholo. Jesu Kreste ka boeena o ile a re behela mohlala o phethahetseng oa motho ea thabisoang ke “ho tšaba Jehova.” (Esaia 11:1-3) Tšabo ea mofuta oo ke ea bohlokoa ha ngoana a fihla paleseng ea bocha ’me a qala ho ba le tšusumetso e matla ea litakatso tsa botona le botšehali. Ho tšaba Molimo ho ka thusa mocha hore a hanele likhatello tsa lefatše tse ka ’nang tsa mo lebisa boitšoarong bo bobe. (Liproverbia 8:13) Lichabeng tse ling, batsoali ba lihlong ho ruta bana ba bona hore na ba sebetsane joang le liteko tsa likamano tsa botona le botšehali. Ha e le hantle, ba bangata ba nahana hore ho fosahetse ho buisana ka litaba tsena. Empa maphomela a ho hlokomoloha ho joalo ha batsoali e ’nile ea e-ba afe?

Litsebi tse tharo tsa bongaka, Buga, Amoko, le Ncayiyana li ile tsa buisana ka lipotso le banana ba 1702 le bashanyana ba 903 ba mahaeng a Transkei, Afrika Boroa. Koranta e bitsoang South African Medical Journal e ile ea tlaleha hore “patlisisong ena, karolo ea 76% ea banana le karolo ea 90,1% ea bashanyana e ne e se e kopanetse likamano tsa botona le botšehali.” Ka karolelano, banana ba ne ba le lilemo li 15 ’me boholo ba bona ba ne ba qobeletsoe hore ba be le likamano tsa botona le botšehali. Ba ka holimo ho 250 ba ne ba se ba kile ba ima hang kapa ho feta moo. Phello e ’ngoe e ne e le mafu a nammeng a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali.

Kamoo ho bonahalang kateng, batsoali ba bangata ha ba bone ho hlokahala hore ba rute bana ba bona hore na ke joang ba ka qobang likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo. Ho e-na le hoo, koranta e boletsoeng ka holimo ea hlalosa: “Ho batho ba lulang mahaeng a Transkei, ntho e nkeloang holimo e le e pakang bosali ke ho ba le bana le ho ba ’mè, ’me sena se hlokomeloa ka potlako ke banana bao e leng hona ba sa tsoa kena lilemong tsa bosali.” Ho na le bopaki bo ngotsoeng ba hore bothata bo tšoanang bo teng le likarolong tse ling tsa lefatše.

Bacha ba bangata Afrika ba tšoaea batsoali ba bona phoso ka hore ebe ha baa ka ba ba thusa hore ba utloisise botona kapa botšehali ba bona. Batsoali ba bang ba Bakreste ba ’nile ba soabisoa ke ho sebelisa buka ea Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona.b Leqepheng la 20-3, e hlalosa tšebeliso e nepahetseng ea litho tsa botona le tsa botšehali hammoho le liphetoho tse bang teng ha motho a kena bonneng.

Batsoali ba Bakreste ba ikemisetsang ho buisana le bana ba bona ka maikutlo a Molimo mabapi le likamano tsa botona le botšehali ba lokela ho babatsoa. Sena se etsoa hantle ka mehato e latellanang, ho ea ka hore na ngoana o utloisisa se boleloang hakae. Ho itšetlehiloe ka boemo bo kang lilemo tsa ngoana, ho ka ’na ha hlokahala hore batsoali ba tobe taba ha ba bua ka likarolo tsa ’mele le mosebetsi oa tsona. Ho seng joalo, mocha ea hlokang phihlelo a ka ’na a se ke a utloisisa se boleloang.—1 Bakorinthe 14:8, 9.

Ntate e mong oa Afrika Boroa ea nang le barali ba babeli le mora oa hlalosa: “Esita le barali ba ka, ka makhetlo a ’maloa ke ’nile ka ba le monyetla oa ho bua le bona ka taba eo ho seng bonolo ho bua ka eona e amang likamano tsa botona le botšehali. Leha ho le joalo, mosali oa ka o ile a lebisa tlhokomelo e khōlō ho barali ba rōna, a sebelisa buka ea Bocha ba hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona. [Bona leqephe la 26-31.] Ha mora oa ka a ne a le lilemo li 12, ke ile ka etsa qeto ea hore nke ke thapolle maoto le eena nako e teletsana lithabeng. Ketsahalong eo, re ile ra buisana ka ho qaqa ka ho hōla ha ’mele oa moshanyana le ka morero o khethehileng oo hamorao o tla o phetha lenyalong. Ke ile ka boela ka buisana le eena ka tlhokahalo ea hore a qobe mokhoa o litšila oa ho pholla litho tsa botona ho ikhotsofatsa le hore a hlomphe banana—joalokaha a hlompha ’mè oa hae le likhaitseli tsa hae.”

Meputso e Thabisang

Ntate le ’mè bao ho builoeng ka bona ka holimo ba ile ba sebetsa ka thata ’me ba thabile hore ebe ba fumane liphello tse ntle ho hōliseng bana ba bona ba bararo. Boraro ba bona hona joale ba hōlile ’me ba nyalane le Bakreste ba tšepahalang. Mora oa bona le bakhoenyana kaofela ke baholo phuthehong ea Bokreste, ’me malapa a mabeli ho ao a bile tšebeletsong ea nako e tletseng ea boevangeli ka lilemo tse ngata.

Ka sebele, batsoali ba sebetsang ka thata bakeng sa ho pholosa malapa a bona ba ka lebella moputso o thabisang ho bana ba khethang ho mamela thuto e joalo ea Bibele, kaha Liproverbia 23:24, 25 e re: “Ea tsoetseng ngoana ea bohlale o tla thaba ka eena. A a ke a thabe, ntat’ao, le eena ’m’ao; a nyakalle, ea u belehileng.” Nahana ka lelapa le leholo le boletsoeng qalong ea sehlooho sena. Alphina o re: “Pelo ea ka e tlala thabo ha ke nahana ka khatelo-pele ea moea eo bana ba ka ba e entseng.” E se eka batsoali bohle ba Bakreste ba ka sebetsa ka thata ho fumana moputso ona o thabisang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ha metsi a fihla ntlheng ea khoamo, a ba bobebe ’me aa phaphamala. Bona leqephe la 137-8 bukeng ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation?, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

b Bona hape le buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, tse hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ntate a ka lokisetsa nako e loketseng ea ho hlalosa linnete tsa bophelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela