Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 8/1 maq. 3-4
  • Letsoalo na Lea re Hatella Kapa Lea re Thusa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Letsoalo na Lea re Hatella Kapa Lea re Thusa?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maikutlo a Bibele ka Letsoalo
  • Na Letsoalo la Hao le Koetlisitsoe Hantle?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • U ka Lula U E-na le Letsoalo le Molemo Joang?
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Letsoalo la Hao le Bua le Uena
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Na Letsoalo la Hao ke Motataisi ea Tšepahalang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 8/1 maq. 3-4

Letsoalo na Lea re Hatella Kapa Lea re Thusa?

‘LETSOALO la ka lea nkhathatsa!’ Nako le nako, e batla e le kaofela ha rōna re khebetloang ke letsoalo. Maikutlo a joalo a ka qala ka ho tšoenyeha ho fokolang ’me a qetella e le mesarelo e otlang pelo. Letsoalo le tšoenyehileng le ka ba la baka ho tepella ha maikutlo kapa boikutlo bo tebileng ba ho hlōleha.

Joale, ho latela pono ee, na letsoalo ha le re hatelle? Ba bang ba ka ’na ba nahana hore ho joalo. Hangata, meloko ea batho e fetileng e ne e nahana hore letsoalo ke matla a tlhaho, a tsoaloang le motho. Ba bangata ba ne ba nahana hore ke tataiso e fanoeng ke Molimo ka ho toba bakeng sa boitšoaro. Ke ka hona letsoalo le ’nileng la bitsoa “boteng ba Molimo homotho,” “tlhaho ea rōna” haesita le “lentsoe la Molimo.”

Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena ho tloaelehile hore ho thoe ha e le hantle letsoalo ke matla a hlaoleloang—liphello tse tlisoang ke tšusumetso ea batsoali le batho ba bang. Ka mohlala, litsebi tse ling tsa kelello li pheha khang ea hore ngoana o qoba ho etsa se fosahetseng hobane feela a tšaba thupa, li lumela hore seo re se bitsang letsoalo e mpa feela e le ho latela litekanyetso tsa botho tsa batsoali ba rōna le seo ba se lumelang. Ba bang ba supa seo batho ka kakaretso ba se etsang ho faneng ka melao le litekanyetso. Ba bang ba talima ho khebetla ha letsoalo e le khohlano feela e teng lipakeng tsa seo re batlang ho se etsa le seo batho ba hatellang ba re potolohileng ba batlang hore re se etse!

Ho sa tsotellehe seo batho ba se nahanang ka letsoalo, nako le nako batho ba ’nile ba tšepahala ho batsoali, ho malapa le ho sechaba hobane matsoalo a bona a ne a ba bolella hore ba etse joalo. Ba bang ba ’nile ba ba ba ikemisetsa ho tela bophelo ba bona ka lebaka la letsoalo! Hape, ho sa tsotellehe phapang e khōlō e lipakeng tsa meetlo e teng lefatšeng, liketso tse kang ho bolaea, ho utsoa, ho feba, ho bua leshano le ho ba le likamano tsa botona le botšehali le mong ka motho ea haufi, li talingoa li fosahetse hoo e batlang e le hohle lefatšeng. Na see e ke ke ea e-ba bopaki ba hore letsoalo ke ntho ea tlhaho, eo re tsoaloang le eona?

Maikutlo a Bibele ka Letsoalo

Re ka fumana boitsebiso bo nepahetseng ho Jehova Molimo tabeng ena. Etsoe “[Molimo] ke eena ea re entseng, ha rea iketsa.” (Pesaleme ea 100:3, NW) O utloisisa hantle hore na re bōpehile joang. Lentsoe la Molimo, Bibele, le hlalosa hore motho o ile a etsoa ka “setšoantšo” sa Molimo. (Genese 1:26) Motho o bōpeletsoe le ho ikutloa ha a etsa se nepahetseng le ha a etsa se fosahetseng; ho tloha tšimolohong, letsoalo e ne e le karolo ea tlhaho ea motho.—Bapisa le Genese 2:16, 17.

Lengolong la hae le eang ho Baroma, moapostola Pauluse o ile a tiisa sena, a ngola: “Neng kapa neng ha batho ba lichaba ba se nang molao [oa Molimo] ba etsa ka tlhaho lintho tsa molao, batho bana, le hoja ba se na molao, ke molao ho bona ka bobona. E hlile ke bona ba bontšang boitsebiso ba molao hore bo ngotsoe ka lipelong tsa bona, ha matsoalo a bona a ntse a ba pakela ’me, pakeng tsa menahano ea bona, ba ntse ba qosoa kapa ba bile ba emeloa.” (Baroma 2:14, 15) Hlokomela hore ba bangata ba neng ba sa hōlela tlas’a Molao oa Molimo o neng o filoe Bajuda, ba ne ba ntse ba latela melao-motheo e itseng ea molao oa Molimo, eseng hobane ba hatelloa ke batho ba bang, empa e le “ka tlhaho”!

Ka hona, ho hang letsoalo ha le hatelle, ke mpho ea Molimo e re thusang. Ke ’nete hore le ka re bakela matšoenyeho. Empa haeba re le mamela moo ho loketseng, le ka boela la re putsa ka boikutlo ba khotsofalo e feletseng le khotso ea kelello. Le ka re tataisa, la re sireletsa le ho re susumetsa. The Interpreter’s Bible ea hlalosa: “Motho a ka boloka kelello le maikutlo li phela hantle hafeela a leka ho koala lekhalo le lipakeng tsa seo a se etsang le seo a utloang hore o lokela ho se etsa.” Motho a ka koala lekhalo leo joang? Na re ka khona ho bōpa le ho koetlisa matsoalo a rōna? Lipotso tsena li tla hlahlojoa sehloohong se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela