Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 8/15 leq. 30
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tla ha Jesu Kapa ho ba Teng ha Jesu—Hofe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Thuto ea 5—Taba e Ngotsoeng ka Seheberu ea Mangolo a Halalelang
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • A4 Lebitso la Molimo Mangolong a Seheberu
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 8/15 leq. 30

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na Litlhaku Tse ’Ne Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo lia fumaneha bukeng ea Matheu e ngotsoeng ka Seheberu e kopilitsoeng ke ngaka ea Mojuda ea lekholong la bo14 la lilemo, Shem-Tob ben Isaac Ibn Shaprut?

Che, ha ho joalo. Leha ho le joalo, buka ena ea Matheu e sebelisa hash·Shem’ (e feletse kapa e khutsufalitsoe) ka makhetlo a 19, joalokaha ho bontšitsoe leqepheng la 13 ho Molula-Qhooa oa August 15, 1996.

Hash·Shem’ ea Seheberu e bolela “Lebitso,” leo ka sebele le bolelang lebitso la Molimo. Ka mohlala, bukeng ea Shem-Tob mokhoa o khutsufalitsoeng oa hash·Shem’ o hlaha ho Matheu 3:3, temana eo ho eona Matheu a qotsitseng Esaia 40:3. Ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore ha Matheu a ne a qotsa temana Mangolong a Seheberu eo Litlhaku Tse ’Ne Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo li fumanehang ho eona, o ile a kenyelletsa lebitso la Molimo Kosepeleng ea hae. Kahoo, le hoja buka ea Seheberu ea Shem-Tob e sa sebelise Litlhaku Tse ’Ne Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo, ho sebelisa ha eona “Lebitso,” joaloka ho Matheu 3:3, ho tšehetsa ho sebelisoa ha “Jehova” Mangolong a Segerike a Bakreste.

Shem-Tob o ile a kopiletsa mantsoe a buka ea Seheberu ea Matheu bukeng ea hae e tsosang khang ea ʼEʹven boʹchan. Leha ho le joalo, mohloli oa buka eo ea Seheberu e ne e le ofe? Moprofesa George Howard ea ileng a batlisisa taba ena hantle, o fana ka maikutlo a hore “Matheu ea Seheberu ea Shem-Tob e ngotsoe neng-neng makholong a pele a mane a lilemo a mehla ea Bokreste.”a Ba bang ba ka ’na ba hanyetsana le eena tabeng ena.

Howard oa ngola: “Matheu ea Seheberu e kenyelelitsoeng bukeng ena [ea Shem-Tob], e khetholleha haholo ka ho se tšoane ha eona ka lintho tse ngata le Matheu ea Segerike e amoheloang e le karolo ea mangolo a halalelang.” Ka mohlala, ho latela buka ea Shem-Tob, Jesu o ile a re ka Johanne: “Kannete ke re ho lōna, har’a ba tsoetsoeng ke basali ha ho le ea mong e moholo ho feta Johanne Mokolobetsi.” E siile mantsoe a latelang a Jesu: “Empa motho eo e leng e monyenyane ’musong oa maholimo o moholo ho mo feta.” (Matheu 11:11) Ka tsela e batlang e tšoana, ho na le lintho tse ngata tse sa tšoaneng lipakeng tsa libuka tse ntseng li le teng tsa Seheberu tsa Mangolo a Seheberu le tsela eo ho ngotsoeng ka eona libukeng tse tšoanang tsa phetolelo ea Septuagint ea Segerike. Le hoja re hlokomela ho se tšoane ha tsona, libuka tseo tsa boholo-holo li na le likarolo tseo li tšoanang ho tsona.

Joalokaha ho boletsoe, buka ea Matheu ea Shem-Tob e kenyelletsa “Lebitso” moo ho nang le lebaka le utloahalang la ho lumela hore ha e le hantle Matheu o ne a sebelisitse Litlhaku Tse ’Ne Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo. Ka hona, ho tloha ka 1950, ho ’nile ha sebelisoa buka ea Shem-Tob bakeng sa ho tšehetsa tšebeliso ea lebitso la Molimo Mangolong a Segerike a Bakreste, ’me e sa ntse e qotsoa ho The New World Translation of the Holy Scriptures—With References.b

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona le New Testament Studies, Moqolo 43, Number 1, January 1997, leqepheng la 58-71.

b E hatisitsoe ka 1984 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela