Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 9/15 maq. 10-15
  • Na U Tla Tšepahala Joaloka Elia?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Tla Tšepahala Joaloka Elia?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Teko e Tšosang ea Hore na Molimo ke Mang
  • ‘Moprofeta Elia’ na ke Hona a Tla Tla?
  • Ba na le Moea oa Elia
  • Ho Tšepahala Tlas’a Teko
  • Tšepahala Joaloka Elia
  • O Ile a Tšelisoa ke Molimo oa Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • O Ile a Tšelisoa ke Molimo oa Hae
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Na U Kile Ua Ikutloa U se na Metsoalle U Bile U Tšohile?
    Ruta Bana ba Hao
  • O Ile a Emela Borapeli ba ’Nete
    Etsisa Tumelo ea Bona
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 9/15 maq. 10-15

Na U Tla Tšepahala Joaloka Elia?

‘Ke ea le romela moprofeta Elia, ho e-so ho tle letsatsi la Jehova, le leholo, le tšabehang.’—MALAKIA 4:5.

1. Ke maqakabetsi afe a hlahang ka mor’a hore Baiseraele ba be Naheng e Tšepisitsoeng ka lilemo tse ka bang 500?

‘NAHA e kollang lebese le linotši.’ (Exoda 3:7, 8) Ke seo Jehova Molimo a se fileng Baiseraele ka mor’a ho ba lokolla botlamuoeng Egepeta lekholong la bo16 la lilemo B.C.E. Empa bona! Lilemo tse makholo a mahlano li fetile, joale ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome o hlasetsoe ke tlala ea boja-likata. Ho thata ho fumana joang bo botala. Liphoofolo lia shoa, ’me pula ha ea ka ea na ka lilemo tse tharo le halofo. (1 Marena 18:5; Luka 4:25) Ke’ng se bakileng tlokotsi ee?

2. Maqakabetsi a sechaba sa Iseraele a bakoa ke’ng?

2 Bokoenehi bo bakile maqakabetsi ana. Morena Akabe o tlōtse Molao oa Molimo ka ho nyala khosatsana ea Mokanana, Jezebele, ’me o mo lumeletse ho kenya borapeli ba Baale Iseraeleng. Ho hobe le ho feta, o hahetse molimo ona oa bohata tempele Samaria, e leng motse-moholo. Ka sebele, Baiseraele ba ile ba khelosetsoa ho lumeleng hore borapeli ba Baale bo tla ba tlisetsa chai! Leha ho le joalo, joalokaha Jehova a lemositse, joale ba kotsing ea ho ‘timella lefatšeng leo le molemo.’—Deuteronoma 7:3, 4; 11:16, 17; 1 Marena 16:30-33.

Teko e Tšosang ea Hore na Molimo ke Mang

3. Moprofeta Elia o lebisa tlhokomelo bothateng ba sebele ba Iseraele joang?

3 Ha tlala e qala, moprofeta oa Molimo ea tšepahalang Elia o bolella Morena Akabe: “Ka Jehova, Molimo oa Iseraele, ea utloang, eo ke emeng pel’a hae, ha ho ka ke ha lala phoka, leha e le ho na pula, ka lilemo tsena, ha e se ka polelo ea ka.” (1 Marena 17:1) Ka mor’a ho angoa ke phethahatso e tšosang ea phatlalatso ena, morena o beha Elia molato bakeng sa ho etsa hore Iseraele e furalloe. Empa Elia o araba ka hore Akabe le ba ntlo ea hae ke bona ba molato ka lebaka la bokoenehi ba bona e le barapeli ba Baale. Ho lokisa tseko ena, moprofeta oa Jehova o phehella Morena Akabe ho bokellela Baiseraele kaofela Thabeng ea Karmele hammoho le baprofeta ba Baale ba 450 le baprofeta ba palo e halalelang ba 400. Akabe le bafo ba hae ba bokana moo, mohlomong ba tšepile hore ketsahalo eo e tla felisa komello. Empa Elia o lebisa tlhokomelo tabeng ea bohlokoa haholoanyane. Oa botsa: ‘Le tla tenyetsehela ho le hokae ka ’nģa tse peli? Ha Jehova e le Molimo, mo lateleng; haeba ke Baale, mo lateleng.’ Baiseraele ha ba tsebe seo ba ka se buang.—1 Marena 18:18-21.

4. Ho lokisa tseko ea hore na Molimo ke mang, Elia o etsa tlhahiso efe?

4 Ka lilemo-lemo Baiseraele ba lekile ho tsoaka borapeli ba Jehova le ba Baale. Ho lokisa tseko ena ea hore na Molimo ke mang, Elia joale o etsa tlhahiso ea hore ho etsoe tlhōlisano. O tla lokisa pohoana e le ’ngoe bakeng sa sehlabelo, ’me e ’ngoe e tla lokisoa ke baprofeta ba Baale. Joale Elia o re: “Le [lokela ho, NW] bitsa lebitso la molimo oa lōna, le ’na ke bitse lebitso la Jehova, ’me molimo o tlang ho araba ka mollo a e be ke oona Molimo!” (1 Marena 18:23, 24) Ak’u inahanele feela mollo o se o hlaha leholimong karabelong ea thapelo!

5. Ho hloka thuso ha borapeli ba Baale ho senoloa joang?

5 Elia o kōpa baprofeta ba Baale hore ba qale. Ba lokisa poho ea sehlabelo ’me ba e beha holim’a aletare. Joale ba potoloha aletare ba qhiletsa, ba rapela: “Oho, Baale, re utloe!” Sena se tsoela pele “ho qala hosasa, ho fihlela motšehare.” Elia oa soma: “Hooeletsang haholo.” E tlameha ebe Baale o tšoarehile tabeng e ’ngoe e potlakileng, kapa mohlomong “o robetse, o tšoanetse ho tsosoa.” Kapele baprofeta ba Baale ba ferekana maikutlo. Bona! Ba itšeha ka lithipa tse sehang ka nģa tse peli, ’me maqeba a bona a lutla mali. ’Me ke lerata le lekaakang ha ba 450 kaofela ba hoeletsa haholo! Empa ha ho karabo.—1 Marena 18:26-29.

6. Elia o etsa tokisetso efe bakeng sa teko ea hore na Molimo ke mang?

6 Joale nako ea Elia ea fihla. O haha aletare ea Jehova bocha, o cheka foro ho e potoloha, ’me o lokisa sehlabelo. Joale o etsa hore ho tšeloe metsi holim’a patsi le holim’a sehlabelo. Linkho tsa metsi tse khōlō tse 12 li tšeloa holim’a aletare ho fihlela foro e tletse. Inahanele ho tšoenyeha ho bileng teng ha Elia a rapela: “Oho, Jehova, Molimo oa Abrahama le Isaaka le Iseraele, a ho ke ho tsejoe kajeno hore ke uena Molimo oa Iseraele, le hore ’na ke mohlanka oa hao, le hore ke entse ntho tseo kaofela ka taelo ea hao. Nkutloe, Jehova, u nkutloe, hore sechaba sena se tle se tsebe hobane ke uena, Jehova, u leng Molimo, le hobane u boetse u khutlisitse lipelo tsa bona.”—1 Marena 18:30-37.

7, 8. (a) Jehova o araba thapelo ea Elia joang? (b) Ke’ng se finyeletsoeng ka liketsahalo tsa Thabeng ea Karmele?

7 Karabelong ea thapelo ea Elia, ‘mollo oa Jehova oa theoha, o nyameletsa sehlabelo, le patsi, le majoe, le lerōle, o monya le metsi a ka [forong, NW].’ Batho ba oa ka lifahleho ’me ba re: “Jehova ke Molimo oa ’nete! Jehova ke Molimo oa ’nete!” (1 Marena 18:38, 39, NW) Joale Elia o nka khato e tiileng. Oa laela: ‘Tšoarang baprofeta ba Baale, ho se ke ha tlōla le a mong.” Ka mor’a hore ba bolaeloe phuleng ea Kishone, leholimo la tlala maru a matšo. Qetellong, pula ea litloebelele e felisa komello!—1 Marena 18:40-45; bapisa le Deuteronoma 13:1-5.

8 Ke letsatsi le hlollang hakaakang! Jehova ke mohlōli tekong ena e tsotehang ea hore na Molimo ke mang. Ho feta moo, liketsahalo tsena li khutlisetsa lipelo tsa Baiseraele ba bangata ho Molimo. Ka tsela ena le tse ling, Elia o ipaka a tšepahala joaloka moprofeta, ’me ka boeena o phetha karolo ea boprofeta.

‘Moprofeta Elia’ na ke Hona a Tla Tla?

9. Ho ile ha profetoa eng ho Malakia 4:5, 6?

9 Hamorao, ka Malakia, Molimo o ile a bolela esale pele: ‘Bonang, ke ea le romela moprofeta Elia, ho e-so ho tle letsatsi la Jehova, le leholo, le tšabehang. O tla busetsa lipelo tsa bo-ntate ho bara ba bona, le pelo tsa bara ho bo-ntat’a bona, hore ke se tšohe ke e-tla, ’me ka otla lefatše ka ho le timeletsa.’ (Malakia 4:5, 6) Elia o phetse lilemo tse ka bang 500 pele ho buuoa mantsoe ao. Kaha e ne e le boprofeta, Bajuda ba lekholong la pele la lilemo C.E. ba ne ba lebeletse ho tla ha Elia ho bo phethahatsa.—Matheu 17:10.

10. Elia ea boletsoeng esale pele e ne e le mang, hona re tseba joang?

10 Joale, Elia eo ea tlang e ne e le mang? O ile a tsebahala ha Jesu Kreste a ne a re: “Ho tloha matsatsing a Johanne Mokolobetsi ho fihlela joale ’muso oa maholimo ke pakane eo batho ba e hahamallang, ’me ba hahamallang pele baa o nka. Etsoe bohle, Baprofeta le Molao, ba ile ba profeta ho fihlela ho Johanne; ’me haeba le batla ho ho amohela, Eena ka boeena ke ‘[Elia] ea reretsoeng ho tla.’” E, Johanne Mokolobetsi e ne e le ea tšoanang le Elia ea boletsoeng esale pele. (Matheu 11:12-14; Mareka 9:11-13) Lengeloi le ne le boleletse Zakaria ntate oa Johanne hore Johanne o ne a tla ba le ‘moea le matla tsa Elia’ ’me o ne a tla “lokisetsa Jehova batho ba lokisitsoeng.” (Luka 1:17) Kolobetso eo Johanne a neng a e etsa e ne e le pontšo ea phatlalatsa ea hore motho o baketse libe tsa hae tsa ho tlōla Molao, o neng o lokela ho lebisa Bajuda ho Kreste. (Luka 3:3-6; Bagalata 3:24) Kahoo mosebetsi oa Johanne ‘o ile oa lokisetsa Jehova batho ba lokisitsoeng.’

11. Ka Pentekonta, Petrose o ile a re’ng ka ‘letsatsi la Jehova,’ ’me le ile la fihla neng?

11 Mosebetsi oa Johanne Mokolobetsi e le “Elia” o ile oa bontša hore ‘letsatsi la Jehova’ le ne le le haufi. Bohaufi ba letsatsi leo ka lona Molimo a neng a tla nka bohato khahlanong le lira tsa hae ’me a boloke batho ba hae bo ile ba boela ba bontšoa ke moapostola Petrose. O ile a bontša hore liketsahalo tsa mohlolo tse ileng tsa etsahala ka Pentekonta ea 33 C.E. e ne e le phethahatso ea boprofeta ba Joele mabapi le ho tšolloa ha moea oa Molimo. Petrose o ile a bontša hore sena se ne se lokela ho etsahala pele ho “letsatsi le leholo le le khanyang haholo la Jehova.” (Liketso 2:16-21; Joele 2:28-32) E ne e le ka 70 C.E. ha Jehova a ne a phethahatsa Lentsoe la hae ka ho etsa hore makhotla a Roma a lihe kahlolo ea bomolimo sechabeng se ileng sa hana Mora oa hae.—Daniele 9:24-27; Johanne 19:15.

12. (a) Ke’ng seo Pauluse le Petrose ba ileng ba se bolela ka “letsatsi la Jehova” le tlang? (b) Ke hobane’ng ha ho ne ho e-na le bonnete ba hore ho na le ho hong ho neng ho tla etsahala joalokaha ho ne ho emeloa ke mosebetsi oa Elia?

12 Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le ho eketsehileng ho neng ho lokela ho tla ka mor’a 70 C.E. Moapostola Pauluse o ile a amahanya ho tla ha “letsatsi la Jehova” le ho ba teng ha Jesu Kreste. Ho feta moo, moapostola Petrose o ile a bua ka letsatsi leo mabapi le “maholimo a macha le lefatše le lecha” tse sa ntseng li tla tla. (2 Bathesalonika 2:1, 2; 2 Petrose 3:10-13) Hopola hore Johanne Mokolobetsi o ne a etsa mosebetsi o kang oa Elia pele “letsatsi la Jehova” le e-tla ka 70 C.E. Ha sena sohle se kopanngoa se ile sa bontša hore ho ne ho tla etsahala ho hong ho eketsehileng joalokaha ho ne ho emeloa ke mosebetsi oo Elia a ileng a o etsa. Hoo ke hofe?

Ba na le Moea oa Elia

13, 14. (a) Ke ho tšoana hofe ho leng teng pakeng tsa mesebetsi ea Elia le ea Bakreste ba tlotsitsoeng ba kajeno? (b) Bakoenehi ba Bokreste-’mōtoana ba entse eng?

13 Hase feela hore mosebetsi oa Elia o ne o tšoana le mesebetsi ea Johanne Mokolobetsi empa hape o tšoana le ea Bakreste ba tlotsitsoeng nakong ena e mahlonoko e lebisang ‘letsatsing la Jehova’ le tlang. (2 Timothea 3:1-5) Ka moea le matla tsa Elia, ke batšehetsi ba tšepahalang ba borapeli ba ’nete. ’Me sena e ’nile ea e-ba se loketseng hakaakang! Ka mor’a lefu la baapostola ba Kreste, ho ne ho e-na le ho koenehela Bokreste ba ’nete, feela joalokaha borapeli ba Baale bo ne bo atile Iseraeleng ea mehleng ea Elia. (2 Petrose 2:1) Ba ipolelang hore ke Bakreste ba ile ba qala ho tsoaka Bokreste le lithuto le mekhoa tsa bolumeli ba bohata. Ka mohlala, ba ile ba amohela thuto ea bohetene le eo e seng ea Mangolo ea hore motho o na le moea o sa shoeng. (Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4) Bakoenehi ba Bokreste-’mōtoana ba khaolitse ho sebelisa lebitso la Molimo a le mong oa ’nete, Jehova. Ho e-na le hoo, ba rapela Boraro-bo-bong. Ba boetse ba amohetse mokhoa o kang oa Baale oa ho khumamela litšoantšo tsa Jesu le ’mè oa hae, Maria. (Baroma 1:23; 1 Johanne 5:21) Empa e ne e se phetho.

14 Ho tloha lekholong la bo19 la lilemo ho ea pele, baeta-pele ba likereke tsa Bokreste-’mōtoana ba ile ba qala ho belaella likarolo tse ngata tsa Bibele. Ka mohlala, ba ile ba hana tlaleho ea Genese ea pōpo ’me ba rorisa khopolo ea ho iphetola ha lintho, ba re ke “ea saense.” Sena ka ho toba se ne se hanyetsana le lithuto tsa Jesu Kreste le baapostola ba hae. (Matheu 19:4, 5; 1 Bakorinthe 15:47) Leha ho le joalo, joaloka Jesu le balateli ba hae ba pele, Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea kajeno ba tšehetsa tlaleho ea Bibele ea pōpo.—Genese 1:27.

15, 16. Ho fapana le Bokreste-’mōtoana, ke bo-mang ba ’nileng ba thabela phepelo ea kamehla ea lijo tsa moea, ’me e le ka mokhoa ofe?

15 Ha lefatše le ne le kena “nakong ea bofelo,” tlala ea moea e ile ea hlasela Bokreste-’mōtoana. (Daniele 12:4; Amose 8:11, 12) Empa sehlopha se senyenyane sa Bakreste ba tlotsitsoeng se ile sa thabela litokisetso tsa kamehla tsa lijo tsa moea tseo Molimo a fanang ka tsona “ka nako e tšoanetseng,” esita le joalokaha Jehova a ile a tiisa hore Elia oa feptjoa nakong ea tlala ea mehleng ea hae. (Matheu 24:45; 1 Marena 17:6, 13-16) Bahlanka bana ba Molimo ba tšepahalang ba kileng ba tsejoa e le Liithuti tsa Bibele tsa Machaba, hamorao ba ile ba amohela lebitso la Mangolo la Lipaki tsa Jehova.—Esaia 43:10.

16 Elia o ne a phelela lebitso la hae, le bolelang “Molimo oa ka ke Jehova.” Joaloka makasine e amoheloang ka molao ea bahlanka ba Jehova ba lefatšeng, Molula-Qhooa o ’nile oa sebelisa lebitso la Molimo o sa fetohe. Ha e le hantle, tokollo ea oona ea bobeli (August 1879 [ea Senyesemane]) e ile ea bontša kholiseho ea hore makasine ena e tšehelitsoe ke Jehova. Makasine ena le lingoliloeng tse ling tsa Mokhatlo oa Watch Tower li pepesa lithuto tseo e seng tsa Mangolo tsa Bokreste-’mōtoana le Babylona e Moholo ka kakaretso, e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ha ka nako e tšoanang li tšehetsa bonnete ba Lentsoe la Molimo, Bibele.—2 Timothea 3:16, 17; Tšenolo 18:1-5.

Ho Tšepahala Tlas’a Teko

17, 18. Jezebele o ile a arabela joang polaong ea baprofeta ba Baale, empa Elia o ile a thusoa joang?

17 Karabelo ea baruti ho pepesoeng hona e ile ea tšoana le ea Jezebele ha a hlokomela hore Elia o bolaile baprofeta ba Baale. O ile a romela molaetsa ho moprofeta oa Jehova ea tšepahalang, a ikana hore o tla mo bolaea. Ena e ne e se tšoso feela tjee, hobane Jezebele o ne a se a bolaile baprofeta ba Molimo ba bangata. A tšohile, Elia o ile a balehela ka nģ’a boroa-bophirimela, a ea Beerseba. O ile a siea mohlanka oa hae moo ’me a ea pejana, a kenella lefeelleng, a rapella ho shoa. Empa Jehova o ne a sa furalla moprofeta oa hae. Lengeloi le ile la hlaha ho Elia ho mo lokisetsa leeto le lelelele la ho ea Thabeng ea Horebe. Kahoo o ile a amohela lijo tsa leeto la matsatsi a 40 la lik’hilomithara tse fetang 300. Ha a le Horebe, Molimo o ile a bua le eena ka mor’a ho bonahatsa matla a hlollang moeeng o matla, tšisinyehong ea lefatše le mollong. Jehova o ne a se ka har’a liponahatso tsena. E ne e le lipontšo tsa moea oa hae o halalelang, kapa matla a sebetsang. Joale Jehova o ile a bua le moprofeta oa hae. Inahanele kamoo phihlelo ena e ileng ea matlafatsa Elia kateng. (1 Marena 19:1-12) Ho thoe’ng haeba rōna, joaloka Elia, re batla re tšaba ha lira tsa borapeli ba ’nete li re sokela? Phihlelo ea hae e lokela ho re thusa ho hlokomela hore Jehova ha a furalle batho ba hae.—1 Samuele 12:22.

18 Molimo o ile a hlakisa hore ho ne ho ntse ho e-na le mosebetsi oo Elia a lokelang ho o etsa joaloka moprofeta. Ho feta moo, le hoja Elia a ne a nahana hore e ne e le eena feela morapeli oa Molimo oa ’nete Iseraeleng, Jehova o ile a mo bontša hore ba 7000 ba ne ba sa ka ba khumamela Baale. Eaba Molimo o khutlisetsa Elia morao kabelong ea hae. (1 Marena 19:13-18) Joaloka Elia, e ka ’na eaba re lelekisoa ke lira tsa borapeli ba ’nete. Re ka ’na ra ba liphofu tsa mahloriso a matla, joalokaha Jesu a boletse. (Johanne 15:17-20) Ka linako tse ling, re ka ’na ra ba le tšabo. Leha ho le joalo, re ka tšoana le Elia, ea ileng a amohela kholiseho ea bomolimo ’me ka botšepehi a bolokoa tšebeletsong ea Jehova.

19. Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba thulana le eng nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše?

19 Ka lebaka la mahloriso a matla nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba ile ba inehela tšabong ’me ba khaotsa ho bolela. Ba ile ba etsa phoso ea ho nahana hore mosebetsi oa bona lefatšeng o ne o felile. Empa Molimo ha aa ka a ba lahla. Ho e-na le hoo, ka mohau o ile a ba tšehetsa, esita le joalokaha a ile a fa Elia lijo. Joaloka Elia, batlotsuoa ba tšepahalang ba amohetse khalemelo ea bomolimo ’me ba hlaphohetsoe ho se sebetseng. Mahlo a bona a ile a bulehela litokelo tse hlollang tsa ho bolela molaetsa oa ’Muso.

20. Kajeno, ba tšepahalang joaloka Elia ba filoe tokelo efe?

20 Boprofeteng ba hae bo mabapi le ho ba teng ha hae, Jesu o ile a hlalosa mosebetsi oa lefatše lohle o neng o tla phethoa pele tsamaiso ena e khopo ea lintho e fela. (Matheu 24:14) Kajeno, mosebetsi ona o ntse o etsoa ke Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona e limilione e lebeletseng ho phela lefatšeng la paradeise. Ho etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso ho fihlela o phethoa ke tokelo e filoeng feela ba tšepahalang joaloka Elia.

Tšepahala Joaloka Elia

21, 22. (a) Bakreste ba tlotsitsoeng ba etella pele mosebetsi ofe kajeno? (b) Mosebetsi oa ho bolela o finyelloa ka thuso efe, hona ke hobane’ng ha e hlokahala?

21 Ka cheseho e kang ea Elia, masala a seng makae a Bakreste ba ’nete ba tlotsitsoeng a phethile boikarabelo ba ’ona ba ho hlokomela lithahasello tsa lefatšeng tsa Morena ea behiloeng teroneng, Jesu Kreste. (Matheu 24:47) ’Me hona joale ka lilemo tse fetang 60, Molimo o ’nile a sebelisa bana ba tlotsitsoeng ho etella pele mosebetsing oa ho etsa barutuoa ka batho bao a ba nehileng tšepo e babatsehang ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. (Matheu 28:19, 20) Limilione tsena li ka leboha hakaakang hore ebe masala a tlotsitsoeng ao ha ho bapisoa a seng makae, a hlokomela boikarabelo ba ’ona ka cheseho le ka botšepehi!

22 Mosebetsi ona oa ho bolela ka ’Muso o ’nile oa finyelloa ke batho ba sa phethahalang ’me e le feela ka matla ao Jehova a a fang bao ka thapelo ba tšepetseng ho eena. Morutuoa Jakobo, ha a ne a qotsa mohlala oa moprofeta enoa oa ho rapela, o ile a bolela sena e le hore a ka bontša matla a thapelo ea ea lokileng: ‘Elia e ne e le motho ea nang le maikutlo a joaloka a rōna.’ (Jakobo 5:16-18) E ne e se kamehla Elia a neng a profeta kapa a etsa mehlolo. O ne a e-na le maikutlo le mefokolo tsa botho tse tšoanang le tseo re nang le tsona, empa o ne a sebeletsa Molimo ka botšepehi. Kaha le rōna re thusoa ke Molimo ’me oa re matlafatsa, re ka tšepahala joaloka Elia.

23. Ke hobane’ng ha re e-na le lebaka le letle la ho tšepahala le ho ba le tšepo?

23 Re na le lebaka le letle la ho tšepahala le ho ba le tšepo. Hopola hore Johanne Mokolobetsi o ne a etsa mosebetsi o kang oa Elia pele “letsatsi la Jehova” le fihla ka 70 C.E. Ka moea le matla tsa Elia, Bakreste ba tlotsitsoeng ba entse mosebetsi o tšoanang oo ba o filoeng ke Molimo lefatšeng lohle. Sena se paka ka ho hlaka hore “letsatsi la Jehova” le leholo le haufi.

U ne U Tla Arabela Joang?

◻ Hore Jehova ke Molimo ho ile ha pakoa joang Thabeng ea Karmele?

◻ ‘Elia ea tlang’ e ne e le mang, ’me o ile a etsa’ng?

◻ Bakreste ba kajeno ba tlotsitsoeng ba bontšitse joang hore ba na le moea oa Elia?

◻ Ke hobane’ng ha e le ntho e ka etsahalang hore re tšepahale joaloka Elia?

[Lebokose le leqepheng la 15]

Elia o Ile a Nyolohela Maholimong Afe?

“BA RE ba ntse ba tsamaea, ba bua, [Elia le Elisha] ba bona koloi ea mollo le lipere tsa mollo, tsa ba arohanya ba babeli, ’me Elia a nyolohela maholimong ka setsokotsane.”—2 Marena 2:11.

Ho boleloa’ng ka lentsoe ‘maholimo’ tabeng ee? Ka linako tse ling lentsoe lena le bolela sebaka sa moea seo Molimo le bara ba hae ba mangeloi ba lulang ho sona. (Matheu 6:9; 18:10) ‘Maholimo’ a ka boetse a bolela bokahohleng bo bonahalang. (Deuteronoma 4:19) ’Me Bibele e sebelisa lentsoe lena ha e bua ka sepaka-paka sa lefatše se haufi, moo linonyana li fofang teng le moo moea o fokang.—Pesaleme ea 78:26; Matheu 6:26.

Moprofeta Elia o ile a nyolohela maholimong afe ho aa? Ka sebele, o ile a fofisoa sepaka-pakeng ’me a behoa karolong e ’ngoe ea lefatše. Elia o ne a ntse a le lefatšeng lilemo hamorao, hobane o ile a ngolla Morena Jorame oa Juda lengolo. (2 Likronike 21:1, 12-15) Taba ea hore Elia ha aa ka a nyolohela sebakeng sa moea seo Jehova Molimo a lulang ho sona, e ile ea tiisoa hamorao ke Jesu Kreste ea ileng a re: “Ha ho motho ea nyolohetseng leholimong haese ea theohileng leholimong, Mora oa motho,” ke hore, Jesu ka boeena. (Johanne 3:13) Tsela e eang bophelong ba leholimo e ile ea buleloa batho ba sa phethahalang ka lekhetlo la pele ka mor’a lefu la Jesu Kreste, tsoho ea hae le nyolohelo ea hae.—Johanne 14:2, 3; Baheberu 9:24; 10:19, 20.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela