Semelo sa Keresemese ea Kajeno
HO BATHO ba limilione lefatšeng ka bophara, nako ea Keresemese ke e monate haholo selemong. Ke nako ea limenyemenye, nako ea lineano tse hlomphuoang tsa boholo-holo le nako eo malapa a bang ’moho ka eona. Letsatsi la phomolo la Keresemese e boetse ke nako eo ka eona metsoalle le batho ba amanang ba thabelang ho nehana likarete le limpho.
Leha ho le joalo, lilemong tse ka bang 150 tse fetileng, Keresemese e ne e le letsatsi la phomolo le fapaneng haholo. Bukeng ea hae ea The Battle for Christmas, moprofesa oa histori, Stephen Nissenbaum o ngotse: “Keresemese . . . e ne e le nako ea botahoa bo tlōtseng eo ka eona melao e tsamaisang boitšoaro ba batho mahlong a ba bang e neng e behelloa ka thōko ka nakoana molemong oa ‘monyaka’ o feteletseng, o kang Mardi Gras ea December.”
Ho ba hlomphang Keresemese, tlhaloso ena e ka ’na ea e-ba e tšoenyang. Ke hobane’ng ha motho leha e le ofe a ka silafatsa letsatsi la phomolo leo ho boleloang hore ke letsatsi la tsoalo ea Mora oa Molimo? U ka ’na ua makatsoa ke karabo.
Motheo o Fosahetseng
Ho tloha tšimolohong ea eona lekholong la bone la lilemo, Keresemese haesale e pota-potiloe ke ho se lumellane. Ka mohlala, ho bile le bothata ba hore na Jesu o tsoetsoe ka letsatsi lefe. Kaha Bibele ha e qolle letsatsi kapa khoeli eo Kreste a hlahileng ka eona, ho ’nile ha nahanoa ka matsatsi a sa tšoaneng. Lekholong la boraro la lilemo, sehlopha se seng sa baruti ba thuto ea bolumeli ba Baegepeta se ile sa khetha letsatsi la la 20 May, ha ba bang ba ’nile ba rata matsatsi a pejana a kang la 28 March, la 2 April kapa la 19 April. Lekholong la bo18 la lilemo, tsoalo ea Jesu e ne e amahanngoa le khoeli e ’ngoe le e ’ngoe selemong! Joale, ke joang ho ileng ha qetelloa ho khethiloe la 25 December?
Litsebi tse ngata lia lumela hore la 25 December le khethiloe ke Kereke e K’hatholike e le lona letsatsi leo Jesu a tsoetsoeng ka lona. Hobane’ng? The New Encyclopædia Britannica e re: “Mohlomong ke kahobane Bakreste ba pele ba ne ba rata hore letsatsi leo le lumellane le mokete oa bohetene oa Roma o neng o tšoaea ‘letsatsi la ho tsoaloa ha letsatsi le sa hlōloeng.’” Empa ke hobane’ng ha Bakreste ba neng ba hlorisitsoe ka sehlōhō ke bahetene ka lilemo tse fetang makholo a mabeli le halofo, ba ile ba be ba se ba hlanama kapele ’me ba lumela ho hlōloa ke bahlorisi ba bona?
Tšenyeho ea Kenella
Lekholong la pele la lilemo, moapostola Pauluse o ile a lemosa Timothea hore “batho ba khopo le baikhakanyi” ba ne ba tla nyonyobela ka phuthehong ea Bokreste ’me ba khelose ba bangata. (2 Timothea 3:13) Bokoenehi bona bo boholo bo ile ba qala ka mor’a lefu la baapostola. (Liketso 20:29, 30) Ka mor’a hore ho boleloe hore Constantine o sokolohile lekholong la bone la lilemo, bahetene ba bangata ba ile ba phallela mofuteng oa Bokreste o neng o atile nakong eo. Ka liphello life? Buka ea Early Christianity and Paganism ea bolela: “Hoo e batlang e le sehlotšoana sa balumeli ba neng ba hlile ba tšepahala se ile sa pupetsoa ke letšoele le leholo la ba neng ba ipitsa Bakreste.”
Mantsoe a Pauluse a ne a ipakile e le ’nete hakaakang! Ho bile joalokaha eka Bokreste ba ’nete bo ne bo kometsoa ke tšenyeho ea bohetene. ’Me ha ho nģa e ’ngoe moo tšilafalo ena e ileng ea totobala ho feta ho ketekoeng ha matsatsi a phomolo.
Ha e le hantle, mokete feela oo Bakreste ba laeloang ho o keteka ke oa Lijo tsa Shoalane tsa Morena. (1 Bakorinthe 11:23-26) Ka lebaka la mokhoa oa ho rapela litšoantšo o neng o amana le mekete ea Roma, Bakreste ba pele ba ne ba sa kopanele ho eona. Ka lebaka lena, bahetene ba lekholong la boraro la lilemo ba ile ba nyatsa Bakreste, ba re: “Ha le be teng lipontšong; ha le na thahasello lipontšong tsa phatlalatsa; le qoba mekete ea sechaba, ’me le nyonya litlhōlisano tsa bolumeli.” Ka lehlakoreng le leng, bahetene ba ne ba ithorisa: “Rōna re rapela melimo ka nyakallo, ka mekete, ka lipina le ka lipapali.”
Bohareng ba lekholo la bone la lilemo, ho luma-luma hoo ho ile ha ea moriting. Joang? Ha Bakreste ba eketsehileng ba maiketsetso ba ntse ba hohobela Bokresteng, likhopolo tsa bokoenehi li ile tsa eketseha. Sena se ile sa lebisa ho sekisetseng lithahasello tse tloaelehileng tsa Roma. Ha e hlalosa sena, buka ea The Paganism in Our Christianity e re: “E le hore Bakreste ba laole mekete ea bohetene eo batho ba e ratang ka lebaka la mekhoa ea eona, ba ile ba sebelisa leano le tiileng la ho e rehella ka lintho tsa bohlokoa tsa Bakreste.” E, bokoenehi bo boholo bo ne bo le tšebetsong. Joale, ho ikemisetsa ha ba neng ba ipitsa Bakreste ho amohela mekete ea bohetene ho ile ha etsa hore ka tsela e itseng e amohelehe sechabeng. E se khale, Bakreste ba ile ba ba le mekete ea selemo e mengata joalokaha bahetene ba ne ba e-na le eona. Ha ho makatse hore Keresemese e ne e le eona e hlaheletseng ho eona.
Letsatsi la Phomolo la Machaba
Ha mofuta o atileng oa Bokreste o namela Europe, Keresemese e ile ea nama le bona. Kereke e K’hatholike e ile ea sebelisa khopolo ea hore ho ne ho tšoaneleha ho ntšetsa pele mokete oo o thabisang tlotlisong ea letsatsi la tsoalo la Jesu. Ka lebaka leo, ka 567 C.E., Lekhotla la Tours “le ile la bolela hore matsatsi a 12 ho tloha ho Keresemese ho ea ho Epiphany ke nako e halalelang le ea ho keteka ka thabo.”—The Catholic Encyclopedia for School and Home.
Ka potlako, Keresemese e ile ea amohela mekhoa e mengata e tsoang meketeng e silafetseng ea kotulo ea Europe e ka leboea. Monyaka o ile oa sala e le oona o atileng ho e-na le borapeli ha baketeki ba inehella ho ja le ho noa ka mokhoa o feteletseng. Ho e-na le hore kereke e hanyetse boitšoaro boo bo hlephileng, e ile ea bo lumella. (Bapisa le Baroma 13:13; 1 Petrose 4:3.) Ka 601 C.E., Mopapa Gregory I o ile a ngolla Mellitus, moromuoa oa hae ea neng a le Engelane, a ’molella hore a “se ke a emisa mekete e joalo ea boholo-holo ea bohetene, empa hore a e lumellanye le litsamaiso tsa Kereke, a fetole feela mabaka a eona a bohetene ho a fa tšusumetso ea Bokreste.” Ke kamoo ho tlalehang Arthur Weigall, eo ka nako e ’ngoe e neng e le mohlahlobi-kakaretso oa lintho tsa khale ’musong oa Egepeta.
Mehleng e Bohareng, batho ba neng ba rata ha lintho li tsamaea ka kotloloho ba ile ba bona ho hlokahala hore ba khalemele lintho tse feteletseng joalo. Ba ile ba ntša litaelo tse ngatanyana tse khahlanong le “ho sebelisa mokete oa Keresemese hampe.” Bukeng ea hae ea Christmas in America—A History, Dr. Penne Restad o re: “Baruti ba bang ba hatella taba ea hore batho ba sa phethahalang ba ne ba hloka nako ea ho iketsetsa lintho ka tsela e ba nyakallisang le ka ho feteletseng, hafeela li ne li etsoa tlas’a tataiso ea Bokreste.” Sena se mpile sa eketsa pherekano. Leha ho le joalo, ha hoa ka ha e-ba le bothata kaha mekhoa ea bohetene e ne e se e ntse e tsoakane le Keresemese hoo batho ba bangata ba neng ba sa ikemisetsa ho e tela. Mongoli Tristram Coffin o li beha tjena: “Ka kakaretso, batho [ba ne] ba iketsetsa feela seo [ba ’nileng] ba tloaela ho se etsa ’me ba sa natse khang ea ba neng ba amehile ka ho lokisa boitšoaro.”
Nakong eo batho ba Europe ba neng ba qala ho lula Linaheng tsa Amerika, Keresemese e ne e le letsatsi la phomolo le tummeng. Leha ho le joalo, Keresemese ha ea ka ea amoheloa likoloneng. Maphurithane a neng a rata hore lintho li tsamaee ka kotloloho a ile a talima mokete oo e le oa bohetene ’me a o thibela Massachusetts lipakeng tsa 1659 le 1681.
Ka mor’a hore thibelo eo e tlosoe, ho keteka Keresemese ho ile ha namela likoloneng tsohle, haholo-holo ka boroa ho New England. Leha ho le joalo, ha ho hlahlojoa histori ea letsatsi lena la phomolo, ha ho makatse hore ba bang ba ne ba amehile haholo ka ho ba le nako e monate ho feta ho tlotlisa Mora oa Molimo. Mokhoa o mong oa Keresemese oo ka ho khetheha o neng o senyehile e ne e le oa ho inehella moketeng o lerata oa botahoa. Lihlopha tse morusu tsa bahlankana li ne li kena malapeng a baahisani ba ruileng ’me li batle lijo le lino tsa mahala ka tšoso ea hore ha li sa li fuoe, lia senya. Haeba mong’a lelapa a ne a hana, hangata o ne a nyefoloa ’me ka linako tse ling a senyetsoa ntlo.
Moprofesa Nissenbaum o re lilemong tsa bo-1820, maemo a ile a mpefala hoo “morusu oa Keresemese” e ileng ea e-ba “tšoso e khōlō sechabeng.” Metseng e kang New York le Philadelphia, barui ba libaka tse itseng ba ile ba qala ho hira balebeli bakeng sa ho lebela matlotlo a bona. Ho bile ho boleloa hore New York City e ile ea hlophisa lebotho la eona la pele la sepolesa se koetlisitsoeng hantle bakeng sa hore se sebetsane le morusu o mabifi nakong ea Keresemese ea 1827/28!
Sebōpeho se Secha sa Keresemese
Lekholo la bo19 la lilemo le ile la tlisetsa moloko oa batho phetoho eo ho seng e tšoanang le eona. Batho, thepa le litaba ba ile ba qala ho tsamaea ka potlako haholo ha ho etsoa maranrang a mebila le liporo tsa literene. Phetoho e khōlō ea indasteri e ile ea etsa hore ho be le mesebetsi e limilione, ’me ka potlako lifektheri li ile tsa hlahisa thepa e rekisoang li sa khaotse. Indasteri e ile ea boela ea hlahisa bothata bo bocha le bo rarahaneng sechabeng, boo qetellong bo ileng ba ama tsela eo Keresemese e ketekoang ka eona.
Ke khale batho ba sebelisa matsatsi a phomolo e le a ho matlafatsa likamano tsa lelapa, ’me ho joalo le ka Keresemese. Ka ho boela ba hlahloba mekhoa e meng ea khale ea Keresemese, batho ba e tšehetsang ba atlehile ho fetola mokete oo o hlaha oa boithabiso oa Keresemese letsatsi la phomolo la malapa.
Ka sebele, qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo Keresemese e ile ea talingoa joaloka pheko ea mathata a mang a bophelo ba kajeno ba Maamerika. Dr. Restad o re: “Har’a matsatsi ’ohle a phomolo, Keresemese e ne e le kofuto e nepahetseng ea ho fetisetsa bolumeli le khopolo ea bona malapeng, le ho lokisa boemo ba ho fetelletsa lintho le mefokolo bathong bohle ba lefatše.” Oa phaella: “Ho fana ka limpho, ho thusa ba hlokang, haesitana le ho lumelisana ka tumeliso e khethehileng ea letsatsi leo [Happy Christmas], ho khabisa le thabo ea ho behoa ha sefate se lulang se le setala ka phaposing ea ho thentha baeti, kapa hamorao, holong ea sekolo sa Sontaha, li ile tsa momahanya litho tsa lelapa ka leng hammoho, tsa li momahanya le kereke hammoho le batho ka kakaretso.”
Ka tsela e tšoanang, ba bangata kajeno ba keteka Keresemese e le ho tiisa ho ratana ha bona le ho thusa ho boloka bonngoe ba lelapa. Ho hlakile hore lehlakore la moea le ke ke la tlōlisoa mahlo. Batho ba limilione ba keteka Keresemese ho tlotlisa tsoalo ea Jesu. Ba ka ’na ba kopanela litšebeletsong tse itseng tse khethehileng tsa kereke, ba beha litšoantšo tsa Ketsahalo ea ha a tsoaloa malapeng a bona, kapa ba rapela Jesu ka boeena ho mo leboha. Empa Molimo o talima taba ee joang? Na o amohela lintho tsee? Nahana ka seo Bibele e se bolelang.
“Ithateleng ’Nete le Khotso”
Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a bolella balateli ba hae: “Molimo ke Moea, ’me ba mo rapelang ba lokela ho rapela ka moea le ’nete.” (Johanne 4:24) Jesu o ne a phela tumellanong le mantsoe ao. O ne a bua ’nete kamehla. O ile a etsisa Ntate oa hae ka ho feletseng, “Jehova, Molimo oa ’nete.”—Pesaleme ea 31:5; Johanne 14:9.
Tlalehong ea Bibele, Jehova o hlakisitse hore o hloile leshano la mefuta eohle. (Pesaleme ea 5:6) Ka lebaka leo, na ha ho ikhanyetse hore ebe lintho tse ngata hakaale tse amanang le Keresemese li na le lefotha la leshano? Ka mohlala, nahana ka tšōmo ea Santa Claus. Na u se u kile ua leka ho hlalosetsa ngoana hore na ke hobane’ng ha Santa a khetha ho kena le lesobeng la chomela ho e-na le hore a kene ka monyako, joalokaha ho tsebahala hohle linaheng tse ngata? Hona ke joang Santa a etelang malapa a limilione tse ngata hakaale ka bosiu bo le bong feela? Ho thoe’ng ka khama e manaka e fofang? Ha ngoana a hlokomela hore o ne a ntse a thetsoa hore a lumele hore Santa ke motho oa sebele, na hoo ha ho thefule tšepo eo a nang le eona ho batsoali ba hae?
The Catholic Encyclopedia e hlalosa ka ho hlakileng: “Litloaelo tsa bohetene . . . li ile tsa teba Keresemeseng.” Joale ke hobane’ng ha Kereke e K’hatholike le likereke tse ling tsa Bokreste-’mōtoana li tsoela pele ho phehella letsatsi la phomolo leo mekhoa ea lona e sa simoloheng Bokresteng? Na seo ha se bontše ho lumellana le lithuto tsa bohetene?
Jesu ha a sa le lefatšeng ha aa ka a khothalletsa batho hore ba mo rapele. Jesu ka boeena o ile a re: “Ke Jehova Molimo oa hao eo u lokelang ho mo rapela, ’me ke eena feela eo u lokelang ho mo etsetsa tšebeletso e halalelang.” (Matheu 4:10) Ka tsela e tšoanang, ka mor’a hore Jesu a tlotlisoe leholimong, lengeloi le ile la bolella moapostola Johanne hore a ‘rapele Molimo,’ ho bontša hore ho ne ho se phetoho ea letho tabeng ena. (Tšenolo 19:10) Sena se lebisa potsong ea hore, Na nakong ea Keresemese Jesu o ne a tla amohela boinehelo bohle ba borapeli bo lebisoang ho eena, eseng ho Ntate oa hae?
Ka ho hlakileng, linnete mabapi le Keresemese ea kajeno ha li khahlise haholo. Ke letsatsi la phomolo le iqapetsoeng le nang le bopaki bo bongata bo bontšang hore le qalile nakong ea khale ea boitšoaro bo senyehileng. Kahoo, ka letsoalo lohle le hloekileng, Bakreste ba limilione ba entse qeto ea ho se keteke Keresemese. Ka mohlala, mocha e mong ea bitsoang Ryan o re ka Keresemese: “Batho ba tsosoa molota ke matsatsi a ’maloa selemong ao ka ’ona lelapa le bang hammoho ’me bohle ba thabile. Empa ke eng se hlileng se ikhethang moo? Batsoali ba ka ba mpha limpho nakong eohle ea selemo!” Mocha e mong ea lilemo li 12 o re: “Ha ke ikutloe ke lahleheloa. Ke fumana limpho selemo ho pota, eseng letsatsing le le leng feela le khethehileng leo ka lona batho ba ikutloang ba tlamehile ho reka limpho.”
Moprofeta Zakaria o ile a khothalletsa Baiseraele ba habo hore ba ‘ithatele ’nete le khotso.’ (Zakaria 8:19) Haeba rōna, joaloka Zakaria le banna ba bang ba tšepahalang ba khale, re ‘ithatela ’nete,’ na re ke ke ra qoba mokete leha e le ofe oa bolumeli ba bohata o sa tlotliseng “Molimo ea phelang le oa ’nete,” Jehova?—1 Bathesalonika 1:9.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
“Ha ke ikutloe ke lahleheloa. Ke fumana limpho selemo ho pota”