“Mosa oa Hao o Lerato o Molemo ho Feta Bophelo”
Joalokaha ho boletse Calvin H. Holmes
E ne e le ka December 1930, ’me ke ne ke qeta ho hama likhomo ha Ntate a fihla lapeng a tsoa etela moahisani ea haufi le lapeng. Ha a ntša buka e ’mala o moputsoa ka pokothong ea hae, o ile a re: “Buka ena ke e alimiloe ke Wyman.” E ne e e-na le sehlooho se reng Deliverance, e hatisitsoe ke Watch Tower Bible and Tract Society. Ntate, ea neng a bala ngope-setšoha, o ile a bala buka eo ho fihlela bosiu haholo.
HAMORAO, Ntate o ile a alima libuka tse ling tse kang tse neng li e-na le lihlooho tse reng Light le Reconciliation, tsa bahatisi bona bao. O ile a fumana Bibele ea ’Mè ea khale ’me o ne a robala bosiu a ntse a bala ka khanya ea lebone la parafini. Ntate o ile a fetoha haholo. Mariheng ao, o ile a bua le rōna ka lihora tse ngata—’na, ’Mè, le likhaitseli tsa ka tse tharo—ha re ne re orile mollo setofong sa rōna sa khale se neng se besoa ka patsi.
Ntate o ile a re batho ba hatisang libuka tsena ba ne ba bitsoa Liithuti tsa Bibele le hore ho ea ka bona, re ne re phela “matsatsing a ho qetela.” (2 Timothea 3:1-5) O ile a hlalosa hore lefatše le ke ke la timetsoa bofelong ba lefatše, empa tlas’a ’Muso oa Molimo, le tla fetoloa paradeise. (2 Petrose 3:5-7, 13; Tšenolo 21:3, 4) Ke ile ka utloa seo se hlile se thahasellisa.
Ntate o ile a qala ho buisana le ’na ha re sebetsa hammoho. Ke sa hopola hore re ne re pōla koro ha a hlalosa hore lebitso la Molimo ke Jehova. (Pesaleme ea 83:18) Kahoo, nakong ea selemo ka 1931, ha ke ne ke le lilemo li 14, ke ile ka ema ka lehlakoreng la Jehova le ’Muso oa hae. Ke ile ka rapela Jehova ke le ka serapeng sa khale sa lifate tsa liapole se neng se le ka mor’a ntlo, ’me ka mo tšepisa ka tieo hore ke tla mo sebeletsa ka ho sa feleng. Pelo ea ka e ne e se e ntse e susumelitsoe ke mosa o lerato oa Molimo oa rōna ea babatsehang.—Pesaleme ea 63:3.
Re ne re lula polasing e bohōle ba lik’hilomithara tse 30 ho tloha St. Joseph, Missouri, U.S.A., ’me e le bohōle ba lik’hilomithara tse 65 ho tloha Kansas City. Ntate o ne a hlahetse ka tlung e nyenyane eo ntat’a ntate-moholo oa ka a neng a ile a e haha ka lifate moo polasing, qalong ea lekholo la bo19 la lilemo.
Ho Koetlisetsoa Tšebeletso
Ka lehlabula la 1931, lelapa leso le ile la mamela puo ea phatlalatsa e neng e e-na le sehlooho se reng, “’Muso, Tšepo ea Lefatše,” eo Joseph Rutherford, eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, a ileng a fana ka eona kopanong ea Columbus, Ohio. E ile ea nkama maikutlo, ’me ke ile ka thabela ho sebetsa le Ntate ho abeleng batho bao re ba tloaetseng bukana e neng e e-na le puo eo ea bohlokoa ea phatlalatsa.
Nakong ea selemo ka 1932, ke ile ka kopanela ka lekhetlo la pele libokeng tsa Lipaki tsa Jehova. Moahisani oa rōna o ile a ’mema le Ntate hore re ee holong ea St. Joseph ho ea mamela puo e neng e fanoa ke George Draper, molebeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova. Re fihlile liboka li se li le bohareng, ’me ke ile ka fumana sebaka sa ho lula ka mor’a mahetla a hahehileng, a batsi a J. D. Dreyer, ea neng a tla phetha karolo ea bohlokoa bophelong ba ka.
Ka September 1933, ke ile ka ea le Ntate kopanong e neng e tšoaretsoe Kansas City, moo ke ileng ka kopanela ka lekhetlo la pele boboleling ba phatlalatsa. Ntate o ile a mpha libukana tse tharo ’me a nthuta hore ke re: “Ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, ke bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ha ho pelaelo hore u se u kile ua utloa Moahloli Rutherford seea-le-moeeng. Lipuo tsa hae li hasoa beke e ’ngoe le e ’ngoe liteisheneng tsa khaso tse fetang 300.” Joale ebe ke nehelana ka bukana. Mantsiboeeng ao, ha ke khutletse polasing ’me ke hama likhomo, ke ile ka nahana hore lena e ne e bile letsatsi leo nke keng ka hlola ke le lebala bophelong ba ka.
Mariha a ile a kena ka potlako ’me ho tsamaea ha rōna ha lekanyetsoa. Empa joale Mor’eso Dreyer le mosali oa hae ba ile ba re etela ’me ba mpotsa hore na nka rata ho ea ha bona mantsiboea a Moqebelo ’me ke robaletse. Lik’hilomithara tse 10 tseo ke ileng ka li tsamaea ho ea lelapeng la Dreyer li ne li tšoanela boiteko boo kaha ke ile ka khona ho tsamaea le bona ho ea tšebeletsong letsatsing le hlahlamang, ka ba ka kopanela Thutong ea Molula-Qhooa e neng e tšoaretsoe St. Joseph. Ho tloha ka nako eo, ke ka seoelo ke ileng ka fosa ho kopanela tšebeletsong ka Sontaha. Koetliso le taeo ea Mor’eso Dreyer e bile bohlokoa haholo.
Ke ile ka qetella ke tšoantšelitse boinehelo ba ka ho Jehova ka ho kolobetsoa metsing kopanong e neng e tšoaretsoe Kansas City, ka la 2 September, 1935.
Qaleho ea Mosebetsi oa Bophelo Bohle
Mathoasong a 1936, ke ile ka kenya kōpo ea hore ke be pula-maliboho, kapa mosebeletsi oa nako e tletseng, ’me ke ile ka kenngoa lenaneng la batho ba ntseng ba batla batho ba ka bulang maliboho le bona. Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka fumana lengolo le tsoang ho Edward Stead oa Arvada, Wyoming. O ne a hlalositse hore o tsamaea ka setulo sa likooa ’me o hloka motho ea ka mo thusang hore a bule maliboho. Ke ile ka amohela kōpo eo ka potlako ’me ka khethoa ho ba pula-maliboho ka la 18 April, 1936.
Pele ke tsamaea ho ea sebetsa le Mor’eso Stead, ’Mè o ile a nkukela lekunutung ’me a bua le ’na. O ile a mpotsa: “Mora, u kholisehile hore see ke sona seo u batlang ho se etsa?”
Ke ile ka mo araba: “Ha ho na ho ba le molemo oa hore ebe kea phela haeba ke sa etse sena.” Ke ne ke utloisisa ka ho feletseng hore mosa o lerato oa Jehova o ne o le bohlokoa ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe.
Ebile koetliso e ntle haholo ho bula maliboho le Ted, kamoo re neng re bitsa Mor’eso Stead kateng. E ne e le motho ea chesehang haholo ’me a fana ka molaetsa oa ’Muso ka tsela e ipiletsang haholo. Leha ho le joalo, Ted o ne a khona feela ho ngola le ho bua; manonyeletso a hae kaofela a ne a satalalitsoe ke lefu la manonyeletso. Ke ne ke tsoha hoseng, ke mo hlapisa le ho mo beola, ke lokisa lijo tsa hoseng ebe kea mo jesa. Ka mor’a moo, ke ne ke mo apesa ’me ke mo lokisetsa ho ea tšimong. Lehlabuleng leo, re ile ra bula maliboho Wyoming le Montana, bosiu re ne re robala tenteng. Ted o ne a robala karikinyaneng e khethehileng e neng e haheletsoe veneng ea hae, ’me ’na ke ne ke robala fatše. Hamorao selemong sona seo, ke ile ka ea ka boroa ho ea bula maliboho Tennessee, Arkansas le Mississippi.
Ka lekhetlo la pele, ke ile ka ba teng kopanong e khōlō e neng e tšoaretsoe Columbus, Ohio, ka September 1937. Kopanong eo, ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore mosebetsi oa ho bolela o etelloe pele ka ho sebelisa keramafono. Re ne re tlaleha lekhetlo ka leng leo re sebelisitseng keramafono ka lona ’me re ne re le bitsa tlhophiso. Khoeling e ’ngoe, ke ile ka ba le litlhophiso tse 500, ’me ho ne ho mametse batho ba fetang 800. Ka mor’a ho fana ka bopaki metseng e mengata ea ka bochabela Tennessee, Virginia, le West Virginia, ke ile ka memeloa ho ea sebeletsa ke le pula-maliboho ea khethehileng sebakeng se secha, ke sebetsa hammoho le mohlanka oa libaka, kamoo balebeli ba tsamaeang ba neng ba bitsoa kateng nakong eo.
Ke ne ke etela liphutheho le lihlopha tse ka thōko tse West Virginia—ke lula libeke tse peli ho ea ho tse ’nè phuthehong ka ’ngoe—’me ke etella pele tšebeletsong ea tšimo. Joale, ka January 1941 ke ile ka khetheloa ho ba mohlanka oa libaka. Ka nako eo, ’Mè le likhaitseli tsa ka tse tharo—Clara, Lois, le Ruth—ba ne ba se ba eme ka lehlakoreng la ’Muso. Ka hona, lelapa leso le ile la e-ba teng kaofela kopanong e khōlō e neng e tšoaretsoe St. Louis lehlabuleng leo.
Nakoana ka mor’a kopano eo, bahlanka ba libaka ba ile ba tsebisoa hore mosebetsi oa libaka o ne o tla emisa qetellong ea November, 1941. Khoeling e hlahlamang, United States e ile ea kena Ntoeng ea II ea Lefatše. Ke ile ka abeloa mosebetsi oa ho ba pula-maliboho ea khethehileng, o neng o hloka hore motho a qete lihora tse 175 ka khoeli tšebeletsong.
Litokelo Tse Khethehileng Tsa Tšebeletso
Ka July 1942, ke ile ka fumana lengolo le neng le mpotsa hore na nka rata ho ea sebeletsa naheng esele. Ka mor’a hore ke arabele ka hore nka rata, ke ile ka memeloa Bethele, ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, New York. Ho ile ha bitsoa barab’abo rōna ba ka bang 20 ba masoha bakeng sa ho fuoa koetliso e khethehileng ka nako e le ’ngoe.
Nathan H. Knorr eo ka nako eo e neng e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a hlalosa hore mosebetsi oa ho bolela o ne o theohile le hore re ne re tla koetlisetsoa ho matlafatsa liphutheho moeeng. O ile a re: “Ha re batle ho tseba feela ka mathata a liphutheho, empa re batla ho tseba le hore na lōna le entse eng ka ’ona.”
Ha re sa ntse re le moo Bethele, Fred Franz ea ileng a hlahlama Mor’eso Knorr ka ho ba mopresidente ka 1977, o ile a fana ka puo eo ho eona a ileng a re: “Ntoa ea II ea Lefatše e tla fela ’me mosebetsi o moholo oa ho bolela o tla buleha. Ha ho pelaelo hore ke hona ba limilione ba tla bokelleloa ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova!” Puo eo e ile ea fetola maikutlo a ka ka ho feletseng. Ha re fuoa likabelo, ke ile ka tseba hore ke ne ke lokela ho etela liphutheho tsohle tse libakeng tsa Tennessee le Kentucky. Re ne re bitsoa bahlanka ba barab’abo rōna, lebitso le ileng la fetoleloa ho molebeli oa potoloho.
Ke ile ka qala ho sebeletsa liphutheho ka la 1 October, 1942, ha ke ne ke le lilemo li 25 feela. Mehleng eo, mokhoa feela oo motho a neng a ka fihla liphuthehong tse ling ka oona e ne e le ka ho tsamaea ka maoto kapa ka pere. Ka linako tse ling ke ne ke robala ka kamoreng e le ’ngoe le lelapa le nkamohetseng.
Ha ke ne ke sebeletsa Phuthehong ea Greeneville e Tennessee, ka July 1943, ke ile ka fumana memo ea ho ea sehlopheng sa bobeli sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Moo Gileade, ke ile ka ithuta hore na hantle-ntle ho bolela eng “hore re ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng lintho tseo re ileng ra li utloa,” le hore kamehla re be “le ho hongata hoo [re] ka ho etsang mosebetsing oa Morena.” (Baheberu 2:1; 1 Bakorinthe 15:58) Likhoeli tse hlano tsa thupelo eo ea sekolo li ile tsa feta ka potlako, ’me letsatsi la ho fumana mangolo le ile la fihla ka la 31 January, 1944.
Ho ba Canada le ho ba Belgium
Bongata ba rōna re ile ra abeloa ho ea Canada, moo thibelo e neng e sa tsoa tlosoa mosebetsing oa Lipaki tsa Jehova. Ke ile ka abeloa mosebetsi oa ho tsamaea, o neng o akarelletsa ho koahela libaka tse arohaneng haholo mahareng a liphutheho tse ling. Ha ke ntse ke tsamaea, ke ne ke thabela ho utloa liphihlelo tsa kamoo mosebetsi oa rōna oa ho bolela o neng o phethoa kateng nakong ea ha o ne o thibetsoe Canada. (Liketso 5:29) Ba bangata ba ile ba pheta ka phutuho e ’ngoe eo ka eona, ka bosiu bo le bong ho ileng ha fanoa ka bukana hoo e ka bang lelapeng le leng le le leng ho pholletsa le Canada eohle. E ile ea e-ba litaba tse monate hakaakang ha ka May 1945, ho tsebahala hore ntoa e felile Europe!
Lehlabuleng leo, ha ke ne ke sebeletsa phutheho e nyenyane motsaneng oa Osage, Saskatchewan, ke ile ka fumana lengolo le tsoang ho Mor’eso Knorr, le neng le re: “Ke u neha tokelo ea ho ea Belgium. . . . Ho na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa naheng eo. Ke naha e harasoantsoeng ke ntoa, ’me barab’abo rōna ba hloka thuso, ’me ho bonahala ho loketse hore ho romeloe motho ea tsoang Amerika bakeng sa ho ba tataisa hantle le ho ba fa matšeliso ao ba a hlokang.” Ke ile ka arabela ka potlako ho amohela kabelo eo.
Ka November 1945, ke ne ke le Bethele ea Brooklyn ke ithuta Sefora le Charles Eicher, mor’eso ea neng a se a hōlile oa Alsace. Ke ile ka boela ka fumana koetliso e potlakileng ea tsamaiso ea lekala. Pele ke ea Europe, ke ile ka etela lelapa leso hammoho le metsoalle ea ka St. Joseph, Missouri, ka nako e khutšoaane.
Ke ile ka tloha New York ka la 11 December, ka sekepe sa Queen Elizabeth, ’me matsatsi a mane hamorao, ke ile ka fihla Southampton, Engelane. Ke ile ka lula lekaleng la Brithani khoeli, moo ke ileng ka fumana koetliso e eketsehileng. Ka mor’a moo, ka la 15 January, 1946, ke ile ka tšela English Channel ’me ka theoha koung ea Ostend, Belgium. Ho tloha moo, ke ile ka palama terene e eang Brussels, moo lelapa lohle la Bethele le neng le nkemetse seteisheneng ho tla nkhahlametsa.
Mosebetsi o Eketsehileng ka Mor’a Ntoa
Kabelo ea ka e ne e le ho okamela mosebetsi oa ’Muso Belgium, le hoja ke ne ke sa khone ho bua puo ea teng. Ka khoeli tse tšeletseng, ke ne ke se ke tseba Sefora se lekaneng hore ke tsoelle. E ne e le tokelo ho sebetsa haufi le batho ba ileng ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba ntšetse pele mosebetsi oa boboleli nakong ea lilemo tse hlano tseo ka tsona ho neng ho busa Nazi. Ba bang ba bona ba ne ba sa tsoa lokolloa likampong tsa mahloriso.
Barab’abo rōna ba ne ba labalabela ho hlophisa mosebetsi le ho fepa ba lapetseng ’nete ea Bibele. Ka hona, ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho tšoara likopano le tsa hore balebeli ba tsamaeang ba etele liphutheho. Re ile ra boela ra fumana liketelo tse mofuthu tsa Nathan Knorr, Milton Henschel, Fred Franz, Grant Suiter le John Booth—bao kaofela e neng e le baemeli ba tsoang ntlo-khōlō, Brooklyn. Mehleng eo ea pele, ke ne ke sebeletsa ke le molebeli oa potoloho, molebeli oa setereke le molebeli oa lekala. Ka la 6 December, 1952, lilemo tse ka bang supa ke sebeletsa Belgium, ke ile ka nyala Emilia Vanopslaugh, eo le eena a neng a sebetsa lekaleng la Belgium.
Likhoeli tse seng kae hamorao, ka la 11 April, 1953, ke ile ka bitsetsoa sepoleseng se haufinyane ’me ka bolelloa hore boteng ba ka bo ne bo le kotsi ntlheng ea ho sireletseha ha Belgium. Ke ile ka ea leta Luxembourg nakong eo nyeoe ea ka e neng e sebetsoa ka Lekhotleng la Naha.
Ka February 1954, Lekhotla la Naha la Belgium le ile la fihlela qeto ea hore boteng ba ka bo ne bo le kotsi naheng eo. Ho ile ha fanoa ka bopaki ba hore haesale ke fihla Belgium, palo ea Lipaki naheng eo e ne e eketsehile ka potlako—ho tloha ho 804 ka 1946 ho ea ho 3304 ka 1953—le hore ka lebaka leo, ho sireletseha ha Belgium ho ne ho le kotsing hobane bacha ba bangata ba Lipaki ba ne ba ema ba tiile ho se jeleng paate ha Bokreste. Ka hona, ’na le Emilia re ile ra abeloa ho ea Switzerland, moo re ileng ra qala ho etsa mosebetsi oa potoloho karolong ea batho ba buang Sefora.
Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso—sekolo se fanang ka koetliso e tsoetseng pele bakeng sa baholo ba Bakreste—se ile sa thehoa ka 1959 South Lansing, New York. Ke ile ka memeloa ho ea moo ho ea koetlisetsoa ho ruta lihlopheng tsa sekolo sena Europe. Ha ke ntse ke le United States, ke ile ka etela lelapa leso St. Joseph, Missouri. Moo, ke ile ka bona ’mè oa ka eo ke mo ratang ka lekhetlo la ho qetela. O ile a hlokahala ka January 1962; Ntate o ne a hlokahetse ka June 1955.
Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso se ile sa qala Paris, Fora, ka March 1961 ’me ke ile ka tsamaea le Emilia. Ho ile ha tla balebeli ba setereke, balebeli ba potoloho, balebeli ba phutheho le bo-pula-maliboho ba khethehileng sekolong seo, ba e-tsoa Fora, Belgium le Switzerland. Likhoeling tse 14 tse latelang, ke ne ke se ke tšoere lihlopha tse 12 tsa thupelo ena ea libeke tse ’nè. Hamorao, ka April 1962, re ile ra tseba hore Emilia o imme.
Ho Tloaelana le Boemo
Re ile ra khutlela Geneva, Switzerland, moo re neng re e-na le tumello ea ho ba baahi ba teng. Leha ho le joalo, ho ne ho se bonolo ho fumana moo re lulang kaha matlo a ne a fokola haholo. Esita le hona ho fumana mosebetsi ho ne ho se bonolo. Qetellong, ke ile ka fumana mosebetsi lebenkeleng le leholo le setsing sa Geneva.
Ke ne ke qetile lilemo tse 26 tšebeletsong ea nako e tletseng, kahoo, boemo ba rōna bo neng bo fetohile bo ne bo hlile bo hloka phetoho ea sebele. Lilemong tse 22 tseo ke sebelitseng lebenkeleng ka tsona ’me ke hōlisa barali ba rōna ba babeli, Lois le Eunice, kamehla lelapa la rōna le ne le beha lithahasello tsa ’Muso pele. (Matheu 6:33) Ka mor’a hore ke tlohele mosebetsi ka 1985, ke ile ka qala ho sebeletsa ke le molebeli oa potoloho ea tšoarang molepo.
Bophelo ba Emilia bo se bo fokola haholo, empa o etsa seo a ka se khonang tšebeletsong. Lois o ile a sebeletsa e le pula-maliboho ka lilemo tse ka bang leshome. E bile nako e thabisang hakaakang moeeng ha re ne re e-na le eena kopanong ea machaba e neng e hlolla ka ho fetisisa, e neng e tšoaretsoe Moscow lehlabuleng la 1993! Nakoana ka mor’a moo, Lois ha a le nakong ea leeto la phomolo Senegal, Afrika, o ile a lahleheloa ke bophelo ba hae ha a ntse a sesa leoatleng. Lerato le mosa tsa barab’abo rōna ba Afrika, hammoho le baromuoa, li ile tsa ntšelisa haholo ha ke ne ke ile Senegal ho ea lokisetsa lepato. Ke labalabela hakaakang ho bona Lois tsohong ea bafu!—Johanne 5:28, 29.
Ke motlotlo hore ebe ka lilemo tse fetang mashome a mane, ke ile ka ba le tšehetso e tšepahalang ea molekane oa ka ea lerato. Ho sa tsotellehe maima le mathata ao ke thulaneng le ’ona, ruri ke thabetse mosa o lerato oa Jehova ’me o entse hore ho phela e be habohlokoa. Ka mantsoe a mopesaleme, pelo ea ka e susumelletseha hore e re ka Molimo oa rōna, Jehova: “Mosa oa hao o lerato o molemo ho feta bophelo, molomo oa ka o tla u babatsa.”—Pesaleme ea 63:3, NW.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Re ile ra etella pele mosebetsi oa boboleli ka keramafono
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Batsoali ba ka ka 1936
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ho paka seterateng Belgium ka 1948