Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 2/15 maq. 8-11
  • Batsoali—Sireletsang Bana ba Lōna!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batsoali—Sireletsang Bana ba Lōna!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boikutlo ba Maafrika ka Thuto ea Botona le Botšehali
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ruta?
  • Puisano e Molemo
  • Ho ba ea Sireletsehileng le ea Thabileng
  • Bua le Bana ba Hao ka ho Kopanela Liphate
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Sireletsa Lelapa la Hao Litšusumetsong Tse Senyang
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Lelapa la Hao le ka Thaba Joang?​—Karolo ea 2
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Na ho Nyanyana Litho Tsa Botona Kapa Tsa Botšehali ke ho Etsa Thobalano?
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 2/15 maq. 8-11

Batsoali—Sireletsang Bana ba Lōna!

SEKOLONG se seng sa sekondari sa Nigeria, ngoanana ea neng a tsebahala ka boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate o ne a rata ho bua le liithuti-’moho le eena tsa banana ka litaba tsa ho kopanela liphate. O mong oa meriana eo a neng a e buella bakeng sa ho ntša mpa e ne e le biri ea stout e tsoakiloeng le koae. Lipale tsa hae, tseo a neng a li khetha libukeng tsa bootsoa, li ne li khahla liithuti-’moho le eena. Tse ling li ile tsa qala ho kopanela liphate, ’me e mong oa liithuti o bile a ima. Bakeng sa ho ntša mpa, o ile a noa motsoako oo oa biri ea stout le koae. Nakong ea lihora tse seng kae feela, o ile a qala ho hlatsa mali. Matsatsi a ’maloa hamorao o ile a shoela sepetlele.

Lefatšeng la kajeno, bacha ba bangata ba bua ba sa khaotse ka ho kopanela liphate, ’me ba ntše lithoto kotsi habonolo feela. Bacha ba lokela ho retelehela ho mang bakeng sa tsebo e nepahetseng e tlang ho ba sireletsa? Ho hotle hakaakang haeba ba ka talima ho batsoali ba bona ba tšabang Molimo, ba nang le boikarabelo ba ho ba “hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.”—Baefese 6:4.

Boikutlo ba Maafrika ka Thuto ea Botona le Botšehali

Lefatšeng lohle, batsoali ba bangata ba thatafalloa ke ho buisana le bana ba bona ka litaba tsa botona le botšehali. Sena ke ’nete ka ho khethehileng Afrika. Donald, ntate ea lulang Sierra Leone o ile a hlokomela: “Ha ho mohla litaba tsa botona le botšehali li keng li buisanoe le bana. Hase karolo ea setso sa Maafrika ho etsa joalo.” Mosali oa Nigeria ea bitsoang Confident oa lumela: “Batsoali ba ka ba talima likamano tsa botona le botšehali e le ntho eo le ka mohla ho sa lokelang hore ho ka buuoa ka eona phatlalatsa; ke moetlo.”

Setsong se seng sa Maafrika, ho nkoa e le ntho e lihlong ho bua mantsoe a amanang le bong ba motho a kang mapele, mohlapo, kapa ho ilela khoeli. ’Mè e mong oa Mokreste o bile a thibela morali oa hae ho sebelisa poleloana “ho kopanela liphate,” le hoja a ile a bolela hore morali oa hae a ka sebelisa lentsoe “bohlola.” Ho fapana le mona, Lentsoe la Molimo, Bibele, le bua ka ho toba ka ho kopanela liphate hammoho le litho tsa botona le botšehali. (Genese 17:11; 18:11; 30:16, 17; Levitike 15:2) Morero oa sena hase ho tšosa kapa ho hlohlelletsa empa ke ho sireletsa le ho ruta batho ba Molimo.—2 Timothea 3:16.

Ntle ho mabaka a moetlo, lebaka le leng leo batsoali ba bang ba sa batleng ho bua ka sena ka lona le boletsoe ke ntate e mong oa Nigeria: “Haeba ke buisana le bana ba ka ka litaba tsa botona le botšehali, sena se ka ba susumelletsa hore ba kopanele liphate.” Empa na boitsebiso bo hlomphehang, bo thehiloeng Bibeleng bo mabapi le ho kopanela liphate bo ka khothalletsa bana ho ikakhela ka setotsoana ho seo le ho batla ho inoesa ka nkho? Che, ha ho joalo. Ha e le hantle, haeba bacha ba e-na le tsebo e fokolang haholo, ke hona moo ba tla hle ba kopanele boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali. Bibele e re: “Bohlale [bo thehiloeng tsebong e nepahetseng] boa sireletsa.”—Moeklesia 7:12, BPN.

Setšoantšong sa Jesu, monna ea bohlale, a bonela pele hore mohlomong ho ka ba le lifefo nakong e tlang, o ile a haha ntlo ea hae holim’a lefika ha monna oa leoatla eena a ile a haha lehlabatheng ’me a oeloa ke koluoa. (Matheu 7:24-27) Ka ho tšoanang, batsoali ba Bakreste ba masene, ka ho tseba hore bana ba bona ba tla talimana le likhatello tse kang sefefo tsa hore ba ikamahanye le litekanyetso tse hlephileng tsa lefatše tsa botona le botšehali, ba matlafatsa bana ba bona ka tsebo e nepahetseng le kutloisiso tse tla ba thusa ho lula ba tsitsitse.

Lebaka le leng le etsang hore batsoali ba bangata ba se buisane le bana ba bona ka litaba tse mabapi le botona le botšehali le ile la boleloa ke mosali e mong oa Moafrika: “Ha ke sa le mocha, batsoali ba ka ba Lipaki ha baa ka ba buisana le ’na ka litaba tsa botona le botšehali, kahoo le ’na ha hoa ka ha fihla khopolong ea ka ho buisana le bana ba ka ka tsona.” Leha ho le joalo, likhatello tsa bacha ba kajeno li matla haholo ho feta kamoo li neng li le kateng ho bacha lilemong tse 10 kapa tse 20 tse fetileng. Sena ha se makatse. Lentsoe la Molimo le ile la bolela esale pele hore “matsatsing a ho qetela . . . batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang, ba khelosa ebile ba ntse ba khelosoa.”—2 Timothea 3:1, 13.

Ho phaellang hape bothateng bona ke ’nete ea hore bana ba bangata ba leqe kapa ba hlōleha ho phetlela batsoali lifuba. Hangata puisano eo e leng ho fapanyetsana maikutlo ea fokola esita le litabeng tseo e seng tsa bohlokoa. Mocha e mong ea lilemo li 19 o ile a tletleba: “Ha ho lintho tseo ke li buisanang le batsoali ba ka. Ha ho na puisano e ntle mahareng a ka le Ntate. Ha a mamele.”

Bacha ba ka boetse ba tšaba hore ho botsa ka litaba tsa botona le botšehali ho tla tlisa liphello tse mpe. Ngoanana ea lilemo li 16 o ile a re: “Ha ke buisane ka mathata a botona le botšehali le batsoali ba ka ka lebaka la tsela eo ba itšoarang ka eona linthong tse joalo. Nakong e fetileng ausi oa ka o ile a botsa ’Mè lipotso tse mabapi le botona le botšehali. Ho e-na le hore ’Mè a mo thuse ka bothata ba hae, o ile a qala ho belaella boikemisetso ba hae. Hangata ’Mè o ne a ee a mpitse le ho mpotsa ka ausi, ka linako tse ling a bue hampe ka boitšoaro ba hae. Ha ke batle ho ipeha kotsing ea ho lahleheloa ke lerato la ’Mè, ka lebaka leo ke ne ke mo patela mathata a ka.”

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ruta?

Ho ruta bana ba rōna ka ho lekaneng ka litaba tsa botona le botšehali hase feela ntho e lokileng hore e etsoe empa ke ntho e mosa ho e etsa. Haeba batsoali ba sa rute bana ba bona ka litaba tsa botona le botšehali, ba bang ba tla ba ruta tsona—hangata e le kapele ho feta kamoo batsoali ba lebeletseng kateng ’me hangata ebile e se tumellanong le melao-motheo ea Molimo. Ngoanana ea lilemo li 13 o ile a etsa bohlola hobane a ile a bolelloa ke mphato oa hae hore haeba a sa lahle boroetsana ba hae, o tla utloa bohloko bo boholo haholo nakong e tlang. O ile a bolelloa: “Ba tla pōma lera la hao la boroetsana ka sekere.” Hamorao ha a botsoa hore na ke hobane’ng ha a sa ka a bolella ’mè oa hae oa Mokreste seo a se utloileng, o ile a araba ka hore ha ho mohla lintho tse joalo li keng li buisanoe le batho ba baholo.

Ngoanana e mong oa Nigeria o ile a re: “Metsoalle ea ka ea sekolong e ile ea leka ho nkholisa hore ho kopanela liphate ke ntho eo batho bohle ka tloaelo ba lokelang ho kopanela ho eona. Ba ile ba mpolella hore haeba ke sa kopanele liphate hona joale, ha ke fihla lilemong tse 21, ke tla qala ho kula ka tsela e tla ba le liphello tse kotsi bosaling ba ka. Ka lebaka leo, bakeng sa ho phema kotsi e joalo, kamoo ba neng ba bolela kateng, ho ne ho tla ba molemo ho latsoa ho kopanela liphate pele ho lenyalo.”

Ka lebaka la ho ba le puisano e ntle le batsoali ba hae, kapele-pele o ile a hlokomela hore sena se hohlana le seo a ithutileng sona lapeng. “Joaloka tloaelo, ke ile ka khutlela lapeng ’me ka bolella ’Mè seo ba mpoleletseng sona sekolong.” ’Mè oa hae o ile a khona ho hanyetsa boitsebiso boo bo fosahetseng.—Bapisa le Liproverbia 14:15.

Ka ho nehelana ka tsebo e hlokahalang ho thusa bana ho fumana bohlale ba bomolimo litabeng tsa botona le botšehali, batsoali ba hlomella bana ba bona ho lemoha maemo a kotsi le ho hlokomela batho ba lakatsang ho ba tlatlapa. E ba sireletsa masisa-pelong a mafu a bakoang ke ho kopanela liphate le ho ima ho sa batleheng. E tlatsetsa seriting sa bona le tlhomphong eo ba e fumanang ho tsoa ho ba bang. E ba lokolla likhopolong tse fosahetseng le matšoenyehong. E hōlisa boikutlo bo botle, bo nepahetseng mabapi le ho kopanela liphate ka mokhoa o loketseng, e tlatsetsa thabong haeba hamorao ba tla kena lenyalong. E ka ba thusa ho boloka boemo bo amohelehang ka pel’a Molimo. Ha bana ba bona kameho e lerato eo ba e bontšoang, e ka ba susumelletsa ho hlompha le ho rata batsoali ba bona ka ho eketsehileng.

Puisano e Molemo

Hore batsoali ba feto-fetole keletso ho latela litlhoko tsa bana ba bona, ho lokela hore ho be le puisano e akarelletsang mahlakore a mabeli. Ntle le haeba batsoali ba tseba se leng ka likelellong le lipelong tsa bana ba bona, esita le keletso e molemo e ka ba e se nang thuso, feela joalokaha ngaka e ka leka ho fana ka moriana o itseng empa e sa tsebe bohloko ba mokuli. Hore e be baeletsi ba atlehileng, batsoali ba tlameha ho tseba seo ka sebele bana ba bona ba se nahanang le kamoo ba ikutloang kateng. Ba lokela ho utloisisa likhatello le mathata ao bana ba bona ba talimanang le ’ona esita le lipotso tse ba khathatsang. Ke habohlokoa ho mamela bana ka hloko, ho ba ea ‘potlakang mabapi le ho utloa, le ea liehang mabapi le ho bua.’—Jakobo 1:19; Liproverbia 12:18; Moeklesia 7:8.

Ho hlokahala nako, mamello le boiteko ho batsoali hore ba hlaolele le ho boloka kamano e ntle le bana ba bona, kamano e tla etsa hore bana ba ikutloe ba lokolohile ho ba phetlela lifuba. Ke ho thabisang hakaakang ha batsoali le bana ba bona ba e-na le kamano e haufi joalo! Ntate e mong oa Afrika Bophirimela ea nang le bana ba bahlano o re: “Ke ntate le motsoalle ea haufi-ufi. Bana ba buisana le ’na ka bolokolohi ka litaba tsohle ho akarelletsa le litaba tsa botona le botšehali. Esita le banana ba mpolella liphiri tsa bona. Re ipha nako ea ho buisana ka mathata a bona. Ba boetse ba abelana thabo ea bona le ’na.”

Bola, e mong oa barali ba hae o re: “Ha ke patele Ntate letho. Ntate ke motho ea nahanelang le ea nang le kutloelo-bohloko. Ha a re khahlapetse kapa hona ho re tšoara ka thata, esita le haeba re entse phoso. Ho e-na le ho halefa, o tla sekaseka taba le ho re bontša seo re lokelang ho se etsa kapa seo re neng re sa lokela ho se etsa. Hangata o supa bukeng ea Bocha le ea Thabo ea Lelapa.”a

Ha ho khoneha, ho molemo hore batsoali ba qalise ho buisana le bana ba bona ka botona le botšehali ba sa le banyenyane haholo. Sena se rala motheo oa puisano e tsoelang pele lilemong tse thata tsa bocha. Ha lipuisano li sa qalise bana ba sa le banyenyane, ka linako tse ling ho thata ho li qalisa hamorao, empa sena se ka etsoa. ’Mè e mong ea nang le bana ba bahlano o ile a re: “Ke ile ka iqobella ho bua ka ho kopanela liphate ho fihlela ha qetellong ke ne ke se ke sa hlajoe ke lihlong kapa hona ho re ngoana a hlajoe ke lihlong.” Ha e le mona boiketlo ba ngoana oa hao bo le kotsing hakana, ka sebele boiteko bo joalo ke ba bohlokoa.

Ho ba ea Sireletsehileng le ea Thabileng

Bana ba ananela batsoali bao ka lerato ba ba hlomellang ka tsebo e tla ba sireletsa. Nahana ka litlhaloso tsa Lipaki tse ling tsa Jehova tse Afrika:

Mojisola ea lilemo li 24 o ile a re: “Ke tla lula ke le motlotlo ka ’mè oa ka. O ile a mpha thuto eo ke e hlokang ka litaba tse mabapi le botona le botšehali ka nako e loketseng. Le hoja ke ne ke hlajoa ke lihlong ha re ne re buisana ka litaba tseo ha ke sa le mocha, joale ke bona lintho tse molemo tseo ’Mè a nketselitseng tsona.”

Iniobong oa phaella: “Ka linako tsohle kea thaba ha ke hopola morao le ho nahana ka seo ’Mè a nketselitseng sona ka ho mpha koetliso e lekaneng e mabapi le litaba tsa botona le botšehali. E bile thuso e khōlō ho ntataisetseng ho kena bosaling. Ke tiisa hore ke tla etsa ntho e tšoanang ho bana ba ka ka moso.”

Kunle ea lilemo li 19 o itse: “Batsoali ba ka ba ile ba nthusa ho loantša likhatello tse tsoang ho basali ba lefatše ba lekang ho nkatamela ka mehato e lebisang ho kopaneleng liphate. Ha e ne e se ka lebaka la koetliso eo ba mphileng eona, nka be ke oetse boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali. Kamehla ke tla ananela seo ba se entseng.”

Christiana o ile a re: “Ke ruile molemo o moholo ka ho buisana le ’Mè ka litaba tsa botona le botšehali. Ke sirelelitsoe mafung a bolaeang le ho imeng ho sa batleheng, ’me ke khonne ho behela baena ba ka mohlala o motle hore ba o latele. Batho ba boetse baa ntlhompha, ’me monna eo ke tla nyalana le eena o tla ntlhompha le eena. Habohlokoa ka ho fetisisa, ke na le kamano e ntle le Jehova Molimo ka lebaka la ho boloka litaelo tsa hae.”

Bola ea boletsoeng pelenyana o itse: “Ke ne ke e-na le motsoalle oa ngoanana ka tlelaseng ea neng a bolela hore ho kopanela liphate ho lokela ho thabeloa ntle le boitlamo ba lenyalo. Ho eena sena e ne e le boithabiso. Leha ho le joalo, o ile a bona hore sena e ne e se boithabiso ha a ima ’me a hlōleha ho ngola litlhahlobo tsa makhaola-khang hammoho le rōna. Haeba ke ne ke se na ntate ea molemo ea ntataisang, mohlomong nka be ke tšoana le ngoanana enoa, nka be ke ithutile ka phihlelo e bohloko.”

Ke tlhohonolofatso e kaakang ha batsoali ba Bakreste ba thusa bana ba bona hore ba ‘hlalefele poloko’ lefatšeng lena le hlanyetsang ho kopanela liphate! (2 Timothea 3:15) Thuto ea bana e thehiloeng Bibeleng e tšoana le moqhaka oa bohlokoa o ba khabisang le o ba etsang hore e be ba batle mahlong a Molimo. (Liproverbia 1:8, 9) Bana ba ikutloa ba sireletsehile ’me batsoali ba thabela khotsofalo e tebileng. Ntate e mong oa Moafrika ea lekang ka linako tsohle ho boloka mecha ea puisano e bulehile mahareng a hae le bana ba hae o ile a re: “Re na le khotso ea kelello. Re tšepa hore bana ba rōna ba tseba se thabisang Jehova; ba ke ke ba khelosoa ke batho ba lefatše. Re tšepa hore ba ke ke ba etsa lintho tse tla tlisetsa lelapa masoabi. Ke leboha Jehova hore ebe bana ba rōna ba ipakile ba tšoaneloa ke hore re ba tšepe.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Li hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Bacha ba Bakreste ba fumanang boitsebiso bo thehiloeng Bibeleng ho batsoali ba ka hana boitsebiso bo sothehileng bo boleloang ke bacha ba bang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela