Ha Baa ka ba Iketsetsa Lebitso le Tummeng
BIBELE ha e bolele mabitso a lihahi tsa tora ea Babele e tummeng hampe. Tlaleho e re: ‘Joale ba re: Tloong joale, re ikhahele motse le tora, hloro ea eona e fihle leholimong, ’me re iketsetse lebitso [le tummeng, NW], re tle re se ke ra qhalanyetsoa lefatšeng lohle.’ (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Genese 11:4.
Ha ho thoe “ba” ho ne ho buuoa ka bo-mang? Ketsahalo ena e ile ea etsahala lilemong tse 200 ka mor’a Moroallo. Ka nako eo Noe, a le lilemo li ka bang 800, o ne a phela le litloholo tsa hae tse likete. Kaofela ba ne ba bua puo e le ’ngoe ’me ba lula hammoho sebakeng se tloaelehileng moo eena le bara ba hae ba neng ba lula teng ka mor’a Moroallo. (Genese 11:1) Ka nako e itseng, karolo e itseng ea baahi bana ba eketsehileng e ile ea fallela ka bochabela ’me ea “fihlela lehoatata naheng ea Shineare.”—Genese 11:2.
Tlhōleho e Feletseng
E bile phuleng ena moo sehlopha sena se ileng sa etsa qeto ea ho fetohela Molimo. Joang? Ha e le hantle, Jehova Molimo o ne a hlalositse morero oa hae ha a ne a laela banyalani ba pele hore ba ‘ngatafale, ba ate, ba tlale lefatšeng.’ (Genese 1:28) Sena se ile sa phetoa ho Noe le bara ba hae ka mor’a Moroallo. Molimo o ile a ba laela: “Lōna, atang, le ngatafale, le tlale haholo lefatšeng, ’me le ngatafale teng.” (Genese 9:7) Khahlanong le taelo ea Jehova, batho ba ile ba haha motse e le hore ba tle ba se ke ba “qhalanyetsoa lefatšeng lohle.”
Batho bana le bona ba ile ba qala ho haha tora ka morero oa ho iketsetsa “lebitso le tummeng.” Empa khahlanong le seo ba neng ba se lebeletse, ha baa ka ba phetha tora ena. Tlaleho ea Bibele e bontša hore Jehova o ile a ferekanya puo ea bona e le hore ba se ke ba utloisisana. Tlaleho e bululetsoeng e re: “Eaba Jehova o ba qhalanya teng joalo, ba ea le lefatše lohle, ba lesa ho haha motse.”—Genese 11:7, 8.
Tlhōleho e feletseng ea morero ona e totobatsoa ke ’nete ea hore mabitso a lihahi ha aa ka a ‘tuma’ le ka mohla, kapa a tsebahala haholo. Ha e le hantle, mabitso a tsona ha a tsejoe ’me a hlakotsoe historing ea batho. Empa ho thoe’ng ka Nimrode, setloholoana sa Noe? Na e ne e se moeta-pele oa phetohelo ee e khahlanong le Molimo? Na lebitso la hae ha le tsebahale haholo?
Nimrode—Mofetoheli ea Ikakasang
Ha ho na pelaelo ea hore Nimrode e ne e le moeta-pele oa mesebetsi e mebe. Genese khaolo ea 10 e mo tsebahatsa e le “setsomi sa senatla khahlanong le Jehova.” (Genese 10:9, NW) Mangolo a boetse a bolela hore “ke eena ea qalileng ho ba matla lefatšeng.” (Genese 10:8) Nimrode e ne e le mohlabani, monna ea mabifi. E bile eena ’musi oa pele oa motho ka mor’a Moroallo, a iketsa morena. Hape Nimrode e ne e le sehahi. Bibele e mo tlotla ka hore ke mothehi oa metse e robeli, ho akarelletsa le Babele.—Genese 10:10-12.
Kahoo, Nimrode—mohanyetsi oa Molimo, morena oa Babele, le mohahi oa metse—ha ho pelaelo hore o ile a kopanela ho haheng tora ea Babele. Na ha aa ka a iketsetsa lebitso le tummeng? Mabapi le lebitso la Nimrode, Setsebi sa Litloaelo, Lipuo le Batho ba Bochabela, E. F. C. Rosenmüller, o ile a ngola: “Lebitso lena le ile la fuoa Nimrode le tsoa ho [ma·radhʹ], ‘o ile a fetohela,’ ‘o ile a koeneha,’ ho latela moelelo oa Seheberu.” Joale Rosenmüller o hlalosa hore “Batho ba Bochabela ba tloaetse ho bitsa batho ba tummeng ka mabitso ao ba a filoeng ka mor’a lefu, ao ho ’ona, ka linako tse ling ho bang le tumellano e hlollang pakeng tsa mabitso le lintho tse entsoeng.”
Litsebi tse ngata li na le maikutlo a hore lebitso la Nimrode e ne e se lebitso leo a le rehiloeng tsoalong. Ho e-na le hoo, li nka hore ke lebitso leo a le rehiloeng hamorao ho lumellana le sebōpeho sa hae sa bofetoheli ka mor’a hore se totobale. Ka mohlala, C. F. Keil o re: “Lebitso lena ka bolona, e leng Nimrode le tsoang ho [ma·radhʹ], ‘re tla tsohela matla,’ le bolela khanyetso e itseng e mabifi ho Molimo. Le khetholla sebōpeho hoo e ka bang batho ba mehleng ea hae feela ba neng ba ka mo reha lona, ’me ka tsela ena la fetoha lebitso la hae.” Mongolong o botlaaseng ba leqephe, Keil o qotsa rahistori Jacob Perizonius e le ea ngolang tjena: “Ke ne ke tla lumela hore monna enoa [Nimrode], e le setsomi se mabifi le se pota-potiloeng ke sehlopha sa bo-mphato, e le hore se ka susumelletsa ba bang bofetoheling, kamehla molomong oa sona ho ne ho e-tsoa lentsoe ‘nimrode, nimrode,’ ke ho re, ‘A re fetoheleng! A re fetoheleng!’ Kahoo, hamorao, o ile a khetholloa ke ba bang, esita le Moshe ka boeena, ka lentsoe leo e le lebitso la hae.”
Ho hlakile hore Nimrode ha aa ka a iketsetsa lebitso le tummeng. Ho bonahala hore lebitso leo a le rehiloeng tsoalong ha le tsejoe. Le hlakotsoe historing, joaloka mabitso a ba neng ba latela boeta-pele ba hae. Ha aa ka a siea bana leha e le bafe ba reheletsoeng eena. Ho e-na le ho amohela tlotla le botumo, o aparetsoe ke botumo bo bobe. Lebitso la Nimrode le mo tsebahalitse e le mofetoheli ea ikhantšang eo ka booatla a ileng a phephetsa Jehova Molimo.