Constantine e Moholo—Na ke Moloaneli oa Bokreste?
Moemphera oa Moroma Constantine ke e mong oa banna ba seng bakae bao histori e ba phahamisitseng ka poleloana “e Moholo.” Bokreste-’mōtoana bo ekelitse lipoleloana “mohalaleli,” “moapostola oa bo13,” “mohalaleli ea lekanang le baapostola” le ‘ea khethiloeng ka Tataiso ea Molimo ho finyella phetoho e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng lohle.’ Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba hlalosa hore Constantine ke “ea qaphalelitsoeng ke mali, ea silafalitsoeng ke melato e se nang palo le ea tletseng thetso, . . . mohatelli e mobe ka ho feteletseng, ea molato oa litlōlo tsa molao tse tšabehang.”
BA BANGATA ba bolelang hore ke Bakreste ba rutiloe hore Constantine e Moholo e ne e le e mong oa ba tummeng ka ho fetisisa ka ho tsoela Bokreste molemo. Ba mo tlotla ka ho lopolla Bakreste mesarelong ea mahloriso a Baroma le ho ba fa tokoloho ea bolumeli. Ho feta moo, batho ba bangata ba lumela hore e ne e le molateli oa Jesu Kreste ea tšepahalang ea nang le takatso e matla ea ho ntšetsa tsela ea Bokreste pele. Kereke ea Eastern Orthodox le Kereke ea Macopt li boletse hore Constantine le ’mè oa hae, Helena, ke “bahalaleli.” Mokete oa bona o ketekoa ka la 3 June kapa ka la 21 May ho ea ka almanaka ea kereke.
Ha e le hantle Constantine e Moholo e ne e le mang? Karolo ea hae e bile efe tsoelo-peleng ea Bokreste ba ka mor’a baapostola? Ho beha leseling haholo ho lumella histori le litsebi ho araba lipotso tsena.
Constantine oa Histori
Constantine, mora oa Constantius Chlorus, o hlahetse Naissus Serbia hoo e ka bang ka selemo sa 275 C.E. Ha ntate oa hae e e-ba moemphera oa liprofinse tsa Roma tse ka bophirimela ka 293 C.E., o ne a loanela Danube tlas’a litaelo tsa Moemphera Galerius. Constantine o ile a khutlela ho ntate oa hae ea neng a le makhatheng a ho shoa Brithani selemong sa 306 C.E. Kapele ka mor’a lefu la ntate oa hae, lebotho la ntoa le ile la phahamisetsa Constantine boemong ba moemphera.
Ka nako eo, batho ba bang ba bahlano ba ile ba bolela hore ke Baemphera. Nako e lipakeng tsa 306 le 324 C.E., eo ka mor’a eona Constantine e bileng eena feela moemphera, e bile nako ea ntoa ea lehae e sa khaotseng. Ho hlōla ha hae liphutuhong tse peli tsa sesole ho ile ha fumanela Constantine boemo bo tiileng historing ea Roma ’me ho ile ha etsa hore e be eena feela ’musi oa ’Muso oa Roma.
Ka 312 C.E., Constantine o ile a hlōla mohanyetsi oa hae Maxentius ntoeng ea Milvian Bridge ka ntle ho Roma. Basireletsi ba Bokreste ba ile ba bolela hore nakong ea phutuho eo, sefapano se tukang se nang le mantsoe a Selatine a reng In hoc signo vinces, a bolelang “Hlōla ka letšoao lena,” se ile sa bonahala lefatšeng ka bophara. Hape ho nahanoa hore torong, Constantine o ile a bolelloa hore a pente litlhaku tse peli tse qalang tsa lebitso la Kreste ka Segerike lithebeng tsa masole a hae. Leha ho le joalo, pale ena e na le liphoso tse ngata tabeng ea nako. Buka ea A History of Christianity e re: “Ho na le bopaki ba ho ikhanyetsa mabapi le nako e nepahetseng, sebaka le makolopetso a pono ena.” Bakeng sa ho amohela Constantine Roma, Senate ea bohetene e ile ea mo phatlalatsa e le Augustus ea ka sehloohong le Pontifex Maximus (Morena ea Phahameng ka ho Fetisisa), ke hore, moprista ea phahameng oa bolumeli ba bohetene ba ’muso.
Ka 313 C.E., Constantine o ile a lokisetsa ho sebelisana le Moemphera Licinius, ’musi oa liprofinse tse ka bochabela. Ka Taelo ea Milan, ba le hammoho ba ile ba fana ka tokoloho ea borapeli le litokelo tse lekanang lihlopheng tsohle tsa bolumeli. Leha ho le joalo, bo-rahistori ba bangata ba nyenyefatsa bohlokoa ba tokomane ena, ba bolela hore e ne e le lengolo feela le tloaelehileng la ’muso eseng tokomane e ka sehloohong ea moemphera e bontšang phetoho leanong la Bokreste.
Lilemong tse leshome tse latelang, Constantine o ile a hlōla sera sa hae sa ho qetela se setseng, Licinius, ’me ea e-ba ’musi ea sa hanyetsoeng oa naha ea Roma. Ka 325 C.E., a ntse a e-s’o kolobetsoe, o ile a okamela seboka sa pele se seholo sa bolumeli bo kopaneng ba kereke ea “Bokreste,” se ileng sa nyatsa lithuto tsa bolumeli tsa Arius ’me sa lokisetsa polelo ea litumelo tse hlokahalang tse bitsoang Molao-motheo oa Bolumeli oa Nicaea.
Constantine o ile a kulela lefu selemong sa 337 C.E. Motsotsong oo oa ho qetela oa bophelo ba hae, o ile a kolobetsoa, eaba oa shoa. Ka mor’a lefu la hae Senate e ile ea mo talima e le e mong oa melimo ea Baroma.
Bolumeli Leqhekeng la Constantine
Mabapi le boikutlo bo akaretsang boo baemphera ba Roma ba lekholong la boraro le la bone la lilemo ba neng ba e-na le bona mabapi le bolumeli, buka ea Istoria tou Ellinikou Ethnous (Histori ea Sechaba sa Bagerike) e re: “Esita leha ba neng ba lula teroneng ea boemphera ba ne ba se na litšekamelo tsa bolumeli tse tebileng hakaalo, e le hore ba ka inehela maikutlong a batho a atileng, ba ile ba fumana ho hlokahala hore ba fe bolumeli sebaka sa pele moralong oa merero ea bona ea lipolotiki, bakeng sa ho fana ka bonyane motsoako oa bolumeli liketsong tsa bona.”
Ka sebele, Constantine o ne a khema le linako. Qalong ea mosebetsi oa hae, o ne a batla tšireletso ea “bomolimo,” ’me melimo ea Baroma e neng e felloa ke tšusumetso e ne e ke ke ea mo fa eona. ’Muso ona, ho akarelletsa le bolumeli ba oona le mekhatlo e meng, o ne o le mothating oa ho oa, ’me ho ne ho hlokahala ntho e ’ngoe e ncha le e matlafatsang ho o tiisa. Encyclopedia ea Hidria e re: “Constantine o ne a thahasella Bokreste ka ho khetheha hobane bo ne bo sa tšehetse tlhōlo ea hae feela empa bo ne bo boetse bo tšehetsa ho hlophisoa bocha ha ’muso oa hae. Likereke tsa Bokreste tse neng li le hohle li ile tsa mo tšehetsa lipolotiking. . . . O ile a ipokella babishopo ba baholo ba mehleng eo . . . , ’me o ile a kōpa hore ba boloke bonngoe ba bona.”
Constantine o ile a lemoha hore bolumeli ba “Bokreste”—le hoja e le ba bokoenehi ’me bo ne bo silafetse haholo ka nako eo—bo ne bo ka sebelisoa ka katleho e le matla a kenyang mafolofolo le a kopanyang a sebeletsang morero oa hae o moholo oa puso ea boemphera. Ha a sebelisa metheo ea Bokreste ba bokoenehi ho fumana tšehetso hore a tsebe ho ntšetsa pele lipakane tsa hae tsa lipolotiki, o ile a etsa qeto ea ho kopanya sechaba tlas’a bolumeli bo le bong ba “k’hatholike,” kapa ba lefatše lohle. Litloaelo tsa bohetene le mekete li ile tsa fuoa mabitso a “Bokreste.” ’Me baruti ba “Bokreste” ba ile ba fuoa maemo, moputso le tšusumetso tsa baprista ba bahetene.
Ha a batla kutloano ea bolumeli ka mabaka a lipolotiki, Constantine o ile a potlakela ho felisa lipuo leha e le life tse hanyetsang, eseng ka lebaka la ’nete ea thuto ea bolumeli, empa ka lebaka la ho batla kamohelo ea bongata. Ho se tšoane ho tebileng ha lithuto tsa bolumeli ka har’a kereke ea “Bokreste” e arohaneng haholo ho ile ha mo fa monyetla oa ho kenella e le mokena-lipakeng ea “ronngoeng ke Molimo.” Ka litšebelisano tsa hae le sehlopha sa bokhelohi sa Badonatiste sa Afrika Leboea le balateli ba Arius ba karolong e ka bochabela ea ’muso oa hae, ka potlako o ile a fumana hore tšusumetso ha ea lekana bakeng sa ho etsa bolumeli bo tiileng, bo kopaneng.a E bile ka boiteko ba ho rarolla phehisano ea Arius a ileng a etsa seboka sa pele sa bolumeli bo kopaneng historing ea kereke.—Bona lebokose le reng “Constantine le Seboka sa Nicaea.”
Mabapi le Constantine, rahistori Paul Johnson o re: “Le leng la mabaka a hae a ka sehloohong a ho mamella Bokreste e ka ’na eaba e bile hore bo file eena le Naha monyetla oa ho laola leano la Kereke mabapi le thuto ea bolumeli.”
Na e Kile ea E-ba Mokreste?
Johnson o re: “Ha ho mohla Constantine a kileng a tlohela borapeli ba letsatsi ’me o ile a boloka setšoantšo sa letsatsi licheleteng tsa hae tsa tšepe.” Catholic Encyclopedia e re: “Constantine o ne a rata malumeli ana ka ho tšoana. Joaloka pontifex maximus o ile a hlokomela borapeli ba bohetene ’me a sireletsa litokelo tsa bona.” Encyclopedia ea Hidria e re: “Ha ho mohla Constantine e kileng ea e-ba Mokreste,” ea eketsa: “Eusebius oa Sesarea, ea ngotseng histori ea bophelo ba hae, o bolela hore e bile Mokreste metsotsong ea ho qetela ea bophelo ba hae. Sena ha se utloahale, kaha ka la maobane, [Constantine] o ne a etselitse Zeus sehlabelo hobane le eena o ne a e-na le tlotla ea Pontifex Maximus.”
Ho fihlela letsatsing la lefu la hae ka 337 C.E., Constantine o ne a e-na le tlotla ea bohetene ea Pontifex Maximus, mookameli ea phahameng litabeng tsa bolumeli. Mabapi le kolobetso ea hae, ke ho utloahalang ho botsa, Na pako le tšokoloho tsa sebele li ile tsa e etella pele joalokaha Mangolo a hloka hore ho be joalo? (Liketso 2:38, 40, 41) Na e ne e le ho qoelisoa metsing ka ho feletseng e le pontšo ea boinehelo ba Constantine ho Jehova Molimo?—Bapisa le Liketso 8:36-39.
Na e ne e le “Mohalaleli”?
Encyclopædia Britannica e re: “Constantine o ne a loketse ho bitsoa e Moholo ka lebaka la seo a se finyeletseng ho e-na le seo a neng a le sona. Ka sebele, haeba bohlokoa ba hae bo ne bo lekanyetsoa ho latela botho ba hae, e ne e tla ba e mong oa ba ka tlaase-tlaase har’a bohle bao poleloana [e Moholo] e sebelisitsoeng ho bona mehleng ea boholo-holo kapa ea kajeno.” ’Me buka ea A History of Christianity ea re bolella: “Ho bile le litlaleho tsa pele tsa sebōpeho sa hae se mabifi le bokhopo ba hae ha a halefile. . . . O ne a sa hlomphe bophelo ba batho . . . Bophelo ba hae ba lekunutung e ile ea e-ba ba bophoofolo ha a tsofala.”
Ka sebele Constantine o ne a e-na le mathata a tebileng a botho. Mofuputsi e mong oa histori o bolela hore “hangata sebōpeho sa hae se tsoileng tseleng e bile lona lebaka la ho tlōla molao.” (Bona lebokose “Lipolao Lelokong la Borena.”) Rahistori H. Fisher oa hana bukeng ea hae ea History of Europe, o re, Constantine o ne a se na “sebōpeho sa Bokreste.” Linnete ha li mo khetholle e le Mokreste oa ’nete ea neng a apere “botho bo bocha” le eo ho eena ho neng ho ka fumanoa litholoana tsa moea o halalelang oa Molimo—lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitšoaro.—Bakolose 3:9, 10; Bagalata 5:22, 23.
Liphello Tsa Boiteko ba Hae
E le Pontifex Maximus oa mohetene—ka lebaka leo e le hlooho ea bolumeli ea ’Muso oa Roma—Constantine o ile a leka ho hapa babishopo ba kereke ea bokoenehi. O ile a ba tšepisa maemo a puso, bophahamo le leruo e le balaoli ba bolumeli ba Naha ba Roma. Catholic Encyclopedia ea lumela: “Babishopo ba bang, ba foufalitsoe ke botle ba lekhotla, ba bile ba ea bohōleng ba ho tlotlisa moemphera joaloka lengeloi la Molimo, e le motho ea halalelang, le ho profeta hore o ne a tla busa leholimong, joaloka Mora oa Molimo.”
Ha Bokreste ba bokoenehi e ntse e e-ba motsoalle oa ’muso oa lipolotiki, bo ile ba fetoha karolo ea lefatše lena le ea tsamaiso ea lona haholoanyane ’me ba fapoha lithutong tsa Jesu Kreste. (Johanne 15:19; 17:14, 16; Tšenolo 17:1, 2) Ka lebaka leo, ho bile le motsoako oa “Bokreste” le lithuto tsa bohata le mekhoa—Boraro-bo-bong, ho se shoe ha moea, mollo oa lihele, pelekatori, ho rapella bafu, ho sebelisa lirosari, litšoantšo tse rapeloang, le tse ling tse tšoanang le tseo.—Bapisa le 2 Bakorinthe 6:14-18.
Ho Constantine, kereke e ile ea boela ea e-ja lefa la litšekamelo tsa ho hatella. Litsebi Henderson le Buck li re: “Ho utloisiseha habonolo ha Kosepele ho ile ha senngoa, mekete ea semetletsa le litšebeletso li ile tsa kenyelletsoa, litlotla tsa lefatše le meputso li ile tsa fuoa mesuoe ea Bokreste, ’me hangata ’Muso oa Kreste o ne o fetoloa ’muso oa lefatše lena.”
Bokreste ba ’Nete bo Hokae?
Linnete tsa histori li senola ’nete e tšehetsang “boholo” ba Constantine. Ho e-na le ho thehoa ke Jesu Kreste, Hlooho ea phutheho ea ’nete ea Bokreste, Bokreste-’mōtoana ho isa tekanyong e itseng bo bile teng ka lebaka la boikhabi lipolotiking le ka lebaka la merero e bolotsana ea moemphera oa mohetene. Ke ho loketseng haholo hore ebe rahistori Paul Johnson oa botsa: “Na ’muso o ile oa inehela Bokresteng, kapa na Bokreste bo ile ba ithekisa ’musong?”
Kajeno bohle bao ka sebele ba batlang ho khomarela Bokreste ba ’nete ba ka thusoa ho hlokomela phutheho ea Bokreste ba ’nete le ho kopanela le eona. Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle li rata haholo ho thusa batho ba lipelo li tšepahalang ho khetholla Bokreste ba ’nete le ho rapela Molimo ka tsela e amohelehang ho eena.—Johanne 4:23, 24.
CONSTANTINE LE SEBOKA SA NICAEA Moemphera Constantine ea sa kolobetsoang o ile a phetha karolo efe Sebokeng sa Nicaea? Encyclopædia Britannica e re: “Constantine ka boeena o ne a se okametse, ka mafolofolo a tsamaisa lipuisano . . . Ka lebaka la ho tšaba moemphera, babishopo, ntle ho ba babeli feela, ba ile ba tekenela molao-motheo ona oa bolumeli, ba bangata ba etsa sena khahlanong le takatso ea bona.” Ka mor’a likhoeli tse peli tsa phehisano e matla ea bolumeli, ralipolotiki enoa oa mohetene o ile a kenella ’me a etsa qeto e lumellanang le ba neng ba re Jesu ke Molimo. Hobane’ng? A Short History of Christian Doctrine e re: “Ha e le hantle Constantine ho hang o ne a sa utloisise lipotso tse neng li botsoa thutong ea bolumeli ea Bagerike.” Seo a neng a se utloisisa e ne e le hore ho arohana ha bolumeli ke tšokelo ’musong oa hae, ’me o ne a ikemiselitse ho kopanya ’muso oa hae. Mabapi le tokomane ea ho qetela e ileng ea etsoa Nicaea tlas’a taolo ea Constantine, Istoria tou Ellinikou Ethnous (Histori ea Sechaba sa Bagerike) ea hlokomela: “E bontša ho iphapanyetsa [ha Constantine] litaba tsa thuto ea bolumeli, . . . ho tsitlella ha hae ka manganga ha a leka ho tsosolosa bonngoe ka har’a kereke ka litsela tsohle, ’me e qetella ka ho kholiseha ha hae hore joaloka ‘mobishopo oa ba ka ntle ho kereke’ o ne a ka etsa qeto ea ho qetela tabeng efe kapa efe ea bolumeli.” Na ho ka etsahala hore ebe liqeto tse entsoeng sebokeng seo li ne li tšehetsoa ke moea oa Molimo?—Bapisa le Liketso 15:28, 29.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bodonatisma e ne e le sehlopha sa bokhelohi sa “Bokreste” sa lekholong la bone le la bohlano la lilemo C.E. Ba bo khomaretseng ba ne ba bolela hore ho sebetsa ha lisakramente ho itšetlehile ka boitšoaro ba moruti le hore kereke e lokela ho behella batho ba molato oa sebe se tebileng ka thōko ho litho tsa eona. Boariuse e ne e le mokhatlo oa “Bokreste” oa lekholong la bone la lilemo o ileng oa hana hore Jesu Kreste ke Molimo. Arius o ne a ruta hore Molimo ha aa tsoaloa ’me ha a na qalo. Mora, kahobane o tsoetsoe, e ke ke ea e-ba Molimo ka kutloisiso e tšoanang le ea Ntate. Mora ha aa ba teng ho tloha nakong e sa feleng empa o ile a bōptjoa ’me o teng ka thato ea Ntate.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Lipolao Lelokong la Borena
Tlas’a sehlooho sena, buka ea Istoria tou Ellinikou Ethnous (Histori ea Sechaba sa Bagerike) e hlalosa seo e se bitsang “litlōlo tsa molao tse nyonyehang tsa lelapa tseo Constantine a li entseng.” Kapele ka mor’a ho theha leloko la hae la borena, o ile a lebala kamoo a ka thabelang katleho ena e sa lebelloang ’me a lemoha likotsi tse mo potolohileng. Kaha e ne e le motho ea belaellang ba bang ’me mohlomong a susumetsoa ke batho ba phoqang ka morero oa ho fumana molemo o itseng, pele o ile a belaella mochana oa hae Licinianus—mora oa Moemphera-’moho le eena eo a neng a se a mo bolaile—e le eo ho ka etsahalang hore ebe o ne a hlōlisana le eena. Ka mor’a hore a bolaoe, ho ile ha bolaoa mora oa letsibolo oa Constantine, e leng Crispus, ea ileng a nkeloa bohato ke mosali e mong oa ntate oa hae Fausta hobane ho ne ho bonahala eka ke tšitiso boreneng bo feletseng ba bana ba hae. Ketso ena ea Fausta e ile ea qetella e le lebaka la lefu la hae ka boeena le tšosang. Ho bonahala hore Moemphera oa mosali Helena, ea bileng le tšusumetso ho mora oa hae Constantine ho fihlela qetellong, o ne a ameha polaong ena. Maikutlo a sa utloahaleng ao hangata a neng a laola Constantine a ile a boela a tlatselletsa moroallong oa lipolao tsa metsoalle ea hae e mengata le balekane. Buka ea History of the Middle Ages ea phetha: “Polao—ho se ho sa thoe letho ka polao e sehlōhō—ea mora oa hae le ea mosali oa hae e bontša hore o ne a sa angoa ke tšusumetso efe kapa efe ea moea Bokresteng.”
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Musée du Louvre, Paris
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 30]
Mohaho ona o Roma o ’nile oa sebelisoa bakeng sa ho tlotlisa Constantine