Bophelo ba ka ke le Molepera—E Bile bo Thabisang le bo Hlohonolofalitsoeng Moeeng
JOALOKAHA HO BOLETSE ISAIAH ADAGBONA
Ke hōletse Akure, Nigeria. Lelapa leso le ne le lema lipatata, libanana, cassava le cocoa. Ntate o ne a sa batle hore ke kene sekolo. O ile a re ho ’na: “U sehoai. Ha ho hlokahale hore u bale e le hore u ka lema lipatata.”
LEHA ho le joalo, ke ne ke batla ho ithuta ho bala. Mantsiboea, ke ne ke ema fensetereng ea lelapa le leng moo bana ba teng ba neng ba rutoa ke tichere eo ba e hiretsoeng, ’me ke mamela. E ne e le ka 1940 ha ke ne ke le lilemo li 12. Ha ntate oa bana bao a ne a mpona, o ne a ntlatsetsa lerata ’me a nteleka. Empa ke ile ka ’na ka khutlela teng. Ka linako tse ling tichere e ne e sa tle, ’me ke ne ke nyonyoba ebe ke sheba libuka le bana bao. Ka linako tse ling ba ne ba lumela ha ke alima libuka tsa bona. Ke kamoo ke ileng ka ithuta ho bala kateng.
Ke Ikopanya le Batho ba Molimo
Ka mor’a nako e itseng, ke ile ka fumana Bibele ’me ke ne ke e bala kamehla pele ke robala. Mantsiboea a mang, ke ile ka bala khaolo ea 10 ea Matheu, e bontšang hore barutuoa ba Jesu ba ne ba tla hlouoa le ho hlorisoa ke batho.
Ke ile ka hopola hore Lipaki tsa Jehova li ne li ile tsa tla lapeng heso ’me tsa tšoaroa hampe. Ke ile ka hlokomela hore e ka ’na eaba ke bona batho bao Jesu a neng a bua ka bona. Lekhetlo le hlahlamang ha Lipaki li tlile, ke ile ka nka makasine ho tsona. Ha ke qala ho kopanela le tsona, ke ile ka fetoha litšeho. Leha ho le joalo, ha batho ba leka ho ’nyahamisa ka ho eketsehileng, ke ile ka kholiseha le ho feta ’me ka thabela hore ebe ke fumane bolumeli ba ’nete.
Se hlileng sa nkhahla ka Lipaki e bile hore tsona, ho fapana le lihlopha tse ling tsa bolumeli tsa sebakeng sa heso, li ne li sa tsoakanye borapeli ba tsona le litloaelo le lineano tsa bolumeli ba bohetene ba sebakeng seo. Ka mohlala, le hoja lelapa leso le ne le kena kereke ea Chache, Ntate o ne a bolokile lebokose le tšetseng setšoantšo se rapeloang sa molimo oa Mayoruba, Ogun.
Ka mor’a hore Ntate a hlokahale, ke ne ke tlameha ho ja lebokose lena lefa. Ke ne ke sa le batle, kaha ke ne ke tseba hore Bibele e nyatsa borapeli ba litšoantšo. Ka thuso ea Jehova, ke ile ka hōla moeeng ’me ka kolobetsoa ka December, 1954.
Ke Hlaseloa ke Lepera
Mathoasong a selemo seo, ke ile ka hlokomela hore maoto a ka aa ruruha ’me a ba shoohlo. Ha ke hata mashala a chesang, ke ne ke sa utloe bohloko. Ka mor’a nako e itseng, ke ile ka tsoa liso tse khubelu phatleng le molomong. ’Na le ba lapeng re ne re sa tsebe hore na molato ke eng; re ne re nahana hore ke lekhoekhoe. Ke ile ka ea ho batho ba 12 ba phekolang ka litlama hore ba mphekole. Qetellong, e mong oa bona o ile a mpolella hore ke lepera.
Ke ile ka haroha letsoalo hakaakang! Ke ne ke utloile bohloko ’me ha kea ka ka robala hantle. Ke ne ke phofa. Empa tsebo ea ka ea ’nete ea Bibele le ho itšetleha ka Jehova li ile tsa nthusa hore ke lebelle bokamoso ka tšepo.
Batho ba ile ba bolella ’Mè hore ha nka ea ho senohe ka ea nyehela mahlabelo, ke ne ke tla ntlafala. Ke ile ka hana ho ea, kaha ke ne ke tseba hore ketso e joalo e ne e ke ke ea thabisa Jehova. Ha metsoalle ea ’Mè e hlokomela hore ke ne ke tiile tabeng ena, e ile ea etsa tlhahiso ea hore a nke kola nut ’me a nthetse phatleng ka eona. Joale o ne a ka hlahisa kola nut eo ho senohe hore se sebelise eona mahlabelong ao ke a etsetsoang. Ke ne ke sa batle ho kenella ho hang ’me ke ile ka mo bolella. Qetellong, o ile a tela boitekong ba hae ba ho etsa hore ke kopanele borapeling ba bohetene.
Nakong eo ke eang sepetlele ka eona, lepera le ne le se le namme. ’Mele oohle oa ka o ne o tletse liso. Ke ile ka fuoa lithethefatsi sepetlele, ’me butle-butle, letlalo la ka le ile la boela la ntlafala.
Ba ne ba Nahana Hore ke Shoele
Empa mathata a ka ha aa ka a fella moo. Leoto la ka le letona le ile la petla hampe hoo ka 1962, le ileng la tlameha ho pongoa. Ka mor’a ho sebetsoa, ke ile ka thulana le mathata a bokuli. Lingaka li ne li sa lebella hore ke tla phela. Moprista e mong oa moromuoa oa lekhooa o ile a tla ho tla fana ka tšebeletso ea ho qetela. Ke ne ke fokola hoo ke sitoang ho bua, empa mooki e mong o ile a mo bolella hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova.
Moprista eo o ile a re ho ’na: “Ha u batle ho fetoha u be Mok’hatholike u tle u ee leholimong?” Seo se ile sa etsa hore ke tšehele ka pelong. Ke ile ka rapela Jehova hore a mphe matla a ho araba. Ka boiteko bo matla ke ile ka khona ho re, “Che!” Moprista eo o ile a reteleha ’me a tsamaea.
Boemo ba ka bo ile ba mpefala ho fihlela moo basebetsi ba sepetlele ba ileng ba nahana hore ke shoele. Ba ile ba koahela sefahleho sa ka ka lakane. Leha ho le joalo, ha baa ka ba nkisa ’moshareng hobane ngaka kapa mooki e ne e lokela ho tla netefatsa hore ke fela ke shoele pele. Ho ne ho se ngaka le e ’ngoe e sebetsang, ’me baoki kaofela ba ne ba ile phathing. Kahoo, ba ile ba ntšiea hona ka moo ka kamoreng ea bakuli bosiung boo. Ha ngaka e tlil’o hlahloba bakuli hoseng ha letsatsi le latelang, ha ho le ea mong ea ileng a tla betheng ea ka kaha ke ne ke ntse ke koahetsoe ’me ho nahanoa hore ke shoele. Qetellong, motho e mong o ile a hlokomela hore “setopo” se koahetsoeng ka lakane se ne se sisinyeha!
Ha e le hantle, ke ile ka hlaphoheloa ’me ka December 1963, ba ile ba nkisa Lehaeng la Sepetlele sa Lepera sa Abeokuta, Nigeria boroa-bophirimela. Haesale ke lula moo ho fihlela joale.
Khanyetso Boboleling ba Ka
Ho ne ho e-na le balepera ba 400 lehaeng lena ha ke ne ke fihla, ’me e ne e le ’na feela Paki. Ke ile ka ngolla Mokhatlo, ’me o ile oa arabela ka potlako ka ho laela Phutheho ea Akomoje hore e ikopanye le ’na. Kahoo, ha ho mohla nkileng ka hlōleha ho kopana le barab’eso.
Hang ha ke fihla lehaeng lena, ke ile ka qala ho bolela. Moruti oa moo ha aa ka a thabela hoo, ’me o ile a ntlaleha ho ofisiri ea tsa tlhokomelo e neng e ikarabella mona kampong. Ofisiri ea tsa tlhokomelo e ne e le monna ea neng a se a hōlile ea tsoang Jeremane. O ile a mpolella hore ha ke na tokelo ea ho ruta Bibele hobane ke ne ke sa ea sekolong kapa hona ho ba le lengolo la ho etsa joalo; kaha ke ne ke sa tšoanelehe, ke ne ke tla ruta batho ka tsela e fosahetseng. Haeba ke ne ke tsitlella, ke ne ke tla lelekoa lehaeng lena ’me ke se hlole ke phekoloa. Ha aa ka a mpha sebaka sa ho araba.
Ka mor’a moo, o ile a fana ka taelo ea hore ho se ke ha e-ba le motho ea ithutang Bibele le ’na. Ka lebaka leo, ba neng ba bontšitse thahasello ba ile ba khaotsa ho tla ho ’na.
Ke ile ka bua le Jehova ka taba ena thapelong, ka mo kōpa hore a mphe bohlale le tataiso. Sontaha se hlahlamang, ke ile ka ea kerekeng ea Baptiste e mona lehaeng, le hoja ke sa ka ka kopanela tšebeletsong ea bolumeli. Nakong ea tšebeletso, ho ne ho e-na le nako e fanoang hore ba leng teng ba ka botsa lipotso. Ke ile ka phahamisa letsoho ’me ka botsa: “Haeba batho bohle ba lokileng ba ea leholimong, ’me ba babe kaofela ba ea sebakeng se seng sesele, ke hobane’ng ha Esaia 45:18 e re Molimo o bōpetse lefatše hore le ahuoe?”
Phutheho e ile ea luma-luma. Qetellong, moruti oa moromuoa o ile a re re ke ke ra tsebisisa litsela tsa Molimo. Ha a bolela joalo, ke ile ka arabela potso eo ea ka ka ho bala mangolo a bontšang hore ba 144 000 ba tla ea leholimong, ba khopo ba timetsoe, ’me batho ba lokileng ba tla phela lefatšeng ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 37:10, 11; Tšenolo 14:1, 4.
Batho kaofela ba ile ba opa liatla ho bontša kananelo bakeng sa karabo ea ka. Joale moruti o ile a re: “Mo opeleng liatla hape hobane kannete monna enoa o tseba Bibele.” Ka mor’a tšebeletso, ba bang ba ile ba tla ho ’na ’me ba re: “U na le tsebo e fetang ea moruti!”
Khatello ea Hore ke Lelekoe e Tsoela Pele
Seo se ile sa bobisa tlhoriso, ’me batho ba ile ba boela ba tla ho ’na bakeng sa ho ithuta Bibele. Leha ho le joalo, ho ne ho ntse ho e-na le bahanyetsi ba neng ba susumelletsa ofisiri ea tsa tlhokomelo hore e nteleke. Hoo e ka bang khoeli ka mor’a tšebeletso ela ea kereke, e ile ea mpitsa ’me ea re: “Ke hobane’ng ha u ntse u tsoela pele ho bolela? Naheng ea heso, batho ha ba rate Lipaki tsa Jehova, ’me le mona ho joalo. Ke hobane’ng ha u mpakela khathatso? Na ha u tsebe hore nka u leleka?”
Ke ile ka araba: “Papa, ke u hlompha ka mabaka a mararo. La pele, hobane u moholo ho ’na, ’me Bibele e re re lokela ho hlompha moriri o moputsoa. Lebaka la bobeli leo ke u hlomphang ka lona ke hobane u tlohile naheng ea heno hore u tl’o re thusa koano. Lebaka la boraro ke hobane u mosa, u fana ka bolokolohi ’me u thusa ba tsielehileng. Empa u nahana hore u na le tokelo efe ea ho nteleka? Mopresidente oa naha ena ha a leleke Lipaki tsa Jehova. Morena oa tsoalo oa sechaba sa mona ha a re leleke. Le haeba u nteleka kampong ena, Jehova o ntse a tla ntlhokomela.”
Ho ne ho se mohla nkileng ka bua le eena ka ho toba joalo, ’me ke ile ka bona hore sena se mo amme. O ile a tsamaea a sa re letho. Hamorao, ha e mong a ne a tletleba ka ’na, o ne a arabela a ferekane: “Ha ke sa tla hlola ke ikenya tabeng ena. Haeba u na le bothata ka ho bolela ha hae, bua le eena!”
Tlelase ea ho Ithuta ho Bala le ho Ngola
Ba kenang kereke ea Baptiste e mona kampong ba ile ba tsoela pele ho hanyetsa boboleli ba ka. Joale ke ile ka fumana leqheka. Ke ile ka ea ho ofisiri ea tsa tlhokomelo ’me ka kōpa hore na nka qalisa tlelase ea ho ithuta ho bala le ho ngola. Ha a mpotsa hore na ke batla ho lefuoa bokae, ke ile ka re ke tla ruta mahala.
Ba ile ba fana ka phaposi ea ho ithutela, letlapa le choko ’me ka qala ho ruta ba bang bao ke lulang le bona ho bala. Re ne re e-ea tlelaseng letsatsi le leng le le leng. Ke ne ke ba ruta ho bala ka metsotso e qalang e 30, ebe ka mor’a moo, ke ba phetela le ho ba hlalosetsa pale e tsoang ka Bibeleng. Ka mor’a moo, re ne re bala tlaleho e itseng ea Bibele.
Seithuti se seng e ne e le mosali ea bitsoang Nimota. O ne a e-na le thahasello e matla litabeng tsa moea ’me o ne a botsa lipotso tsa bolumeli kerekeng le mohahong oa borapeli ba Mamosleme. Lipotso tsa hae li ne li sa arabeloe moo, kahoo, o ne a tla ho ’na ho tla mpotsa. Qetellong, o ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova ’me a kolobetsoa. Ka 1966, re ile ra nyalana.
Ba bangata phuthehong ea rōna kajeno ke ba ithutileng ho bala le ho ngola tlelaseng eo. Ke ne ke se na bohlale ba ho nahana ho etsa tlelase eo. Ka sebele, ho ne ho totobetse hore ke tlhohonolofatso ea Jehova. Ka mor’a moo, ha ho ea ileng a leka ho nthibela ho bolela.
Holo ea ’Muso Kampong
Nakong eo ke nyalanang le Nimota, re ne re kopana re le bane kamehla bakeng sa ho ithuta Molula-Qhooa hammoho. Re ile ra kopanela ka kamoreng eo ho neng ho hlatsoetsoa maqeba a lepera ho eona ka nako e ka etsang selemo. Joale ofisiri ea tsa tlhokomelo eo e neng e se e le motsoalle oa ka ka nako eo, e ile ea re ho ’na: “Hase hantle hore ebe le rapella Molimo oa lōna ka kamoreng ea ho phekola.”
O ile a re re ka ’na ra kopanela mohahong o neng o se na letho, moo ho neng ho betleloa mapolanka teng. Ka mor’a nako e itseng, mohaho oo o ile oa fetoloa Holo ea ’Muso. Ka thuso ea barab’abo rōna ba toropong, re ile ra e phetha ka 1992. Joalokaha u bona setšoantšong se leqepheng la 24, holo ea rōna e hahiloe hantle—e litsoe le ho pentoa, fatše ho tšetsoe konkreiti ’me e ruletsoe hantle.
Ho Bolela ho Balepera
Tšimo ea ka e bile lehae lena la balepera ka lilemo tse 33. Ho bolela ho balepera ho joang? Mona Afrika, batho ba bangata ba lumela hore lintho tsohle li tsoa ho Molimo. Ka hona, ha ba hlokofatsoa ke lepera, ba lumela hore ka tsela e itseng, Molimo oa ikarabella. Ba bang ba nyahame haholo ke boemo ba bona. Ba bang ba halefile ’me ba re: “U se ke be ua re bolella ka Molimo ea lerato le ea mosa. Haeba seo ke ’nete, boloetse bona bo ne bo tla fela!” Ebe re bala le ho buella Jakobo 1:13, e reng: ‘Molimo ha a leke leha e le mang ka lintho tse mpe.’ Ka mor’a moo, re hlalosa hore na ke hobane’ng ha Jehova a lumella batho hore ba hlokofatsoe ke mafu, ’me re bontša tšepiso ea hae ea lefatše la paradeise moo ho seng ea tla kula.—Esaia 33:24.
Ba bangata ba amohetse litaba tse molemo. Haesale ke fihla kampong ena, Jehova o ntšebelisitse hore ke thuse batho ba ka holimo ho 30 hore ba inehele le ho kolobetsoa, ’me kaofela ke balepera. Ba bangata ba ile ba khutlela mahaeng a bona ka mor’a hore ba fole, ’me ba ’maloa ba hlokahetse. Hona joale re na le bahoeletsi a ’Muso ba 18, ’me batho ba ka bang 25 ba ba teng kamehla libokeng. Re baholo ba babeli, ’me re na le mohlanka a le mong ea sebeletsang le pula-maliboho oa kamehla a le mong. Hona joale ke thabile hakaakang ho bona ba bangata hakana ba sebeletsa Jehova ka botšepehi kampong ee! Ha ke fihla mona, ke ne ke tšohile hore ke tla ba mong, empa Jehova o ntlhohonolofalitse ka tsela e hlollang.
Thabo ea ho Sebeletsa Barab’eso
Ke ’nile ka sebelisa lithethefatsi tse phekolang lepera ho tloha ka 1960 ho fihlela lilemong tse hlano tse fetileng. Hona joale ke folile ka ho feletseng, joaloka ba bang ka phuthehong. Ke setse ka matšoao a bontšang hore ke ne ke tšoeroe ke lepera—ha ke na ’momo ’me ha ke khone ho otlolla matsoho a ka—empa lefu lona le felile.
Kaha ke folile, ba bang ba ’nile ba mpotsa hore na ke hobane’ng ha ke sa tlohe kampong ’me ke khutlele hae. Ho na le mabaka a ’maloa a etsang hore ke lule mona, empa le ka sehloohong ke hore ke batla ho tsoela pele ho thusa barab’eso mona. Thabo ea ho hlokomela linku tsa Jehova e feta ntho leha e le efe eo lelapa leso le ka ’nang la mpha eona ha ke khutlela ho lona.
Ke thabela hore ebe ke tsebile Jehova pele ke tseba hore ke na le lepera. Ho seng joalo, mohlomong nka be ke ipolaile. Ho ’nile ha e-ba le mathata a mangata ho pholletsa le lilemo, empa ha kea ka ka thusoa ke moriana—ke thusitsoe ke Jehova. Ha ke hopola tse fetileng, kea thaba; ’me ha ke nahana ka bokamoso tlas’a ’Muso oa Molimo, ke thaba le ho feta.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Tokomane e Fanang ka Boitsebiso ba Bohlokoahali bo Mabapi le Lepera
Ke Eng?
Lepera la mehleng ena ke lefu le bakoang ke mofuta oa baktheria e bitsoang bacillus e ileng ea hlokomeloa ka 1873 ke Armauer Hansen. Ha lingaka tse ling li ananela seo a se sibolotseng, li ile tsa boela tsa reha lepera Hansen’s disease. Bacillus e senya methapo, masapo, mahlo le litho tse ling tse itseng. Hangata matsoho le maoto a ba shoohlo. Ha le sa phekoloe, lefu lena le ka senya sefahleho haholo le litho tse ling tsa ’mele. Hase hangata le bolaeang.
Na le na le Pheko?
Batho ba nang le mofuta o sa tebang haholo oa lepera ba fola ntle le ho phekoloa. Le tebileng haholoanyane le ka phekoloa ka lithethefatsi. Sethethefatsi sa pele se neng se loantša lepera, se ileng sa qala ho sebelisoa lilemong tsa bo-1950, se ne se sebetsa butle ’me se ile sa felloa ke matla ka ho eketsehileng hobane bacillus e bakang lepera e ne e khona ho se loantša. Ho ile ha qaptjoa lithethefatsi tse ncha, ’me ho tloha mathoasong a bo-1980, Multi-Drug Therapy (MDT) ke eona e ileng ea sebelisoa lefatšeng ka bophara bakeng sa phekolo. Phekolo ena e kopantse lithethefatsi tse tharo—Dapsone, Rifampicin, le Clofazimine. Le hoja MDT e bolaea bacillus, ha e lokise tšenyo e seng e entsoe. MDT e sebetsa hantle haholo ho phekoleng lefu lena. Ka lebaka lena, palo ea batho ba tšoeroeng ke lepera e theohile ka potlako ho tloha ho limilione tse 12 ka 1985, ho fihlela ho hoo e ka bang limilione tse 1,3 bohareng ba 1996.
Le Tšoaetsanoa Hakae?
Lepera ha le tšoaetsanoe haholo; batho ba bangata ba na le tšebetso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e matla ho lekana hore e le loantše. Hangata batho ba tšoaetsoang ke ba ’nileng ba ba haufi-ufi le ba nang le lona ka nako e telele. Lingaka ha li tsebe hantle hore na bacillus e kena joang ’meleng oa motho, empa li lekanya hore e kena ka letlalo kapa ka nko.
Se Lebeletsoeng ka Moso
Ho behiloe pakane ea hore ka selemo sa 2000, “[lepera] le tl’o felisoa hore e se hlole e e-ba bothata ba bophelo sechabeng.” Sena se bolela hore palo ea balepera sechabeng leha e le sefe e ke ke ea feta a le mong ho batho ba 10 000. Tlas’a ’Muso oa Molimo, le tla felisoa ka ho feletseng.—Esaia 33:24. Sources: World Health Organization; International Federation of Anti-Leprosy Associations; and Manson’s Tropical Diseases, 1996 Edition.
[Lebokose le leqepheng la 27]
Na Lepera la Kajeno le Tšoana le la Mehleng ea Bibele?
Libuka tsa bongaka kajeno li hlalosa lepera ka mantsoe a nepahetseng; lentsoe la saense la kokoana-hloko e amehang ke Mycobacterium leprae. Ho hlakile hore Bibele hase buka ea ho ithuta bongaka. Mantsoe a Seheberu le a Segerike a fetoletsoeng e le “lepera” liphetolelong tse ngata tsa Bibele a na le moelelo o batsi haholoanyane. Ka mohlala, lepera la Bibeleng le ne le hlahisa matšoao a bonahalang, eseng feela bathong empa hape le liaparong le matlong, e leng ntho eo bacillus e sa e etseng.—Levitike 13:2, 47; 14:34.
Ho feta moo, matšoao a bontšang hore motho o na le lepera kajeno ha a tšoane hantle le tlhaloso ea lepera la mehleng ea Bibele. Ba bang ba bolela hore e ka ’na eaba ke kahobane ha nako e ntse e feta, mafu a nka libōpeho tse ncha. Ba bang ba lumela hore lepera leo ho buuoang ka lona ka Bibeleng le hlalosa mafu a mangata, ao e ka ’nang eaba a ne a akarelletsa lefu le bakoang ke M. leprae, kapa a sa le akarelletse.
Theological Dictionary of the New Testament e bolela hore lentsoe la Segerike le la Seheberu leo hangata le fetoleloang e le lepera, le “bolela lefu le tšoanang, kapa mafu a ’maloa . . . Ho ka ’na ha e-ba le pelaelo ea hore na lefu lena ke lona leo kajeno re le bitsang lepera. Empa tlhaloso e nepahetseng ea bongaka ea lefu lena ha e ame pono ea rōna ka litlaleho tsa ho phekola [balepera ha Jesu le barutuoa ba hae].”
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Phutheho ka ntle ho Holo ea ’Muso kampong ea balepera
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Isaiah Adagbona le mosali oa hae, Nimota