Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 4/1 maq. 28-31
  • Na U Hlompha Seriti sa Bona?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Hlompha Seriti sa Bona?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohlala oa Seriti
  • Seriti Likamanong Tsa Lelapa
  • Ka Phuthehong ea Bokreste
  • Ho Boloka Seriti sa Botho
  • Tlotla Jehova ka ho Bontša ho Hlompheha
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na U Siela ba Bang Seriti ha U Fana ka Keletso?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho ba le Seriti—Tokelo e Hatakeloang Hangata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ho ka Khoneha Hore Batho Bohle ba be le Seriti
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 4/1 maq. 28-31

Na U Hlompha Seriti sa Bona?

MATSOALLOA a Afrika a ile a romeloa Linaheng tsa Amerika ka sekepe joaloka thepa, a bokeletsoe joaloka liphoofolo ’me a laetsoe litšileng tse tšabehang le monkong o mobe. Bonyane ho ne ho lebeletsoe hore a ka bang halofo a shoe pele a fihla moo a eang teng. Litho tsa malapa li ne li arohantsoe ka sehlōhō, ho se mohla li tla bonana hape. Khoebo ea makhoba e ne e le e ’ngoe ea liketsahalo tse mpe ka ho fetisisa tsa tšoaro e sehlōhō eo batho ba tšoarang ba bang ka eona. Liketsahalo tse ling tse joalo li ile tsa etsahala ha batho ba likhoka ka sehlōhō ba hapa matsoalloa a linaha tse itseng a sitoang ho itoanela ’me ba a hatella.

Ho tlosa motho seriti e ka ba ntho e sehlōhō ho feta ho mo otla. Ho sithabetsa motho. Le hoja bokhoba bo felisitsoe linaheng tse ngata, ho tlosa batho seriti ho ntse ho tsoela pele, mohlomong ka litsela tse poteletseng haholoanyane.

Ka lehlakoreng le leng, Bakreste ba ’nete ba loanela ho ela hloko keletso ea Jesu Kreste ea ho ‘rata moahelani oa bona joalokaha ba ithata.’ Kahoo, baa ipotsa, ‘Na ke hlompha seriti sa batho ba bang?’—Luka 10:27.

Mohlala oa Seriti

Seriti, ho latela buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe, ke tšoaneleho kapa boikutlo ba ho ba oa bohlokoa, ho tlotleha kapa ho hlomphuoa. Ke tlhaloso e loketseng hakaakang ea boemo ba ’Musi oa Bokahohle, Jehova Molimo! Ha e le hantle, hangata Mangolo a amahanya Jehova le bobusi ba hae le seriti. Moshe, Esaia, Ezekiele, Daniele le moapostola Johanne le ba bang ba bile le tokelo ea ho fuoa lipono tse bululetsoeng tsa Ea Phahameng ka ho Fetisisa le sebaka sa hae sa bolulo leholimong, ’me litlhaloso tsa bona lia lumellana ha li bontša bophahamo bo fetang bo tloaelehileng le seriti. (Exoda 24:9-11; Esaia 6:1; Ezekiele 1:26-28; Daniele 7:9; Tšenolo 4:1-3) Thapelong ea thoriso, Morena Davida o itse: “Oho, Jehova, boholo, le matla, le letlōtlo, le hlōlo, le [seriti, NW] ke tsa hao! Hobane tsohle tse maholimong le lefatšeng ke tsa hao.” (1 Likronike 29:11) Ka sebele, ha ho motho ea tšoaneloang ke tlotlo le tlhompho ho feta Jehova Molimo ka boeena.

Ha a bōpa motho ka setšoantšo sa hae le ka ho tšoana le eena, ka tekanyo e itseng Jehova o ile a etsa hore batho e be ba bohlokoa, ba itlhomphe, ’me ba be le seriti. (Genese 1:26) Ka lebaka leo, litšebelisanong tsa rōna le ba bang, ho hlokahala hore re fe motho ka mong tlotlo le tlhompho tse mo tšoanelang. Ha re etsa joalo, ha e le hantle re hlokomela Mohloli oa seriti sa batho, Jehova Molimo.—Pesaleme ea 8:4-9.

Seriti Likamanong Tsa Lelapa

Tlas’a pululelo, moapostola Petrose, eo e neng e le monna ea nyetseng, o ile a eletsa banna ba Bakreste ho abela basali ba bona “tlhompho joaloka sejana se fokolang haholoanyane.” (1 Petrose 3:7; Matheu 8:14) Moapostola Pauluse o ile a eletsa: “Ka lehlakoreng le leng, mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.” (Baefese 5:33) Ka lebaka leo, lenyalong, ho tlotla le ho hlompha seriti sa molekane ke seo Bibele e se hlokang. See se ka etsoa ka litsela life?

Joalokaha metsi a matlafatsa semela se hōlang, puo e mosa le lipontšo tsa mosa pakeng tsa monna le mosali, phatlalatsa le lekunutung, li ka hōlisa kamano ea bona e atamelaneng. Ka lehlakoreng le leng, ho rohakana ka ho se utloele bohloko kapa ho nyelisa ka lipuo tse tala le ho phoqa joalokaha li atisa ho utluoa litšoantšisong tsa TV, lia senya. Li ka tsosa maikutlo a kotsi a ho eiseha, ho tepella maikutlo le khalefo; li ka ba tsa baka maqeba a maikutlo a sa foleng habonolo.

Ho hlompha seriti sa ba bang ho boetse ho bolela ho ba amohela joalokaha ba le joalo, re sa leke ho etsa hore ba be kamoo re seng re nahanne hore ba be kateng kapa ho ba bapisa le ba bang ka tsela e leeme. Sena ke sa bohlokoa ka ho khethehileng pakeng tsa banna le basali. Moo batho ba buang le ho itlhalosa ka bolokolohi ba bile ba phutholohile ’me ho se ea tšabang ho tšoauoa phoso kapa ho khalemeloa ka bohale, botsoalle bo haufi-ufi bo tla hōla. Ha motho a phutholohile lenyalong, joale, ka sebele lehae e ba setšabelo lefatšeng le ka ntle le sa utloeleng bohloko, le sehlōhō.

Bana ba laeloa ke Mangolo ho hlompha le ho mamela batsoali ba bona. Ka lehlakoreng le leng, batsoali ba bohlale le ba lerato ke hantle ha ba hlokomela seriti sa bana ba bona. Pabatso bakeng sa boitšoaro bo botle, e tsamaeang le taeo e etsoang ka ho se fele pelo ha ho hlokahala, e sebetsa hamolemo ho matlafatseng “kelello e laoloang ke Jehova.” Ho tšoaea liphoso ho sa khaotseng, ho kharuma le puo e mpe e nang le mantsoe a nyelisang a kang “leoatla” kapa “sethoto” li tla ba halefisa feela.—Baefese 6:4.

Moholo e mong oa Mokreste ebile e le ntate, ea hōlisang bara ba bararo le barali ba bararo, o re: “Holong ea ’Muso, re ne re fana ka taeo e hlokahalang ka lenyele kamoo ho ka khonehang. Ho khoatha ho honyenyane, ho sheba ka tsela e tiileng e lemosang hangata ho ne ho lekane. Haeba taeo e tebileng haholoanyane e ne e hlokahala, re ne re fana ka eona lekunutung lapeng le moo bana ba bang ba leng sieo. Hona joale kaha bana bana ba se ba le baholo, taeo e akarelletsa ho fa e mong le e mong keletso e lerato, e bohlale e tsoang Lentsoeng la Molimo ho latela litlhoko tsa bona ka bomong. Re leka ho boloka lekunutu litabeng tsena tsa botho, kahoo re hlompha tokelo ea ngoana e mong le e mong ea ho ba le lekunutu le seriti.”

Se sa lokelang ho hlokomolohuoa ke hore ho hlokahala mekhoa e metle puong le liketsong ka har’a lelapa. Ho tloaelana ha hoa lokela ho etsa hore re hlokomolohe mantsoe a kang “kea kōpa,” “kea leboha,” “ntšoarele” le “ke soabile.” Mekhoa e metle ke ea bohlokoa bakeng sa hore motho a ipoloke a e-na le seriti le hore a hlomphe sa ba bang.

Ka Phuthehong ea Bokreste

Jesu o itse: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ka sebele ke tla le khatholla.” (Matheu 11:28) Batho ba hateletsoeng, ba tepeletseng maikutlo, esita le bana ba banyenyane, kaofela ho ne ho itlisa hore ba tle ho Jesu. Ba ne ba khesoa ke baruti le baeta-pele ba mehleng eo ba ikakasang le ba ikaketsang. Empa ho Jesu ba ile ba fumana motho e mong ea ileng a ba fa seriti se neng se ba tšoanela.

Joaloka Jesu, le rōna re batla ho ba mohloli oa khatholoho ho balumeli-’moho le rōna. Sena se bolela ho batla menyetla ea ho ba haha ka lipuo tsa rōna le liketso. Kamehla ho loketse hore ka tieo re lokolohe ho bua ka mosa le ka tsela e bontšang boikutlo bo nepahetseng moqoqong oa rōna. (Baroma 1:11, 12; 1 Bathesalonika 5:11) Re bontša hore re nahanela maikutlo a ba bang ka ho ba seli ka seo re se buang hammoho le kamoo re se buang kateng. (Bakolose 4:6) Moaparo o loketseng le boitšoaro bo loketseng libokeng tsa Bokreste le tsona li bontša tlhompho e tebileng bakeng sa seriti sa Molimo oa rōna, borapeli ba hae le barapeli-’moho le rōna.

Jesu o ne a hlompha seriti sa batho esita leha a ne a ba sebeletsa. Ha ho mohla a kileng a iphahamisa ka ho tlotlolla ba bang kapa ka ho ba nyelisa. Ha molepera e mong a e-tla ho eena a batla ho folisoa, Jesu ha aa ka a leleka monna enoa a re ke ea sa hloekang le ea sa tšoaneleheng, leha e le hona ho mo tlotlolla ka ho ikhulela tlhokomelo. Ho e-na le hoo, ha molepera a ne a kōpa Jesu ka tieo, “Morena, haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa,” O ile a fa molepera enoa seriti ka ho re, “Kea batla.” (Luka 5:12, 13) Ho babatseha hakaakang hore re se ke ra thusa ba hlokang feela empa hape re ba tiisetse hore hase moroalo empa baa hlokoa le ho ratoa! Ba lihlong, ba tepeletseng maikutlo le ba holofetseng hangata baa hlokomolohuoa, baa koekoetloa kapa baa nyelisoa lefatšeng. Empa ba lokela ho fumana botsoalle ba ’nete le kamohelo ha ba le har’a bara le barali babo bona ba Bakreste. Re lokela ho phetha karolo ea rōna ho tlatsetsa moeeng ona.

Jesu o ratile barutuoa ba hae joaloka “ba hae” ’me “a ba rata ho isa bofelong” ho sa tsotellehe mefokolo ea bona le mekhoa ea bona e sa tloaelehang. (Johanne 13:1) Ka hare ho bona o ile a bona lipelo tse hloekileng le boinehelo ba moea oohle ho Ntate oa hae. Ka ho tšoanang, re lokela hore ho se be le mohla re bang le maikutlo a mabe ka barapeli-’moho le rōna feela hobane e ka ’na eaba ha ba etse lintho ka tsela ea rōna kapa hobane mekhoa kapa botho ba bona bo ka ’na ba re halefisa. Ho hlompha seriti sa barab’abo rōna ho tla re susumelletsa ho ba rata le ho ba amohela kamoo ba leng kateng, re tšepa hore le bona ba rata Jehova ebile ba mo sebeletsa ka sepheo se setle.—1 Petrose 4:8-10.

Baholo ka ho khethehileng ba lokela ho ba seli hore ba se bakele ba behiloeng tlhokomelong ea bona matšoenyeho a sa hlokahaleng. (1 Petrose 5:2, 3) Ha ba kopana le setho sa phutheho se oetseng sebeng, ho ne ho tla ba molemo hore baholo ba nolofatse mantsoe a bona ka mosa le ho nahanela ’me ba qobe ho botsa lipotso tse soabisang ho sa hlokahale. (Bagalata 6:1) Esita leha ho loketse hore ba fane ka khalemelo e matla kapa taeo, ba ne ba tla tsoela pele ho hlompha seriti le boitlhompho tse tšoanelang mofosi.—1 Timothea 5:1, 2.

Ho Boloka Seriti sa Botho

Kaha re bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo le ka ho tšoana le eena, ho isa moo ho khonehang re lokela ho bontša litšoaneleho tsa Molimo tse hlollang—ho akarelletsa le seriti sa hae—bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi. (Genese 1:26) Ka ho tšoanang, se hlakileng taelong ea ho ‘rata moahelani oa hao joalokaha u ithata’ ke tlhokahalo ea tekanyo e leka-lekaneng ea seriti le boitlhompho. (Matheu 22:39) ’Nete ke hore haeba re batla hore ba bang ba re hlomphe le ho re fa seriti, re lokela ho bontša hore lia re tšoanela.

Ntlha ea bohlokoa bakeng sa ho itlhompha le ho ba le seriti ke ho lula re e-na le letsoalo le hloekileng. Letsoalo le silafetseng le boikutlo ba ho ba molato li etsa hore habonolo feela motho a ikutloe a eiseha, a tsielehile a bile a tepeletse maikutlo. Kahoo, haeba motho a entse sebe se tebileng, hang-hang o lokela ho nka bohato ba ho baka le ho batla thuso ea moea ho baholo e le hore a thabele “linako tse khathollang . . . ho tsoa ho Jehova ka boeena.” Se akarelletsoang khatholohong ena ke ho tsosolosa seriti le boitlhompho tsa hae.—Liketso 3:19.

Empa, ho molemo ho etsa boiteko bo sa khaotseng ba ho sireletsa matsoalo a rōna a koetlisitsoeng ka Bibele, re se ke ra lumella eng kapa eng ho a silafatsa kapa ho a fokolisa. Ho ba le boitšoaro likarolong tsohle tsa bophelo ba rōna ba letsatsi le letsatsi—ho jeng, ho noeng, khoebong, boikhathollong, litšebelisanong tsa rōna le ba bong bo sa tšoaneng le ba rōna—ho tla re thusa ho lula re e-na le matsoalo a hloekileng le ho re nolofalletsa ho bontša khanya ea Molimo le seriti sa hae bophelong ba rōna.—1 Bakorinthe 10:31.

Ho thoe’ng haeba boikutlo ba ho ba molato ka liphoso tsa rōna bo hana ho fela? Kapa ho thoe’ng haeba mehopolo ea ho hlekefetsoa e tsoela pele ho re utloisa bohloko? Maikutlo ana a ka tlosa seriti sa rōna ’me a etsa hore re tepelle maikutlo ka matla. Mantsoe a Morena Davida a fumanoang ho Pesaleme ea 34:18 a tšelisa hakaakang: “Jehova o haufi le ba pelo tse robehileng, o thusa ba meea e tetelitsoeng”! Jehova o itokiselitse ebile o ikemiselitse ho hlokomela bahlanka ba hae ha ba tlameha ho sebetsana le ho tepella maikutlo le boikutlo ba ho eiseha. Ho mo rapela ka tieo hammoho le ho batla thuso ea ba tšoanelehang moeeng, ba kang batsoali ba Bakreste, baholo le ba bang ba hōlileng tsebong ka phuthehong, ke tsela eo ka eona motho a tsosolosang boitlhompho ba hae le seriti.—Jakobo 5:13-15.

Ka lehlakoreng le leng, ho hlokahala hore re khetholle ho ba le seriti ho boikakaso. Keletso ea Mangolo ke hore “[motho] a se ke a inahana boeena haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana; empa a nahane e le hore a be le kelello e hlaphohileng, e mong le e mong kamoo Molimo a mo abetseng tekanyo ea tumelo.” (Baroma 12:3) Le hoja ho hlaolela boitlhompho ho loketse, ha re rate ho fetelletsa bohlokoa ba rōna kapa ho ferekanya seriti sa rōna le mesebetsi ea boithati le e feteletseng eo ba bang ba e etsang ho ipha seriti ka pel’a ba bang.

E, hoa hlokahala hore Mokreste a hlomphe seriti sa ba bang. Litho tsa malapa a rōna le Bakreste-’moho le rōna kaofela ba tšoaneloa ke hore re ba hlomphe, re ba tlotle le ho ba ananela. Jehova o file e mong le e mong oa rōna tekanyo e itseng ea seriti le tlotlo tseo re lokelang ho li hlokomela le ho li boloka. Empa ka holimo ho tsohle, re tlameha ho hlaolela tlhompho e tebileng bakeng sa seriti se fetisisang le bokhabane bo fetisisang tsa Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova Molimo.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Bacha ba ka hlompha ba holofetseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela