Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 4/15 maq. 20-23
  • Barnabase—“Mora oa Matšeliso”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Barnabase—“Mora oa Matšeliso”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mothusi ea Seatla se Bulehileng
  • Antioke
  • Kabelo e Khethehileng ea Boromuoa
  • Taba ea Lebollo
  • “Ho Phatloha ho Hoholo ka Bohale”
  • “Ho Tlala Thabo le Moea o Halalelang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • “Ba Bua ka Sebete Hobane Jehova a ba File Matla”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Batho ba Jehova ba Tiisoa Tumelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Mohlala o Bululetsoeng oa Mosebetsi oa Bokreste oa Boromuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 4/15 maq. 20-23

Barnabase—“Mora oa Matšeliso”

U QETETSE neng ho fumana matšeliso a tsoang ho motsoalle? Na ua hopola hore na u qetetse neng ho a fa motho e mong? Nako le nako, kaofela ha rōna re hloka khothatso, ’me re ananela hakaakang ba fanang ka eona ka lerato! Ho tšelisa ho bolela ho nka nako ho mamela, ho utloisisa le ho thusa. Na u ikemiselitse ho etsa joalo?

Motho e mong ea ileng a ikemisetsa ho etsa joalo ka tsela e ikhethang ke Barnabase, eo e neng “e le monna ea molemo le ea tletseng moea o halalelang le tumelo.” (Liketso 11:24) Ke hobane’ng ha seo se ne se ka buuoa ka Barnabase? O ne a entse eng hore a tšoaneloe ke tlhaloso ee?

Mothusi ea Seatla se Bulehileng

Lebitso leo e hlileng e leng la hae ke Josefa, empa baapostola ba ile ba mo reha lebitso le neng le hlalosa sebōpeho sa hae ka nepo—Barnabase, e bolelang “Mora oa Matšeliso.”a (Liketso 4:36) Phutheho ea Bokreste e ne e sa tsoa thehoa. Ba bang ba nka hore Barnabase pele e ne e le e mong oa barutuoa ba Jesu. (Luka 10:1, 2) Ebang ho ne ho le joalo kapa che, monna enoa o ne a iketselitse tlaleho e ntle.

Kapele ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., Barnabase, eo e neng e le Molevi ea tsoang Cyprase, ka ho rata o ile a rekisa karolo e itseng ea setša ’me a fa baapostola chelete eo. Ke hobane’ng ha a ile a etsa joalo? Tlaleho e ho Liketso e re bolella hore har’a Bakreste ba Jerusalema ka nako eo, “ho ne ho abeloa e mong le e mong, hantle feela kamoo a neng a hloka kateng.” Ho hlakile hore Barnabase o ile a bona hore ho na le tlhokahalo, ’me ka lerato o ile a etsa ho hong ka hona. (Liketso 4:34-37) E ka ’na eaba e ne e le motho ea ikemetseng licheleteng, empa o ne a sa qeaqee ho fana ka lintho tsa hae tse bonahalang le ka eena ka boeena bakeng sa ho ntšetsa lithahasello tsa ’Muso pele.b Setsebi F. F. Bruce oa hlokomela: “Hohle moo Barnabase a neng a hlokomela hore ho na le batho ba hlokang khothatso kapa a bona maemo a hlokang khothatso, o ne a fana ka khothatso eohle eo a neng a khona ho fana ka eona.” Sena se totobala ketsahalong ea bobeli eo a hlahang ho eona.

Hoo e ka bang ka 36 C.E., Saule oa Tarsase (eo e neng e tla ba moapostola Pauluse), eo ka nako eo e neng e le Mokreste, o ne a leka ho kopanela le phutheho ea Jerusalema, “empa kaofela ba ne ba mo tšaba, hobane ba ne ba sa lumele hore e ne e le morutuoa.” O ne a ka kholisa phutheho joang hore tšokoloho ea hae e ne e le ea sebele ’me e se feela leqheka la ho timetsa phutheho ho ea pele? “Barnabase a mo phallela ’me a mo isa ho baapostola.”—Liketso 9:26, 27; Bagalata 1:13, 18, 19.

Lebaka leo Barnabase a neng a tšepa Saule ka lona ha lea boleloa. Leha ho le joalo, “Mora oa Matšeliso” o ile a phelela lebitso la hae la bosoasoi ka ho mamela Saule le ho mo thusa maqakabetsing ao ho neng ho bonahala a nyahamisa. Le hoja ka nako eo Saule a ile a khutlela Tarsase moo a tsoaletsoeng teng, ho ne ho e-na le setsoalle pakeng tsa banna bana ba babeli. Seo se ne se lokela ho ba le liphello tsa bohlokoa lilemong tse neng li tla latela.—Liketso 9:30.

Antioke

Hoo e ka bang ka 45 C.E., litaba tsa liketsahalo tse sa tloaelehang Antioke ea Syria li ile tsa fihla Jerusalema—baahi ba bangata ba motse oo ba buang Segerike ba ne ba fetoha balumeli. Phutheho e ile ea roma Barnabase hore a batlisise le ho hlophisa mosebetsi moo. Ho ne ho se na khetho e bohlale ho feta eo. Luka o re: “Ha a fihla ’me a bona mosa o sa tšoanelang oa Molimo, a thaba ’me a qala ho ba khothaletsa kaofela hore ba tsoele pele Moreneng ka morero o tsoang pelong; etsoe e ne e le monna ea molemo le ea tletseng moea o halalelang le tumelo. ’Me bongata bo boholo ba ekeletsoa Morena.”—Liketso 11:22-24.

Hase phetho seo a ileng a se etsa. Ho latela setsebi Giuseppe Ricciotti, “Barnabase e ne e le motho oa ketso, ’me o ile a utloisisa hang-hang hore ho hlokahala hore a nke bohato bakeng sa ho tiiseha hore khōlo e joalo e tšepisang e lateloa ke kotulo e khōlō. Ka lebaka leo, ho ne ho hlokahala bakotuli haholo.” Kaha o ne a tsoa Cyprase, mohlomong Barnabase o ne a tloaetse ho sebelisana le Balichaba. Ho ka etsahala hore ebe o ne a ikutloa a tšoaneleha ka ho khethehileng bakeng sa ho bolela ho bahetene. Empa o ne a ikemiselitse ho kenyelletsa ba bang mosebetsing ona o thabisang le o khothatsang.

Barnabase o ile a nahana ka Saule. Mohlomong, Barnabase o ne a tseba ho hong ka tšenolo ea boprofeta e filoeng Ananiase nakong ea tšokoloho ea Saule, hore eo e neng e le mohlorisi ke ‘sejana se khethiloeng hore se jare lebitso la Jesu ho ea lichabeng.’ (Liketso 9:15) Ka hona, Barnabase o ile a tloha a ea Tarsase—leeto la lik’hilomithara tse fetang 200 ho ea—a il’o batla Saule. Ba babeli bana ba ile ba sebetsa hammoho e le balekane selemo sohle, ’me nakong ena “ke Antioke moo pele barutuoa ba ileng ba bitsoa Bakreste ka tataiso ea Molimo.”—Liketso 11:25, 26.

Nakong ea puso ea Claudiase, ho ile ha e-ba le tlala ea boja-likata likarolong tse sa tšoaneng tsa ’Muso oa Roma. Ho latela rahistori oa Mojuda Josephus, Jerusalema “batho ba bangata ba ile ba e-shoa ka lebaka la ho hloka se neng se hlokahala hore ba fumane lijo.” Kahoo, barutuoa ba Antioke “ba etsa qeto, e mong le e mong oa bona ho ea kamoo leha e le mang a neng a ka ho khona, ho romela tšebeletso ea lithuso ho barab’abo rōna ba lulang Judea; eaba ba etsa sena, ba e romela ho banna ba baholo ka matsoho a Barnabase le Saule.” Ka mor’a ho phetha thōmo eo ka ho feletseng, ba babeli bana ba ile ba khutlela Antioke le Johanne Mareka, moo ba ileng ba balelloa har’a baprofeta le mesuoe ea phutheho.—Liketso 11:29, 30; 12:25; 13:1.

Kabelo e Khethehileng ea Boromuoa

Joale ho ile ha etsahala ketsahalo e ikhethang. “Ha ba ntse ba sebeletsa Jehova phatlalatsa ’me ba itima lijo, moea o halalelang oa re: ‘Har’a batho bohle mpeheleng Barnabase le Saule ka thōko bakeng sa mosebetsi oo ke ba bitselitseng oona.’” Ak’u inahanele! Moea oa Jehova o ile oa laela hore ba babeli bana ba fuoe kabelo e khethehileng. “Ka lebaka leo banna bana, ba rometsoeng ke moea o halalelang, ba theohela Seleusia, ’me ho tsoa moo ba tloha ka sekepe ho ea Cyprase.” Ke ka nepo Barnabase le eena a neng a ka bitsoa moapostola, kapa ea romiloeng.—Liketso 13:2, 4; 14:14.

Ka mor’a ho tsamaea ho pholletsa le Cyprase le ho sokolla Sergiase Paulase, e leng ’musisi oa profinse ea Roma sehlekehlekeng seo, ba ile ba ea Perga, lebōpong la leoatle la Asia Minor le ka boroa, moo Johanne Mareka a ileng a ikhula ’me a khutlela Jerusalema. (Liketso 13:13) Ho bonahala eka ho fihlela ka nako eo Barnabase e ne e le eena ea etellang pele, mohlomong joaloka molekane ea neng a e-na le phihlelo e eketsehileng. Ho tloha mona ho ea pele, ke Saule (eo joale a bitsoang Pauluse) ea etellang pele. (Bapisa le Liketso 13:7, 13, 16; 15:2.) Na ketsahalo ee e ile ea utloisa Barnabase bohloko? Che, e ne e le Mokreste ea hōlileng tsebong, eo ka boikokobetso a ileng a hlokomela hore Jehova o ne a boetse a sebelisa molekane oa hae ka tsela e matla. Ka bona, Jehova o ne a batla hore masimo a mang hape a utloe litaba tse molemo.

Ha e le hantle, pele ba babeli bana ba ntšetsoa ka ntle ho Antioke e Pisidia, sebaka seo sohle se ile sa utloa lentsoe la Molimo ho Pauluse le Barnabase, ’me ba bangata ba ile ba amohela molaetsa. (Liketso 13:43, 48-52) Ikoniamo, ‘letšoele le leholo la Bajuda hammoho le Bagerike le ile la fetoha balumeli.’ Sena se ile sa susumelletsa Pauluse le Barnabase ho qeta nako e ngata haholo moo, ‘ba bua ka sebete ka matla a ho laela a Jehova, ea ileng a nehelana ka lipontšo le limakatso tse bontšang se tlang hore li etsahale ka matsoho a bona.’ Ha ba utloa hore ho reriloe ka sephiring hore ba tlepetsoe ka majoe, ka bohlale ba babeli bana ba ile ba baleha ’me ba tsoela pele ka mosebetsi oa bona Lykaonia, Lystra le Derbe. Ho sa tsotellehe liphihlelo tseo ba bileng le tsona Lystra tse sokelang bophelo, Barnabase le Pauluse ka bobeli ba ile ba tsoela pele ho “matlafatsa lisoule tsa barutuoa, ba ba khothaletsa ho lula tumelong ’me ba re: ‘Re lokela ho kena ’musong oa Molimo ka matšoenyeho a mangata.’”—Liketso 14:1-7, 19-22.

Baboleli bana ba babeli ba matla ba ne ba sa tl’o lumela hore ba tšosoe. Ho fapana le hoo, ba ile ba khutlela ho ea haha Bakreste ba bacha libakeng tseo ba neng ba se ba ile ba thulana le khanyetso e mabifi ho tsona, mohlomong ba thusa banna ba tšoanelehang ho etella pele ka liphuthehong tse ncha.

Taba ea Lebollo

Lilemo tse ka bang 16 ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., Barnabase o ne a keneletse ketsahalong e hlaheletseng historing e mabapi le taba ea lebollo. “Banna ba itseng ba theoha Judea [ba theohela Antioke oa Syria] ’me ba qala ho ruta barab’abo rōna: ‘Ntle le hore le bolle ho ea ka tloaelo ea Moshe, le ke ke la pholoha.’” Barnabase le Pauluse ba ne ba tseba ka phihlelo hore ho ne ho se joalo, ’me ba ile ba hanyetsa ntlha ena. Ho e-na le ho buella matla a bona a ho laela, ba ile ba hlokomela hore ena e ne e le taba e neng e lokela ho lokisoa molemong oa mokhatlo oohle oa bara ba motho. Ka hona, ba ile ba fetisetsa taba ena ho sehlopha se busang se Jerusalema, moo litlaleho tsa bona li ileng tsa thusa ho lokisa taba ena. Ka mor’a moo, Pauluse le Barnabase, ba hlalositsoeng e le “baratuoa . . . ba nehelaneng ka lisoule tsa bona bakeng sa lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste,” ba ne ba le har’a ba abetsoeng ho fetisetsa qeto ena ho barab’abo rōna ba Antioke. Ha lengolo le tsoang ho sehlopha se busang le baloa ’me ho behoa lipuo, phutheho e ile ea “thabela khothatso eo” ’me ea ‘matlafatsoa.’—Liketso 15:1, 2, 4, 25-32.

“Ho Phatloha ho Hoholo ka Bohale”

Ka mor’a litlaleho tse ngata hakana tse ntle ka eena, re ka ’na ra ikutloa hore ha ho mohla re ka etsisang mohlala oa Barnabase. Empa, “Mora oa Matšeliso” o ne a sa phethahala joaloka rōna bohle. Ha eena le Pauluse ba ne ba lokisetsa leeto la bobeli la boromuoa liphuthehong, ho ile ha e-ba le phapang. Barnabase o ne a ikemiselitse hore ba tsamaee le motsoal’ae, Johanne Mareka, empa Pauluse o ne a nahana hore ha hoa lokela, kaha Johanne Mareka o ne a ile a tloha ho bona leetong la pele la boromuoa. Ho ile ha e-ba le “ho phatloha ho hoholo ka bohale, hoo ba ileng ba arohana; eaba Barnabase o nka Mareka o tsamaea le eena ’me ba tloha ka sekepe ho ea Cyprase,” ha “Pauluse a khetha Silase eaba oa tloha” o leba nģa e ’ngoe.—Liketso 15:36-40.

E bile masoabi a makaakang! Leha ho le joalo, ketsahalo ena e re bolella ho hong hape ka botho ba Barnabase. Setsebi se seng se re: “E tla ’ne e be tlotla ho Barnabase hore ebe o ne a ikemiselitse ho ipeha kotsing ea ho tšepa Mareka ka lekhetlo la bobeli.” Joalokaha mongoli eo a bolela, ho ne ho ka ’na ha etsahala hore ebe “tšepo eo Barnabase a neng a e-na le eona ho eena e ile ea mo thusa hore a tsosolose kholiseho ea hae ’me ea mo susumelletsa ho itlama bocha.” Ho ile ha etsahala hore kholiseho eo e tiisoe ka ho feletseng, hobane ho ile ha tla nako eo ka eona esita le Pauluse a ileng a lumela hore Mareka o molemo tšebeletsong ea Bokreste.—2 Timothea 4:11; bapisa le Bakolose 4:10.

Mohlala oa Barnabase o ka re susumelletsa ho nka nako ho mamela, ho utloisisa le ho khothatsa ba nyahameng ’me re fane ka thuso e sebetsang neng le neng ha re bona ho hlokahala. Tlaleho ea ho ikemisetsa ha hae ho sebeletsa barab’abo ka bonolo le ka sebete, esita le liphello tse babatsehang tse hlahisitsoeng ke sena, ka botsona ke khothatso. Ke tlhohonolofatso e kaakang ho ba le batho ba kang Barnabase ka liphuthehong tsa rōna kajeno!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho bitsa motho “mora oa” tšoaneleho e itseng ho ne ho hatisa tšobotsi e itseng e ikhethang. (Bona Deuteronoma 3:18, NW, mongolong o botlaaseng ba leqephe.) Lekholong la pele la lilemo, ho sebelisa mabitso a bosoasoi hore ho lebisoe tlhokomelo litšoanelehong tsa motho, ho ne ho tloaelehile. (Bapisa le Mareka 3:17.) E ne e le tsela e ’ngoe ea ho hlokomeloa ke batho bohle.

b Ha ho hlahlojoa se laetsoeng ke Molao oa Moshe, ba bang ba ipotsitse hore na ho tlile joang hore Barnabase, oa Molevi, a be le setša. (Numere 18:20) Leha ho le joalo, ho lokela hore ho hlokomeloe hore ha hoa hlaka hore na setša seo se ne se le Palestina kapa Cyprase. Ho feta moo, ho ka etsahala hore ebe e ne e mpa e le setša sa mabitla seo Barnabase a neng a se fumane Jerusalema. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, Barnabase o ile a tela setša sa hae bakeng sa ho thusa ba bang.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Barnabase “e ne e le monna ea molemo le ea tletseng moea o halalelang le tumelo”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela